Thabo ho sa Tsotellehe Lefatše le se Nang Molao, le Lerato
“Thabo ke ea bao metsamao ea bona e hloekileng, ba eang ka molao oa Jehova.”—PESALEME EA 119:1.
1, 2. (a) Thabo ea ’nete e tsoa ho mang, ’me ho bonolo ho e utloa ho fihlela neng? (b) Ho e-na le ho bitsoa “Mahlohonolo,” karolo e qalang ea Thuto ea Thabeng e lokela ho bitsoa eng, hona hobane’ng?
THABO e tsoa ho ’Mōpi oa motho. Ke ‘Molimo o thabileng’ o nang le litaba tse molemo bakeng sa rōna. (1 Timothea 1:11, NW) O beetse libōpuoa tsa hae tsa batho tse lefatšeng thabo ea ka ho sa feleng. Le hona joale, ba ka kena ho eona ka ho etsa hore bophelo ba bona bo lumellane le melao ea hae.—Pesaleme ea 119:26, 33.
2 Ho fetile lilemo tse makholo a leshome le metso e robong joale Jesu Kreste, Mora oa ‘Molimo o thabileng,’ a ne a fane ka ho bitsoang Thuto ea Thabeng. Ho ea ka Mattheu 5:1-12, thuto ena e qala ka se bitsoang “mahlohonolo.” Leha ho le joalo, ka puo ea Segerike, e fetoletseng tlaleho ea morutuoa Mattheu ea bophelo ba Jesu Kreste lefatšeng, ho ka mpa ha thoe ke “Lithabo.” Tlaleho ea Mattheu ka puo ea Seheberu le eona e sebelisa lentsoe la Seheberu le bolelang “thabo.”
3. (a) Na mongoli oa Pesaleme ea 119 o ile a tšoaneleha ho thabela lithabo tse khethehileng, tse thathamisitsoeng ke Jesu Kreste? Hlalosa. (b) Hlalosa maikutlo a mopesaleme ka selekane sa Molao se buelletsoeng ke Moshe.
3 Monna eo khale-khale a kileng a tšoaneleha ho ba le lithabo tsena kamoo li thathamisitsoeng ke Messia oa Mojode, Jesu Kreste, ke mongoli ea bululetsoeng oa Pesaleme ea 119, pesaleme e telele ho tsohle ka Bibeleng. Tumellanong le mabaka a fanoeng ke Jesu Kreste a ho thaba, mopesaleme o ne a falimehetse litlhoko tsa hae tsa moea. Hape, o ne a saretsoe, a le bonolo, a nyoretsoe le ho lapela ho loka, a le mohau, a rohakoa le ho hlorisoa, ’me a etselletsoa ka makhopo ’ohle. O ngotse pesaleme ena makholo a lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, sechaba sa Iseraele se sa le tlas’a selekane sa Molao se neng se buelletsoe ke moprofeta Moshe pakeng tsa Jehova le Molimo le sechaba ka 1513 B.C.E. Thabeng ea Sinai. Ke ka nepo mopesaleme a sa kang a fumana phoso Molaong oa selekane seo, kaha o ne o fanoe ke Molimo. O ne a tsebisisa hore lichaba tsa bahetene tse pota-potileng naha ea Iseraele ha li na letho le ka bapisoang le Molao oo oa Molimo. A o talima e le o elisang ka ho fetisisa, litemaneng tsa 105 le 130 a re: “Lentsoe la hao ke lebone maotong a ka, le khanya tseleng ea ka. Tšenolo ea mantsoe a hao e fana ka khanya, e nea ba haelloang ke tsebo kutloisiso.”
4. (a) Pesaleme ea 119 e qapiloe ka tatelano efe, ’me e thusa joang? (b) Ka ho supa “bukeng ea Lipesaleme,” Jesu le barutuoa ba hae ba beetse bo-mang mohlala, hona ka morero ofe?
4 Hore pesaleme ena e hopolehe, mopesaleme o e entse hore e ngoloe ka mokhoa o latelang alfabeta ea Seheberu, hoo lirapa tse 22 tsa mela e meng le e meng e 8 ea Seheberu li qalang ka tlhaku e tšoanang, ka tatelano ea alfabeta. Sena se etsa hore mola o mong le o mong oa serapa sa pele tlas’a tlhaku ea pele ea Seheberu Aleph o qale ka tlhaku eo ea pele Aleph. Joale, mola o mong le o mong oa serapa sa bobeli o qala ka tlhaku ea bobeli ea Seheberu Beth. Mokhoa ona o lateloa joalo ho theosa le lirapa tse 22 tsa pesaleme ena, tumellanong le litlhaku tse 22 tsa alfabeta ea Seheberu. Ka serapa se seng le se seng ho tse 22 se e-na le mela e 8, pesaleme e na le litemana tse 176. Jesu Kreste thutong ea hae o ile a bua ka ‘buka ea Lipesaleme.’ (Luka 20:42; 24:44) Mona o ile a beela barutuoa ba hae mohlala.—Liketso 1:20; 13:33; 1 Ba-Korinthe 14:26; Ba-Efese 5:19; Ba-Kolosse 3:16; Ba-Heberu 4:7; Jakobo 5:13.
5. Ha se qala Pesaleme ea 119, mohlomong sengoli se ne se hopotse liphihlelo tsa mang?
5 Ha ho pelaelo hore mopesaleme o ngotse ho latela seo a se tsebang ha a qala Pesaleme ea 119, a re: “Thabo ke ea bao metsamao ea bona e hloekileng, ba eang ka molao oa Jehova. Thabo ke ea ba bolokang likhopotso tsa hae; . . . Ba tsamaea litseleng tsa hae. Ke uena ea faneng ka litaelo tsa hao hore li bolokoe ka hloko. Oho! hoja metsamao ea ka e ne e tiile ho boloka likomelo tsa hao! Ke moo ke neng ke sa tl’o soaba ha ke sheba litaelo tsohle tsa hao. Ke tla u roka ka pelo e khabane, ha ke ithuta likahlolo tsa hao tse lokileng. Ke ntse ke boloka likomelo tsa hao, u se ke ua ntlohella ruri.”—Pesaleme ea 119:1-8.
6. (a) Mantsoe a sehlooho a totobatsoa joang pesalemeng ee? (b) Mopesaleme e ne e le seithuti sa eng, ’me hoo ho pakoa joang?
6 Serapeng seo sa pele sa mela e 8 ea Seheberu re hlokomela mantsoe a sehlooho, molao, likhopotso, litaelo, litemoso, likomelo le likahlolo tse lokileng. Mopesaleme o hatisa mantsoe ao kaofela litemaneng tsohle tse 176 tsa Seheberu. Ka mohlala, o sebelisa lentsoe “molao” ka makhetlo a 25, “likhopotso” ka makhetlo a 22, “litaelo” ka makhetlo a 21, “litemoso” ka makhetlo a 21, “likomelo” ka makhetlo a 20, “likahlolo tse lokileng” ka makhetlo a 21, ka lentsoe le amanang le ao “komelo” le sebelisoa habeli pesalemeng. Ho sa tsotellehe hore na mopesaleme o pheta-phetile mantsoe ana ho ka ’nang ha utloahala e ka e ne e le motho oa molao, ha ho bopaki ba hore o ne a ithutetse molao kapa e le motlatsi oa moahloli kapa e le moahloli. Pele ho tsohle e ne e le seithuti sa Lentsoe le ngotsoeng la Jehova, e leng ’nete e pakoang ke hore a sebelise polelo “lentsoe la hao” ka makhetlo a 15. Haeba e ne e le morena oa sechaba sa Iseraele, likomelo tsa Molimo li ne li mo tlama hore a ingolle kopi ea Molao oa selekane sa Jehova le Iseraele eo a tla ithuta eona le ho e sebelisa. (Deuteronoma 17:14-18) Mopesaleme a hopotse litšobotsi tsena ha a ka a fumana boithuto bo tebileng ba “lentsoe” la Jehova e le bo tenang, bo khathatsang. O ne a laba-labela se ka mo thusang hore a utloe molao. (Pesaleme ea 119:40, 131, 174) Na re tšoana le eena?
7. (a) Ho tseba le ho tsamaea ka molao oa Molimo ho re ruisa molemo joang? (b) “Torah” e bua ka eng, empa Bakreste ba iphumana tlas’a tokisetso efe?
7 Ha re bapisa melao ea machaba le ea lichaba ea linaha tse tlas’a puso e sa bonahaleng ea “ntate oa ea leshano,” Satane Diabolose, le molao oa Jehova, re ka lumellana le mopesaleme ra re: “Molao oa hao ke ’nete. Oho Jehova, u haufi, ’me likomelo tsohle tsa hao ke ’nete.” (Johanne 8:44; Pesaleme ea 119:142, 151) Ka hona ha re ‘ea ka molao oa Jehova’ le rōna re ka sireletsoa joaloka mopesaleme tseleng e phoso ea lefatše e ka re ntšang kotsi, ’meleng le moeeng. Hona ho sebeletsa thabo ea rōna. (Pesaleme ea 119:1) Ho sebeletsa hore re hlohonolofatsoe ke Molimo le hore o re amohele. Hona ho ama lipelo tsa rōna, joalokaha Pesaleme ea 119:97, 126, 127 e bontša. Mopesaleme o ne a tlamiloe ke selekane sa Molao oa Moshe se neng se e-na le “Torah,” sehlopha sa melao ea Molimo e neng e e-na le melao e makholo-kholo e tobaneng le lintho tse itseng. Lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova tsa kajeno li tlas’a selekane se secha (seo Jesu Kreste e leng ’Muelli oa sona) se nang le “molao” oo kamoo ho leng kateng, o ngotsoeng “lipelong” tsa bona. (Jeremia 31:31-34) Ka ho ithuta Mangolo a Bakreste a Segerike, ba tloaelana le selekane sa ‘molao’ se secha le likomelo tsa sona.
8. (a) Na lefatše lee le se nang molao le lebelletse ho hong ho khanyang? (b) Mopesaleme o hlalositse kameho ea hae ka meokho joang ka ho hlōleha ha Bajode ho boloka molao oa Molimo? (c) Boprofeta ba Jesu ka Jerusalema e sa tšepahaleng bo phethahalitsoe joang, ’me hona ho tšoantšetsa eng bakeng sa Bojakane?
8 Nako e haufi ea hore Monei-molao ea loketseng, Jehova, a nke bohato bo loantšang lefatše lena le se nang molao. Kamoso meokho e tla keleketla. Mopesaleme o ile a llela boemo bo joalo mehleng ea hae hobane o ne a rata molao oa Molimo. (Pesaleme ea 119:136) Matsatsinyana pele Jesu Kreste a shoela tumelo ka sehlōhō, o ile a llela motse oa Jerusalema o bolokang lineano empa o tlōla molao. (Luka 19:41) Lilemo tse mashome a mararo a metso e supileng hoba Bajode ba bontše nyeliso ea molao e mpe ka ho fetisa ka hore Messia, Jesu Kreste ea se nang molato, a bolaoe matsohong a Balichaba, Jehova a nka bohato. (Pesaleme ea 119:126) Mesarelo e hlileng ea bonoa ke Jesu Kreste ea fela ea tlela motse ka 70 C.E. Kajeno se neng se tšoantšetsoa ke Jerusalema le batho ba Bajode ba neng ba busoa ke eona, se amehile ka mokhoa o fetisisang. Bojakane, motlōli-molao oa kajeno, bo boholo ho feta Jerusalema ea boholo-holo le sechaba sa Iseraele. Jehova ka tsela ea hae o tla kenya lipelong tsa mekha ea lipolotiki ea lefatše lena hore e fetohele bolumeli bohle bo hlophisitsoeng ba lefatše, ho akarelletsa Bojakane, ’muso-mōtoana oa Kreste.—Tšenolo, khaolo ea 17.
9. (a) Bapisa tsela ea Bojakane ea tšollo ea mali le boikutlo le boitšoaro ba Lipaki tsa Jehova. (b) Tsela ea rōna e lumellana le mohlala ofe? (c) Kreste o hana Bojakane ka mabaka afe kajeno?
9 Na ntoa tse peli tsa lefatše ha lia ka tsa qhoma Bojakaneng, ka baruti ba bona ba tšehelitse likhohlano tse tšollang mali joalo? Ka mokhoa o fapaneng ho hang le batlōli ba joalo ba selekane se secha sa Molimo, se laelang lerato la boena, mopesaleme a bua sena e le mohlala bakeng sa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno: “Ke hloile leshano ’me kea le nyonya. Molao oa hao kea o rata.” (Pesaleme ea 119:163) O ne a lakatsa ho boloka molao ka pelo eohle. O bolela hore o hloile boikutlo ba pelo e sa fellang, bo fofo, a re: “Ke hloile ba pelo e lika-likang, empa ke rata molao oa hao.” (Pesaleme ea 119:113) Jesu Kreste o ikutloa joalo ka Bojakane kajeno, hobane bo tšoana le phutheho ea Laodicea ea boholo-holo. Ka toka a ka bua tjena ho Bojakane: “Ereka ha u le fofo, u sa bate, u sa chese, ke tla u hlatsa molomong oa ka.” (Tšenolo 3:16) Re ke ke ra rata lefatše le se nang molao, le se nang lerato ra ba ra rata Kreste ka nako e le ’ngoe. Re ke ke ra tenyetseha ka mahlakoreng a mabeli. Lerato le mofuthu e tlameha ho ba matla a susumetsang kutlo ho utloa Molimo. Jehova o ne a ke ke a bululela mohlanka oa hae hore ka pelo eohle a bue ntho e fetang ena ka matla: “Ke tla bontša hore ke rata likomelo tsa hao tseo ke li ratileng.”—Pesaleme ea 119:47.
10. (a) Re lokela ho ba motlōtlō ka eng, eo re nang le eona joaloka mopesaleme? (b) Mahlomola a mopesaleme a ne a reretsoe ho etsa joang, empa a tšoarella tseleng efe, ka liphello life ho rōna?
10 Ha re rata molao oa Jehova re tla bolokeha. Mopesaleme o ile a lumela sena ha a re: “Hola ka se ke ka thabisoa ke molao oa hao, nka be ke timetse mahlomoleng a ka.” (Pesaleme ea 119:92) Mahlomola a hae e ne e se boloetse bo bong bo bolaeang. O ne a hlomolisoa ke baikhohomosi (ba ikhohomosetsang Molimo), ba neng ba mo hloile, ba mo hlorisa. Tlas’a khatello a ka be a ile a ineela lipakaneng tsa Baiseraele ba joalo eaba o hanana le thato ea Jehova hola a se ke a rata molao oa Molimo haholo. Mopesaleme ke mohlala o motle hakaakang ho rōna kajeno ba tlas’a khatello e joalo e tsoang lefatšeng le tletseng tlōlo ea molao hoo lerato la ba bangata le seng le tapile mehleng ee ea ho fela ha lefatše!—Mattheu 24:3, 12.
11. Poloko ea rōna e hlaha ho eng, ’me kahoo re talima mano a batho joang?
11 Re ka lebella ho pholosoa ka ho sa feleng ha feela re boloka molao oa Molimo. Re hlolohetsoe ho pholohela tsamaisong e ncha ea Molimo ea maholimo a macha le lefatše le lecha. Ho ea qetellong ea Pesaleme ea 119, temana ea 174 e-ea re buella, e re: “Ke hlolohetsoe poloko ea hao, Jehova, ’me ke thabisoa ke molao oa hao.” Ke ka hona re hanang mano a qapiloeng ke batho le litokisetso tsa ho pholosa lefatše lena le se nang molao le le se nang lerato.
Ho Utloa Molao Har’a Hloriso
12. (a) Ho hlorisoa ha “mosali” le “leloko” la hae ho hlohlelletsoa le ho etsoa ke mang, hona hobane’ng? (b) Bahlorisi ba khalemetsoe joang?
12 Ho hlile ha boleloa hore Lipaki tsa Jehova li tla hlorisoa lefatšeng lohle mehleng ena ea qetello ea tsamaiso ena ea khale e shoang ea lintho e tlas’a puso e sa thapeng ea drakone ea tšoantšetso, Satane Diabolose. Tšenolo 12:17 e totobatsa pakane ea hae, e re: “Drakone ea halefela mosali [phutheho ea Jehova e kang mosali], ’me ea tloha ho ea loantša masala a leloko la hae [ntle ho ’Muso o tsoetsoeng bocha], e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.” Haholo-holo tlhoriso e tsoa ho ba ikhethelang ho kheloha melao ea Molimo bakeng sa mehla ena e qetellang ea tsamaiso e bonahalang ea lintho ea lefatše ea drakone. Ka molaetsa oa ’muso o boleloang lefatšeng lohle ke Lipaki tsa Jehova, Jehova o khalemetse bana ba rohakiloeng, hantle joalokaha Pesaleme ea 119:21 e re: “U khalemetse baikhohomosi ba rohakiloeng, ba khelohang likomelo tsa hao.” Taba ea ba khabane bao baikhohomosi ba bahlorisi ba ba nyefolang le ho ba rohaka, joalokaha ho bile joalo ka mopesaleme, e fapane: “Baikhohomosi ba ntšehile ka ho fetisisa. Ha kea ka ka fapoha molao oa hao.”—Pesaleme ea 119:51.
13. (a) Ho sa tsotellehe merero e khopo ea bahlorisi, ho boloka molao oa Molimo ho fella ka eng? (b) Hona ho bontšitsoe joang mehleng ea kajeno?
13 Bahlorisi ba baikhohomosi ha ba bona hore Lipaki tsa Jehova li tsoela pele tumellanong le molao oa Jehova bakeng sa kajeno, ba leka ho liha Lipaki tse utloang molao, joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea mopesaleme, ea itseng: “Baikhohomosi ba ncheketse mamena ho ntšoasa ka oona, bao ba sa lumellaneng le molao oa hao.” (Pesaleme ea 119:85) Ho hlabisa baikhohomosi ba rerang mano lihlong ha ho bolele ho pepesa litsela tsa bona tse khelosang feela empa, haholo-holo, ho bolela ho phahamisa Jehova e le Molimo oa ’nete. E ne e se ka mano ha mopesaleme a rapela hore: “Baikhohomosi ba ke ba hlajoe ke lihlong, hobane ba nkhelositse ntle ho lebaka. Ha e le ’na, ke amehile ka litaelo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:78) Jehova o tiisa hore le oona mahloriso a sebeletsa molemo le hore bahlorisi ha ba fumane letho ka bolotsana. O arabela thapelo ea Pesaleme ea 119:122: “U ke u be tiiso ea mohlanka oa hao bakeng sa botle. Baikhohomosi ba se ke ba nthetsa.” Lipaki tsa Jehova li ile tsa shoa larita pusong ea khatello ea Benito Mussolini le Adolf Hitler, empa tsa ema li tiile ’me tse ngata tsa pholoha ka lebaka la ho se lebale molao le likomelo tsa Molimo oa tsona. Baphonyohi ba ka bua tjena ka mantsoe a Pesaleme ea 119:60, 61: “Ka potlako, ha kea ka ka lieha ho boloka likomelo tsa hao. Ke ne ke likiloe ke mehala ea ba babe. Ha nka ka lebala molao oa hao.” Molimo o matla ’ohle o tsebile ho khaola mehala ea lira tsa oona e neng e tlamile Lipaki tsa oona ’me kahoo oa lokolla bahlanka ba oona ka nako ea oona bakeng sa mosebetsi oo o ba khethetseng oona hore ba o etse bofelong ba tsamaiso ena ea lintho.
14. (a) Joaloka tabeng ea mopesaleme, Lipaki tsa Jehova li fihletse eng, ’me phello ea boiteko ba lira tsa bona ebile efe? (b) Ke bo-mang ba tsebang ho thabela mahlomola a bona, hona hobane’ng?
14 Ka mantsoe a hae ho Pesaleme ea 119:84, 86, 161, mopesaleme o ne a hlorisoa haholo le ke batho ba naha ea habo. Lipaki tsa Jehova li hlorisitsoe kantle le kahare ho linaha tsa Bojakane tseo li thibetsoeng ho tsona hona joale. Leha ho le joalo, sera se hlōtsoe morerong oa hloriso ea sona e litšila le e khopo! Ho makaleng ha sera, Lipaki tse ‘eang ka molao oa Jehova’ le tse ‘bolokang likhopotso tsa hae’ li susumeletsoa ho thabela ho hlorisoa ha tsona ka lebaka la Jehova Molimo le Kreste oa hae. Li hopotsoa seo Jesu Kreste a se buileng letotong la hae la lithabo: “Thabo ke ea lōna bafumanehi, hobane ’Muso oa Molimo ke oa lōna. Thabo ke ea lōna neng le neng ha ka lebaka la Mor’a motho batho ba le hloea, le neng le neng ha ba le khetholla le ho le rohaka le ho lahla lebitso la lōna ka ho re le ba khopo. Mohlang oo le nyakalle ’me le tlōle, hobane, bonang! moputso oa lōna o moholo leholimong, hobane lintho tseo ke tseo bo-ntat’a bona moholo ba li entseng baprofeta [ho akarelletsa mopesaleme].” (Pesaleme ea 119:1, 2; Luka 6:20, 22, 23, NW) Lipaki tsa Jehova tse hlorisoang li kopanela nyakallong ea hae ha li tsoela pele ho ‘hōlisa le ho bea molao oa hae o le khabane.’—Esaia 42:21.
(Likarolo tse ling tsa Pesaleme ena ea 119 li tla hlahlojoa tokollong e hlahlamang tlas’a sehlooho se reng “Likhopotso le Litaelo tsa Molimo oa Tsamaiso e Ncha.”)
Melemo e Tsoang ho Pesaleme ea 119
◻ Pesaleme ea 119 e ngotsoe joang, hona hobane’ng?
◻ Ke mantsoe afe a khethehileng ao mopesaleme a a sebelisitseng khafetsa?
◻ Rōna, ha re bapisoa le Bojakane, re ikutloa joang ka molao oa Molimo?
◻ Re lokela ho rata eng, ho sa tsotellehe ho hlorisoa ha Bakreste?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Mopesaleme o ne a ananela ka matla hore ho tseba le ho sebelisa Lentsoe la Molimo ho ka tlisa thabo
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Boholo ba Lipaki tsa Jehova ba ema bo tiile ’me ba pholoha mahloriso a Nazi. Ka thabo bo ne bo ka re: “Ha nka ka lebala molao oa hao”