Ke’ng ha ho Buuoa Haholo ka Armageddone?
“ARMAGEDDONE”—Lebitso lee la Bibele le hlalosa eng? Nako le nako le kenyellelitsoe ka leqephe le ka ntle le itlhalosang, ho tla ba le letoto la lihlooho tse nang le taba e nonneng e buang ka sena tse tla hlaha litokollong tse ’nè tsa Molula-Qhooa bakeng sa Pherekhong le TIhakola, 1985. Re na le tšepo ea hore puisano ena ea Mangolo e tla u tšelisa ka tsebo ea hore na ARMAGEDDONE. e hlile ke eng.
“Ua tseba ke’ng, ke phetla baprofeta ba lōna ba khale ka Testamenteng ea Khale le lipontšo tse bolelang e sa le pele ka Armageddone, ’me ke iphumana ke ipotsa haeba—haeba re moloko o tla bona ha hoo ho etsahala.”—Ronald W. Reagan, presidente ea United States, la 18 Mphalane, 1983.
“Kajeno Tšenolo hase feela tšoantšetso ea Bibele empa e fetohile ntho ea sebele e ka ’nang ea etsahala. Ha ho neng pele ho mona moo batho ba kileng ba petetseha hakana pakeng tsa tlokotsi le ho pholoha.”—Javier Perez de Cuellar, mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, la 8 Phuptjane, 1982.
“ARMAGEDDONE” e fetohile puo ea lefatše. Lentsoe lena le lumang bobe le ntse le utloahala haholoanyane melomong ea baruti, mapolotiki, bo-ramolao, balaoli ba sesole, bahlalefi, le tsona litsebi tsa moruo. United States feela, lentsoe Armageddone le fumanoa lihloohong tsa libuka tse 15 bonyane tse ileng tsa tsamaisoa ka 1983. Hape ke taba eo ho buuoang ka eona libukeng tse ling tse ngata, tseo tse ling tsa tsona ho rekisitsoeng limillione.
Ho ka ’na ha bonahala ho makatsa hore e be lentsoe lena le se le tloaelehile hakana-kana, hobane moo le ngotsoeng le hlaha ka lekhetlo la pele ka Bibeleng—’me moo le sebelisitsoe ka lekhetlo le le leng feela. (Tšenolo 16:16) Empa baruti ba bolumeli ba ke ke ba ipolela hore ke bona feela ba le sebelisang. Ka bo-1800 lentsoe Armageddone le ile la qala ho sebelisoa le ka kutloisiso eo e seng ea Bibele. Leha ho le joalo, ha e-ea ba ho fihlela mathoasong a bo-1900 ha “Armageddone” e tšoantšoa le “polao efe kapa efe e khōlō” kapa “khohlano ea ho qetela.”
Ho tloha nakong eo lentsoe Armageddone le kenelletse butle-butle tšebelisong ea mantsoe ea lihlopha tse sa tšoaneng tsa litsebi, setsebi se seng le se seng se le nea tlhaloso e fapaneng. Ka 1912, Theodore Roosevelt, ha a buella hore a boele a khetheloe ho ba presidente ea United States, o ile a sothela lentsoe lipolotiking. A ikhantša: “Ka pelo e sa thekeseleng le ka mahlo a elileng, re eme Armageddone ’me re loanela Morena.” Roosevelt a hlōloa ntoeng eo ea lipolotiki hore a khethoe hape.
Mehleng ena ke ho thekesela ho hobe ha lefatše ho bakang lipolelo tsena tsohle tse buang ka Armageddone: litšokelo tsa ho felisoa ka “nuclear,” nako e sehlōhō e tla qetella ka ho phatloha ha lihlomo tseo tse tšabisang tsa “nuclear,” ntoa e khōlō Bochabela bo Hare, kapa ho oa ka tšohanyetso ha motheo oa moruo oa lefatše. Ka tsela eo lentsoe Armageddone kajeno le hlaha nako le nako le libakeng tse sa lebelloang ho hang:
◆ Baesekopo ea litšoantšo tse entsoeng ka letsoho Japane e ne e na le sehlooho, “Armageddone Kichijoji” tse emelang botle le bobe ntoeng ea ho qetela.
◆ Ho hlaha hape ha Mochochonono oa Halley ho lebelletsoeng ka 1986 ho entse hore koranta Frankfurter Neue Presse e bolele hore “ho ka etella pele Armageddone” ho ba tšohileng tse sa tsejoeng.
Empa ha ho le e ’ngoe ho tsona eo e leng Armageddone. Kajeno ho utloahala mantsoe a mang a buang ka Armageddone—a ntse a phahama ’me a tsoa ho batho ba fetang limillione tse peli le halofo. Na u a utloile? Ka ho mamela mantsoe ana, ha u na ho ithuta feela hore na Armageddone hase eng, empa habohlokoa haholo, hore na e hlile ke eng.