Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae
Kolobetso ea Jesu
HOO e ka bang likhoeli tse tšeletseng hoba Johanne a qale ho bolela, Jesu, eo joale a leng lilemo li 30, o tla ho Johanne Jordane. Ka lebaka lefe? Ho mo chakela ka setsoalle? Na Jesu o mpa a thahaselletse feela hore na mosebetsi oa Johanne o tsoela pele joang? Che, Jesu o kōpa Johanne hore a mo kolobetse.
Hang-hang Johanne o-oa hana. O-oa botsa: “Ke ’na ke tšoanetseng ho kolobetsoa ke uena, ’me u tla ho ’na na?” Johanne o-oa tseba hore motsoal’ae Jesu ke Mora ea khethehileng oa Molimo. Johanne o ne a ile a hlasimoloha ke thabo ka mpeng ea ’mè oa hae ha Maria, eo e neng e le moimana oa Jesu, a ba etetse! Ha ho pelaelo hore ’mè oa Johanne Elizabetha hamorao o ile a mo bolella sena. Le hore o ne a tla boela a mo bolelle ka tsebiso ea lengeloi ea ho tsoaloa hoa Jesu le ka ho hlaha hoa mangeloi ho balisana bosiung ba ho tsoaloa hoa hae.
Ka hona Johanne o tseba Jesu. ’Me Johanne o-oa tseba hore kolobetso ea hae ha e tšoanele Jesu. Ke bakeng sa ba bakang libeng tsa bona, empa Jesu ha a na sebe. Empa, ho sa tsotellehe ho hana hoa Johanne, Jesu o-oa tsitlella: “Ntumelle joale; hobane e ka khona re phethe joalo ho lokelang hohle.”
Ke hobane’ng ha ho nepahetse hore Jesu a kolobetsoe? Hobane kolobetso ea Jesu hase tšoantšetso ea ho baka libeng, empa ea ho itlhahisa hoa hae ho etsa thato ea Ntate oa hae. Jesu e ne e le ’metli, empa joale nako ea hae e fihlile ea hore a qale tšebeletso eo Molimo o mo rometseng ho tla e etsa lefatšeng. Na u nahana hore Johanne o ne a lebelletse hore ho etsahale mohlolo o mong o itseng ha a kolobetsa Jesu?
Hamorao Johanne o ile a tlaleha: “Eo u tla bona Moea o theohela ho eena, ’me o lula holim’a hae, ke eena ea kolobetsang ka Moea o Halalelang.” Ka hona Johanne o ne a lebelletse hore moea oa Molimo o theohele holim’a e mong eo a mo kolobetsang. Ka hona, mohlomong o ne a hlile a sa makala ha Jesu a e-tsoa metsing ’me, ‘moea oa Molimo o theohela holim’a hae o ka leeba.’
Empa ho fetang hoo ho ile hoa etsahala kolobetsong ea Jesu. Maholimo a ile a phetleloa Jesu, ’me lentsoe la re: “Enoa ke mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” E ne e le lentsoe la mang? Na e ne e le la Jesu? Le hanyenyane! E ne e le la Molimo. Ka ho hlakileng, Jesu ke mora oa Molimo, e seng Molimo ka boeena, joalokaha ba bang ba bolela. Mattheu 3:13-17; Luka 3:21-23; 1:34-36, 44; 2:10-14; Johanne 1:32-34; Ba-Heberu 10:5-9.
◆ Ke hobane’ng ha Johanne a ne a tseba Jesu?
◆ Kaha Jesu ha a ka a etsa sebe, ke hobane’ng ha a ne a kolobetsoa?
◆ Ka baka la seo Johanne a neng a se tseba ka Jesu, ke hobane’ng ha e ka ’na eaba ha a makala ha moea oa Molimo o theohela holim’a Jesu?