Na Bolumeli ba Hao bo Hlile bo Khahlisa Molimo?
“MOLIMO hase Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso.” (1 Ba-Korinthe 14:33) Ka hona, he, malumeli a mangata ka lithuto tsa oona tse loantšanang a ne a ke ke a amoheleha kaofela ha oona ho Molimo. Ka hona, ho ka ba le bolumeli bo le bong feela bo khahlametsang seo o se hlokang bakeng sa borapeli ba ’nete. Ebe joale re ka fumana bolumeli boo bo le bong bo hlileng bo khahlisang Molimo joang?
Ntle ho pelaelo, ba bangata ba na le boikutlo ba hore patlisiso e joalo e ka tšoana le ho batla nale moferong. Ho e fumana e ka hla ea e-ba mosebetsi o moholo! Leha ho le joalo, ho na le tsela e bonojoana—ho sebelisa ’makenete o matla. O tla hohela nale ’me o e nyolle moferong. Ka ho tšoanang, Bibele e ka sebelisoa joaloka ’makenete bakeng sa ho arola ’nete ho leshano. Empa Bibele e ho etsa joang hoo? Ka ho hlalosa borapeli bo amohelehang ponong ea Molimo.
“Moapostola Pauluse o ngotse: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” (2 Timothea 3:16, 17) Tsebo e nepahetseng ea Bibele kea bohlokoa haeba re tla qoba lemena la ho theola boinehelo bolumeling ho se re loketseng kapa se re khahlisang feela.
Ho phaella moo, Jesu Kreste, Mor’a Molimo, o itse: “Molimo ke moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Ebe re ka ‘rapela ka moea le ka ’nete’ joang? Ka ho latela litataiso tsa ’nete tsee Molimo o li lokiselitseng ka pululelo, Lentsoeng la oona, Bibele e Halalelang.
Barapeli ba ’Nete ba Bontša Lerato
Lentsoe la Molimo le re tataisa hore re lebelle eng ka borapeli ba ’nete? Re na le tataiso ea kapele mantsoeng a mararo: “Molimo o lerato.” (1 Johanne 4:16) Ka hona, borapeli bo khahlisang Molimo bo tlameha ho theoa leratong la ’nete.
Ketsong, hoo ho bolela’ng? Bolumeli bo khahlisang Molimo bo ke ke ba hatella kapa ba lumella hore batho ba hloeane. Taelo e bonolo ea Bibele ke e reng, “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Mattheu 22:39) Hoo ho bolela ho ikarola lehloeong, khethollong le litoantšanong tsa lefatše lena. Ho bolela ho se hlole u ithuta ntoa le ka mohla ’me u phehelle khotso.—Esaia 2:2-4.
Ho hlakisa ntlha ena: Na re ka nahana ka moapostola Pauluse oa “Mofora” a tsoa ho ea bolaea moapostola Petrose oa “Lejeremane” hobane feela lichaba tsa bona tse arohaneng li lumellane ka ntoa? Empa, ka ntoa ea bobeli ea lefatše malumeli a mangata a ne a kene ka botebo boitekong ba ntoa ba lichaba tsa bona hoo a bileng a fana ka baruti bakeng sa mabotho a ntoa! Ha hape, baruti ba “Bakreste” ka mahlakoreng a mabeli ba rapella tlhōlo ho Molimo o le mong. Empa na Molimo o eme o arohane? Na o ka huleloa ho seo moprofesa Albert Einstein a se hlalositseng e le “lefu la bana” la bochaba, “lekhopho la setho”? Ka sebele o ke ke! Ke ka baka leo barapeli ba hlileng ba khahlisang Molimo ba tlamehang ho se jele pate ’me ba bontše lerato la ’nete. (Johanne 13:34, 35; 17:16) Ha ‘ba loane ka nama.’—Bapisa 2 Ba-Korinthe 10:3, 4.
Borapeli ba ’Nete bo Phahamisa Lebitso la Molimo
Moapostola Pauluse o ile a supa letšoao le leng la bolumeli bo amohelehang ho Molimo ha a bolela hore leha ba bangata ba bitsoa melimo le marena, ho barapeli ba ’nete ‘Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna.’ (1 Ba-Korinthe 8:5, 6) Ka sebele, ba khahlisang Molimo ba tla tseba lebitso la oona ’me ba le sebelise.
Bibele, ka lipuo tsa eona tsa pele, e hlahisa lebitso la Molimo ka ho toba ka makhetlo a fetang 7 000. Ka mohlala, Pesaleme ea 83:18 e re: “Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.” Kahoo ke ka baka la’ng ha balateli ba malumeli a mangata hakaale ba rapela Molimo o se nang lebitso? Hona ke hobane’ng ha ba tlohela lebitso la oona liphetolelong tsa bona tsa Bibele? Ka sebele eo hase eona tsela ea ho khahlisa Molimo, hobane Jesu o itse, ha a rapela: “Lebitso la hao a le ke le khethehe.”—Mattheu 6:9.
Bolumeli bo Khahlisang Molimo
Na ho na le sehlopha se seng sa bolumeli lefatšeng lohle se phethahatsang litlhokahalo tse peli tsa motheo tsa borapeli ba ’nete tsee re sa tsoa buisana ka tsona? Na ho na le bolumeli bo bong bo hlileng bo bontšang lerato leo Kreste a le rutileng? ’Me na bona barapeli bao ka ’nete ba tlotlisa Molimo le ho hlompha lebitso la oona lekholong lena la bo20 la lilemo?
Ke ’nete e nang le bopaki bo botle hore Lipaki tsa Jehova ha li jele pate lintoeng tsa lichaba. Ka lebaka lena, li bile mahlomoleng likampong tsa mahloriso le literonkong. Ho e-na le ho sekisetsa melao-metheo ea tsona e theiloeng Bibeleng, li ile tsa ikhethela tsela ea ho shoela tumelo e ileng ea lateloa ke Bakreste ba pele. Boemo bona bo susumellelitsoe ke lerato la tsona ho Molimo le batho hammoho le tsona. Lerato le joalo ke letšoao le leng la borapeli ba ’nete bo khahlisang Molimo.
Ba bangata ba hlokometse tlaleho e ntle ea Lipaki tsa Jehova tabeng ena. Ka mohlala, lilemong tse seng kae tse fetileng sengoli sa koranta sa Amerika-Boroa se ile sa hlokomela hore Lipaki li “hana ka mabaka a bolumeli ho nka karolo sesoleng.” Sa tsoela pele ka hore: ‘Leha e le bana, Lipaki tsa Jehova lia tseba hore ha li fihla lilemong tse leshome le metso e robeli, li tla tlameha ho sebeletsa nako e teletsana teronkong ka lebaka la ho se jele pate ha tsona. Li nka kotlo e le karolo ea tumelo ea tsona ea bolumeli. Li ikokobelitse ’me li na le khotso.’
Ho thoe’ng ka ba phethahatsang tlhokahalo e ’ngoe ea bolumeli bo khahlisang Molimo? Ka sebele, ke bafe ba hlomphang lebitso la Molimo, Jehova? Ka sebele, ke bopaki bo totobetseng hore ke Lipaki tsa Jehova feela tse etsang hona lefatšeng lohle ka boboleli ba tsona le boitšoaro ba tsona.—Ba-Roma 10:13-15.
Ke ka baka la’ng ha u sa tloaelane hamolemo le Lipaki tsa Jehova? Chate e latelang e thathamisa tse ling tsa lintho tseo li li lumelang, hammoho le mabaka a tsona a Mangolo. Ahlola tsela ea borapeli ea Lipaki ka tlhahlobo ena e bonolo: Na e khahlametsa litekanyetso tsa Molimo tsa ’nete joalokaha li tsebahalitsoe ka Bibeleng? Na e hlahisa tholoana ea khotso ea lerato e tlamehang ho ba karolo ea borapeli ba ’nete? Na e hlompha lebitso la Molimo? Haeba u fumana hore e etsa hona hohle, u tla be u fumane bolumeli bo hlileng bo khahlisang Molimo.
[Lebokose le leqepheng la 6]
SE LUMELOANG KE LIPAKI TSA JEHOVA
TUMELO MOTHEO OA BIBELE
Jehova ke lebitso la Molimo Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18
Bibele ke Lentsoe la Molimo Johanne 17:17; 2 Timothea 3:16, 17
Jesu Kreste ke Mor’a Molimo Mattheu 3:16, 17; Johanne 14:28
Motho ha a hlaha ka
phetoho ea lintho, o bōpiloe Genese 1:27; 2:7
Lefu la motho le kene ka
sebe sa Adama Ba-Roma 5:12
Moea o-oa shoa lefung Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4
Lihele ke lebitla le tloaelehileng
la motho Jobo 14:13; Tšenolo 20:13, King James Version
Tsoho ke tšepo ea ba shoeleng Johanne 5:28, 29; 11:25; Liketso 24:15
Bophelo ba Kreste lefatšeng e
ne e le topollo bakeng sa batho
ba mamelang Mattheu 20:28; 1 Petrose 2:24; 1 Johanne 2:1, 2
Lithapelo li tlameha ho lebisoa feela
ho Jehova ka Kreste Mattheu 6:9; Johanne 14:6, 13, 14
Melao ea Bibele ea boitšoaro
e tlameha ho mameloa 1 Ba-Korinthe 6:9, 10
Litšoantšo li se ke tsa sebelisoa
borapeling Exoda 20:4-6; 1 Ba-Korinthe 10:14
Bonohe bo tlameha ho qojoa Deuteronoma 18:10-12; Ba-Galata 5:19-21
Mali a se ke a kenngoa ’meleng
oa motho Genese 9:3, 4; Liketso 15:28, 29
Mokreste o tlameha ho ipoloka a
arohile lefatšeng Johanne 15:19; 17:16; Jakobo 1:27; 4:4
Bakreste ba tlameha ho paka,
ba tsebahatsa “Evangeli” Esaia 43:10-12; Mattheu 24:14; 28:19, 20
Kolobetso ka qoeliso e
feletseng e tšoantšetsa boinehelo
ho Molimo Mareka 1:9, 10; Johanne 3:23; Liketso 19:4, 5
Litlotla tsa bolumeli li phoso Jobo 32:21, 22; Mattheu 23:8-12
Joale re phela “nakong ea bofelo” Daniele 12:4; Mattheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5
Ho ba teng hoa Kreste ke ka moea Mattheu 24:3; Johanne 14:19; 1 Petrose 3:18
Satane ke Morena ea sa bonahaleng
oa lefatše Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19
Molimo o tla timetsa tsamaiso
e teng e mpe ea lintho Daniele 2:44; Tšenolo 16:14, 16; 18:1-8
’Muso tlas’a Kreste o tla busa
lefatše ka toka Esaia 9:6, 7; Daniele 7:13, 14; Mattheu 6:10
“Mohlatsoana” o tla busa
le Kreste leholimong Luka 12:32; Tšenolo 14:1-4; 20:4
Batho ba bang ba amohelehang ho
Molimo ba tla fumana bophelo
bo sa feleng lefatšeng Paradeiseng Luka 23:43; Johanne 3:16;
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
U ka fumana nale moferong joang?
U ka fumana bolumeli ba ’nete joang?