Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae
O Hlomphiloe Pele a Hlaha
LENGELOI Gabriele le sa tsoa ho bolella Maria hore o tla tsoala ngoana oa moshanyana eo e tla bang morena ka ho sa feleng. Empa Maria o-oa botsa, ‘Hoo ho ka etsahala joang, athe ha ke e-s’o be le likamano le monna?’
Gabriele o-oa hlalosa, ‘Moea o halalelang oa Molimo o tla theohela holim’a hao, ka baka leo moshemane o tla bitsoa Mor’a Molimo.’ Ho thusa Maria, Gabriele a tsoela pele: ‘Mong ka uena ea tsofetseng Elizabetha, eo batho ba bolelang hore a ke ke a ba le bana, hona joale ke moimana oa likhoeli tse tšeletseng.’ Maria o kholoa Gabriele ’me o re: ‘Ha ho ke ho etsahale joale ka ha o boletse.’
Hang hoba Gabriele a tsamaee. Maria o itokisetsa ho etela Elizabetha ea phelang le monna oa hae Zakaria naheng ea lithaba ea Judea. Ho tloha ha habo Maria Nazaretha, lena ke leeto le lelelele, mohlomong la matsatsi a mararo kapa a mane.
Qetellong ha Maria a fihla lapeng ha Zakaria, o-oa kena ’me oa lumelisa. Ka seo Elizabetha a tlala moea o halalelang, ’me o re ho Maria: ‘U lehlohonolo, har’a basali, le ngoana eo o tla ba le eena o lehlohonolo. Ke tokelo e kaakang ho eteloa ke ’m’a Morena oa ka! Hobane, bona! hang hoba ke utloe tumeliso ea hao, lesea le ka popelong ea ka le ile la hlasimoloha ka thabo e khōlō.’
Maria, a thabile haholo, a re: ‘Ho tloha joale ho ea pele batho bohle ba tla mpitsa ea lehlohonolo, ka baka la lintho tseo tse khōlō tseo Molimo o nketselitseng tsona.’ Maria o ile a lula le Elizabetha likhoeli tse ka bang tharo ’me ha ho pelaelo hoo ke thuso e khōlō nakong ena ea libeke tsa ho qetela tsa boima ba Elizabetha. Ka sebele ho hotle hore e be basali bana ba babeli ba tšepahalang, ba jereng bana ka thuso ea Molimo, ba ka ba hammoho nakong ena e hlohonolofalitsoeng ea bophelo ba bona!
Na u hlokometse hlompho eo Jesu a e filoeng le pele a hlaha? Elizabetha o ’mitsa “Morena oa ka,” ’me ngoana oa Elizabetha ea e-s’ong ho hlahe a hlasimoloha ka thabo ha Maria a hlaha ka lekhetlo la pele. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba tšoara Maria le lesea la hae le e-s’ong ho hlahe ka tlhompho e fokolang, joalokaha re tla bona hamorao. Leha le ho le joalo, sehloohong sa rōna se latelang, re tla ithuta ho hongata ka ngoana oa Elizabetha, Johanne. Luka 1:26-56.
◆ Gabriele o boletse mantsoe afe ho thusa Maria hore a utloisise hore ho ne ho ka tla joang hore a ime?
◆ Jesu o ile a hlomphuoa joang pele a tsoaloa?
◆ Maria o ile a lula le Elizabetha nako e kae, hona ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Maria a Iule le Elizabetha nakong eo?