Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 2/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moshe—Kamoo Bophelo ba Hae bo U Amang Kateng
    Tsoha!—2004
  • Ke ka Tsela Efe Jesu Kreste e Neng e le Moprofeta ea Tšoanang le Moshe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ho Tseba Litsela Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • E-ba Motho ea Bonolo ’Me U Thabise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 2/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Haeba ka sebele Moshe o ne a ikokobelitse hape a inyenyefalitse, ho tla joang hore ho Numere 12:3 eena ka boeena a ngole hore ‘Moshe o ne a ikokobelitse ho feta motho ofe kapa ofe’?

Le hoja mohlomong ho ne ho se bonolo hore Moshe a ngole joalo, o ngotse tlhaloso eo ka ho bululeloa ke Molimo.

Letšoao le leng le bontšang hore Bibele ka sebele e bululetsoe ke Molimo ke mokhoa oo e fanang ka litlhaloso tse sa potoloheng taba kateng mabapi le bangoli ba eona. Moshe le banna ba bang bao Molimo o ba sebelisitseng ho ngola likarolo tse itseng tsa Mangolo a halalelang ba ngotse lintho tseo tlhaloso ea tsona e neng e sa tloaeleha.

Ka mohlala, Moshe o tlalehile liphoso le libe tsa batho ba habo, ho akarelletsa le tsa moen’ae le khaitselie. (Exoda 16:2, 3; 17:2, 3; 32:1-6; Levitike 10:1, 2) ’Me Moshe ha a ka a leka ho pata tsa hae; ka tsela e otlolohileng o ile a tlaleha litšito tsa hae, esita le tšito e entseng hore a khalemeloe ke Molimo. (Numere 20:9-12; Deuteronoma 1:37) Ho ne ho loketse hore Moshe a tlalehe ka ho toba taba eo Jehova a batlang hore e akarelletsoe—hore Moshe ka sebele e ne e le motho ea ikokobelitseng. Boemo boo tlaleho ena e ngotsoeng ho bona bo fana ka mohlala o motle. Sebakeng sa hore Moshe a ikutloe a halefela Miriame le Aarone ha ba phephetsa bolaoli ba hae, a lumella Jehova ho lokisa lintho.

Moshe o ne a tšoantšetsa Messia. (Deuteronoma 18:15-19) Ka hona ha Jehova Molimo a totobatsa boikokobetso ba Moshe, O ne a fana ka tiiso ea hore tšoaneleho ena e lakatsehang e tla fumanoa ho Messia. Ha re bala Melaetsa ea Litaba tse Molemo, na ha se boikokobetso ba Jesu bo re hulelang ho eena le bo re neang lebaka la ho itšetleha ka eena?—2 Ba-Korinthe 10:1; BaHeberu 4:15, 16.

■ Haeba Mokreste a ka sitoa ho ba teng sehopotsong sa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, ho ka etsoa joang?

Ke habohlokoa hore Bakreste ba be teng sehopotsong sa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, hobane Jesu o buile mantsoe ana ha a se thea: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.” (Luka 22:19) Bakreste ba pele ba ile ba etsa joalo. Ke kahoo moapostola Pauluse a neng a ka ngola ka baena ba Korinthe ba neng ba bokana selemo le selemo ‘ka mokhatlo oa bona’ kapa ‘joaloka phutheho,’ bakeng sa Sehopotso sa lefu la sehlabelo la Jesu. (1 Ba-Korinthe 11:20, NW) Empa ha maemo a le thata ba ne ba ka etsa joang ka Sehopotso? Ka mohlala, Pauluse eena o ile a etsa joang ka lilemo tseo a neng a le litlamong (a lebetsoe ’me mohlomong a bile a le mahlaahleleng) Sesarea?—Liketso 23:35; 24:26, 27.

Ponong ea taelo e hlakileng ea Jesu, le eena Pauluse boinotšing moo o ne a tla hlahloba ntlha ea Mangolo ea ketsahalo eo nakong eo ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea. E le Mokreste ea tlotsitsoeng ka moea, o ne a tla etsa boiteko bohle ho kopanela linthong tse tšoanelehang ka ho fetisisa bakeng sa litšoantšetso. Ka nako eo veine e ne e le seno se tloaelehileng, kahoo ho sa tsotellehe hore Pauluse e ne e le motlamuoa o ne a ka ’na a ba le veinenyana le bohobe bo itseng tseo a ka li sebelisang. Hoo ho ne ho ka etsahala hamorao ha a se a le litlamong Roma, moo a neng a lumelloa hore a eteloe. Mohlomong baena ba bang ba Roma ba ne ba leka ho ‘bokana’ le eena ka sehlotšoana ho ikhopotsa Sejo sa Morena sa Mantsiboea.—Liketso 28:30.

Lefatšeng lohle kajeno, liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lia bokana ka letsatsi le lumellanang le la 14 Nisane bakeng sa Sehopotso sa lefu la Kreste. Empa ka linako tse ling ho hlaha litšitiso tse sa tloaelehang. Ka lekhetlo le leng, lifefo tse bohale kapa likhohola li ’nile tsa thibela phutheho, kapa litho tse ling tsa eona, hore li ka bokana hammoho joalokaha ho ne ho lokiselitsoe. Ka seoelo, molao oa sheshe o ee o sebetse ka masole a hlometseng a thibelang baahi hore ba tsoele ka ntle ha letsatsi le liketse. Bakreste ba bang ba sitiloe ho ba teng boikhopotsong ka lebaka la ho kenngoa sepetlele kapa ka ho kula hampe. Ho ka etsoa joang maemong a joalo?

Le hoja e le ho loketseng bakeng sa phutheho eohle e kopane ketsahalong ena ea bohlokoa, maemo a kang a boletsoeng kaholimo a ka ’na a thatafatsa. Ha boemo bo feteletseng ba leholimo, koluoa ea tlhaho, kapa ho hong ho joalo, li thibela lelapa kapa karolo e ’ngoe ea phutheho hore e ka kopana le phutheho, ba arohileng ba ka kopana hammoho ho buisana ka tlaleho ea Mangolo e kang e hlahang ho Luka 22:7-23; 28-30; 1 Ba-Korinthe 11:20-31, hammoho le ho buisana ka se boleloang ke ketsahalo eo. Ka ho tšoanang, haeba boemo ba qomatsi bo ka qobella ’me ba thatafatsa hore phutheho e bokane hammoho ka bosiu bo loketseng, ho kopana ka sehlopha sa Thuto ea Buka ea Phutheho kapa lihlopha tse ahisaneng ho ka ’na ha e-ba molemo, kakaretso ea ba ileng ba bokana hammoho e sebeletsa e le tlaleho ea ba bileng teng phuthehong eo. Ho ka ba ha fanoa ka puo e khutšoaane haeba ho e-na le moena ea loketseng, ea inehetseng sehlopheng. Ha ho hlokahale hore ho itšoenngoe ka hore ha ho litšoantšetso tse loketseng hafeela ka nako ena ea tsietsi ho se eo ka nako e fetileng a kileng a ja bohobe le ho noa veine joaloka Mokreste ea tlotsitsoeng.

Molao oa Molimo ho Iseraele o ne o e-na le tokisetso e khethethileng bakeng sa Moiseraele ea neng a hlōlehile ho kopanela sejong sa kamehla sa Paseka; motho ka mong o ne a ka iketsetsa eona ka khoeli (matsatsi a 30) hamorao. (Numere 9:10, 11; 2 Likronike 30:1-3, 15) Ha ho bapisoa, maemong a feteletseng moo Moiseraele oa moea a sitoang ho hang ho ba teng kapa ho fuoa litšoantšetso ka la 14 Nisane, a ka ja le ho noa matsatsi a 30 hamorao. Hona ho tla sebetsa feela maemong a Mokreste ea tlotsitsoeng ea tlamehileng ho ja bohobe le ho noa veine.—Ba-Galata 6:16.

Ka la 4 ’Mesa, 1985, hoba letsatsi le likele, liphutheho tsa Bakreste ba ’nete lefatšeng lohle li tla bokana kutlong ea taelo ea Jesu: “Etsang hoo, ka mehla eohle . . . le tle le nkhopole ka hona.” Re u memela ho kopana le bona.—1 Ba-Korinthe 11:25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela