Ho Felisoa ha Ntoa—Na ho ka Finyelloa?
“ARMAGEDDONE”—Lebitso lee la Bibele le hlalosa eng? Nako le nako le kenyellelitsoe ka leqephe le ka ntle le itlhalosang, ho tla ba le letoto la lihlooho tse nang le taba e nonneng e buang ka sena tse tla hlaha litokollong tse ’nè tsa Molula-Qhooa bakeng sa Pherekhong le TIhakola, 1985. Re na le tšepo ea hore puisano ena ea Mangolo e tla u tšelisa ka tsebo ea hore na ARMAGEDDONE e hlile ke eng.
“TLONG, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng. O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.”—Pesaleme ea 46:8, 9.
Mantsoe a kaholimo a mopesaleme ea bululetsoeng a lumellana le takatso e tlohang botebong ba lipelo tsa batho ho theosa le mehla. Ka sebele, ke mang ea sa laba-labeleng letsatsi la ha ntoa e se e felile? Leha ho le joalo, le hoja re ne re ka rata ho bona sena se etsahala, ho fela ha ntoa ho hlōtse hōle boiteko bohle ba batho. Hase feela hore ntoa e ntse e le teng har’a rōna, e boetse e fetohile e senyang le e bolaeang hoo ka lekhetlo la pele paleng ea motho tsamaiso eohle ea batho, hammoho le bophelo ka bo bona li kotsing.
Ka ho bona kotsi e tebileng e kapele, rea botsa: Ke hobane’ng ha boiteko ba batho ba ho thibela lintoa bo hlōlehile hampe hakaale? Na ka sebele ntoa e ke ke ea qojoa? Ha e le hantle, ke hobane’ng ha lintoa li loanoa?
Lebaka leo Boiteko ba Batho bo Hlōlehang
Sengoli sa litaba le ralipale oa sesole Gwynne Dyer o-oa ngola: “Haeba u phela tikolohong eo ho seng mapolesa ho eona ’me motho e mong le e mong a e-na le sethunya ’me a phela tšabong e sa feleng ea ho hlaseloa, ho tla ba le ho thunyana ho hongata.” O tsoela pele, “Eo ke eona tikoloho eo linaha tsohle tsa lefatše li phelang har’a eona. Ha ho na mapolesa a machaba, kahoo naha ka ’ngoe e lula e hlometse ’me e loketse pefo; empa mofuta oa pefo oo linaha li kenang ho oona o na le lebitso le khethehileng. Re o bitsa ntoa.”
Le hoja eo e le tlhaloso e batlang e nolofalitsoe, e hlile e supa mabaka a motheo a ’maloa a qholotsang ntoa. Ho tlameha ho be le mokhoa oa ho loana ntoa hammoho le tšekamelo ea ho etsa joalo. Hammoho le tsena, re hlokomela hape ho haella ha molao le taolo ‘tikolohong,’ eo tabeng ena e leng lefatše.
Bo-ralipale ba tummeng Will le Ariel Durant ba supile mabakeng ana a motheo ha ba ngola bukeng ea bona The Lessons of History: “Ka lebaka la khaello ea molao oa machaba le maikutlo tse teng kajeno, sechaba se tlameha ho lula se lokile motsotso ofe le ofe bakeng sa ho itšireletsa; ’me ha lithahasello tsa sona tsa bohlokoa li ameha se tlameha ho lumelloa ho sebelisa mokhoa ofe kapa ofe oo se nahanang hore oa hlokahala bakeng sa ho ipholosa. Melao e Shome e tlameha ho thola ha ho tluuoa tabeng ea boitšireletso.”
Ka baka leo, katleho kapa ho hlōleha ha boiteko bofe kapa bofe ba ho felisa ntoa ho tla itšetleha haholo ka hore na bo sebelisana joang le mabaka ana a motheo. Na ho kile ha e-ba le leano la batho, ho sa tsotellehe hore na le hlompheha hakae ka monahano, le kileng la atleha ho etsa joalo? A re hlahlobeng linnete.
Khaello ea Taolo ea Machaba
Ho entsoe liteko tse ngata nakong e fetileng ho leka ho etsa boemeli ba lefatše bo nang le matla ho lebela lichaba le ho boloka molao le taolo ea machaba. Ka mohlala, Selekane sa Lichaba se ile sa theoa qetellong ea Ntoa ea Lefatše ea I ho tiisa hore lefatše le ke ke la hlola le kena ntoeng hape. Sa fella se lebeletsoe ha ho qhoma Ntoa ea Lefatše ea II. Joale, ka 1945, ha hlaha mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, ho tla rorisoa le ho tlotlisoa ke baruti ba Bojakane e le tšepo ea batho bakeng sa khotso. Tlaleho ea oona e bile efe? Pale e boetse e fana ka karabelo. The New York Times ka 1984 e tlalehile hore, “Hona joale batho ba fetang limillione tse ’ne ba tšoarehile lintoeng tse 42 tse fapaneng, borabele le ho tsohelana matla. . . . Batho ba pakeng tsa millione le limillione tse hlano ba bolailoe merusung ena.” Kajeno ke batho ba fokolang feela ba lumelang hore Machaba a Kopaneng a na le matla a ho thibela ho qhoma ha lintoa le likhohlano. Boteng ba oona bo etsa ho honyenyane ho fokotsa tšabo ea ntoa ea boraro ea lefatše, kapa koluoa ea “nuclear.”
Tšabo le Khatello tse Hōlang
Lebaka le leng leo likofuto tse kang Machaba a Kopaneng li se nang matla a ho thibela ntoa ke hore lichaba lefatšeng lohle li ineetse ka ho feletseng boreneng le litokelong tsa bosechaba. Ha li tsotelle hakaalo ka boikarabelo ba machaba kapa melao ea boitšoaro. Ho finyella merero ea tsona, lichaba tse ling li ikutloa ho loketse ka botlalo ho sebelisa mokhoa ofe kapa ofe oo li o nahanang o hlokahala—ho rinya batho ntle ho mabaka, lipolao tsa tšohanyetso, ho koetela sepalangoang, ho qhomisa, le tse joalo—’me hangata ho hlaseloa batho ba se nang molato. Esita le mebuso e meholo ea lefatše hangata e qholotsa e meng ka lebitso la boitšireletso le thahasello ea bosechaba. Lichaba li tla mamellana ho fihlela neng ka boitšoaro boo bo se nang kelello le bo se nang boikarabelo? Lefatše le lokela ho bona likhohlano tse kae tsa Falkland, Afghanistan, Grenada le ho lihuoa ha sefofane sa Korea 007, le tse ling pele ho qhoma ntoa e khōlō? Ha ho thata ho bona hore na ke hobane’ng ha bochaba le boikemisetso li fetohile tšitiso e khōlō bakeng sa ho felisa ntoa.
Li Itlhomeletse ’me li Lokile
Hona joale hoa tsebahala hore mebuso e matla e bokelletse libetsa tsa “nuclear” tse ngata ka ho lekaneng ho timetsa bophelo ba batho bohle lefatšeng ka makhetlo a iphetang hangata. Empa ho thoe’ng ka lichaba tse ling? Ho ea ka tlaleho ea ’muso oa U.S., lichaba tse hōlang lefatšeng lohle, le hoja li hateletsoe ke bothata ba moruo, li se li sentse lidolara tse fetang libillione tse 230 lilemong tse fetileng li reka lifofane tsa ntoa, metsu e jereng liqhomane, le litanka tsa ntoa tse tsoetseng pele. Phello? “Ho fihlile moo joale bareki ba bangata ba nang le mathata a ho sebelisa ka botlalo thepa ea bona e ncha.” Lichaba tsena li hlile li hlomelletse haholo. Kahobane li hlometse ka libetsa tseo e seng tsa “nuclear” li ikutloa li lokolohile haholoanyane ho li sebelisa.
Na ho na le Lebaka la Tšepo?
Ho hlōleha ka makhetlo ha boiteko ba batho bakeng sa ho felisa ntoa ho mpa ho tiisa ’nete ea Bibele feela ea hore “tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Le hoja batho ba ka ’na ba rata ho bona ntoa e fela, bona ka bobona ba mpa ba sa tsebe mokhoa oa ho e felisa. Joale, ho thoe’ng ka tšepiso ea hore ‘lintoa li tla lesa ho ba teng ho isa lipheletsong tsa lefatše’? Na e mpa e fanoe feela ho phahamisa tebello kapa ho re sotla? Che ho hang. Hobane Jehova oa re tiisetsa mabapi le lentsoe lefe kapa lefe kapa tšepiso tse tsoang molomong oa hae: “Le ke ke la khutlela ho ’na le le feela.” (Esaia 55:11) Joale, tšepiso ee e tla fumanoa joang? Re na le motheo ofe o utloahalang oa ho lumela hore Molimo o tla atleha moo motho a hlōlehileng ka makhetlo?