Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 3/1 maq. 16-21
  • Jehova oa ‘Ho Potlakisa’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova oa ‘Ho Potlakisa’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ha ho sa tla ba le Pefo’
  • “Ho Isa Seketeng”
  • “Sechaba se Sengata”
  • ‘Ho ho Potlakisa’
  • Leseli la Jehova le Khanyetsa Batho ba Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Borapeli ba ’Nete Boa Ata Lefatšeng ka Bophara
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • Ho Paka ho Tsoala Keketseho ea ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Khantša Leseli Har’a Lefifi la Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 3/1 maq. 16-21

Jehova oa ‘Ho Potlakisa’

“’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.”—ESAIA 60:22.

1. Ponahalo ea batho ba Molimo e fapana joang le ea lefatše la Satane, hona hobane’ng?

KAJENO, thabo le nyakallo ha li fumanoe feela phuthehong ea Jehova ea leholimo, empa hape le phuthehong eohle ea Lipaki tsa Jehova mona lefatšeng. Thabo ea rōna e fapane haholo le lefifi le letšo le aparetseng lefatše la Satane. (Pesaleme ea 144:15) Re na le lijo le lino tsa moea ka bongata, e le hore re ka “bina ka baka la thabo ea lipelo tsa rōna.” (Esaia 65:13-19) Re tseba lebaka la ho ba teng ha mathata a lefatše. Tšepo ea rōna bakeng sa ho lopolloa ka pele ka ’Muso oa Molimo e tiisitsoe ke ha re bona boprofeta ba Bibele bo sa phetse ho phethahala ho ea ho Harmagedone. Rea tseba hore ‘ntoa ena ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle’ e tla tla hantle ka “nako ea teng,” hobane pono “e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ea thetsa.”—Tšenolo 16:14, 16; Habakuke 2:3.

2. Ke maemo afe a atang ka phuthehong ea Jehova, a isa potsong efe?

2 Joaloka leholimong, ho joalo le lefatšeng, phutheho ea Jehova ea puso ea leholimo e teng kamehla. Ho feta moo, kaha Jehova ke mohloli oa matla a maholo, o fa ea mo tšepileng matla.’ (Esaia 40:29-31) Phutheho ea hae e-ea phela ke tšebeletso ’me e tsoela pele e sa khaotse. (Bapisa Ezekiele 1:15-21.) Liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse 47 869 linaheng tse 203 lefatšeng lohle li hlophisitsoe hantle ho hatela pele ka cheseho mosebetsing oa ’Muso. (Mattheu 24:14) Tlhophiso ee e khōlō ea lefatše e hlahile joang?

3. (a) Mehleng ea kajeno Esaia 60:17 e phethahalitsoe joang? (b) Ke litokisetso life tse tšoanang tse tlisitseng katleho mehleng ea Bibele?

3 “Tlhophiso” e bile sehlooho sa lihlooho tse ithutoang ho The Watchtower ea June 1 le 15, 1938. Tsena tsa bua haholo ka Esaia 60:17, moo Jehova a buang le phutheho ea hae ea leholimo, a re: “Ke tla tlisa gauda bakeng sa koporo, silevera bakeng sa tšepe, le koporo bakeng sa lehong, le tšepe bakeng sa majoe, ’me ke tla u fa khotso e be ’musi [“balebeli,” NW] oa hao, ’me ho loka e be moahloli [“batsamaisi,” NW] oa hao.” Ha e bontša boemo bona bo molemo, phutheho ea Jehova e lefatšeng e ile ea matlafatsoa. Feela joalokaha gauda e le ea bohlokoa ho feta koporo (’me hoa tšoana le ka lintho tse ling tse boletsoeng mona), kahoo tokisetso ea puso ea leholimo eo Watch Tower Society e ileng ea e hlalosetsa liphutheho tsa batho ba Molimo morao koo ka 1938—’me eo li e amohetseng ka pelo eohle—e lokela ho ananeloa haholo ho feta litsamaiso tsa pele tsa ho vouta. Ke ea Mangolo. E sebeletsa tlhophiso e molemo hore ho phethoe mosebetsi oa Molimo, feela joalokaha litokisetso tse tšoanang li ile tsa tlisa katleho mehleng ea Moshe le mehleng ea pele ea phutheho ea Bakreste.—Exoda 18:25; Liketso 6:3-7; Tite 1:5; 1 Petrose 5:1-3.

4. (a) Lipaki tsa Jehova li ile tsa tiisoa joang bakeng sa liteko tsa 1939-45? (b) Ke’ng ho pakileng hore tlhohonolofatso ea Jehova e ne e le holim’a tokisetso eo ea puso ea leholimo?

4 Kahoo, ka 1938, selemo pele ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše, “balebeli” le “batsamaisi” liphuthehong tsohle ea e-ba “khotso” le ‘toka.’ Tokisetso ea phutheho e matla le e kopaneng ea tsoela pele ka keketseho e beang litholoana. Jehova a hlohonolofatsa lipaki tsa hae tse kopaneng. Lenane la tsona la batla le imena habeli, ho tloha ho 71 509 ho ea ho 141 606 pakeng tsa 1939 le 1945, ho sa tsotellehe likhatello le mahloriso a lilemo tseo tsa ntoa.

‘Ha ho sa tla ba le Pefo’

5. Mabapi le “khotso,” batho ba Jehova ba fapana joang le lefatše?

5 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka nako ea kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše? Ha ho e-so ho ka ho e-ba le khotso har’a lichaba tsa lefatše. Ha e le hantle, ho tlalehiloe hore batho ba fetang 30 000 000 ba timetse lintoeng tse “nyenyane” tse loannoeng ho tloha ka 1945. “Lintoa tse nyenyane” tse ngata tse ka bang 40 li ’nile tsa qhoma lefatšeng ka nako e ’ngoe. Kahoo, re thabile hakaakang hore e be re sebetsa le phutheho e qhetseng pefo! (Esaia 2:4; Liproverbia 20:22) Ho feta moo, re le phutheho ea lefatše, re thabela khotso har’a rōna. Ka ho tsamaea le “Molimo oa khotso,” re ba le “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle.”—Ba-Filippi 4:7-9.

6, 7. (a) Ke’ng ho etsang hore batho ba Molimo ba eme ba khethollehile? (b) Esaia 60:18 e phethahalitsoe joang ho rōna? (c) Re fapana ka tsela efe e totobetseng le balumeli ba bohata?

6 Kaha “khotso” le ‘toka’ lia rena har’a batho ba Jehova, re hlahella re khethollehile lefatšeng la Satane. Ka ho hlokomela sena, ba bang ba baahelani ba rōna ba itse, ‘Rea le khalla, empa ha re rate bolumeli ba lōna.’ Leha ho le joalo, na ha se bolumeli ba rōna bo re entseng batho ba joalo? Ha re thahaselle likhopolo le mahloeo tse hanyetsanang tse arotseng lichaba. Ho e-na le hoo, re thahasella lintho tse peli (1) ho ruta batho ba ikokobelitseng tsela ea pholoho ka ’Muso oa Kreste le (2) ho rorisa Jehova, re boloka lebitso la hae kapel’a batho bohle e le bopaki. Ha re “ba lefatše.”—Johanne 17:14, 16.

7 Kahoo, re kopanetse phethahatsong ea tšepiso ea Jehova: “Ha ho sa tla utloahala bothata [“pefo,” NW] naheng ea hao, leha e le tšenyo le tšenyeho meeling ea hao; empa u tla rea marako a hao lebitso la Poloko, u ree menyako ea hao lebitso la Khanya [“Thoriso,” NW].” (Esaia 60:18) Thoriso eohle e-ea ho Jehova Molimo oa rōna! Baeta-pele ba bolumeli ba Bojakane (le metsoalle eohle ea bona e koenehileng) ba hlompholla lebitso leo—le ho isa ntlheng ea hore ka boikaketsi ba leke ho le hlakola liphetolelong tsa Bibele. “Empa rōna, re tla tsamaea ka lebitso la Jehova, Molimo oa rōna, ka mehla le mehla.”—Mikea 4:5.

8. (a) Jehova o khothatsa batho ba hae joang ho Esaia 60:19-21? (b) Ke “lehlomela” lefe le tlotlisang Jehova, hona joang?

8 Jehova o re khothalletsa ho tsamaea ka lebitso la hae. Ho Esaia 60:19-21, o tiisetsa phutheho ea hae ea leholimo hore “e tla ba leseli le sa feleng” ho eona, a bile a sira khanya ea letsatsi le khoeli. Ka moea, o fetoha ea ratehang ho eona, a boetse a phethahatsa tšepiso ea hae ho batho ba eona: “Sechaba sa hao e tla ba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatše ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi oa khanya ea ka.” Ka ’nete, Jehova o atlehisitse “lefatše” kapa tšebeletso e khethollehileng, ea lipaki tsa hae. Ka ho eketsehileng le ‘hlomela’ ka litholoana ha matšoele a ba bacha a bokelloa ka lehlakoreng la ’Muso ’me a thusoa ho apara botho ba Bokreste. (Ba-Kolosse 3:10, 12-14) Hona ho etsa hore Jehova a ‘khanye,’ ’me ho tlisa tlotla lebitsong la hae le tlotlehang.

9. (a) Jehova o hlohonolofatsa Lipaki tsa hae joang Mexico, hona hobane’ng? (b) Pampiri e ’ngoe ea litaba e boletse eng ha e hlokomela botšepehi ba tsona?

9 Mohlala oa haufi tjena ke Mexico. Lilemong tse peli tse fetileng, tlhoro ea bahoeletsi naheng eo e ile ea eketseha ho tloha ho 113 823 ho ea ho 151 807—karolo e babatsehang ea 33 lekholong! (Ka 1984 moketeng oa bona oa Sehopotso sa lefu la Jesu ho bile teng ba 695 369.) Baena ba rōna ba Mexico ba cheseha haholo tšebeletsong ea bona ea tšimo. Pampiri ea litaba ea Monterrey le eona haufinyane e tsoa hlokomela botšepehi ba bona tabeng ea ho se nke lehlakore, har’a lintho tse ling e re: “Ho tiea ha tsona le khothalo ea tsona e kholisehileng li re susumelletsa hlompho e kaakang. Leha bana ba bona ba lelekoa sekolong ba ikhethela ho lula ba tšepahala tumelong ea bona, thutong ea bona. Ho ne ho tla ba joang haeba rōna Bakreste bohle re ne re le ka tsela eo, ho se khethollano ea sehlopha kapa mekha? Mexico e ne e tla ba ofisi ea lekala ea leholimo.”

10. (a) Ke’ng ho bontšang hore Lipaki tsa Jehova li hlahisa litholoana leha li thibetsoe? (b) Ho botsoa potso efe moo?

10 Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho hlahisa tholoana ena ea thoriso, le linaheng tseo mahloriso a sa khaotseng. E bile ho hlollang hakaakang ho hlokomela hore Tlalehong ea Selemo sa Tšebeletso sa 1984, linaheng tse 28 moo mebuso e thibetseng kapa e sitisang ka litsela tse ling, palo e akaretsang ea bahoeletsi e ile ea eketseha ka karolo ea 3,1 lekholong, ho feta kotara ea millione, ’me bo-pula-maliboho ba eketseha ka karolo ea 23 lekholong! Na u ka nahana u bula maliboho tlas’a maemo a joalo? Palohare ea baena le likhaitseli tsa rōna ba 6 905 linaheng tsena ba ’nile ba etsa joalo khoeli le khoeli! Haeba le batla le e-na le bolokolohi moo le phelang teng, na le ka finyella bopula-maliboho ba kamehla, kapa bonyane ka nako tse ling bopula-maliboho ba nakoana bo thusang?—Bapisa Luka 17:5, 6.

“Ho Isa Seketeng”

11, 12. (a) Karolo ea pele ea tšepiso eo Jehova a e etsang ka boeena hona joale ke efe? (b) Mehlala e meng ea ‘e monyenyane ea atang ho isa seketeng’ ke efe? (c) Ke hobane’ng ha ho bile le khōlo e potlakileng joalo?

11 Ka baka la lebitso la hae le tlotlehang, joale Jehova o etsa tšepiso e likarolo li tharo. (Esaia 60:22) Pele o-oa re bolella: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng.” Ha u ntse u bala Yearbook of Jehovah’s Witnesses e ’ngoe le e ’ngoe, na u kile ua hlokomela hore na mohoeletsi a le mong oa ’Muso kapa ba fokolang o qalile joang linaheng tse ling moo hona joale ba leng likete? Ka mohlala, moena oa pula-maliboho oa pele oa ho paka Chile a hira ntlo ’me a memela batho ho tla sebokeng sa Sontaha. Qetellong ha tla motho a le mong ea khahlehang. Monna enoa a botsa potso, ‘Ba bang, ba tla tla neng?’ Pula-maliboho ea mo tiisetsa: “Ba tla tla.” ’Me ba fela ba tla. Kamor’a lilemo tse ka bang 50, e monyenyane eo o fetohile ba 23 985.

12 Italy, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlōrisoa ka sehlōhō ke lekhotla la Mussolini la bohatelli. Selemong sa kamorao ho ntoa sa 1946, ke ba 120 feela ba neng ba tlaleha tšebeletsong. Empa hopola hore ke ba ka bang 120 feela ba neng ba le teng ka Pentekonta ka selemo sa 33 C.E. Empa a k’u nahane feela hore ho ile ha qaleha eng ka nako eo! (Liketso 1:15; 2:1-4, 41) Hona joale, ka lehlakoreng le leng, moea oa Jehova o tšolletsoe Italy. Ka lilemo tse 38, ho latela tlaleho ea morao-rao, bahoeletsi ba nyolohetse tlhorong ea ba 119 408, keketseho e batlileng e imena ha sekete. Joaloka linaheng tse ngata tsa K’hatholike lefatšeng kaofela, Lipaki tsa Jehova Italy li eketseha haholohali.—Bapisa Pesaleme ea 69:9; Esaia 63:14.

“Sechaba se Sengata”

13, 14. (a) Karolo ea bobeli ea tšepiso ea Jehova e phethahalitsoe joang? (b) Tabeng ena, 1 Petrose 2:9 le Esaia 59:21 li sebetsa joang? (c) Ho bolela ha rōna ho filoe matla a maholo ke’ng?

13 Karolo ea bobeli ea tšepiso ea Jehova e likarolo li tharo ke ena: “Ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata.” Ka sebele e ne e le masala ‘a nyatsehang,’ a qhalantsoeng a batlotsuoa, a ileng a khutlisetsoa ‘lefatšeng’ la Jehova la mohau ka 1919. Empa a ata, ho fihlela ha Iseraele eohle ea moea e kene—palo e feletseng ea majalefa a ’Muso a 144 000. (Ba-Roma 11:25, 26) Ka ’nete, e le karolo ea ‘sechaba se halalelang’ sa Molimo, masala a tlotsitsoeng lefatšeng a bitsitsoe lefifing ho kena leseling la hae le babatsehang. A thabetse ho bolela hōle mesebetsi e metle ea Molimo oa bona, Jehova. (1 Petrose 2:9, NW) Le hoja a fokola ka palo ha ho bapisoa, a ngatafetse ke moea oa Molimo. “Ha e le ’na, ke sona selekane see ke se etsang le bona, ho bolela Jehova: Moea oa ka o lutseng ho uena, le litaba tsa ka tseo ke li beileng molomong oa hao, ha li sa tla tloha molomong oa hao le melomong ea bana ba hao, le melomong ea bana ba bana ba hao, ho bolela Jehova, joale le ka ho sa feleng.”—Esaia 59:21.

14 Ka polelo ena Jehova o re tiisetsa hore ho bolela ha rōna “Evangeli ea taba tse molemo” ho tlameha ho tobana le katleho ea sebele—’me re rapella sena ka matla ‘letsatsing lena la Jehova.’ Ho bolela ha rōna ho fumane matla ha “bana” ba tšoantšetso ba masala a tlotsitsoeng, “bongata bo boholo” hape le “bana” ba bona (ba bacha bao ba ba lebisitseng phuthehong ea Jehova), ba kentse molaetsa ona oa poloko melomong ea bona, ’me kahoo ba bolela phatlalatsa. Ka baka leo, liphutheho tsohle li tsoela pele ho hōla moeeng, le ka palo.—Ba-Roma 10:10, 15; Pesaleme ea 118:24, 25; 1 Ba-Thessalonika 3:12.

15. “Sechaba” sa Molimo sa tšoantšetso se sengata hakae, hona ke hobane’ng ha se thabile?

15 Litholoana tsa ’Muso li eketsehile ka ho babatsehang hakaakang morao tjee! Ka ho eketseha ha palo e khōlō ea “bongata bo boholo,” hona joale sechaba sa Molimo sa tšoantšetso ke Lipaki tse mafolo-folo tse etsang tlhoro ea ba 2 842 531 ka kakaretso. “Sechaba” sena se sengata ho feta lichaba tse ka bang 92 le linaha tse arohaneng ka lipolotiki tsa lefatše. Ka thabo re pheta mantsoe a sebini se hloahloa: “Merero ea Jehova e tiile ka ho sa feleng, mehopolo ea pelo ea hae e eme ka ho sa eeng kae. Ho lehlohonolo sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona, le batho bao ba ikhethetseng bona ho ba lefa la hae!”—Pesaleme ea 33:11, 12.

‘Ho ho Potlakisa’

16, 17. (a) Ke’ng ho bontšang hore hona joale karolo ea boraro ea tšepiso ea Jehova e se e phethahetse? (b) “Lerato la Kreste” le bontšitsoe joang? (c) Ke tšebetso efe le moea ofe tse thabisang tse thusitseng ‘ho ho potlakisa’? (d) Mattheu 9:35-38 e sebetsa joang kajeno?

16 Jehova o eketsa karolo ea boraro tšepisong ea hae: “’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” Kaha re eme lintšing tsa ‘mahlomola a maholo,’ nako e se e le ENA! (Mareka 13:10, 18, 19) Lebelo la mosebetsi oa ’Muso lilemong tse peli tse fetileng ke bopaki ba sena. Ho ‘potlaka’ hona ho lokela ho bonoa lefatšeng ka bophara, esita le linaheng tseo Lipaki tsa Jehova li tlamehang ho bontša lerato la tsona ho Jehova Molimo le ho Jesu Kreste ka ho bolela har’a mahloriso kapa maemo a mang a beang bophelo ba bona kotsing. Ka ho eketseha ha kamehla ha bahoeletsi ba nako e tletseng, bo-pula-maliboho ba li etella pele. ’Me ba fumana thabo e kaakang tšebeletsong ea Jehova!—Liproverbia 10:22.

17 Moea ona o thabileng oa bopula-maliboho o khothalitse liphutheho hohle ho ‘potlakisa’ karolo ea tsona pokellong ea ho qetela. Le hoja keketseho e le e khōlō, re ka re ‘kotulo e khōlō ruri, empa basebetsi ha ba bakae.’ Lefatšeng lena la kajeno le se nang tšepo, re ka utloela batho bohloko, joalokaha Jesu a entse ha a le lefatšeng, hobane ka sebele “ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” Kahoo ‘re rapela Morena oa kotulo, hore a romele basebetsi kotulong ea hae,’ ’me re thabela ho bona lithapelo tsa rōna li arabeloa ka ho babatsehang haholo.—Mattheu 9:35-38.

18, 19. Tse ling tsa litlaleho tse bontšang hore tšimo ea lefatše e “soeufaletse ho kotuloa” ke life?

18 Ho qotsa feela o mong oa mehlala e mengata e susumetsang: Ka ’Mesa 1984, Ecuador e tlalehile bo-pula-maliboho ba thusang ba 1 048 tšimong, karolo ea 106 lekholong ho feta ka ’Mesa ngoaholakola. Ka Phupjane naha ena e ne e tlaleha lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 12 238, keketseho ea 24 lekholong bakeng sa selemo seo, le bahoeletsi ba 8 044, keketseho ea 17 lekholong. Palo ea ba bileng teng Sehopotsong ea phahamela ho 40 728, karolo ea ba fetang 5 bakeng sa mohoeletsi e mong le e mong. Lefatšeng lohle ho hlaha litlaleho tse tšoanang, ’me palo ea ba 7 416 974 ba bileng teng moketeng oa Sehopotso oa la 15 ’Mesa, 1984 lefatšeng ka bophara, e bontša hore masimo a “soeufaletse ho kotuloa” bakeng sa ba bokelleloang “bophelo bo sa feleng.”—Johanne 4:35, 36.

19 Hangata Jehova o ‘ho potlakisa’ ka litsela tse totobetseng. Molebeli ea tsamaeang o ngola sena a le likhoeng tsa Papua New Guinea ka leboea: “Motho ea ileng a kopana le pula-maliboho e khethehileng a khutlela motseng oa habo o thōko har’a lithaba. Lilengoana hamorao, a boela a hlaha kopanong ea potoloho—a kōpa thuso. Monna enoa ea e-song ho kolobetsoe o paketse motse oa ha habo le ‘metebo’ e e potolohileng hamolemo hoo batho ba baholo ba motse joale ba batlang hore Lipaki tsa Jehova li tle ’me li tlo hlokomela lithahasello tsa moea tsa sebaka seo kaofela. Ha ho hlomiloe, ke ‘Molimo o melisang.’—1 Ba-Korinthe 3:6.

20. Makala a Watch Tower a atolositsoe joang ho hlokomela keketseho?

20 Ka litsela tse ngata, Jehova o ’nile a lokisetsa batho ba hae keketseho e khōlō e bonahalang hona joale. Rea thaba hore e be, morao tjena, Jehova o hlokometse mehaho ea makala a Watch Tower e atolohang ka ho babatsehang hakana. Kajeno, makala ana a hlometse ho thusa mohlape o moholo oa “maeba.”

21. Re ka tsoela pele joang ‘ho ho potlakisa’?

21 Kahoo, kaofela ha rōna a re keng re nkeng karolo ho khantšeng leseli la litaba tse molemo tsa ’Muso ho limillione tse eketsehileng! A re supiseng “maeba” ’ohle a hae tsela ea “pholoho” e kamor’a marako a sireletsang a phutheho ea Jehova, le ho eketseha ho mo ‘rorisa’ menyakong ea hae. Ha e ke e be thapelo ea rōna hore Morena ’Musi Jehova le hlooho ea phutheho ea Bokreste, Morena oa rōna ea ratoang Jesu Kreste, ba tla tsoela pele ho ‘ho potlakisa’ ha ho boleloa ha ’Muso ho tsoela pele ho ea tlhorong ea hona!

Ho HIahloba Sehlooho Sena:

◻ Ke ho phethahala hofe ha bohlokoa ha Esaia 60:17 ho etsahetseng ka 1938?

◻ Tumellanong le Esaia 60:18, re thahasella eng?

◻ Litlaleho tse tsoang tšimong li ‘tlotlisa’ Jehova joang?

◻ Tšepiso e likarolo li tharo ea Esaia 60:22 e leba tlhorong joang?

[Setsoantso se leqepheng la 17]

Likoahelo tsa Watchtower ea bo-1930 li ne li hlalosa pono ea Ezekiele ea phutheho ea Jehova e matla

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Moea o motle oa bopula-maliboho o thusitse ‘ho potlakisa’ mosebetsi oa kotulo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela