Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 4/15 maq. 3-4
  • Pheko ea Mafu ’Ohle na ke Toro Feela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pheko ea Mafu ’Ohle na ke Toro Feela?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ho leng Thata ho Lumela
  • Ntoa Khahlanong le ho Kula le Lefu—Na ea Hlōloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mafu a Seoa Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Tsoha!—1997
  • Ho Iphetetsa ha Likokoana-hloko
    Tsoha!—1996
  • Boprofeta ba 3. Mafu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 4/15 maq. 3-4

Pheko ea Mafu ’Ohle na ke Toro Feela?

JOHANNE e ne e le monna ea tsofetseng haholo. E ne e le nakoana a bile litlamong sehleke-hlekeng se senyenyane. Ho ne ho ka ’na ha bonahala e ka o tla qeta bophelo ba hae boinotšing. Empa boemong boo o ne a tla amohela molaetsa o tletseng khothatso bakeng sa hae—le bakeng sa rōna.

Ponong ea mohlolo Johanne a utloa lentsoe le hoa le e-tsoa leholimong le re: “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”

Joale, a bona noka e metsi a matle a hloekileng joale ka krystale. Mabopong a eona a bona lifate tsa litholoana tse lenngoeng. Mahlaku a lifate tsena e ne e le a ho phekola lichaba. E bile phihlelo e hlasimollang hakaakang!

Haeba u utloile le ho bona seo Johanne a se boneng, na u ne u ke ke ua thabela ho ithuta hore ka letsatsi le leng bohloko bohle bo tla fela le hore mafu ’ohle a tla phekoloa? Ka sebele, ho bonahala e le botle boo motho a ke keng a bo lumela!

Lebaka Leo ho leng Thata ho Lumela

Se etsahetseng mono e ne e le ketsahalo ea pale e etsahetseng selemong sa 96 C.E. sehleke-hlekeng sa Patmose, hojana le lebopo la Turkey ea kajeno. Johanne ea tsofetseng e ne e le moapostola ea ratoang oa Jesu Kreste, ’me seo a se boneng o se tlalehile ka Bibeleng e halalelang.—Bona Tšenolo 1:9; 21:3, 4; 22:1, 2.

Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata kajeno ba fumane ho le thata ho lumela hore ho tla ba le nako eo ka eona mafu a ke keng a hlola a e-ba teng. Hobane’ng? Kamoo tlhaho ea motho e leng kateng, re sekamela ho hana ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bonahalang e hanana le seo re se tloaetseng.

Mabapi le ho loana ha motho ka nako e telele le mafu, Richard Fiennes, seithuti sa mafu Mokhatlong oa Bophelo ba Liphoofolo oa London, a ngola bukeng ea hae, Man, Nature and Disease:

“Na joale ho bonahala ntoa e tla fihla qetellong? Motho o loana le noha e lihlooho tse ngata. Ha hlooho e ’ngoe e tlositsoe, ho hlaha e ’ngoe sebakeng sa eona. Ho kula pele ho nako, kholofalo, le ho shoa, e ntse e le oona mathata a boima haholo a batho; ha matsatsing a fetileng, lefuba, lefu la matšoafo, le ho shoa ha bana e ne e le oona mathata, kajeno, lefu la pelo, ‘stroke,’ kankere, le mafu a mang a nkile sebaka sa oona.”

Mafu a bolaeang a “matsatsing a fetileng” le oona ha a ea felisoa ho tu. The Economist ea London e tlaleha hore “Asia, Afrika le Amerika Boroa, motho a le mong ho ba 10 o holofetse ka tsela e itseng. Ba bangata ba futsanehileng ba tla tšoaroa ke mafu a kang letšollo le lefubelu le kotsi le lefu la matšoafo bophelong ba bona. . . . Ba limillione ba tla kenoa ke mahloko a likokoana-hloko a kang malaria (ka mohlala, bilharzia [e bakoang ke likokoana-hloko tse noang mali]) ba bang ba tla holofatsoa ke lepera.”

Esita le linaheng tse tsoetseng pele lihlooho tse ling tsa “noha e lihlooho li ngata,” li tsielitse litsebi. Edward Edelson oa ngola ho Daily News ea New York: “Kajeno lingaka li tobana le mafu a makatsang a bolaeang le ho feta mafu a khale a tsebahalang a kang sekholopane le mokhokhothoane.”

Lilemong tse fetileng, lefu le kotsi la “AIDS” le ne le ke ke la bolela letho ho batho ba bangata. Kajeno, lefu lena le bolaeang le se le tsejoa ke motho e mong le e mong, ho tšoana le lefu la ‘Legionnaires’ le mafu a chefu e topetseng ’meleng. Mafu a mang a bolaeang a ntse a letile ke ana: Feberu ea Ebola, ea Lassa, ea mali a tšolohang a sa laolehe ea Korea, lefu la Reye, la Kawasaki, likhathatso tsa liphio, jj. Edelson o re, “Thapo e le ’ngoe e phunyeletsang pale ea mafu ana a tšabehang ke hore hangata a qaka lingaka.”

Ho sa tsotellehe hore na ho na le tsoelopele e kae merianeng, batho ba bangata ba ineetse ho lumela hore ho kula le lefu ho hang li ke ke tsa qojoa. Ba thatafalloa ke ho nahana hore ho tla ke ho be le nako eo ka eona lefu, bohloko, le mafu li tla ke li be sieo.

Joale, ho thoe’ng ka pono e susumetsang eo Johanne a e amohetseng? Na qetellong e tla hlaha e le toro feela e sa phethahatsoang? Re na le mabaka a matle a ho lumela hore hona ho ke ke ha e-ba joalo. Hang-hang hoba Johanne a utloe litšepiso tse babatsehang, a amohela tiisetso ena: “Ngola, hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.” (Tšenolo 21:5; 22:6) Mantsoe aa a tla fetoha ’nete joang? Hona na re tla bona ho phethahala ha ’ona bophelong ba rōna?

[Setšoantšo/’Mapa o leqepheng la 3]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Mafu a bolaeang a nakong e fetileng a ntse a hlasela libaka tse ngata

Lepera

Lepera le Malaria

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela