Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 1/15 maq. 4-7
  • Armageddone, Bochabela bo Hare, le Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Armageddone, Bochabela bo Hare, le Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hanoa ka ho Feletseng?
  • Tšokoloho ea Kamoso?
  • Ho Rua Lefatše la Pallo—“Ka ho sa Feleng”?
  • Armageddone—Hokae?
  • Armageddone—Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lula U Lebeletse Armagedone ka Tjantjello!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “Ke Tla u Loantša Uena Gogo”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 1/15 maq. 4-7

Armageddone, Bochabela bo Hare, le Bibele

“SETSI sa mantsoe ’ohle a boprofeta ke ’Muso oa Iseraele,” kamoo ho bolelang sengoli Hal Lindsey, (The 1980’s Countdown to Armageddon) Leha ho le joalo, taba ea bohlokoa tlhalosong ea Armageddone ea balumeli ba reng Bibele ha e sebelise litšoantšetso ke tumelo ea bona ea hore Molimo o sebelisana ka ho khethehileng le Iseraele. Ba lumela hore Molimo o tla kenella ha lira tsa Iseraele li batla ho e timetsa.

Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore sechaba sa Bajode se lahlehetsoe ke mohau oa Molimo le tšireletso ea oona ha se hana Mora oa hae, Jesu Kreste. (Liketso 3:13, 14, 19) Ka ho hlaka Jesu a re ho sona: “’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla bea litholoana tsa oona.”—Mattheu 21:43.

Ho Hanoa ka ho Feletseng?

Baruti ba thuto ea bolumeli John F. le John E. Walvoord (ba boletsoeng pejana) leha ho le joalo ba hana ka hore: “Moapostola Pauluse ka ho hlakileng o bontšitse hore litšepiso tse etselitsoeng Iseraele li ne li sa ntsane li tla phethahatsoa. Pauluse o ngolile, ‘Joale, ke re: Ana Molimo o lahlile sechaba sa oona na? Che.’ (Ba-Roma 11:1) Leha ho le joalo, ba hlōleha ho qotsa karolo e saletseng ea temana eo: “Hobane le ’na ke mo-Iseraele, oa mofuta oa Abrahama, oa leloko la Benyamine.” Pauluse o ne a bolela eng ka see?

Pauluse o ne a ke ke a lumela hore Baiseraele e le sechaba ba sa ntsane ba le sebakeng se khethehileng ho Molimo, hobane moapostola o buile ka ‘bohloko bo boholo, sello se sa feleng . . . pelong ea hae’ ka baka la ho se arabele ha bona molemong oa Molimo. (Ba-Roma 9:2-5) Ho Ba-Roma 9:6 Pauluse o-oa eketsa: “Leha ho le joalo, hase hore lentsoe la Molimo [ho Abrahama] le oele; hobane hase bohle ba tsoileng ho Iseraele [oa tlhaho] e leng ba-Iseraele.” Hlokomela seo Pauluse a se bolelang: hore kaha Bajode ba hanne Kreste, Molimo ha o ka oa hlola o ba nka e le Iseraele! Phutheho e tlotsitsoeng ka moea ea balateli ba Jesu Kreste joale e ne e le eona “Iseraele,” kofuto eo ka eona Molimo o neng o tla hlohonolofatsa batho bohle.—1 Petrose 2:9; Ba-Galata 3:29; 6:16; Genese 22:18.

Leha ho le joalo, Molimo ha oa ka oa hana batho ka bomong ba tsoang sechabeng sa Bajode, hobane Pauluse o totobalitse: “Hobane le ’na ke mo-Iseraele.” E, batho ka bomong sechabeng sa Bajode—ba kang Pauluse—e ne e ka ba karolo ea Iseraele oa moea haeba ba amohela Kreste. Ke “masala,” ba banyenyane feela ba ileng ba ikhethela ho etsa joalo.—Ba-Roma 11:1, 5.

Tšokoloho ea Kamoso?

Ba bang, leha ho le joalo, ba lebelletse hore Bajode bohle ba tlhaho ba tla fetoha haholo lipelong. Mongoli e mong oa bolumeli bo reng Bibele ha e sebelise litšoantšetso o bolela hore “mahlomola a maholo a tla latela ho nkeloa ha Kereke leholimong, e tla ba mokhoa oa ho sokoloha ha Iseraele [ho ea Bokresteng].” Ho khahlisang, ho Ba-Roma 11:25, 26, Pauluse o re: “Ho thatafala ho hlahetse ba-Iseraele ka nģa e ’ngoe, ho tlala ha ba-lichaba ho be ho kene. ’Me ka mokhoa oo, ba-Iseraele bohle ba tla bolokeha.”

Na Pauluse o ne a profeta tšokoloho ea kamoso ea matšoele-tšoele a Bajode? Ho ne ho ka ba joalo joang, kaha eena ka seqo o bontšitse hore ke masala feela a Bajode a neng a tla amohela Kreste? (Ba-Roma 11:5) Ke ’nete hore Pauluse o itse Bajode ba tla “thatafala” moeeng ho fihlela “ho tlala” ha Balichaba ho fellela ka phuthehong ea Bokreste.a Leha ho le joalo, seithuti sa Segerike Richard Lenski se bontša hore mona mantsoe “ho fihlela” ha a jare feela khopolo ea ho sokoloha hamorao. (Bapisa tšebeliso ea “ho fihlela” ho Liketso 7:17, 18 le Tšenolo 2:25.) Pauluse o hlile o bolela hore likelello tsa Bajode ba tlhaho li tla lula li ‘thatafetse’ ho fihlela qetellong. Leha ho le joalo, Molimo ka bohlale a phetha “ho tlala” ha Iseraele oa moea (144 000) ka ho kenya Balichaba ba lumelang ka phuthehong ea Bokreste. “’Me ka mokhoa oo [e seng ka ho fetoha ha lipelo tsa sechaba sa Bajode], ba-Iseraele bohle [ba moea] ba tla bolokeha.”

Ho Rua Lefatše la Pallo—“Ka ho sa Feleng”?

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka naha eo ’Muso oa Iseraele o leng ho eona? Na Molimo o na le thahasello eitseng ea bohlokoa ho eona? Ba bangata, ba kang moruti oa bolumeli oa Moprostanta William Hurst, ba nahana joalo. Hurst o itse: “Ha ho sekoto sa naha lefatšeng se tonetsoeng mahlo kapa se tlhokomelong ea kamehla ea lichaba ho feta naha ea Bajode.” Ha a qotsa Genese 13:14, 15, o re hopotsa hore Molimo o tšepisitse hore o tla nea leloko la Abrahama naha ena “ka ho sa feleng.”

Na ka baka leo Jehova Molimo o tlamehile ho sireletsa naha ea Iseraele phutuhelong? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba “Armageddone” ea Bochabela bo Hare e haufi. Leha ho le joalo, Molimo o mpile oa bolella Abrahama hore bana ba hae ba tla aha naheng eo, ka nako “e sa tsejoeng,”b e seng ka ho sa feleng. (Genese 13:14, 15, NW) Ka ho hana Jesu Kreste, ba lahla tokelo eohle naheng ena—le tšireletso ea Molimo.

Armageddone—Hokae?

Ho Tšenolo 16:14, 16, Bibele e bontša hore lipolelo tsa bohata tse bululetsoeng ke bademona li tla isa baeta-pele ba lefatše ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.’ E-ea eketsa: “’Me ea ba bokella thoteng e bitsoang Harmagedone, ka seheberu.” Na hona ha ho bontše ntoa ea ho qetela Bochabela bo Hare? Che, hobane ha ho sebaka lefatšeng se bitsoang “Har-Magedone” (e bolelang, “Thaba ea Megiddo”). Mehleng ea Bibele, ho ne ho e-na le motse oa Bochabela bo Hare o bitsoang Megiddo. O ne o le lehoatateng le bontšitsoeng sekoahelong sa makasine ena. Lintoa tse ngata tsa bohlokoa li loanetse Megiddo. Empa mono ho ne ho se thaba, ’me e ntse e le sieo. “Harmagedone” kapa “Armageddone,” ka baka leo e tlameha ho ba sebaka sa tšoantšetso. Se tšoantšetsa eng?

Boprofeta ba Ezekiele bo bontša hore Armageddone e etelloa pele ke ho hlaseloa ha “Iseraele” ke lebotho la lichaba tse ngata. Bafutuhi ba etelloa pele ke ‘Gogo oa Magogo,’ eo mabotho a hae a tsoang “pheletsong ea Leboea.” “Gogo” enoa ke mang? Moruti oa thuto ea bolumeli Hal Lindsey ka tšepo o bolela (joaloka ba bang): “Ho na le sechaba se le seng feela ‘pheletsong ea leboea’ ho Iseraele—U.S.S.R.” Hape o na le maikutlo a hore “sera se sengata” sa Gogo (se bitsoang Mesheke, Tubale, Persia, Ethiopia, Puthe, Gomere, le Togarma ka Bibeleng) e tla ba metsoalle ea Russia, haholo-holo lichaba tsa Maarabia.—Ezekiele 38:1-9, 15.

Lichaba tse thathamisitsoeng setsoalleng le Gogo, leha ho le joalo, li ne li sa tsebisahale lefatšeng mehleng ea Ezekiele. Boprofeta, ka baka leo bo ne bo tlameha ho phethahala “lilemong tsa ho qetela,” ha bao e neng e le lira tsa Iseraele ba fetile lefatšeng. (Ezekiele 38:8) Ka baka leo, ‘naha ea Magogo’ e siretseng le e hole e ne e ke ke ea tšoantšetsa Russia e tsebisahalang le e seng hole.

E be joale ke mang ea lulang naheng e ‘hole,’ ’me a hloile batho ba Molimo haholo? Ho Tšenolo 12:7-9, 17, Bibele e-ea arabela: “Ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele le mangeloi a hae a loantša drakone . . . drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, . . . ea liheloa.” Satane o ile a itšoara joang ha a ntšoa leholimong ho tla sebakeng se theohileng moeeng? Bibele e re: “’Me drakone ea halefela mosali [phutheho ea Molimo ea leholimo], ’me ea tloha ho ea loantša masala a leloko la hae, e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.”

Ka baka leo, Satane ke “Gogo.” Ka lilemo tse mashome-shome. Satane le makhotla a hae a bademona ba loantšitse masala a Baiseraele ba moea—phutheho e tlotsitsoeng ea Bokreste. (Ba-Galata 6:16) Bakreste bana ba jalehile lefatšeng lohle; ha ba sebakeng se setsing se neng se ka hlaseloa ke ho ikopanya ha mabotho a Bochabela bo Hare. Empa joalokaha Ezekiele a profetile, ba ‘phela ka khotso’ tlas’a tšireletso ea Molimo. (Ezekiele 38:11) Iseraele ea tlhaho ea kajeno, e pota-potiloeng ke baahisane ba lira ’me e e-na le mathata a ka lapeng a lipolotiki le kahisano, ho hang ha ‘e phele khotsong.’

Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ponahalo ea lefatše e tla fetoha haholo. “Babylona e moholo,” ’Muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e tla timetsoa ka tšohanyetso. (Tšenolo, khaolo ea 18) Ka ho qhalana hona ha bolumeli ba bohata, ho tla bonahala eka Bakreste ba ’nete ba saletseng ba ka kenelloa habonolo, ’me Satane, kapa “Gogo,” a ke ke a ithiba ho leka ho ba timetsa. O tla bona hore tlas’a tšusumetso ea bademona ‘marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona’ a phuthoa hammoho ho ea ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone.—Ezekiele 38:12-16; Tšenolo 16:14, 16.

Ka baka leo, “Harmagedone” hase sebakana se seng se Bochabela bo Hare. Ho e-na le hoo, ke boemo ba lefatše. Lefatše lohle le tla kopana khanyetsong ea lona ho Jehova Molimo le lipaki tsa hae. (Esaia 43:10-12) Ke tlhaselo e bohale ea Satane ho Bakreste ba ’nete—e seng ntoa pakeng tsa lichaba sebakeng se Bochabela bo Hare—e tsosang Molimo hore o loane ho sireletsa batho ba oona!—Ezekiele 38:18-23; Zakaria 2:8.

Ka lebaka lena Bakreste ba ’nete kajeno ha baa sheba Bochabela bo Hare ka boiphapanyo feela. Ba amehile haholo ka ho lebisa batho ho seo Lentsoe la Molimo le hlileng le se buang ka ntoa ena e tlang. Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tumme ka ho isa molaetsa ona malapeng a batho li sa tšabe. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo o lerato o ka tlisa ntoa e joalo. Na ho bonolo ho e phonyoha? Litokollo tsa rōna tse peli tse tlang tsa Molula-Qhooa li tla shebana le lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Likereke tsa Bojakane li sitoa ho lumela hore palo e qaqileng, e senotsoeng ka Bibeleng hore ke 144 000, ke eona ea Iseraele oa moea. (Tšenolo 7:4) Ka baka leo, ba bang ba fihlela qeto e fosahetseng hore Pauluse o ne a profeta tšokoloho ea matšoele-tšoele ea Bajode le “lefatše lohle la bohetene.” (The Jerusalem Bible) Setšoantšo sa Pauluse sa sefate sa mohloare ho Ba-Roma khaolo ea 11, leha ho le joalo, ha se utloahale haeba palo e qaqileng e sa amehe.

b Le hoja lentsoe la Seheberu ‘oh·lam ba bang ba le ngola e le “ka bo sa feleng,” ho ea ka setsebi sa Seheberu William Gesenius, le bolela “nako e ipatileng, ke hore, e sa tsejoeng le e telele, eo qaleho kapa qetello ea eona e sa nepisisoeng.” Nelson’s Expository Dictionary of the Old Testament e-ea phaella: “Ka ho etelloa pele ka ‘ad, lentsoe le ka bolela ‘nako e sa tsejoeng kamoso.’”—Bapisa Deuteronoma 23:3; 1 Samuele 1:22.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Na liketsahalo tsa hona joale Bochabela bo Hare ke selelekela sa Armageddone?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Na Jerusalema ke senotlolo sa liketsahalo tse isang Armageddone?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela