Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 5/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Aroloa
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Buka ea Bibele ea 14—2 Likronike
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 5/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

◼ Kaha e ne e le ’muso oa meloko e ’meli oa Juda o ileng oa isoa botlamuoeng Babylona ka 607 B.C.E., ho tlile joang hore litho tsa meloko eohle e 12 ea Iseraele li khutle Babylona lilemo tse 70 hamorao?

Ho bonahala e ka ho na le mabaka a mabeli a maholo ka sena. La pele, nakong ea ho arohana ha ’muso oa Iseraele le kamor’a hore ho latele ho ikarola ha meloko e 10, baemeli ba meloko eohle e 12 ho bonahala ba ne ba setse naheng ea Juda. ’Me la bobeli, pele ho 740 B.C.E., e ka ’na eaba ba bang ba tsoang melokong eohle e leshome ba ile ba balehela naheng ea Juda ho pholoha borapeli ba litšoantšo ba Iseraele.

Karohano ea ’muso o kopaneng oa Iseraele e etsahetse ha Jehova a khentšoa ke Salomone “hobane pelo ea hae e be e khelohile ho Jehova.” Molimo oa mo tsebisa: “Ruri ke tla harasoanya ’muso holim’a hao, ke o nee mohlanka oa hao . . . ke mpa ke tla o harasoanya letsohong la mora oa hao . . . ke tla nea mor’a hao leloko le le leng.” (1 Marena 11:9-13) Mora oa Salomone Roboame, eo e neng e le oa leloko la Juda, a fuoa leloko la Benjamine, kahoo ha qaleha ’muso oa meloko e ’meli oa ka boroa.

Le hoja Roboame a ile a busa holim’a meloko e ’meli feela, o ile a tsoela pele ho busa ba bang ba “bana ba Iseraele [ke hore, litho tsa meloko e leshome e ka leboea] ba ahileng metseng ea Juda.” (1 Marena 12:17; bona le 2 Likronike 10:17.) Ho phaella moo, ha Morena Jeroboame oa ’muso oa ka leboea a hloma borapeli ba namane ’me a phahamisa baprista ba hae, baprista ba Jehova le balevi ba neng ba phela naheng eo ea ’muso oo ba leba ka lehlakoreng la Roboame. Rea bala: “Ba-Levi ba fela ba tlohela meraka ea bona le maruo a bona, ba tla Juda le Jerusalema kahobane Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba furaletse, ba tle ba se ke ba phetha mosebetsi oa baprista ba Jehova.” Ka nako eo, baemeli ba tsoang ‘melokong eohle ea Iseraele’ ba kopanela le baprista le Balevi ’me ba leba Jerusalema. (2 Likronike 11:13-17) Phurallo e tsoelang pele e etsoang ke litho tsa meloko e leshome e fapaneng e tlalehiloe pusong ea Morena Asa.—2 Likronike 15:9, 10.

Ka 740 B.C.E., ha Baassyria ba ketola motse-moholo o ka leboea oa Samaria, ba sebelisa leano la bona la ho tlosa lichaba tsa libaka tse hapiloeng ho fokotsa borabele bo neng bo ka hlaha. (1 Likronike 5:6, 26) Ka hona ’Muso o ka leboea oa Iseraele oa khaotsa ho ba teng. Leha ho le joalo, hona ha hoa ka ha ama litho tseno tsa meloko e leshome tseo ka nako eo li neng Ii phela ’musong o ka boroa oa Juda. Batho bana ba ne ba le har’a ba ileng ba isoa botlamuoeng Babylona ha Juda e oela ka 607 B.C.E. ’Me litloholo tse ling tsa bona e ka ’na eaba li khutlile nakong ea ho tsosolosoa ka 537 B.C.E. Mohlomong le litloholo tse ling tsa bano ba neng ba isitsoe botlamuoeng ke Maassyria ka 740 B.C.E. le tsona li khutlile ka nako eo.

Ka ho thahasellisang, Ezekiele bukeng e ngotsoeng lebitso la hae o boletse ka “ntlo ea Iseraele” hangata haholo ho feta kamoo a boletseng ka “ntlo ea Juda,” ho sa tsotellehe hore na e ne e le moprofeta Juda ha a le botlamuoeng Babylona. Ho feta moo, boprofeta ba hae bo bontšitse hore ‘matlo’ ana a mabeli a ne a tla boela a kopanngoe e be ntho e le ’ngoe. (Ezekiele 37:19-28; bona le Jeremia 3:18; Hosea 1:11.) Joale, ka lebaka le letle, ha ho phapang e entsoeng pakeng tsa eona ka bobeli kamorao ho botlamuoa ba Babylona.

Ka baka leo, ho khepholoa ha meloko e leshome ka 740 B.C.E. ha hoa ka ha fella ka hore e se hlole e tsebahala. E ile ea balelloa ha ho khutloa botlamuoeng ka 537 B.C.E. ’Me mabapi le ho khakoloa ha tempele e tsosolositsoeng Jerusalema, moprista Esdrase o boletse: “Bana ba Iseraele, le baprista, le ba-Levi, le ba bang ba khutlileng kholehong, ba etsa khakolo ea ntlo eo ea Molimo ka thabo; khakolong ea ntlo eo ea Molimo, ba hlaba . . . liphooko tse leshome le metso e ’meli tsa sehlabelo sa sebe sa ba-Iseraele bohle, ka palo ea meloko ea Iseraele.” (Esdrase 6:16, 17) A boetse a bontša hore masala a khutlileng a ne a akarelletsa baemeli ba meloko eohle ea Iseraele, e seng feela Juda le Benjamine, Esaia o ngotse: “Hobane leha sechaba sa hao, Iseraele, se ka lekana le lehlabathe la leoatle, e tla ba masala a sona feela a tlang ho sokoloha [ho khutla].” (Esaia 10:22) Ka hona, har’a ba khutlileng e ne e le baemeli ba meloko eohle ea Iseraele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela