Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae
Ke Moimana, empa ha a Nyaloa
MARIA o khoeling ea boraro ea boima ba hae. U tla hopola hore o ile a qeta karolo e qalang ea boimana ba hae a chaketse Elizabetha, empa joale o khutletse hae Nazaretha. Haufinyane boemo ba hae bo tla tsebahala hohle motseng oa habo. Ka sebele, o boemong bo tepeletseng!
Ho mpefatsang boemo ke hore Maria o lebelelitsoe ho ba mosali oa ’metli Josefa. ’Me o-oa tseba hore, tlas’a molao oa Molimo ho Iseraele, mosali ea lebelelitsoeng ke monna, empa ka boomo a ba le likamano tsa botona le botšehali le monna e mong o lokela ho tlepetsoa ka majoe hore a shoe. O tla hlalosetsa Josefa boimana ba hae joang?
Kaha Maria o bile sieo ka likhoeli tse tharo, re ka tiisa hore Josefa o laba-labela ho ’mona. Ha ba kopana, mohlomong Maria o ile a mo tšela ka litaba. A ka ’na a etsa hohle ho matleng a hae ho hlalosa hore ke ka moea o halalelang oa Molimo e leng moimana. Empa, joalokaha u ka inahanela, ena ke ntho e thata haholo ho Josefa.
Josefa o tseba botumo bo botle boo Maria a nang le bona. ’Me ho bonahala a hlile a mo rata. Empa, ho sa tsotellehe seo a ka ’nang a se bolela, ho hlile ho bonahala a emolisitsoe ke monna e mong. Leha ho le joalo, Josefa o ntse a sa batle hore a tlepetsoa ka majoe hore a shoe kapa ho hobosoa phatlalatsa. Ka hona o etsa qeto ea ho mo lahla ka lekunutu. Mehleng eo, batho ba lebelletsaneng ba ne ba talingoa ba se ba nyalane, ’me ho ne ho hlokahala tlhalo ho felisa tebeletso.
Hamorao, ha Josefa a ntse a nahana litaba tsena, o-oa khaleha. Lengeloi la Jehova le mo hlahela torong ’me le re: ‘Se ke ua tšaba ho isa Maria hae joaloka mosali oa hao, hobane o na le ngoana ka moea o halalelang oa Molimo. ’Me u lokela ho rea ngoana lebitso la Jesu, hobane ke eena ea tla pholosa sechaba sa hae libeng tsa sona.’
Ha Josefa a tsoha, a leboha hakaakang! Ntle ho tieho o etsa joalokaha a laetsoe ke lengeloi. O nka Maria o mo isa ha habo. Ha e le hantle, ketso ena ea phatlalatsa e sebeletsa e le tšebeletso ea lenyalo, ho hlokomelisa hore joale Josefa le Maria ba nyalane ka molao. Empa Josefa ha a be le likamano tsa botona le botšehali le Maria ha e ntse e le moimana oa Jesu.
Bona! Maria o se a le haufi le ho beleha, empa Josefa o mo palamisa tonki. Ba ea kae, hona hobane’ng ha ba nka leeto ha Maria a le lekhatheng la ho beleha? Luka 1:39-41, 56; Mattheu 1:18-25; Deuteronoma 22:23, 24.
◆ Josefa o ne a hopotse eng ha a hlokomela hore Maria ke moimana, hona hobane’ng?
◆ Josefa o ne a ka hlala Maria joang athe ba ne ba e-so ho nyalane?
◆ Ke ketso efe ea phatlalatsa eo e bileng tšebeletso ea lenyalo la Josefa le Maria?