Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 4/1 maq. 4-6
  • Thabo e Hlahisoang ke Kamano ea Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabo e Hlahisoang ke Kamano ea Bohlokoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntho e “Molemo ho feta Bophelo”
  • Se Etsang Hore Bophelo bo be Teng
  • Thahasello ea Nako e Khutšoaane e Thulana le Molemo oa Nako e Telele
  • Etsa Khetho e Bohlale
  • Ho Rua Molemo Moseng o Lerato oa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • “Molao oa Mosa o Lerato” o ke o Sireletse Leleme la Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na U na le Moea oa ho Fana?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bontša Mosa o Lerato ho ba Hlokang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 4/1 maq. 4-6

Thabo e Hlahisoang ke Kamano ea Bohlokoa

“NTJA e phelang e fetisa tau e shoeleng.” (Moeklesia 9:4, NW) Ka mantsoe ao a seng makae, Morena Salomone oa khale o boletse ’nete ea bohlokoa ea hore bophelo ke ba bohlokoa ho feta lintho leha e le life tse bonahalang kapa lipakane tse labalabeloang. Ntle ho bophelo, re ke ke ra rua molemo leha e le ho efe oa lintho tsena. E, bophelo ke ba bohlokoa ha re phehella thabo.

Ntho e “Molemo ho feta Bophelo”

Joalokaha bophelo e le ba bohlokoa, ho na le ntho e ’ngoe e molemo ho bo feta. U ka ’na ua botsa: ‘Na ho ka etsahala? Ke eng e ka bang molemo ho feta bophelo?’

Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o re file karabelo. Ha a bua ka ’Mōpi, Jehova Molimo, ka kananelo e tebileng o itse: “Mohau oa hao o molemo ho feta bophelo, molomo oa ka o tla u rorisa.” (Pesaleme ea 63:4, Phetolelo e Ncha ea Sesotho) Mantsoe a Davida a tlohang botebong ba pelo a bontša hore ho ba ea amohelang mohau o lerato oa Molimo, o theiloeng ka ho ba le kamano e ntle le oona, ke ho molemo le ho feta bophelo. Ke hobane’ng ha ho le joalo?

Se Etsang Hore Bophelo bo be Teng

Ha re re u ne u filoe mpho, ntho eo u neng u hlile u e rata. Ha ho pelaelo hore u ne u tla thabela haholo ho amohela mpho ’me mohlomong u fumane thabo e khōlō ha u e sebelisa. Empa ka sebele u ne u tla be u hloka teboho haeba mehopolo ea hao e ne e ka fella feela mphong eo, e sa fetele ho ea u neileng eona. Na ha se kamano ea botho e teng pakeng tsa hao le mofani e susumelelitseng mpho eo? Haeba kamano eo e ne e le sieo, ho ne ho ke ke ha e-ba le mpho ’me u ne u ke ke ua e thabela.

Ho joalo le ka bophelo. Joalokaha e le ba bohlokoa, re tlameha ho hopola hore na bophelo ba rōna bo tsoa hokae le hore na bo bolokiloe joang. Ka sebele ha rea bo bōpa, leha e le hore re ka bo boloka ntle ho litokisetso tsohle tse babatsehang tseo Jehova a li entseng lefatšeng. (Pesaleme ea 100:3; Liketso 14:17) Lebaka la hore re na le bophelo, ’me ntle ho pelaelo rea bo thabela ka tekanyo e itseng, ke pontšo ea mohau o lerato oa ’Mōpi e Moholo, Jehova Molimo. Na ha re bone hore na ke hobane’ng ha Morena Davida ka pelo eohle a ile a ikutloa hore ‘mohau oa Molimo o molemo ho feta bophelo’?

Ho na le lebaka le leng la hore na ke hobane’ng ha kamano e amohelehang ho ’Mōpi e le ea bohlokoa ho feta bophelo ka bobona—bokamoso ba rōna bo itšetlehile ka eona. A re bone hore na hona ho joalo joang.

Na ha u lumele hore bophelo ke ba nakoana ’me bo tletse ho se tsitse? Motho a ka ’na a sebetsa ka thata haholo ka lilemo tse ngata e le hore a finyelle pakane e itseng ea lintho tse bonahalang eo a nahanang hore e molemo. Empa, kapele lefu le mo amohe sohle seo a se fumaneng. Ho joalo feela kaha Morena Salomone ea bohlale a boletse: “Motho o rua’ng ka mokhathala oohle oa hae le ka phehello ea pelo ea hae, eo a ikhathatsang ka eona tlas’a letsatsi? Hobane matsatsi ’ohle a hae ke a nang le mahloko, ’me mosebetsi oa hae ke o nang le masoabi; esita le bosiu, pelo ea hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.”—Moeklesia 2:22, 23; bapisa 2:3-11.

Ho sa tsotellehe sena, ke morero oa ’Mōpi oa rōna ea lerato hore bohle ba mo ratang le ba mo utloang ba tla lokolloa tsielehong le ho nyopa ho re tlakileng kajeno. Jehova o re tiisetsa ka tšepiso ena e babatsehang: “Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esaia 65:22.

Na pontšo ee ea mohau o lerato oa Molimo ha e molemo ho feta bophelo ba rōna ba joale bo fokolang le bo sa tsitsang? Ho ba moamoheli oa mohau oa Molimo o lerato, ho phela Tsamaisong eo e Ncha le ho thabela bophelo bo nang le morero e ne e tla ba pakane e molemohali. Hore motho a amohele tebello eo e thabileng, o tlameha ho amoheloa ke Jehova hona joale ’me a boloke kamano e haufi-ufi le eena le batho ba hae.

Thahasello ea Nako e Khutšoaane e Thulana le Molemo oa Nako e Telele

Ha re nahana ka lintlha tseo ho boletsoeng ka tsona kaholimo mona, ka sebele e ne e tla ba re fokolloa ke pono ’me re lithoto haeba re tšoareha feela ka ho phehella lithahasello tsa botho, e bang ke botumo, katleho, mosebetsi, ho feta sekolong, seo motho a se finyelletseng, eng kapa eng eo ho nahanoang hore e molemo tsamaisong ena ea lintho. Kaha lipakane tsena ka botsona li ka ’na tsa se be phoso, ho phehella leha e le efe ho tsona e le ntho ea bohlokoahali ho ka ’na tsa ha etsa hore re hlokomolohe boikarabelo ba rōna ka pel’a ’Mōpi oa rōna. Qetellong, re ka ’na ra lahleheloa ke kamohelo ea hae ’me ra hlōleha ho fumana “bophelo ba ’nete.”—1 Timothea 6:19; Luka 9:24.

Ho nka tsela e joalo ho ka tšoantšoa le mocha ea tlohelang sekolo pele a qeta ’me a ea mosebetsing a sa fumana thuto e hlokahalang e le feela ha a batla ho fumana chelete eo a ka e sebelisang. A ka ’na a ikutloa hore qetellong o lokolohile lithibelong tsa sekolo ’me joale o iketlile. Empa na ha a tele boiketlo ba hae ba nako e telele molemong oa thahasello e belaetsang ea nako e khutšoaane? Ka ho tšoanang, na joale motho ha a fokolloe ke pono ha a hlokomoloha kamano ea hae le ’Mōpi hobane a tšoarehile haholo ho phehella pakane e itseng ea botho?

Joalokaha bohle re tšoarehile, kamehla re khona ho fumana nako le matla a ho etsa lintho tseo re hlileng re nahanang hore ke tsa bohlokoa, na ha ho joalo? Kahobane Jesu o ne a utloisisa hantle tlhaho ea motho, Jesu o hlile a toba taba ka hore: “Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ea hao e tla ba teng.”—Mattheu 6:21.

Ka hona u beile pelo ea hao holim’a “letlotlo” la mofuta ofe? Ho khanya ha lefatše ho ka ’na ha bonahala ho hohela haholo. Empa ipotse: Melemo e fumanoang linthong tse joalo ke ea nako e kae? Na e tlisa thabo ea ’nete kapa ke boithabiso ba nakoana feela, joaloka sethethefatsi se sieang phello e sa lakatseheng kapa e bileng e leng bohloko?

Etsa Khetho e Bohlale

Ho na le thuto ea bohlokoa e lokelang ho eloa hloko ka batho ba mehleng ea Lota. Jesu o itse: “Ho no ho jeoa, ho nooa, ho rekoa, ho rekisoa, ho lengoa, ho hahuoa matlo.” Ka mantsoe a mang, ba ne ba tšoarehile ba phehella seo ba neng ba nahana hore ke sa bohlokoa, ho hang ba sa ele hloko thato ea Molimo. Phello? “Ka letsatsi leo Lota a tsoang Sodoma ka Iona, leholimo la nesoa mollo le sebabole, ba ba ba timetsoa kaofela ke tsona.” Joale, molemong oa rōna, Jesu a phaella: “Ho tla ba joalo ka letsatsi leo Mor’a motho a tla hlaha ka Iona.”—Luka 17:28-30.

Lipontšo tsohle li supa hore re ‘letsatsing’ leo. Ka ho ameha ka bophelo ba rōna bo sa feleng, Jehova Molimo o ’nile a ntša lipitso tse phethoang ka Lentsoe la hae le ka batho ba hae ba hlophisitsoeng lichabeng tsohle. Memo ke ho furalla lipakane tsa boithati ’me re boelanngoe le eena. Ka ’nete e ne e tla ba bothoto ho rōna hore re lumelle lithahaselo tsa rōna tsa botho li nke nako eohle ea rōna, le matla oohle a rōna ho re sitisa ho arabela pitsong ena e lerato. Ho e-na le hoo, joalokaha moapostola Pauluse a bolela, re lokela ho hlokomela ho potlaka ha mehla: “Bonang, joale ke nako e tšoanelang; bonang, joale ke letsatsi la pholoho.”—2 Ba-Korinthe 5:20; 6:2.

Na u tla ba har’a ba hlohonolofalitsoeng ka tebello e thabisang ea ho pholoha bofelo ba tsamaiso e khopo ea lintho ho pholohela Tsamaisong e Ncha ea ho loka e tšepisoang ke Molimo? Hoo ho itšetlehile ka hore na u nahana hore ntho ea bohlokoahali ke eng bophelong ba hao hona joale le hore na u etsa’ng ho fumana kamano e amohelehang le Molimo. Khetho ke ea hao!

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Haeba u leboha mofani . . .

. . . ho thoe’ng ka mofani e moholo, Jehova Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela