Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 8/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Molimo o Utloa Bohloko​—⁠Re ka mo Thabisa Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ke Hobane’ng ha Satane a Sebelisitse Noha ho Bua le Eva?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 8/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Noha a ile ea buisana joang le Eva ka teko tšimong ea Edene?

Genese 3:1 e re: “Noha e ne e feta ka bohlale liphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova Molimo a li entseng; ’me ea re ho mosali: A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?”

Ho ’nile hoa hlahisoa mekhoa e fapaneng ea hore na noha e ile ea buisana joang le Eva, ho akarelletsa le hore e entse joalo ka puo ea ’mele kapa boitšisinyo. Ka mohlala, moruti oa Lenyesemane Joseph Benson o hlalositse: “Hore na e buile le eena ka tsela efe ha rea tsebisoa: empa ho bonahala e ka ’na eaba e bile ka lipontšo tsa mofuta o mong. Ka sebele, ba bang ba nka hore ho bea mabaka le ho bua e ne e le tsona litšobotsi tse tsebahalang tsa linoha ka nako eo, le hore ka baka leo, Eva o ne a sa makatsoa ke ho bea lebaka hoa eona le ho bua hoa eona, hoo ba nahanang hore haeba ho ne ho se joalo o ne a tlameha ho makala: empa ka sena ha ho bopaki.”a

Ho ’nile hoa boleloa hore boteng ba noha feela le liketso li ka ’na tsa fetisa molaetsa. Haele hantle, e ne e se ho liphoofolo, empa ho motho [Adama] moo Molimo o itseng: “Empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Genese 2:17) Ho ntse ho le joalo, haeba noha—e neng e tsebahala e le “bohlale” haholo—e ne e le sefateng, Eva o ne a ka ’na a qeta ka hore sefate se ne se ke ke sa e-ba kotsi hakaalo. E ka ’na eaba mohlomong noha e bile ea itšisinya ka ho thetsang ho bonahalang ho bontša hore ho ikamahanya le sefate ho e tliselitse molemo.

Empa boitšisinyo ba ’mele feela bo ke ke ba ikarabella bakeng sa sohle seo re se balang ho Genese 3:1-5, se kang hore noha e ile ea bontša Eva hore o ne a tla tšoana le Molimo ’me a khone ho etsa qeto ka se setle le se sebe. Ho feta moo, pale e bululetsoeng e bolela hore noha e ile “ea re ho mosali.” Eva a arabela, a bua ka ho utloahalang. Joale, “noha ea fetola mosali ea re,” e bua ho hong ho eketsehileng. Ho itšoarella ka hore noha e ile ea bua ka lipontšo feela kapa ka boitšisinyo, joaloka Joseph Benson, ho ne ho tla lebisa ponong ea hore Eva o ile a arabela ka ho tšoanang, a arabela ka boitšisinyo.

Leha ho le joalo, moapostola Pauluse, o buile ka ketsahalo ena ’me a lemosa Bakreste ba Korinthe, “Ke tšohile, e se re mohlomong, joale ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona, le ea lōna mehopolo e ka senyeha.” Kotsi eo e ne e e-tsoa ho ‘baapostola ba bohata, basebetsi ba mano.’ Ka sebele letsoso le hlahisitsoeng ke “baapostola ba fetisang ka boholo’’ le ne le feta boitšisinyo feela kapa ponahalo; le ne le akarelletsa lipuo tsa bona, mantsoe a bona a mano a builoeng ho khelosa ba bang.—2 Ba-Korinthe 11:3, 5, 13.

Leha ho le joalo, noha ea sebele e ne e se na ’metso oa ho ntša lentsoe, na e ne e e-na le oona? Ho ke ke hoa boleloa joalo. Leha e le hore e ne e hloka joalo. Ha Jehova a ne a bua le Balaame ka pelesa, hoo ho ne ho sa bolele hore esele e tšehali e ne e e-na le kolu e rarahaneng ea ho ntša lentsoe ha ho bapisoa le eo Balaame, e leng motho, a neng a e-na le eona qoqothong. Rea bala: “Eaba Jehova o ahlamisa molomo oa esele, ’me esele ea re ho Balaame. . . .” Balaame a arabela lipotso tsa phoofolo eo, le ho fumana tlhaloso e tsoang phoofolong ena eo ka boeona e neng e ke ke ea bua. (Numere 22:26-31) Ketsahalong eo, Jehova a tutubolla mahlo a Balaame hore a bone hore lengeloi le teng, moea o phahametseng motho. Ka hona ha ‘phoofolo ena e sa tsebeng ho bua e bua ka lentsoe la motho,’ sesosa le matla a ketso ena a ne a e-tsoa sebakeng sa moea.—2 Petrose 2:16.

Joale, he, na Jehova o ile a sebelisa mokhoa oa mohlolo oa ho buisa phoofolo? Mohlomong, empa re ke ke ra hatella ka hore na mokhoa o hlileng oa sebelisoa ke ofe. Johanne 8:44 le Tšenolo 12:9 li bontša hore ea neng a le kamorao ho noha ea sebele Edeneng ke eo a ileng a ‘bitsoa Diabolose le Satane.’ Le eena ke moea o phahametseng motho, empa o khopo.—Bapisa 1 Samuele 28:7, 8, 15-19.

Ka baka leo, esita le haeba boitšisinyo ba noha ea sebele bo ne bo ka ’na ba tiisa molaetsa oa eona ho Eva, ho bonahala hore ho ne ho ameha puo ea sebele—mantsoe a utloahalang ao Eva a neng a ka a utloa le ho a arabela. ’Me hona e bile ka tšusumetso ea mothetsi e moholo, Satane, ea ‘ikhakanyang ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.’—2 Ba-Korinthe 11:14.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka 1907, C. T. Russell o ngotse: “Hore na e ne e bua ka lentsoe le utloahalang kapa ka liketso tsa eona feela re ke ke ra tseba—mohlomong e bile ka liketso feela, joalokaha ka linako tse ling re bolela hore. ‘Liketso li bua ho feta lipuo.’”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela