‘Bolumeli ba ka Boa Nkhotsofatsa!’
NA U kile ua arabela ka mantsoe a joalo ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a u chaketse lapeng ha hao? Mohlomong u ile ua eketsa ka hore: ‘Bo ne bo khotsafatsa batsoali ba ka le batsoali ba batsoali ba ka, ka hona ke hobane’ng ha nka ikhathatsa ka bolumeli bo bong?’
Ha e le hantle, re rua molemo o moholo ka bohlale le tsebo tsa batsoali ba rōna. Empa na oo e hlile ke motheo o bohlale oa ho latela bolumeli? Ka sebele ha re etsise batsoali le batsoali ba batsoali ba rōna linthong tsohle tseo re li etsang. Ke hobane’ng ha ho se joalo? Hobane ho ’nile hoa e-ba le tsoelopele tsebong le kutloisisong.
Ka mohlala: Lilemong tse fetang 40 tse fetileng ha batho ba ne ba kula, ba ne ba ka ’na ba e-shoa feela hobane tšebetso ea phekolo e fumanehang e ne e sa lekana. Ho tloha ka 1943, lithibela-kokoana-hloko li ’nile tsa sebelisoa ’me li ’nile tsa pholosa bophelo bo bongata. Na re hana ho sebelisa lithibela-kokoana-hloko feela hobane batsoali ba batsoali ba rōna ba ne ba sa li tsebe? Che, re lula re falimehile kelellong ’me re seka-seke lintho tse hlahang bocha. Boikutlo bo tšoanang ke bo bohlale tabeng ea bolumeli.
Taba ea moapostola Pauluse e tsoela pele ho bontša hore bolumeli ba baholo ba rōna ha bo hlile hase borapeli ba ’nete bo khahlisang Molimo. Pele Pauluse a sokolohela Bokresteng, boitšoaro ba hae ‘Tseleng’ ea Bokreste bo ne bo le mabifi ka ho fetisisa, kahobane ‘a ne a hlorisa kereke ea Molimo ’me a e ripitla.’ Ka baka la’ng? Hobane o ne a ‘chesehela mekhoa ea bo-ntat’ae.’ Cheseho ea hae e tiileng bolumeling ba hae ba pele e ile ea mo thibela ho lemoha ’nete e buang ka Jesu Kreste—’me seo se ne se ke ke sa thabisa Molimo.—Liketso 9:1, 2; Ba-Galata 1:13, 14.
Bolumeli ba Hao—Ka Boikhethelo kapa Thoso Feela?
Mabakeng a mangata, bolumeli ba motho e hlile ke taba e itlelang thoso feela. Ka kutloisiso efe? Ka kutloisiso ea hore mohlomong u tsoetsoe u le Mok’hatholike, Moprostanta, Mohindu, Motaoiste, kapa Mobuddha hobane boo e ne e le bolumeli ba batsoali ba hao. Empa ha re re mohlomong u tsoaletsoe naheng e ’ngoe kapa lapeng le leng. Mohlomong joale u ka be u chesehela ho inehela bolumeling bosele. Ka hona, na ho nepahetse ho lekanya hore bolumeli boo u tsoaletsoeng ho bona e hlile ke ba ’nete?
E-bang u tsoaletsoe bolumeling ba hao kapa che, u ka ’na ua ba le boikutlo ba hore boa u khotsofatsa. Empa na bolumeli ba ’nete ke taba feela ea khopolo ea botho kapa ea boikhethelo? Na eo ke tataiso e tšepahalang?
Mohlomong re ka tšoantša hona ka lijo. Botsa ngoana hore a u bolelle hore na ha e le sekoto sa kuku kapa moroho o rata eng. Ho bonolo hore o tla khetha kuku. Empa na kuku e tla ba eona e hahang haholo ’meleng? Ka ho tšoanang, taba ea hore bolumeli bo ipiletsa takatsong ea hao ea botho ha e hlile ha e bolele hore bo u loketse moeeng.—Bapisa Ba-Roma 10:2, 3.
Bolumeli hase feela taba ea ho latela khopolo. Bo akarelletsa ho rapela Molimo, ka hona bo tlameha ho mo khahlisa. Ka hona, potso ea bohlokoa hase hore, Na bolumeli ba ka boa nkhotsofatsa? Ho e-na le hoo, ke hore, Na bolumeli ba ka bo hlile bo khahlisa Molimo?