Le ka Mohla U se Lebale Hore U Paki!
“Le lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke ’na Molimo.”—ESAIA 43:12.
1. (a) Ke tokelo efe e khōlōhali eo motho ofe kapa ofe lefatšeng a ka bang le eona? (b) Lentsoe “paki” le hlalosoa joang?
HA HO tokelo lefatšeng e fetang ho ba paki ea Molimo oa ’nete, Jehova. Paki ke “motho ea pakang nyeoeng kapa ka pel’a lekhotla la boahloli.” (Webster’s New Collegiate Dictionary) Ke Jesu Kreste ea ileng a paka nyeoeng e khōlō ho tsohle bokahohleng—ea Jehova Molimo. Bibele e re, ‘e le paki,’ Jesu o entse “boipolelo ba bokhabane pel’a Ponse Pilato.” (1 Timothea 6:13) ’Me ha a le nyeoeng, o ile a bolella ’musisi eo oa Roma eng?
2. Jesu Kreste o ile a pakela eng?
2 Ha a arabela potso eo a neng a e botsitsoe ka nako eo, Jesu a re: “Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” (Johanne 18:37) E, Jesu o ile a hlakisa hore o ne a tlile lefatšeng ho tla pakela ’nete ea Molimo. Ka lehlakoreng le leng, hoo ho ne ho bolela ho pakela boemo ba hae e le Morena oa Messia. Jesu o boetse a pakela lebitso la Molimo, Jehova. Kahoo, ha a rapela Ntate oa hae oa leholimo, Jesu o ne a ka re: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng.” (Johanne 17:6) Ho fihlela letsatsing la ho shoa ha hae e le motho, Jesu o ne a hlokometse tlamo ea hae ea ho ba paki ea Jehova. Ka sebele, ha ho mohla Jesu a kileng a lebala hore ke paki.
Mohlala oa “Paki e Tšepehang, ea ’Nete”
3. (a) “Paki e tšepehang, ea ’nete” ke mang? (b) Ho ile ha etsahala eng phuthehong ea Laodicea, ’me Jesu o ile a e fa keletso efe?
3 Ka botšepehi le ka cheseho Jesu o ile a ntšetsa pele kabelo ea hae e le paki ea Jehova. ’Me ntlheng ena o beela Bakreste ba ineetseng mohlala o babatsehang. Hape ho molemo ke keletso ea Jesu phuthehong ea Laodicea. Ka ho hlakileng ka baka la ho khelosoa ke takatso ea lintho tse bonahalang, phutheho ena e ne e le “fofo” ka ho pakela Jehova le ’Muso oa Messia. Kahoo Jesu a ba khothalletsa hore ba ‘be le cheseho, ’me ba bake.’ O ile a kenyelletsa keletso ea hae e eang phuthehong ena ka mantsoe ana: “Ke tsena tse boleloang ke eo e leng Amen, paki e tšepehang, ea ’nete.”—Tšenolo 3:14-19.
4. (a) Jesu o ile a ipitsa “Amen” hobane’ng? (b) Jesu o ne a batla hore Bakreste ba Laodicea le kamohla ba se lebale eng?
4 Pele, Jesu o ipitsa “Amen.” Hobane’ng? Hobane Jehova o mo rometse e le “Amen” (e bolelang, “ho be joalo”) litšepisong tsohle tsa Molimo. Jesu ke eena ea phethahatsang litšepiso tsa Molimo. (2 Ba-Korinthe 1:20) Hape, Jesu o itsebahatsa e le “paki e tšepehang, ea ’nete.” Hobane’ng? E le hore phutheho e ka talima ho eena e le Mohlala oa eona ’me kahoo e amohele tšusumetso ea hore e bake mefokolong ea eona ’me e boele e ‘chesehele’ ho pakela Jehova. Mora oa Molimo o ne a batla hore Bakreste bao ba Laodicea le ka mohla ba se lebale hore ba lokela ho ba lipaki tsa Molimo le tsa ’Muso oa Messia.
5. Jesu e ne e le mohlala oa Lipaki tsa Jehova kajeno joang?
5 Jesu o rata hore barutuoa bohle ba hae e be lipaki tse khabane, tse chesehang ho fihlela bofelong ba tsamaiso ena e khopo ea lintho. Jesu o itse: “Evangeli ena ea ’Muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14; Liketso 1:6-8) Ho seo a se entseng le seo a se buileng, “paki e tšepehang, ea ’nete” e ne e le mohlala o khothatsang ho lipaki tsa ’nete tsa Bakreste tsa Jehova kajeno. Ba hlokomela tokelo ea bona e khōlō e le baphahamisi ba lebitso la Molimo hape e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba tebisang pelong mantsoe a hae: “Le lipaki tsa ka, . . . ke ’na Molimo.”—Esaia 43:10-12.
Lebaka Leo u sa Lokelang ho Lebala le Kamohla
6. (a) Mabapi le leseli la moea, Lipaki tsa Jehova li na le tokelo efe? (b) Re ka ’na ra ipotsa lipotso life?
6 Haeba u paki ea Jehova e inehetseng le e kolobelitsoeng, kamehla falimehela tokelo ea hao e khōlō ea ho sebeletsa Motho ea phahameng ho feta bohle bokahohleng. Hopola hore “Paki e Tšepehang” e ne e le “leseli la lefatše.” (Tšenolo 1:5; Johanne 8:12) Ka baka leo, Lipaki tsa Jehova tsohle li tlameha ho khantša leseli mabapi le merero ea Molimo. Feela joalokaha e ne e tla ba ho fosahetseng ho bea lebone tlas’a morula ho e-na le ho le bea kandelareng, kahoo ke ho sa utloahaleng ho Mokreste oa ’nete hore a pate leseli la hae. O tlameha ho khanya e le hore bohle ba kopanang le eena ba rue molemo oa leseli la moea leo eena a le thabelang. Ka baka leo, Jesu o ile a khothatsa barutuoa ba hae: “Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mattheu 5:14-16) E le phutheho, Lipaki tsa Jehova kajeno lia tsebisahala lefatšeng lohle—li joalo ka motse o holim’a thaba o khantšetsang leseli hōle le ka bophara. Empa na uena u khantša leseli la hao ka linako tsohle? Na kamehla u hlokomela tokelo ea hao joaloka Paki ea Jehova?
7. Lebaka le leholo la ho se lebale hore re Lipaki tsa Jehova ke lefe?
7 Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lebala le ka mohla hore re Lipaki tsa Jehova? Lebaka le le leng le leholo ke hore re phela lefatšeng leo likhatello tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi, lipelaelo tsa bophelo le likarohano tse ngata li ka re khelosang habonolo ho bueng ka Molimo oa ’nete le merero ea hae. Molemong oa rōna le temosong ea rōna, Jesu o khothalitse: “Lebelang hle; . . . itokiseng ke hona; hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.” (Mattheu 24:42-44) Re lemosoa ka ho utloahalang tjee hobane’ng? Hobane ho horeletsa ho ka isa timelong—e, timetso ho ba horeletsehileng ha Jesu a tla ho tla liha kahlolo holim’a tsamaiso ena ea lintho.—Tšenolo 19:11-21.
8, 9. Re ka rua molemo joang ka ho nahana ka batho ba horelelitsoeng ba mehleng ea Noe?
8 Nahana ka se etsahetseng mehleng ea Noe. Ka nako eo likhoreletso li ne li le ngata hoo batho ba sa bonang bohlokoa ba ho bolela ha Noe le ho haha areka ha hae! “Ha ba ka ba lemoha,” ba ile ba fumanoa ba sa itebela ka baka la likhoreletso ’me ba timetsoa.—Mattheu 24:36-39.
9 Na joale re tla horeletsoa ke lefatše la kajeno le litšitiso tsa lona tse ngata? Kaha ho ba ba horelelitsoeng ka ho feletseng hore re se ke ra phetha tlamo ea rōna re le balateli ba Jesu ho ka fella ka timetso, a re ipakeng re falimehile ka mehla. Ka ho ba ba itokiselitseng kamehla, ho se mohla re robalang boikarabelong ba rōna, re ke ke ra timetsoa le ba horeletsehileng ba lefatše lena.—Luka 17:26-30; 21:34-36.
10. Bakreste bohle ba ’nete ba na le kabelo efe ea bohlokoa?
10 Kahoo le kamohla re se lebale hore re na le kabelo ea bohlokoa ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mareka 13:10) Ho sa tsotellehe hore na re bo-mang kapa re etsa mesebetsi efe ka phuthehong ea Jehova, re na le boikarabelo ba ho bolella ba bang tšepo ea rōna. (Ba-Roma 10:10; 1 Ba-Korinthe 9:16) Linaheng tse ngata re ka ea ka molaetsa oa ’Muso ka ntlo le ntlo ka bolokolohi. Empa linaheng tseo ho nang le bolokolohi bona ba ho bolela, batho ba ka ’na ba iphapanyetsa bolumeli ’me malapeng ua buisana le ba seng ba kae feela. Haeba ho joalo, u lokela ho falimeha haholo ho iphumantša menyetla e meng ho etsa hore leseli la hao le khanye.
11. ’Nete ea hore balateli ba Jesu e ne e le ba “Tsela Ena” e bontša eng ka tšebeletso ho Jehova?
11 Le hoja u ka ’na ua ba le linako tse tobileng tseo u li beetseng ka thōko bakeng sa ho kopanela litšobotsing tse itseng tsa mosebetsi oa ho paka, mohlanka ea inehetseng oa Jehova o lokela ho rorisa Jehova ka lentsoe le ka liketso ka linako tsohle. Na u etsa sena? Balateli ba pele ba Jesu ho ne ho buuoa ka bona e le ba “Tsela Ena.” (Liketso 9:1, 2, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Kahoo ba ne ba sa sebeletse Molimo feela ka lihora tse fokolang ka khoeli. Tšebeletso ea bona e ne e le tsela ea bophelo! Na re tšoana le Bakreste ba lekholo la pele la lilemo haeba re le bahoeletsi ba ’muso ba sa tsoeng kamehla ba tšohang ba tšoarehile tšebeletsong ea ho paka? Na re ka ipitsa Lipaki tsa Jehova ka nepo haeba re bua hanyenyane kapa re sa re letho ho ba bang ka tšepo ea rōna?
Ho Sebelisa Nako ea Rōna ho Thusa ba Bang
12, 13. (a) Re ka itiisa moeeng joang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho boloka tlaleho ea batho ba thahasellang bao re ba fumaneng tšebeletsong ea tšimo?
12 Ho hlokahala re sebelise nako ea rōna ka bohlale haeba re tla thusa ba bang tseleng e isang bophelong bo sa feleng Tsamaisong e Ncha ea Molimo ea ho loka. Empa hore re thuse ba bang re tlameha ho itiisa. Re lokela ho ja lijo tsa moea kamehla ’me re ikahe tumelong. Re se ke ra khotsofalla ho ba “bana,” re tlameha ho ‘fetela ho tsa khōlō e tletseng.’ (Ba-Efese 4:14; Ba-Heberu 6:1) Ha re ntse re paka kamehla ka ntlo le ntlo, na re nkile boikarabelo bo ekelitsoeng ba ho boloka tlaleho ea batho ba kang linku? Ha batho ba mamela molaetsa oa rōna oa Bibele kapa ba bontša thahasello Lentsoeng la Molimo le ’Musong oa oona, re etsa joang? Na re ameha ka ho lekaneng hore re ngole lebitso le aterese le taba eo re buisaneng ka eona, ’me re khutlele hape ho bona?
13 Haeba re falimehile moeeng, re ka ipha sebaka sa ho bolela Lentsoe la Molimo neng le neng, kae kapa kae. E se e ka re ka etsa joalo ka thabo, lipelo tsa rōna li tletse seo re ithutileng sona ho Moruti oa rōna e Moholo, Jehova.—Esaia 30:20, 21.
Falimehela Bopaki bo sa Rereloang
14. (a) Ba bang ba ithutile ’nete ea Molimo ka bopaki ba mofuta ofe? (b) Na bopaki bo sa rereloang bo nka sebaka sa tšebeletso ea hao ea kamehla ea tšimo?
14 Ba bang ba tloaelane le ’nete ea Molimo hobane ba kopane le beng ka bona, metsoalle, bao ba sebetsang le bona, baahelani joalo-joalo. Ka mohlala, sehlopheng se seng Lipaki tse kolobelitsoeng tse 238, ba 40 lekholong ba ithutile ’nete ea Bibele ka bopaki bo sa rereloang. Koana, bopaki bo sa rereloang ha ba lokela ho nkela tšebeletso ea tšimo sebaka, tšebeletso ea hao ea kamehla ea ho paka ka ntlo le ntlo kapa maeto a ho boela, le e tšoanang.—Liketso 5:42; 20:20.
15. Jesu o beile mohlala oa mofuta ofe mabapi le bopaki bo sa rereloang?
15 Leha ho le joalo Jesu, “paki e tšepehang, ea ’nete,” o re beetse mohlala o motle oa bopaki bo sa rereloang. Ka mohlala, ha “a fetela pele,” Jesu a bona “monna ea bitsoang Mattheu a lutse tlung ea lekhetho” ’me a bua le eena liphello tsa ba ntle. (Mattheu 9:9, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Ho feta moo, ka lekhetlo le leng, le hoja Jesu a ne a khathetse a ipha monyetla ho bua ’nete le mosali ea neng a ile ho ea kha metsi selibeng sa Sikare. Puisano eo ea hlahisa Basamaria ba bangata ba lumelang ho Jesu e le Messia.—Johanne 4:5-30, 39-42.
16. Moapostola Pauluse o beile mohlala ofe o motle oa ho paka?
16 Moapostola Pauluse le eena o ile a ipha monyetla o mong le o mong ho bua ka Lentsoe la Jehova. Ha a le Athene, Pauluse a etsa joalo “ka matsatsi ’ohle le bao a neng a teana le bona teng.” (Liketso 17:17) ’Me ha a le litlamong Roma, moapostola o ne a ntse “a amohela bohle ba tlang ho eena. A ’na a bolela ’muso oa Molimo, a ruta le tsa Morena Jesu Kreste ka ho tiea hohle.” (Liketso 28:30, 31) Lintho tsee li lokela ho re susumelletsa hakaakang hore le kamohla re se hlokomolohe menyetla leha e le efe ea ho paka!
17. Ntle ho tšebeletso ea kamehla ea tšimo, ke menyetla efe e teng ea ho pakela ba bang?
17 Ntle ho tšebeletso ea rōna ea kamehla ea tšimo, ho na le menyetla e meng e mengata ea ho fana ka bopaki. Bao re sebetsang le bona, bao re kenang sekolo le bona, beng ka rōna le metsoalle bohle ba lokela ho utloa ka Jehova le merero ea hae. Ha re tsamaea ka bese, sefofane kapa terene, re ka ’na ra qala moqoqo o lebisang bopaking ba ’Muso. Re ka ’na ra boetse ra abelana ‘litaba tse molemo’ le baokameli ba lihotele, ba sebetsang moo ho tšeloang mafura a makoloi, basebetsi ba mabenkele a lijo kapa baqhobi ba litekisi. Ha re le hae re ka ’na ra pakela batho ba rekisang kapa ba tlisang lintho. Esita le ha re robetse sepetlele, re ka ’na ra pakela baoki, lingaka le bakuli! Lipaki tse ngata tsa Jehova ha li ntse li phekoloa sepetlele, li thusitse bakuli ba bang hore ba ithute ka Tsamaiso e Ncha ea Molimo eo ho eona batho ba tlang ho thabela bophelo bo khanyang.
18. (a) Ho khothalletsoa eng haeba u tsila-tsila ho ipha menyetla ea ho fana ka bopaki? (b) Ha re pakela beng ka rōna le metsoalle, re lokela ho bontša litšoaneleho life?
18 Joale, ke habohlokoa hakaakang hore joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova u bolele molaetsa oa ’Muso ha ho hlaha monyetla o mong le o mong! Ka mantsoe a mang, le ka mohla u se lebale hore u paki! Empa ho thoe’ng haeba u tsila-tsila ha u bona monyetla oa ho paka? Rapella sebete sa ho bua ’nete. U tla kotula mahlohonolo a enneng ao mohlomong a ka beng a u phonyohile. (Bapisa Liketso 4:29-31.) Koana, ho pakela beng ka uena le metsoalle ho ka ’na ha e-ba bonolo. Empa u be masene, u be mosa ’me u ba mamelle, u se ke ua fetelletsa lintho haholo ka lebaka la hobane u ba tseba hantle. U be le pono e shebelang lintho pele ’me butle-butle u hahe ka ho bona kananelo bakeng sa ’nete ea Bibele.
Boitšoaro bo Botle—Karolo ea Tsela eo re Pakang ka Eona
19. Ho paka ha rōna le boitšoaro ba rōna li amana joang?
19 Ha re pake ka mantsoe feela. Moapostola Pauluse o amahantse boitšoaro bo botle le ho jara leseli. A khothalletsa Bakreste ba Filippi hore ba tsoele pele ‘ba etsa tsohle ba sa ngongorehe, ba sa lika-like; ba tle ba hloke sekoli le letheba, e be bana ba Molimo, ba sa nyatseheng har’a moloko o senyehileng, o khopo, oo ba khanyang har’a oona joale ka maseli lefatšeng.’ (Ba-Filippi 2:14, 15) Lefatšeng le bolileng boitšoarong le le leng lefifing, Paki ea Jehova e tlameha ho ema e khanya joaloka leseli. Ka sebele, Mokreste ea khabane o bontša lentsoe la ’nete ka ho paka ka molomo ’me o khanya ka baka la boitšoaro ba hae bo botle. E se e ka Lipaki tsa Jehova kaofela li ka iponahatsa e le bajari ba tšepahalang ba leseli ka tsela eo li phelang ka eona le ka mantsoe a ’nete a Mangolo ao li a buang!
20. Boitšoaro ba rōna bo botle bo ka ’na ba ama ba bang joang?
20 Ha a hatisa ntlha e tšoanang, moapostola Petrose o ngotse: “Le be le motsamao o motle har’a bahedene, . . . ba rorise Molimo mohla o ba etelang, ha ba bontšisa mesebetsi ea lōna e metle.” (1 Petrose 2:12) Koana, hase bohle ba tla rorisa Molimo ’me e be Lipaki tsa Jehova mohla o ba etelang. Ba bangata ba ke ke ba tla ka lehlakoreng la ’Muso oa Molimo oa Messia le ho boloka melao ea oona e phahameng ea boitšoaro. Empa ho tla ba le lipaki tse boneng tse kang linku tse tla bona hore re emela Bakreste ba ’nete. Boitšoaro ba rōna bo botle bo tla ba susumetsa, ’me ba tla kopanela le rōna ho boleleng “evangeli ena ea ’muso.” (Mattheu 24:14) Ke thabo e kaakang ho rōna ha batho baa ba rorisa Jehova hammoho le rōna e le lipaki tsa hae!
21. Lipaki tsa Jehova li lokela ho etsa thato ea Molimo ka boikutlo bofe?
21 Kahoo, he, etsa mosebetsi oa Jehova le thato ea hae ka pelo eohle. (Mattheu 22:37) Hlokomela hore paki ea Jehova e lokela ho rorisa Molimo ka linako tsohle. “Bokang Jehova! Moea oa ka, u rorise Jehova! Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela.” (Pesaleme ea 146:1, 2) E, ‘rorisa Jehova bophelong ba hao.’ ’Me nako ea bophelo boo e ka ba e sa feleng, haeba le kamohla u sa lebale hore u paki.
U Tla Arabela Joang?
◻ Ke tokelo efe e khōlōhali eo motho ofe kapa ofe lefatšeng a ka e thabelang?
◻ Jesu Kreste e bile mohlala joang bakeng sa Lipaki tsa Jehova kajeno?
◻ Lipaki tsa Jehova tsohle li na le kabelo efe ea bohlokoa?
◻ Na tšebeletso ea hao ea kamehla ea tšimo e lokela ho nkeloa sebaka ke bopaki bo sa rereloang?
◻ Boitšoaro ba rōna le ho paka ha rōna li amana joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Le ka mohla Jesu ha a ka a lebala hore ke paki ea Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Paka ka cheseho tšebeletsong ea kamehla ea tšimo le ka mokhoa o sa rereloang