Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 10
  • Ikemisetse ho Etsa Barutuoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ikemisetse ho Etsa Barutuoa
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?
  • U ka Etsisa Jesu Joang?
  • Ithute ka Nikodemase
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Jesu o Ruta Nikodemase Bosiu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Thusa Batho Bao u Ithutang Bibele le Bona Hore ba Etse Qeto ea ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • O Ruta Nikodema
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 10

HA U ETSA BARUTUOA

Jesu o ntse a buisana le Nikodemase bosiu.

Joh. 3:1, 2

THUTO EA 10

Ikemisetse ho Etsa Barutuoa

Keletso ea Bibele: “Re ne re ikemiselitse ho le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo le ho tela bophelo ba rona e le hore re le thuse hobane re le rata haholo.”—1 Bathes. 2:8.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

Jesu o ntse a buisana le Nikodemase bosiu.

VIDEO: Jesu o Ruta Nikodemase

1. Shebella VIDEO kapa u bale Johanne 3:1, 2 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. U nahana ke hobane’ng ha Nikodemase a ile a etela Jesu bosiu?—Sheba Johanne 12:42, 43.

  2. Jesu o ile a bontša joang hore o ne a ikemiselitse ho etsa barutuoa ka ho buisana le Nikodemase bosiu?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Re bontša hore re rata batho haeba re ikemiselitse ho ba thusa hore e be barutuoa.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Khetha nako le sebaka sa ho ithuta se tšoanetseng motho eo u ithutang le eena. Mohlomong a ka thabela ha le ithuta ka nako kapa letsatsi le itseng ka ho khetheha. Na a ka phutholoha ha le ithutela mosebetsing, moo a lulang kapa sebakeng se seng se itseng? Haeba ho khoneha, leka ka hohle ho behella mabaka a hao ka thoko e le hore u ka khona ho ithuta le motho ea joalo ka nako le sebakeng seo a se thabelang.

4. Ithuteng kamehla. Haeba u tlo ba sieo ’me ha u na khona ho bala le motho eo u ithutang le eena, nahana ka litlhahiso tsena:

  1. Na u ka khona ho bala le eena ka letsatsi le fapaneng bekeng eona eo?

  2. Na u ka khona ho bala le motho eo u ithutang le eena ka fono kapa oa mo letsetsa ka video?

  3. Na u ka kopa mohoeletsi e mong ho bala le motho eo u ithutang le eena?

5. Rapella ho ba le maikutlo a nepahetseng. Rapela Jehova hore a u thuse hore u se ke oa tela ho thusa motho eo u ithutang le eena le haeba le sa khone ho bala kamehla kapa a sa sebelise lintho tseo a ithutang tsona. (Bafil. 2:13) Ho ka etsahala hore motho eo u ithutang le eena o na le makhabane a babatsehang. Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse ho ameha haholo ka makhabane ao.

U KA BOELA OA SHEBA

Liprov. 3:27; Lik. 20:35; 2 Bakor. 12:15

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela