Haha Bokamoso ba Hao le Phutheho ea Jehova
“Tšaba Jehova letsatsi lohle. Hobane tabeng e joalo ho tla ba le bokamoso, ’me tšepo ea hao e ke ke ea felisoa.”—LIPROVERBIA 23:17, 18, NW.
1, 2. Har’a lintho tse ling, ke eng eo moapostola Johanne a e boneng ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E.?
JEHOVA o senolela batho ba hae lintho tse tlang ’me hona ho ba nolofaletsa ho sebetsa lintho ka bohlale. (Esaia 42:9) Ka mohlala, ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., Molimo o ile oa fa moapostola Johanne ea tsofetseng lipono tsa bokamoso ba tšepo e susumetsang. Re ka thaba hakaakang hore e be Johanne o fane ka bopaki ba “tsohle tseo a li boneng” le hore e be li tlalehiloe bukeng ea Bibele ea Tšenolo!—Tšenolo 1:1, 2.
2 Har’a lintho tse ling, Johanne o bone “mangeloi a mane” a thibetse “meea” e neng e ka baka ‘mahlomola a maholo.’ Mangeloi ao a tlameha ho thibela meea eo e senyang ho fihlela neng? Lengeloi le leng la a bolella: “Le se ke la senya lefatše, leha e le leoatle, leha e le lifate, re e-so ho tšoaee bahlanka ba Molimo oa rōna liphatleng tsa bona.”—Tšenolo 7:1-3, 14; Mattheu 24:21, 22.
3. Pele “meea” e lokolotsoeng e thumakanya phutheho ea Satane, ho tla be ho etsahetse eng, hona e le ka mokhoa ofe?
3 “Meea” e lokolotsoeng e tla iphetetsa ka ho thumakanya phutheho ea Satane Diabolose e lefatšeng, ka ho e timetsa ka ho feletseng. (Bapisa Jeremia 25:32, 33.) Empa pele hoo ho etsahala masala a batlotsuoa a tlang ho busa le Jesu Kreste leholimong a tlameha ho tšoauoa. Ho tšoauoa hona ha “bahlanka ba Molimo oa rōna liphatleng tsa bona” ho phethoa ka moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang, ao Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le oona e le bopaki ba lefa la bona la leholimong. (2 Ba-Korinthe 1:21, 22; Ba-Efese 1:12-14) Ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo “mehleng ea bofelo” ho phetha ho bokelloa ha “bakhethoa” bana.—Mikea 4:1; Mattheu 24:14, 31.
4. Ke “bahlanka ba Molimo oa rōna” ba bakae ba tla tšoauoa ka ho sa feleng, ’me u ka tšehetsa karabo ea hao ka Mangolo joang?
4 Ke “bahlanka ba Molimo oa rōna” ba bakae ba tla tšoauoa ka ho sa feleng? Johanne, eo e neng e le e mong oa bona, ka bokhabane o tlalehile: “Ka utloa palo ea ba tšoailoeng e le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene.” Bana ba etsa “Iseraele oa Molimo,” Iseraele oa moea, e nang le meloko e 12 ea ba 12 000 molokong ka mong. (Tšenolo 7:4-8; Ba-Galata 6:16) Ke phutheho e kaakang! Tlas’a Morena Jesu Kreste, ba 144 000 e tla ba “marena le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa holim’a lefatše.”—Tšenolo 5:10; 14:1-4.
5. (a) Hona joale ke bo-mang ba kopanetseng le masala a Iseraele oa moea? (b) Bohle ba tšabang Jehova ba etsa eng, ’me ho ea ka Liproverbia 23:17, 18, ke eng e teng bakeng sa bona?
5 Hoba moapostola Johanne a bone Iseraele oa moea, a bona “bongata bo boholo” ’me a ipotsa hore na ke bo-mang. O ile a bolelloa: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” Ba etsang “bongata bo boholo” ke bafo ba lefatšeng ba ’Muso, ’me ho ile ha profetoa hore “Konyana,” Jesu Kreste, e ne e tla ba “isa lilibeng tsa metsi a bophelo”—e, bophelong bo sa feleng paradeiseng lefatšeng. (Tšenolo 7:9, 14, 17; Luka 23:43) Hona joale ‘linku tsena tse ling’ li etsa ‘mohlape o le mong’ le masala a majalefa a ’Muso, ’me kaofela bao ba tšabang Jehova ba etsa phutheho ea Molimo ea lefatšeng. (Johanne 10:16) Ka ho lula ba tšepahala ho eena, ba tla ba le bokamoso bo hlohonolofalitsoeng, hobane rea bala: “Tšaba Jehova letsatsi lohle. Hobane tabeng e joalo ho tla ba le bokamoso, ’me tšepo ea hao e ke ke ea felisoa.”—Liproverbia 23:17, 18, NW.
Tsamaiso Ena ea Khale ha e-na Bokamoso!
6. Hona joale re iphumana hokae kemisong ea nako?
6 Hona joale re kenelletse hare “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena e khopo ea lintho. (2 Timothea 3:1-5) Liketsahalo tsa lefatše tumellanong le kemiso ea nako ea Bibele li tiisa ’nete ea hore Jesu Kreste o qalile ho busa maholimong hoetla (ka leboea ho lefatše) ka 1914. (Pesaleme ea 110:1, 2) Letsatsi le leng le le leng, litlaleho tsa litaba li bontša hore “pontšo” e nang le likarolo tse sa tšoaneng empa li amana le ea hore Jesu ‘o teng’ le ea bofelo ba tsamaiso ena e-ea bonahala. (Mattheu, likhaolo 24, 25) Ke ’nete, “moloko” o neng o le teng ha ho hlongoa ’Muso ka 1914 o-oa tsofala. Empa mantsoe a Jesu a bontša hore “o ke ke oa feta” pele ‘mahlomola a maholo’ a felisa lefatše lena le mokhatlo o khopo oa batho o ‘rapaletseng ka tlase ho e mobe,’ Satane Diabolose. Hoo ho tla etsahala haufi hakae? E ke ke ea e-ba nako e telele haholo, hobane sena ke selemo sa bo70 sa puso ea ’Muso!—Mattheu 24:21, 34; 1 Johanne 5:19.
7. (a) Ho tla etsahala eng qalehong ea ‘mahlomola a maholo’? (b) Ho tla hlaha eng hang kamor’a timetso ea bolumeli ba bohata?
7 ‘Mahlomola a maholo’ a tla qala ka tšohanyetso e makatsang. (Mattheu 24:36-44) Qalehong ea oona timetso e tla oela “Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Thipitlo ea karolo ena e khōlō ea tsamaiso ea Satane e tla ama lintho tsa bopolotiki le tsa khoebo. Tabeng ena, moapostola Johanne o senotse hore “marena a lefatše” a tla Ila: “Jo! jo! Babylona, motse o moholo, motse o matla, kahlolo ea hao e hlahile joang ka hora e le ’ngoe!” ’Me ho thoe’ng ka khoebo? Johanne oa phaella: “Le bahoebi ba lefatše ba tla llela motse oo, ba be ba o hlomohele; hobane mesebetsi ea bona ha e sa tla hlola e rekoa ke motho.” (Tšenolo 18:1-19) Hang kamor’a timetso ea bolumeli ba bohata, Jesu Kreste o tla sebelisa makhotla a hae a leholimo ho timetsa hohle ha tsamaiso ena e khopo ea lintho. E tla felisoa ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone e tlang ka potlako.—Tšenolo 16:14-16; 19:11-21.
8. Ke phutheho efe e le ’ngoe feela e nang le bokamoso ba nako e telele, hona ke hobane’ng ha ho le joalo?
8 Hoo ho bolela’ng ho ba tšabang Jehova ka ho feletseng? Ho bolela hore lefatše lena le tlas’a taolo ea Satane ha le na bokamoso! Nako ea lona e se e batla e felile! Kahoo, phutheho ea Jehova ke eona feela eo u ka hahang bokamoso bo sa feleng le eona.
9. (a) Ho ea ka se larileng ka pele, ke lipotso life tse ka ’nang tsa botsoa? (b) Ke keletso efe e nakong e fumanoang ho 1 Timothea 6:17-19?
9 Joale, ho ea ka se larileng kapele, na ho ne ho tla bontša tumelo, kapa kelello e ntle, ho leka ho haha bokamoso bo sireletsehileng mafapheng a mang a tsamaiso ee e shoeleng? Ka mohlala, ke mokhatlo ofe oa lefatše kapa feme ea khoebo eo u ka hahang bokamoso ba nako e telele le eona? Ha o eo! Kahoo na hase bohlale ho khotsofalla lijo le liaparo ha re ntse re bea lithahasello tsa ’Muso pele bophelong? (Mattheu 6:33; 1 Timothea 6:7-12; 2 Timothea 2:4) Ho nakong haholo hona joale ke keletso ea moapostola Pauluse: “Laela ba ruileng tsa mehla ea joale hore ba se ke ba ikhohomosa, ba se ke ba tšepa moruo o sa tieang, ba mpe ba tšepe Molimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re li thabele. Ba sebetse se molemo ba ateloe ke mesebetsi e molemo, ba abele ba bang, ba fane; ba ipokellele letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.”—1 Timothea 6:17-19.
Haha Bokamoso ba Hao ka Bohlale
10. Ka ‘mahlomola a maholo’ a phetheselang ka pel’a rōna, re lokela ho ameha haholo-holo ka eng?
10 Ke ho leka-lekana ho hokaakang moeeng ho totobetseng mantsoeng ao a moapostola! Ho oona batho ba Jehova ba bona senotlolo sa pholoho. Ke sena: Boloka lintho tse bonahalang sebakeng sa tsona, u hlokomele hore khatiso ha e-ea lokela ho beoa ‘moruong o sa tieang’ empa ho ‘ateloeng ke mesebetsi e molemo.’ Ka sebele hoo ho ne ho tla akarelletsa ho nka karolo ka cheseho le kamehla tšebeletsong ea Bokreste. Ka sefefo sa maru a ‘mahlomola a maholo’ a seng a ntse a phethesela sebakeng, ena hase nako ea ho lokisetsa bokamoso bo atlehileng femeng e ’ngoe ea khoebo ea lefatše kapa ho hahamalla boemo bo phahameng khoebong. Ke nako ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ho lemosa ka kotsi e haufi. Ho feta moo, Jesu Kreste o re laetse ho bolela le ho etsa barutuoa. Ka baka leo, re lokela ho ameha haholo ka hoo re le Lipaki tsa Jehova.—Mattheu 24:14; 28:19, 20; Esaia 43:10-12.
11. Melemo e meng ea tšebeletso ea Bokreste e tla ba ea nako e telele ke efe?
11 Mesebetsi e mengata e phehelloang ke batho ba lefatše hona joale e tla fela ka ho sa feleng “mahlomoleng a maholo.” Ke ’nete, mefuta e meng ea mosebetsi e tla tsosolosoa tsamaisong e ncha ea lintho e tšepisitsoeng ea Molimo. Empa na ho na le mosebetsi leha e le ofe kajeno oo u tsebang o e-na le melemo e mengata joaloka tšebeletso ea Bokreste? Khōlō ea moea le tsoelopele e tlisoang ke mosebetsi ona o fanoeng ke Molimo e tla ba molemo haholo Tsamaisong e Ncha. Kamano e matla le Jehova e hlaoleloang tšebeletsong e tla fetela tsamaisong eo ea lintho. ’Me mahlale a ntlafalitsoeng a ho ruta a ka ’na a e-ba le thuso ha ho rutoa ba limillione ba tla beng ba tsositsoe ka nako eo.—Esaia 54:13; Johanne 5:28, 29; Tšenolo 20:12.
12. Joaloka bahlanka ba Jehova, re na le litebello life tse babatsehang, empa re hloka ho etsa eng?
12 Haeba re amehile haholo hona joale ka ho khahlisa Molimo le ho etsa thato ea hae, ka ’nete re na le litebello tse babatsehang. (Pesaleme ea 40:8; Ba-Roma 12:1, 2) Ka sebele, haeba re ‘tšaba Jehova, re na le bokamoso ’me tšepo ea rōna e ke ke ea felisoa.’ (Liproverbia 23:17, 18, NW) Re tla amohela bophelo bo sa feleng haeba re tsoela pele ho tsamaea ‘tseleng ea bophelo’ ka ho tšaba Molimo. (Pesaleme ea 16:11) Leha ho le joalo, ha re ntse re lebile moo, re lokela ho iketsetsa lipakane tsa puso ea leholimo le ho li finyella.
Lipakane tse Ling tse Itekanetseng
13. (a) Ho ea ka Mangolo, ke hobane’ng ha re ka re borapeli ba Jehova bo ’nile ba tsoela pele ho phahamisoa? (b) Ka kutloisiso e ’ngoe, lipakane tse ling tse fumanoeng ke ba makholo a likete ke life?
13 Ba bang ba sa tsoa qala ho hloa ‘thaba ea ntlo ea Jehova.’ Ho tloha lilemong tsa ntoa ea 1914-18 borapeli ba Jehova, boo tempele ea bona kapa “ntlo” ea bona e kileng ea ema holim’a thaba Jerusalema, bo ’nile ba tsoela pele ho phahamisoa. Bo ’nile ba ‘theoa qhooeng tsa lithaba’ moo ho hahiloeng litempele tsa melimo ea bohata. Kahoo borapeli ba Jehova bo ’nile ba ‘okamela maralla.’ Matšoele a phallela borapeling bo phahamisitsoeng ba Jehova. (Mikea 4:1-4; Esaia 2:2-4) Hoba ba be le tsebo e nepahetseng ea Mangolo, baa baka, baa fetoha, ba inehela ho Molimo ka thapelo ’me ba tšoantšetsa hona ka ho qoelisoa metsing. (Johanne 17:3; Liketso 2:38; 3:19) Ka kutloisiso e ’ngoe, tsena ke lipakane tse finyelletsoeng ke batho ba makholo a likete ba tsoang lichabeng tsohle, bao kamor’a moo ba sebeletsang Jehova ka botšepehi e le karolo ea phutheho ea hae ea lefatšeng. Ba thabile hakaakang hore e be ba phathahane borapeling bo phahamisitsoeng ba Molimo o ’notši oa ’nete! Empa ho thoe’ng ka uena? Na u nkile mehato ee?
14. Esita le kamor’a hore re qale ho rapela Jehova, re lokela ho fetela ho eng, ’me hoo ho ka etsoa joang?
14 Esita le kamor’a hore re qale ho rapela Jehova le batho ba hae, re hloka ho hlaolela le ho boloka takatso e ntle ea moea. Kaha re ithutile “litaba tsa thuto ea Kreste tseo ho qaloang ka tsona,” re lokela ho ‘fetela ho tsa kholo’ ka ho iphumantša molemo ka litokisetso tsohle tsa moea tseo Jehova a li etsang ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale.” (Ba-Heberu 6:1-3; Mattheu 24:45-47) Kahoo u ka ’na ua ipotsa: Na ke bala Lentsoe la Molimo kamehla? Na ke seithuti se setle sa lingoloa tse fanoang ka sehlopha sa “mohlanka”?—Ba-Heberu 5:11-14.
15. (a) Pauluse o fane ka keletso efe ho Ba-Heberu 10:24, 25, empa ba bang ba ’nile ba etsa eng? (b) Haeba ho na le moo motho a lokelang ho ntlafatsa ka ho ea libokeng kapa tšebeletsong ea Bokreste, ho khothalletsoa eng?
15 Joale, hape re lokela ho mamela keletso ea Pauluse: “A re ameheng e mong ka ba bang, ho susumelletsana leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra lula hōle le liboka tsa sebaka sa rōna, joalokaha ba bangata ba etsa, empa re khothaletsane ho ea; haholo-holo ha le bona Letsatsi le ntse le atamela.” (Ba-Heberu 10:24, 25, The Jerusalem Bible) Ho ea libokeng tsa Bokreste kamehla ke karolo ea ‘tšebeletso ea rōna e halalelang.’ Empa ba bang ba ea feela puong ea phatlalatsa beke e ’ngoe le e ’ngoe, kamehla ba tsoa Holong ea ’Muso pele thuto ea Molula-Qhooa e qala. Hangata ba bang ba fosa Seboka sa Tšebeletso. Na ba se ba nyatsa melemo ea sona kahobane ba se mafolo-folo haholo mosebetsing oa ho paka ka ntlo le ntlo le mesebetsing e meng ea tšebeletso ea Bokreste? Haeba u fumana hore ho na le moo u lokelang ho ntlafatsa teng leha e le ho efe ea lintlha tsena, ke hobane’ng ha u sa rapele Jehova ka litaba tse joalo, u mo kōpa hore a u thuse ho ba teng kamehla le ho bea mohlala likarolong tsohle tsa ‘tšebeletso e halalelang’?—Ba-Heberu 12:25-29.
16. (a) Ke lipakane life tsa puso ea leholimo tse itekanetseng tse boletsoeng mona? (b) Esita le haeba litlamo tsa Mangolo li thibela motho hore a finyelle lipakane tse joalo, ho ka ’na ha etsahala ke eng?
16 Lipakane tse ling tsa puso ea leholimo tse itekanetseng ke life? Koana, ho na le palo e hōlang e sa khaotse ea batho bao hona joale ba phathahaneng ka tšebeletso ea nako e tletseng e le bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba thusang. Na u ka atolosa tšebeletso ea hao ka litsela tse joalo? Ha e le hantle, esita le haeba litlamo tsa hao tsa Mangolo li u thibela ho finyella lipakane tse joalo, u ka tšehetsa baboleli ba nako e tletseng ha uena u etsa ka hohle kamoo maemo a ka u lumellang tšebeletsong ea Molimo. Ka borapeli bo khabane le ka tšebeletso e rorisang Jehova, kaofela ha rōna re ka bontša hore ha rea ‘bea tšepo ea rōna maruong a sa tieang empa ho Molimo.’ ’Me bakeng sa ba ka tšoarehang mosebetsing oa bopula-maliboho, ka sebele ena ke e ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho ‘rua bophelo bo sa feleng.’—1 Timothea 6:17-19.
17. (a) Haholo-holo batho ba bacha ba ka nahana ka tokelo efe ea tšebeletso? (b) Litho tsa lelapa la Bethele li na le khotsofalo efe?
17 Ho sebeletsa ho le leng la mahae a Bethele ho pota lefatše e boetse ke tokelo e babatsehang, eo haholo-holo batho ba bacha ba ka e nahanang ka thapelo. Tšebeletso ea Bethele e fana ka koetliso e babatsehang likamanong tsa batho, hobane basebetsi ba Bethele ba sebelisana haufi-ufi ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso. Mahlale a mang a hlahang Bethele a ka ’na a ba molemo mosebetsing o moholo oa ho ruta o tla etsoa Tsamaisong e Ncha. Ha e le hantle, kaha ba bangata ba kenela tšebeletso ea Bethele ba sa le bacha bophelong, ha ba na phahlo e ngata e bonahalang. Empa ba khotsofetse ke lijo le liaparo ’me ba khotsofetse ka ho tebileng ho tseba hore mosebetsi oa bona o tsoela ba bang molemo moeeng.—Moeklesia 3:12, 13.
18. Ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng ho ka ruta motho eng, ’me hoo ho tšehetsoa ke Mangolo joang?
18 Ho nka karolo likarolong tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea nako e tletseng ho ka ruta motho ho itšetleha ka Jehova Molimo haholoanyane. Batho ba lefatše ba beang tšepo ea bona “moruong o sa tieang” hangata ba fumana pono ea hore motho o tlameha ho ichebela. Empa haholo-holo basebeletsi ba nako e tletseng ba ka ’na ba ithuta hore Jehova o etsa tokisetso e bonahalang bakeng sa ba ‘batlang ’Muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.’ (Mattheu 6:25-34) Ba likete ba sebelelitseng maemong a bopula-maliboho ka lilemo tse ngata ba tla paka ’nete ea hore ha ho mohla ba kileng ba haelloa ke lintho tse hlokahalang hore ba phele. Bua le bona ’me u tla fumana hore ba lumellana le mopesaleme Davida ka pelo eohle, ha a re: “Nkile ka ba mocha, ’me joale ke tsofetse; empa ha ke e-so ho bone ea lokileng a tloheloa, leha e le litloholo tsa hae li sikila bohobe.”—Pesaleme ea 37:25.
Haha Bokamoso bo Sireletsehileng
19, 20. (a) Kaha nako e khutšoaane haholo bakeng sa tsamaiso ena ea lintho, re lokela e be re etsa eng? (b) Kahoo re ka etsa ka bohlale joang mabapi le bokamoso?
19 Haeba re Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang, rea hlokomela hore nako e khutšoaane haholo bakeng sa tsamaiso ena. Kahoo re lokela e be re etsa eng? Re lokela e be re etsa ka bohlale tumellanong le mantsoe ana a moapostola Petrose: “Joale, ha e le moo ntho tseo tsohle li abetsoe ho felisoa, e ka khona le be batho ba matla hakakang liketsong tse halalelang tsa borapeli; le ntse le lebeletse ’me le akofisa ho tla ha letsatsi la Molimo, leo maholimo a tla felisoa ke ho cha ka lona, ’me metheo e tla qhibiliha ke ho cha!”—2 Petrose 3:11, 12.
20 Moapostola Johanne, le eena, o ile a hlakisa hore lefatše lena lea feta. (1 Johanne 2:15-17) Haufinyana, tsamaiso ena ea khale e tla fela. Ka baka leo, bohle ba tšabang Molimo hona joale ba lokela ho tšoareha ‘liketsong tse halalelang tsa borapeli; ha ba ntse ba lebeletse ’me ba hopotse ka hloko ho tla ha letsatsi la Jehova.’ Le kamohla u se lebale hore ke phutheho ea Molimo feela e tla pholoha bofelo ba tsamaiso ena e shoang. Kahoo, etsa ka bohlale, ’me u lokisetse bophelo bo sa feleng ka ho haha bokamoso ba hao le phutheho ea Jehova.
Ka Tsela ea HIahlobo
◻ Bohle ba tšabang Jehova ba etsa eng, hona Liproverbia 23:17, 18 e ba fa tiiso efe?
◻ Ke phutheho efe feela e nang le bokamoso, hona ke hobane’ng ha u arabela joalo?
◻ Ka ho atamela ho hokana ha ‘mahlomola a maholo,’ Lipaki tsa Jehova li lokela ho ameha haholo ka eng?
◻ Ke lipakane life tse ling tsa puso ea leholimo tse ka finyelloang ke batho ba bangata?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 29]
Kajeno, bohle ba tšabang Molimo ka ’nete ba na le Jesu e le Molisa oa bona ’me ba sebeletsa hammoho ka bonngoe e le phutheho ea Jehova ea lefatšeng
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 31]
Na u haha bokamoso ba hao le phutheho ea Jehova? Tšebeletso ea bopula-maliboho le ea Bethele li har’a lipakane tse molemo tsa puso ea leholimo tse fumanoeng ke ba bangata
[Setsoantso se leqepheng la 30]
Ka baka la tlhohonolofatso ea Molimo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, matšoele a phallela borapeling ba Jehova bo phahameng