Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 8/1 maq. 8-9
  • Bophelo ba Jesu ba Pele Lelapeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo ba Jesu ba Pele Lelapeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo ba Jesu ba Bonyenyaneng Lapeng
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Holela Nazaretha
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae, a le Hlokomela a ba a Tiisetsa
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a Sireletsa, a Hlokomela a ba a Tšoara ka Tieo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 8/1 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae

Bophelo ba Jesu ba Pele Lelapeng

HA JESU a hōla Nazaretha, ke motse o monyenyane, o sa tumang. O hahuoe maralleng a naha sebakeng se bitsoang Galilea, ha o hōle haholo le Phula e ntle ea Jezreele.

Ha Jesu a le lilemo tse ka bang peli, Josefa le Maria ba mo tlisa moo ho tsoa Egepeta, ’me ho bonahala hore nakong eo e ne e le eena ngoana feela oa Maria. Empa e seng ka nako e telele. Hamorao, Jakobo, Josefa, Simeone le Judase ba hlaha, ’me Maria le Josefa ba e-ba le banana. Bonyane Jesu o bile le baena ba tšeletseng le likhaitseli.

Jesu o ne a e-na le beng ka eena ba bang. Re tseba motsoal’a hae e moholo Johanne, ea lulang sebakeng se hōle koana Judea. Empa mong ka eena ea lulang haufinyane le Galilea ke Salome, khaitseli ea Maria. Salome o ne a nyetsoe ke Zebedea, ’me bashemane ba bona ba babeli, Jakobo le Johanne, e ne e le bo-motsoal’a Jesu. Ha re tsebe haeba, nakong eo Jesu a neng a hōla, a lutse nako e telele le bashemane bana, empa hamorao ba fetoha metsoalle ea hae e haufi, joalokaha re tla bona.

Ha hlokahala hore Josefa a sebetse ka matla ho fepa lelapa la hae le hōlang. Ke ’metli. Josefa o hōlisa Jesu joaloka ea tsoileng thekeng la hae, ka hona Jesu o bitsoa ‘mor’a ’metli.’ Josefa a ruta Jesu ho ba ’metli, ’me a ithuta hantle. Ke ka baka leo hamorao batho ba neng ba re ka Jesu, ‘Enoa ke ’metli.’

Bophelo ba lelapa la Josefa bo haheletsoe borapeling ba Jehova Molimo. Josefa le Maria ba boloka molao oa Molimo ka hore ba rute bana ba bona lintho tsa moea ‘ha ba lutse tlung ea bona, ha ba tsamaea tseleng, leha ba robala, leha ba tsoha.’ Mono Synagogeng ea Nazaretha, re ka tiisa hore Josefa o ne a isa lelapa la hae kamehla ho ea rapela teng. ’Me ha ho pelaelo hore ba ne ba thaba haholo maetong a kamehla a ho ea Jerusalema tempeleng ea Jehova, kamoo re tla ithuta kateng sehloohong se latelang. Mattheu 13:55, 56; 27:56; Mareka 15:40; 6:3; Deuteronoma 6:6-9.

◆ Jesu o bile le baena le likhaitseli tse kae, ’me mabitso a ba bang ke bo-mang?

◆ Bo-motsoala ba bararo ba Jesu ba tsebahalang e ne e le bo-mang?

◆ Mosebetsi oa matsoho oa Jesu ebile ofe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela