Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 12
  • E-ba Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Sebete
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?
  • U ka Etsisa Jesu Joang?
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • “Ka Hona E-eang ’Me le Etse . . . Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 12

HA U ETSA BARUTUOA

Jesu o bua ka mosa le monna ea khumameng ka pel’a hae le baapostola ba hae.

Mareka 10:17-22

THUTO EA 12

E-ba Sebete

Keletso ea Bibele: “Oli le libano li thabisa pelo joaloka motsoalle ea u khalemelang a se na boikaketsi.”—Liprov. 27:9.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

Jesu o bua ka mosa le monna ea khumameng ka pel’a hae le baapostola ba hae.

VIDEO: Jesu o Eletsa ’Musi e Mocha ea Ruileng

1. Shebella VIDEO kapa u bale Mareka 10:17-22 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ile a bona makhabane afe ho ’musi eo e mocha?

  2. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a lokela ho ba lerato le ho ba sebete pele a ka eletsa monna eo?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Re lokela ho bontša batho bao re ithutang le bona hore rea ba rata le ho ba bolella ka tsela e hlakileng seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba ka tsoela pele ba matlafatsa kamano ea bona le Jehova.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Thusa motho eo u ithutang le eena ho finyella lintho tseo a batlang ho li etsa.

  1. Sebelisa karolo ea “Seo U ka se Etsang” e hlahang khaolong ka ’ngoe ea buka ea U ka Thaba ka ho sa Feleng!

  2. Mo thuse ho tseba lintho tseo a lokelang ho li etsa le hore na a ka li finyella joang ebang ke tseo a batlang ho li finyella haufinyane kapa nakong e tlang.

  3. Lula u mo babatsa ka liphetoho tseo a seng a li entse.

4. Tseba lintho tse sitisang motho eo u ithutang le eena ho etsa liphetoho u be u mo thuse hore a li hlole.

  1. Ipotse:

    • ‘Haeba a sa etse liphetoho tse bontšang hore o batla ho kolobetsoa, ke’ng e mo sitisang?’

    • ‘Nka etsa’ng ho mo thusa?’

  2. Rapella hore u be sebete sa ho bua le eena ka tsela e hlakileng ka lintho tseo a lokelang ho li etsa empa e le ka tsela e bontšang hore oa mo rata.

5. Khaotsa thuto haeba a sa etse liphetoho.

  1. Hlahloba hore na motho eo u ithutang le eena o etsa liphetoho ka ho ipotsa lipotso tse latelang:

    • ‘Na o sebelisa lintho tseo a ithutang tsona?’

    • ‘Na o ba teng libokeng le ho bolella batho ba bang lintho tseo a ithutileng tsona?’

    • ‘Na o batla ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova kamor’a ho ithuta?’

  2. Haeba a sa ikemisetsa ho etsa liphetoho:

    • Mo botse hore na o sitisoa ke’ng.

    • Mo hlalosetse ka mosa hore na ke hobane’ng ha u khaotsa thuto.

    • Mo hlalosetse hore na o lokela ho etsa’ng e le hore le ka ithuta hape nakong e tlang.

U KA BOELA OA SHEBA

Pes. 141:5; Liprov. 25:12; 27:6; 1 Bakor. 9:26; Bakol. 4:5, 6

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela