Mokhoa oa ho Mamella Bomalimabe
“LE TLA boloka meea ea lōna ka sebete [“mamello,” NW] sa lōna.” Jesu Kreste o buile mantsoe ao ha a ne a fana ka boprofeta ba hae mabapi le ‘nako ea bofelo.’ (Luka 21:19; Daniele 12:4) Polelong ea hae, ho totobala lintlha tsena tse peli: (1) Mamello e-ea hlokahala bakeng sa ho boloka bophelo ba rōna, le (2) re ka khona ho mamella.
Empa u ka mamella joang? Ho arabela potso ena, pele re lokela ho tseba hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumelletse mahlomola le mahloriso hore li oele bahlanka ba hae.
Mahlomola le Mahloriso—Hobane’ng?
Lebaka le ka sehloohong ke hore Satane o phephelitse tokelo le ho loka tsa borena ba Jehova. (Genese 3:1-19) Jehova o lokiselitse ho tobana le phephetso ena molemong oa lebitso la hae le molemong oa ba bang.
Molimo o boetse o lumelletse hore batho ba oona ba utloe bohloko ka merero e ka ipakang e le molemo haholo ho rōna haeba re talima ho tujoa ho joalo ka tsela e nepahetseng. Ka mohlala, haeba re mamella ha re le tlas’a teko re sa hloname ka hore re malimabe, re paka hore tumelo ea rōna ke ea ’nete, mofuta oa tumelo e khahlisang Molimo. (1 Petrose 1:6, 7; Ba-Heberu 11:6) Empa ho tujoa ho ka boetse hoa hlahatsa mefokolo ea botho e kang boikhohomoso, ho hloka mamello, le ho rata boiketlo. Ka thuso ea moea oa Molimo, re ka sebeletsa ho hlōla mekhoa e joalo ’me ra ‘ikapesa ka botho ho bocha’ ka mokhoa o feletseng.—Ba-Kolosse 3:9-14.
Mopesaleme o re hlakisetsa ntlha ena hantle haholo, o re: “Ho molemo ho ’na ha ke bile ka kokobetsoa [“tujoa,” NW], ke tle ke ithute ho mamela likomelo tsa hao.” (Pesaleme ea 119:71) Ke tsela e molemo hakaakang ea ho talima ho tujoa! Ha ho pelaelo kapa ho korotla. Ha ho kameho ea boithati bakeng sa tahlehelo leha e le efe ea botho e ka ’nang eaba e bakiloe ke ho tujoa hoo. Ho e-na le hoo, ke ho hlokomela ka bohlale hore seo Jehova a se lumelletseng hore se oele mopesaleme se ne se ka mo thusa ho ananela likomelo tsa Jehova ka botlalo. Na re lumella ho utloa bohloko hore ho be le phello e tšoanang ho rōna?
Moapostola Pauluse o ile a rua molemo mahlomoleng ao a fetileng ho oona seterekeng sa Asia. Ka lebaka le le leng, bomalimabe bona bo ile ba mo etsa hore a itšetlehe ka Jehova ka ho feletseng haholoanyane. Bo bile ba totobatsa tumelo ea moapostola tsohong, hobane o mamelletse mathata a hae a tšepile “Molimo o tsosang bafu” ka ho feletseng. (2 Ba-Korinthe 1:8-10) E, Pauluse o ile a thabela melemo ka baka la ho mamella mahlomola hoa hae.
Ke ’nete le ka Bakreste bao ba nang le pono e nepahetseng ea ho tujoa kajeno. Zimbabwe, naha e kileng ea hlaseloa ke ntoa ea bokhukhuni, phutheho ea batho ba Jehova e ile ea fallisetsoa motseng o tšireletsehileng. Ka baka la maemo a nako ea ntoa, e mong le e mong oa baholo ba khethiloeng ka phuthehong o ne a shoetsoe ke ngoana. Ho feta moo, batho ba moo ba ne ba hatella batsoali bana ba Bakreste haholo hore ba sekisetse tumelo ea bona ka ho khutsisa meea eo ho thoeng e halefisitsoe. Baholo ba ile ba ikutloa joang ka see? E mong ha a ba buella ka boraro o itse: “Ha sechaba se le ntoeng, le rōna re ntoeng le meea e khopo. Re na le monyetla oa ho hlōla sera [makhotla a khopo a moea] ka hore re na le tšepo, le hona e phelang. Ka hona, leha re ka shoela ntoeng, hafeela re e-shoa re tšepahetse ho Jehova, re tla tsosoa. Re tla be re hlōtse sera.” Banna bana ba tšepahalang ba bararo ha ho mohla ba kileng ba lahleheloa ke pono ka matla a Jehova a ho lokolla. Le rōna, ka ho hlokomela boemo ba bona bo tiileng re lokela ho kholiseha hore re ka mamella!
Ha Mahloriso a le Sehlōhō
U ka ’na ua botsa, ‘Empa ho thoe’ng haeba mahloriso a le sehlōhō, ha ho sebelisoa mekhoa e sehlōhō ea ho hlokofatsa? Na leha ho le joalo re ka mamella ’me ra se ke ra lahleheloa ke tumelo ea rōna?’ Koana, Bakreste ba pele ba ile ba khona ho mamella tšoaro e sehlōhō ba sa sekisetse tumelo ea bona.
Ka ho tšoanang, tumelo e tletseng ho Jehova e ile ea bontšoa ke Mokreste oa kajeno ea phelang libakeng tse kathōko Zimbabwe. Ka lekhetlo le leng o ne a le mong hobane mosali oa hae a ne a etetse morali oa bona ea nyetsoeng. Ka tšohanyetso, a emisoa ke banna ba bang ba hlometseng ba ileng ba mo qosa ka qoso ea bohata ka lebaka la boemo ba hae ba Bokreste. Hoba ba mo otle hampe-mpe, banna bana ba tlamella litene tse khubelu ke ho chesa pakeng tsa maoto a hae ’me ba boetse ba mo etsa hore a tsamaee holim’a tsona. Joale eaba ba mo sia a le mong hore a shoe. Kaha ho fetoha hoa maemo ka tšohanyetso sebakeng seo ho ne ho entse hore ho tsamaea ho be thata, mosali oa monna eo o ne a sa hlokomele hore monna oa hae o tsietsing. Baahelani ba ile ba laeloa hore ba tla bolaoa haeba ba ka mo thusa. Kahoo a lula a le mong boemong bo joalo ka likhoeli tse tharo hantle, a lebelletse ho shoa tsatsi le leng le le leng.
Monna enoa oa Mokreste ea mahlomoleng o ile a khona ho iphepa ka metsi le phoofo ea poone e neng e le lapeng ha hae. Empa ka baka la tšoaro e mpe eo a e fumaneng, o ne a sitoa ho tsamaea. Ka hona, ha patsi e haufi le eena e fela, a tlameha ho roba litulo tsa hae ’me a li sebelisa bakeng sa ho pheha. Metsi a e-ba mafome ’me a tlala liboko. Ho cha hoa hae hoa ’na hoa hlehla.
Bona e ne e le boemo ba moena enoa ha mosali oa hae qetellong a khona ho khutlela hae kamor’a likhoeli tse tharo. U ka inahanela hore na o ile a ikutloa joang ha a ’mona! Kapele-pele, a etsa litokisetso tsa ho mo isa sepetlele. Ho etsa sena, o ile a tlameha ho mo nka ka kiribae ho mo isa seemelong sa libese se haufi ’me ho tloha moo ho mo isa toropong moo ho neng ho e-na le sepetlele. Kamor’a libeke tse tharo, o ile a lokolloa sepetlele ’me a ea ha morali oa hae, moo a ileng a fumana thuso ea moea le khothatso tse tsoang ho litho tsa phutheho ea Lipaki tsa Jehova e sebakeng seo.
Ke eng e ileng ea thusa motšehetsi eo ea tšepahalang oa ’Muso oa Molimo ho mamella tšoaro e joalo e sehlōhō? Ka likhoeli tse tharo o ne a le mong too. Ka ho feletseng o ne a lebelletse ho shoa. Empa leha ho le joalo, ha a botsoa hore na o ne a ikutloa joang nakong ea teko ena, o ile a arabela ka hore, “Ke ne ke ikutloa hore Jehova o na le ’na ka linako tsohle.” O ne a sa korotlele bahlorisi ba hae kapa ho llela se mo hlahetseng—a kholisehile ka ho tiileng hore ha ho mohla Jehova a lahlang bahlanka ba hae ba tšepahalang.—Pesaleme ea 37:28.
E, Bakreste ba ka mamella. Baa tseba hore haeba Jehova a lumella mahlomola, ke ka morero o motle, ’me ho mamella ho ka khoneha. Lentsoe la Molimo le liphihlelo tsa ba bang li re tiisetsa ’nete ea sena. (Mattheu 24:13) Leha ho le joalo, hangata ha re mamella liteko, re hloka ho tšelisoa, na ha ho joalo? Empa re lokela ho retelehela kae bakeng sa matšeliso a joalo?