Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 7/15 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumeliso e Matla Hakae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Taeo E Ka Hlahisang Litholoana tsa Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Baholo ba ka Thusa Batho ba Tlositsoeng ka Phuthehong Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 7/15 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Na 2 Johanne 10, e reng re se ke ra amohela batho ba itseng malapeng kapa ho ba lumelisa, e bua feela ka ba buelletseng thuto ea bohata?

Ho se potolohileng taba keletso ena e ne e ama “bathetsi ba bangata” ba neng ba hlahile, “ba sa boleleng Jesu Kreste ea tlileng nameng.” (2 Johanne 7) Moapostola Johanne o ile a fana ka litaelo tsa hore na Bakreste morao koo ba ne ba lokela ho tšoara motho ea neng a latola hore Jesu o bile teng kapa hore e ne e le Kreste le Molopolli joang. Johanne a laela: “Ekare ha e mong a e-tla ho lōna, ’me a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lōna, ’me le se ke la mo lumelisa! Hobane ea mo lumelisang o kopana le eena ketsong tsa hae tse mpe.” (2 Johanne 10, 11) Empa Bibele nģa e ’ngoe e bontša hore hona ho ne ho e-na le tšebetso e sephara.

Ka nako e ’ngoe har’a Bakreste ba Korinthe, motho e mong o ne a tloaetse boitšoaro bo bobe, ’me moapostola Pauluse a ba ngolla hore ba se “ke [ba] kopana le ea ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ea lakatsang leruo, leha e le ea rapelang melimo, leha e le moetselletsi, kapa letahoa, kapa lesholu; ea joalo, le ho ja, [ba] se n’o ja le eena.” (1 Ba-Korinthe 5:11) Joale, na hoo ho ne ho sebetsa ho bao e neng e kile ea e-ba baena ba ileng ba lelekeloa feela liphoso tse tebileng tse thathamisitsoeng mona?

Che. Tšenolo 21:8 e boetse e bontša batho ba joalo e le babolai, baloi, le mahata ba sa bakeng ba tšoaneloang ke lefu la bobeli. Ka sebele keletso e ho 1 Ba-Korinthe 5:11 e boetse e ne e tla be e sebelisitsoe ka matla a lekanang ho bao e neng e kile ea e-ba Bakreste ba neng ba le molato oa liphoso tse akarelletsang tsena. Ho phaella moo, Johanne o ngotse hore ba bang “ba tsoile ho rōna, empa e ne e se ba rōna; hobane hoja e be e le ba rōna, ba ka be ba setse ho rōna; empa hoo ho hlahile hore ho tle ho bonahale hobane bohle hase ba rōna.” (1 Johanne 2:18, 19) Johanne ha a ka a re ba leleketsoe sebe se tebileng. Mohlomong ba bang ba bona ba tsoile feela, ba etsa qeto ea hore ha ba sa batla ho ba ka phuthehong hobane ba hanyetsa thuto e itseng. Ba bang e ka ’na eaba ba ile ba khathala ’me ba tela.—1 Ba-Korinthe 15:12; 2 Ba-Thessalonika 2:1-3; Ba-Heberu 12:3, 5.

Koana, haeba moena a ne a qalile ho khelohela sebeng, Bakreste ba hōlileng tsebong ba ne ba tla be ba lekile ho mo thusa. (Ba-Galata 6:1; 1 Johanne 5:16) Haeba a ne a e-na le lipelaelo, ba ne ba tla be ba lekile ho ‘mo tšola mollong.’ (Juda 23) Esita le haeba a ne a se a khaolitse, a sa ee libokeng kapa tšebeletsong ea phatlalatsa, ba matla moeeng ba ne ba tla be ba loanetse ho mo tsosolosa. E ka ’na eaba o ile a ba bolella hore ha a batle ho khathatsoa ka ho ba ka phuthehong, a bontša tumelo ea hae e fokolang le ho theoha moeeng. Ba ne ba tla be ba sa ka ba mo khathatsa, empa e ka ’na eaba ba ile ba mo etela ka makhetlo ka botsoalle. Boiteko bo lerato, bo mamellang le bo mohau joalo bo ne bo tla be bo bontšitse thahasello ea Molimo ea hore ho se be lea mong ea lahlehang.—Luka 15:4-7.

Ha ho bapisoa, mantsoe a Johanne a bontša hore ba bang ba fetela pele ho feta ho fokola moeeng le ho khaotsa; ba hlile ba furalla phutheho ea Molimo. E mong e ka ’na eaba o hlahile pepenene a hanyetsa batho ba Molimo, a bolela hore ha a sa batla ho ba ka phuthehong. E ka ’na eaba o bile a latola tumelo ea hae ea pele ka mokhoa o loketseng, o kang oa lengolo. Bonneteng, phutheho e ne e tla amohela qeto ea hae ea ho ikarola. Empa joale ba ne ba tla mo tšoara joang?

Johanne o re: “Mang le mang ea khelohang, ea sa tiisetseng thutong ea Kreste, ha a na Molimo: ea tiisetsang thutong ea Kreste, eena o na le Ntate le Mora. Ekare ha e mong a e-tla ho lōna, ’me a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lōna, ’me le se ke la mo lumelisa!” (2 Johanne  9, 10) Ka sebele mantsoe ao a ne a tla be a ile a sebetsa ho motho ea koenehileng ka ho kopanela bolumeling ba bohata kapa ka ho jala thuto ea bohata. (2 Timothea 2:17-19) Empa ho thoe’ng ka bao Johanne a itseng “ba tsoile ho rōna”? Ha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tseba hore ha baa lokela ho tloaelana le mofosi ea lelekiloeng kapa mokoenehi ea mafolo-folo, na ba ne ba nka bohato ka ho tšoanang mabapi le motho ea sa lelekoang empa eo ka ho rata a latotseng tsela ea Bokreste?

Aid to Bible Understanding e bontša hore lentsoe “apostasy” [“bokoenehi,” ka Sesotho] le tsoa lentsoeng la Segerike leo ka ho toba le bolelang ‘“ho emella thoko le’ empa le e-na le kutloisiso ea ‘karohano, ho lahla kapa bofetoheli.’”a Buka Aid e-ea phaella: “Har’a lisosa tse fapaneng tsa bokoenehi tse beiloeng litemosong tsa baapostola ke tsena: ho haelloa ke tumelo (Ba-Heb. 3:12), ho hloka mamello har’a mahloriso (Ba-Heb. 10:32-39), ho lahla metheo e lokileng ea boitšoaro (2 Pet. 2:15-22), ho mamela ‘lipolelo tsa boikaketsi’ tsa baruti ba bohata le “meea e thetsang”(. . . 1 Tim. 4:1-3) . . . Ba joalo ba lahlang phutheho ea Bokreste ka boomo ’me kahoo e e-ba karolo ea ‘antikreste.’ (1 Johanne 2:18, 19)”

Motho ea ikarotseng ka boomo le hantle phuthehong o ne a tla tšoaneloa ke tlhaloso eo. Ka ho furalla phutheho ea Molimo ka boomo le ho latola tsela ea Bokreste, o ne a tla be a ikentse mokoenehi. Mokreste ea tšepahalang o ne a ke ke a batla ho ba motsoalle oa mokoenehi. Esita leha e-ba e ne e le metsoalle, ha motho a lahla phutheho, a koeneha, o qhela motheo oa ho atamelana le baena. Johanne o hlakisitse hore eena ka boeena ha hae o ne a ke ke a ba le motho ‘ea se nang Molimo’ le eo ‘e neng e se oa rōna.’

Ho latela Mangolo, motho ea furaletseng phutheho ea Molimo o nyatseha ho feta ba lefatšeng. Hobane’ng? Pauluse o bontšitse hore Bakreste lefatšeng la Roma ba ne ba kopana le bafebi, masholu, le barapeli ba litšoantšo tsatsi le leng le le leng. Empa o ile a re Bakreste ba tlameha hore ba se ke ba “kopana le ea ipitsang moena” ea khutletseng litseleng tsa bonyefoli. (1 Ba-Korinthe 5:9-11) Ka ho tšoanang, Petrose o boletse hore ea ‘balehetseng litšila tsa lefatše’ empa joale a khutlela bophelong ba hae ba pele o ne a tšoana le kolobe e khutletseng seretseng. (2 Petrose 2:20-22) Ka hona, Johanne o ne a fana ka keletso e lumellanang ka ho laela hore Bakreste ba ne ba sa lokela ho ‘amohela matlung’ eo ‘ea tsoang har’a bona’ ka boomo.—2 Johanne 10.

Johanne a eketsa: “Hobane ea mo lumelisang o kopana le eena ketsong tsa hae tse mpe.” (2 Johanne 11) Mona Johanne o sebelisitse lentsoe la Segerike la ho lumelisa khaiʹro ho e-na le a·spaʹzo·mai le fumanoang temaneng 2Jo ea 13.

Lentsoe khaiʹro le ne le bolela ho thaba. (Luka 10:20; Ba-Filippi 3:1 ; 4:4) Le ne le boetse le sebelisoa e le tumeliso, e ngoloa kapa e buuoa. (Mattheu 28:9; Liketso 15:23; 23:26) A·spaʹzo·mai le ne le bolela “ho kopa ka matsoho, kahoo e le ho lumelisa, ho amohela.” (Luka 11:43; Liketso 20:1, 37; 21:7, 19) E ne e ka ’na ea e-ba tumeliso, empa a·spaʹzo·mai le ne le ka ’na la fana ka maikutlo a fetang a “lumela” e ikokobelitseng. Jesu o boleletse barutuoa ba 70 hore ba se ke ba a·spaʹse·sthe mang kapa mang. Kahoo o ne a bontša hore mosebetsi oa bona o potlakileng o ne o sa lumelle nako bakeng sa tsela ea Bochabela ea ho lumelisa ka ho akana, ho kopana, le moqoqo o molelele. (Luka 10:4) Petrose le Pauluse ba khothaletsa: ‘Lumelisanang [a·spaʹse·sthe] ka kako ea lerato, kapa kako e halalelang.’—1 Petrose 5:14; 2 Ba-Korinthe 13:12, 13; 1 Ba-Thessalonika 5:26.

Ka hona, e ka ’na eaba Johanne o ile a sebelisa khaiʹro ka morero ho 2 Johanne 10, 11 ho e-na le a·spaʹzo·mai (temaneng ea 13). Haeba ho joalo, Johanne o ne a sa khothalletse Bakreste ka nako eo hore ba qobe feela ho lumelisa motho ea neng a ruta bohata kapa ea latotseng phutheho (ea koenehileng) ka mofuthu (ka ho kopa, kako, le moqoqo). Ho e-na le hoo, Johanne o ne a bolela hore ha baa lokela ho lumelisa motho ea joalo ka khaiʹro, “lumela” e tloaelehileng.b

Ho teba ha keletso ena ho totobala Mantsoeng a Johanne: “Hobane ea mo lumelisang o kopana le eena ketsong tsa hae tse mpe.” Ha ho Mokreste oa ’nete ea neng a ka rata ha Molimo o mo talima e le ea kopanelang liketsong tse khopo ka ho tloaelana le mofosi ea lelekiloeng kapa le ea qhetseng phutheho ea Hae. Ho molemo hakaakang ho kopanela boeneng ba Bokreste bo lerato, joalokaha Johanne a ngotse: “See re se boneng, see re se utloileng ke sona seo re le bolellang sona, hore le lōna le tle le be le kopano le rōna; ’me kopano ea rōna re na le eona le Ntate, le Mora oa hae Jesu Kreste.”—1 Johanne 1:3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Webster’s New Collegiate Dictionary e re “bokoenehi” ke “1: tatolo ea tumelo ea bolumeli 2: ho lahla botšepehi ba pele.”

b Mabapi le tšebeliso ea khaiʹro ho 2 Johanne 11, R. C. H. Lenski o-oa hlalosa: “[E] ne e le tumeliso e tloaelehileng ha ho kopanoa kapa ho arohanoa. . . . Mona kutloisiso ke hore: U se ke ua lumelisa le molichaba ka tumeliso ena! Hona ho se ho u etsa ea kopanelang mesebetsing e khopo eo a tlileng ka eona. Johanne o [bua] . . . ka tumeliso ea mofuta ofe kapa ofe.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela