Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 9/15 maq. 14-19
  • Bahlanka ba Sebeletsang Lehlohonolo ho Batho ba Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bahlanka ba Sebeletsang Lehlohonolo ho Batho ba Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ba Tšoanetse ho Lekoa Pele”
  • Ba Thusitsoe ke Tšebeletso ea Nako e Tletseng
  • Litšoanelo tsa Bahlanka ba Sebeletsang
  • Ba Tšoaneleha Joang?
  • Bahlanka ba Sebeletsang ba Etsa Mosebetsi oa Bohlokoa
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Bahlanka ba Sebeletsang Bolokang Boemo bo Botle!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Mosebetsi oa Bahlanka ba Sebeletsang ke Ofe?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Ho Boloka Kutloano Pakeng tsa Baholo le Bahlanka ba Sebeletsang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 9/15 maq. 14-19

Bahlanka ba Sebeletsang Lehlohonolo ho Batho ba Jehova

“Le bona ba tšoanetse ho lekoa pele, ba ntoo beoa bahlanka, ha ba se na sekoli.”—1 TIMOTHEA 3:10.

1. Ke bo-mang ba thusang ho tiisa thabo le bonngoe ba phutheho?

JEHOVA ke “Molimo o thabileng,” ’me o rata hore bahlanka ba hae le bona ba thabe. (1 Timothea 1:11, NW) Ka baka leo, o fane ka baholo le bahlanka ba sebeletsang bakeng sa ho hlohonolofatsa batho ba hae. Banna bana ba ikarabellang ba sebeletsa merero e molemo ’me ba thusa ho tiisa thabo, bonngoe le tšebetso e mofuthu ea phutheho ea Bokreste. Lipaki tsa Jehova li leboha hakaakang tšebeletso e lerato le e thusang e etsoang ke bakhethoa baa kahare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo!

2. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho ba le boikutlo bofe, empa le kamohla ha ba lokela ho felloa ke pono ea eng?

2 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe tlatsetso ea bohlokoa eo baholo le bahlanka ba sebeletsang ba e etsetsang phutheho, ha baa lokela ho hōlisa bohlokoa ba bona. Ba tlameha ho hopola hore Jesu Kreste o ile a eletsa balateli ba hae hore ba ikokobetse. O kile a re ho bona: “E mong le e mong ea ikokobetsang joale ka ngoana enoa, ke eena eo e leng e moholo ’musong oa maholimo.” (Mattheu 18:4) Le morutuoa Jakobo o ngotse: “Ikokobetseng pel’a Morena, ’me o tla le phahamisa.” (Jakobo 4:10; Ba-Roma 12:3) Empa ho ba le boikutlo ba boikokobetso ha ho hloke hore banna bana ba nyenyefatse bohlokoa ba mosebetsi oa bona e le baholo le bahlanka ba sebeletsang. Ba ka ’na ba ikokobetsa ba ba ba etella pele litšebeletsong tsa tšebeletso. Le kamohla ha baa lokela ho felloa ke pono ea merero e molemo e sebeletsoang ke litšebeletso tsa bona, empa kamehla ba lokela ho hopola tlamo ea bona, ho Jehova le ho baena ba bona ba Bakreste, hore ba etse sohle se matleng a bona ho phethahatsa litšoanelo tsa bona.

3. Tšebetso e kopaneng har’a Lipaki tsa Jehova e ka bapisoa le eng, hona banna ba inehetseng ba ka phahamisa bonngoe bo joalo joang le ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso?

3 Tšebetso e kopaneng har’a Lipaki tsa Jehova kajeno e ka bapisoa le bonngoe bo ’meleng oa motho. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o tšoantšitse ’mele oa moea oa Kreste le ’mele oa motho o entsoeng ka litho tse ngata. Empa bakeng sa ho etsetsana melemo, litho tsohle tsa ’mele li sebetsa hammoho. (1 Ba-Korinthe 12:12-31) ’Me, ka sebele baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethiloeng ke lehlohonolo ho batho ba Jehova, hobane banna bana ba ntšetsa pele tšebetso e kopaneng ea phutheho ea Bokreste kajeno. (Bapisa Ba-Kolosse 2:18, 19, NW.) Litho tse tona tse inehetseng tsa phutheho tse loanelang ho tšehetsa tokisetso ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka ho “rata bolebeli” li etsa tlatsetso ea bohlokoa bonngoeng ba Bokreste le ho ntšetseng pele lithahasello tsa ’Muso. (1 Timothea 3:1) Empa tabeng ea pele, monna oa Mokreste o tšoaneleha joang ho ba mohlanka ea sebeletsang?

“Ba Tšoanetse ho Lekoa Pele”

4. (a) Ke hobane’ng ha ba lebelletsoeng ho ba bahlanka ba sebeletsang ba “tšoanetse ho lekoa pele”? (b) Banna baa ba lokela ho ithaopela ho etsa eng?

4 Moapostola Pauluse o ile a bolella mosebetsi-’moho le eena Timothea se neng se hlokoa pele banna ba ka khethoa e le bahlanka ba sebeletsang. Har’a lintho tse ling, Pauluse o ngotse: “Le bona ba tšoanetse ho lekoa pele, ba ntoo beoa bahlanka, ha ba se na sekoli.” (1 Timothea 3:10) Hona ho tla thibela ho khethoa hoa banna ba sa tšoanelehang, ba sa khahlametseng litlhoko tse itseng tsa motheo tsa Mangolo. Hape ho ne ho tla lumella nako ea ho rera maikutlo a ba lebelletsoeng ho ba bahlanka ba sebeletsang. Ka sebele, banna bana ha baa lokela ho susumelletsoa ke takatso ea ho fumana botumo, hobane hoo ho ne ho tla bontša ho haelloa ke boikokobetso. Ho e-na le hoo, ho hlokomela ’nete ea hore ho inehela hoa Mokreste ho Molimo ke ho feletseng le hoa pelo eohle, moena o lokela ho ithaopela ho sebeletsa tekanyong leha e le efe eo Jehova a bonang ho loketse hore a ka sebetsa ho eona mokhatlong o hlophisitsoeng oa Hae. E, ba lebelletsoeng ho ba bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho ba ba ithaopelang ho sebeletsa joaloka Esaia ea tšepahalang, ea itseng: “Ke ’na enoa, roma ’na!”—Esaia 6:8.

5. (a) Ke eng e hlokoang ho bahlanka ba sebeletsang e beiloeng ho 1 Timothea 3:8? (b) Ho bolela eng ho ‘nka lintho ka ho teba’? (c) Pauluse o ne a bolela eng ha a re bahlanka ba sebeletsang ha baa tlameha ho ba “le maleme a mabeli”?

5 Pauluse o hlalositse: “Bahlanka [ba sebeletsang] le bona e be banna ba bokhabane [“ba nkang lintho ka ho teba,” NW], ba se ke ba e-ba le maleme a mabeli, ba se ke ba hlanyetsa veine, ba se ke ba batla leruo ka thetso.” (1 Timothea 3:8) Le hoja bahlanka ba bang ba sebeletsang ba ka ’na ba e-ba banyenyane ha ho bapisoa, hase bacha ’me ba tlameha ho ‘nka lintho ka ho teba.’ Ba tlameha ba be ba ithutile ho talima litaba tsa bohlokoa ka ho teba. (Bapisa Liproverbia 22:15.) E tlameha ho ba ba tšepahalang le ba seli, e se be banna ba sekametseng ho nka boikarabelo habobebe. Ka sebele, ba lokela ho tšepjoa, ba nka mesebetsi ea bona ka ho teba. Ho feta moo, ke eng eo ba ka amehang ka eona ka ho tebileng ho feta tšebeletso e halalelang ho Jehova? Ke taba ea bophelo le lefu—bakeng sa bona le ba bang. (Bapisa 1 Timothea 4:16.) Ho feta moo, ka hore bahlanka ba sebeletsang ba se ke ba e-ba le “maleme a mabeli,” Pauluse o ne a bolela hore e be ba tobang taba le ba nang le ’nete, e se ba sebang, baikaketsi, kapa ba khopo.—Liproverbia 3:32.

6. Litsela tse ling ke life tseo bahlanka ba sebeletsang ba lokelang ho bontša ho itekanela ho tsona?

6 Ho itekanela ho hotle ke tlamo bophelong ba botho ba banna ba tšoanelehang ho ba bahlanka ba sebeletsang. Ka ho hlakileng Pauluse o ne a bolela hore ba tlameha ho qoba botahoa, meharo le ho se tšepahala ha a ne a re “ba se ke ba hlanyetsa veine” kapa “ba batla leruo ka thetso.” Hape banna bana ba Bakreste ba tlameha ho qoba ho fana ka maikutlo a hore ba thahasella boithabiso kapa lintho tse bonahalang ka ho feteletseng. Kamehla ba lokela ho loanela ho bea litaba tsa moea pele bophelong. Hona ho tla ba thusa ho boloka “letsoalo le hloekileng” kapel’a batho ba bang le, hoa bohlokoahali, mahlong a Molimo.—1 Timothea 3:8, 9.

7. (a) Ke hobane’ng ha ho ka thoe boikarabelo ba bahlanka ba sebeletsang ha boa rereloa bacha? (b) ’Nete ea ho ba lesooa hoa mohlanka ea sebeletsang e ka ’na ea senola eng ka eena?

7 Boikarabelo bo boima bo holim’a bahlanka ba sebeletsang ha boa rereloa bacha. Banna bana ho buuoa ka bona ka Mangolong e le ba lilemong tsa hore ba ka nyala ’me ba e-ba le malapa. Tlas’a maemo a joalo, ba ne ba tla lokela hore ebe ba “busang bana ba bona hantle le matlo a bona.” (1 Timothea 3:12) Na hoo ho bolela hore mohlankana o ne a ke ke a khona ho ba mohlanka ea sebeletsang ho fihlela a nyala le ho hōlisa lelapa? Che, le hanyenyane. Ha e le hantle, ho ba leqe hoa hae ho tatela lenyalo ntle ho litokisetso tse lekaneng kapa pele a fumana molekane ea tšoanelehang ea kolobelitsoeng oa Mokreste ho ka ’na hoa senola khōlo e itseng e hlokahalang bakeng sa ho hlokomela litaba tsa botho le tse tebileng ka ho fetisisa tsa boikarabelo ba phutheho.

8. Mabapi le 1 Timothea 3:13 le Mattheu 24:14 ke boikarabelo bofe bo holim’a bahlanka ba sebeletsang?

8 Pauluse o boletse hore “ba sebelitseng tsa bohlanka boo hantle, ba ithuetse boholo bo molemo, le bonatla bo boholo [“bolokolohi bo boholo ba puo,” NW] tumelong e ho Jesu Kreste.” (1 Timothea 3:13) Tsela e ’ngoe eo ba ka bontšang “bolokolohi bo boholo ba puo” bo hlokahalang ke ka ho nka karolo e khōlō ho boleleng “Evangeli ena ea ’muso.” (Mattheu 24:14) Ba lokela ho hlokomela hore ba arolelana boikarabelo bona le baholo bakeng sa ho etella pele ho boleleng ka ntlo le ntlo le ho nka karolo litšobotsing tse ling tsa tšebeletso. (Liketso 5:42; 20:20, 21) Ha tsamaiso ea Satane e khopo e atamela bofelo ba eona ka potlako, mosebetsi oa ho bolela o potlakile ho feta leha e le neng pele. Ka hona, bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho boloka ho potlaka hoa mosebetsi ona oa ho bolela ka ’Muso ka pel’a phutheho ka ho bea mohlala oa botho o babatsehang tšebeletsong ea tšimo.

Ba Thusitsoe ke Tšebeletso ea Nako e Tletseng

9. Ha re talima ho potlaka hoa mehla ea rōna, Bakreste ba bangata ba nkile tšebeletso efe?

9 Ha ba talima ho potlaka hoa mehla ea rōna e thata, banna le basali ba bangata ba Bakreste ba nkile tšebeletso ea nako e tletseng. Ba bangata, ba bitsoang bo-pulamaliboho, ba senya palo-hare e pakeng tsa lihora tse peli le tse hlano mosebetsing oa ho bolela letsatsi ka leng, ba bang ba bona e le baromuoa linaheng lisele. Ba bang ba sebeletsa ka nako e tletseng ntlo-khōlō ea Watch Tower Society kapa liofising tsa eona tsa makala lefatšeng lohle. Tšebeletso ea bona ke mohloli oa thabo le khotsofalo ho bona le ho bao ba ba sebeletsang. ’Me mabakeng a mangata phihlelo ea tšebeletso ea nako e tletseng e thusitse banna ho haha litšoaneleho tse hlokahalang bakeng sa ho sebeletsa phutheho hamolemo e le bahlanka ba sebeletsang.

10, 11. Joalokaha ho bontšitsoe ka lipolelo tsa botho tse qotsitsoeng mona, banna ba lakatsang ho ba bahlanka ba sebeletsang ba ka ’na ba rua molemo joang tšebeletsong ea nako e tletseng?

10 E mong eo e kileng ea e-ba mohlanka ea sebeletsang, eo hajoale e leng moholo phuthehong Berlin, Jeremane, o bua tjena ka mosebetsi oa bopula-maliboho oo a ileng a o nka lilemong tse fetileng esale mohlankana: “Nka re ke bohato boo ke e-song ho ka ke ikoahlaela bona le kamohla. Jehova o ntlhohonolofalitse. Kamano ea ka le eena e bile e atamelaneng haholo.” E, joaloka ba bang ba likete, moena enoa o ile a sibolla hore tšebeletso ea nako e tletseng e ka tebisa kamano ea motho le Jehova le ho potlakisa tsoelo pele ho ea khōlong ea Bokreste.

11 Pula-maliboho e mong oa nako e tletseng o-oa hlalosa kamoo tšebeletso ea nako e tletseng e mo thusitseng kateng. O re: “Ke ile ka kokobela ’me ka ba ea itekanetseng haholoanyane mabapi le ho potlakela ho ahlōla. Ke ne ke thabile haholoanyane ’me ke khona ho tenyetseha ho sebelisana le batho ba mefuta e sa tšoaneng.” Na tsee hase tse ling tsa litšoaneleho tse hlokoang ke banna ba lakatsang ho sebeletsa e le bahlanka ba sebeletsang?

12. (a) Ke menyetla efe e teng ea ho nka karolo tšebeletsong ea nako e tletseng? (b) Ho nka karolo tšebeletsong ea nako e tletseng ho hloka matla afe a neng a tla thusa mohlanka ea sebeletsang ho phetha litšoanelo tsa hae?

12 Ho nka karolo tšebeletsong ea nako e tletseng, haeba boikarabelo ba Mangolo bo u lumella, ho ka sebeletsa e le monyetla o babatsehang bakeng sa banna ba Bakreste hore ba ‘lekoe pele.’ Ba bang ba ka nka tšebeletso e joalo motheong oa kamehla, ba bang nako le nako. Bacha ba ka ’na ba ho etsa nakong ea phomolo ea sekolo, ’me ba baholo ha ba le phomolong kapa ka linako tse ling tse tšoanelehang nakong ea selemo. Ha e le hantle, ho nka karolo tšebeletsong ea nako e tletseng ho hloka ho itekanela le ho rera ka hloko. Litšoaneleho tsena li hlokoa ke mohlanka ea sebeletsang ’me li tla mo thusa ho phetha litšoanelo tsa hae. Litšoanelo life?

Litšoanelo tsa Bahlanka ba Sebeletsang

13. Liketso 6:1-6 e hlahisa eng mabapi le mofuta oa mosebetsi o abeloang bahlanka ba sebeletsang?

13 Le hoja Liketso 6:1-6 e sa sebetse ka ho toba bakeng sa ho khethoa hoa bahlanka ba sebeletsang, seo e se buang mono se hlahisa mofuta oa mosebetsi kapa litšoanelo tseo ka tloaelo li abeloang bahlanka ba sebeletsang. ‘Banna ba supileng ba tšepjoang’ bao ka nako eo ba ileng ba khetheloa ho aba lijo e seng ho laea balumeli hammoho le bona, ba ile ba lokolla baapostola hore ba ‘inehele thapelong le tšebeletsong ea Lentsoe.’ Ka ho hlokomela litšoanelo tse tšoanang kajeno, bahlanka ba sebeletsang ba fa baholo nako e eketsehileng bakeng sa ho lisa le ho ruta “mohlape oa Molimo.”—1 Petrose 5:2, 3.

14. Ke litšoanelo life tse sa tšoaneng tse ka ’nang tsa abeloa bahlanka ba sebeletsang?

14 Mabapi le litšoanelo tsa bahlanka ba sebeletsang, buka Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna e re: “Mohlanka e mong ea sebeletsang a ka ’na a khetheloa ho hlokomela libuka tsa phutheho, a re nolofaletsa kaofela ho fumana libuka tseo re li hlokang molemong oa rōna le bakeng sa tšebeletso ea tšimo. E mong a ka hlokomela limakasine tsa phutheho. Ba bang ba abeloa mesebetsi ea ho boloka litlaleho tse kang lichelete tsa phutheho kapa ho aba tšimo, kapa ba sebelisetsoa ho sebelisana le libuela-hole, ba hlokomele sethalla kapa mohlomong ba thuse baholo ka litsela tse ling. Ho na le mosebetsi o mongata o etsoang ho boloka Holo ea ’Muso e hlokomelehile le ho hloekisoa, kahoo hangata bahlanka ba sebeletsang ba biletsoa ho thusa ho hlokomela boikarabelo bo joalo. Bahlanka ba sebeletsang hape ba abeloa ho sebetsa e le bahlokomeli, ba amohele ba bacha le ho thusa ho boloka taolo libokeng tsa phutheho.”—Maqephe 57-8.

15. (a) Ho sebeletsa hamolemo u le mohlanka ea sebeletsang, ho hlokahala eng ntle ho ho khona? (b) Le hoja bahlanka ba sebeletsang ba ikarabella linthong tse sa tšoaneng, ba lokela ho ameha ka eng haholo-holo?

15 Na mosebetsi o joalo o ka etsoa ke moena leha e le ofe ea ka o khonang? Che, hobane ‘banna ba tšepjoang’ ba ileng ba khethoa lekholong la pele la lilemo Jerusalema e ne le ba “tletseng Moea o Halalelang le hlalefo,” kapa e le ‘ba molemo le ba sekametseng moeeng.’ (Liketso 6:3, Phillips) Esita le haeba e ne e se e ntse e le banna ba hōlileng kahare ho batho ba Jehova, ba ile ba abeloa mosebetsi o tšoanang le o etsoang ke bahlanka ba sebeletsang hona joale. Ka hona hore bahlanka ba sebeletsang ba kajeno ba phethe litšoanelo tsa bona hamolemo, ba tlameha hore ebe ‘ba molemo le ba sekametseng moeeng.’ Ha ba tšoarehile ke mesebetsi ea mokhatlo o hlophisitsoeng, thahasello ea bona e ka sehloohong e lokela ho ba ho sebeletsa batho ka litsela tse molemo tsa moea.

16. Haeba ho se na baholo ba lekaneng ka phuthehong, bahlanka ba sebeletsang ba ka ’na ba abeloa litšoanelo life?

16 Kaha bahlanka ba sebeletsang ba tlameha ho ba ba sekametseng moeeng, ka linako tse ling ba ka ’na ba sebelisoa bakeng sa mosebetsi oo ka tloaelo o etsoang ke baholo. Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, (leqephe 59) e-ea hlalosa: “Haeba ho se na baholo ba lekaneng ho tsamaisa Lithuto tsa Buka tsa Phutheho, bahlanka ba bang ba sebeletsang ba tšoanelehang ba sebelisoa e le batšoari ba thuto ho hlokomela lihlopha tseo ba li abetsoeng. Ba ka ’na ba abeloa ho nka likarolo Sebokeng sa Tšebeletso le Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo le ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa liphuthehong tsa habo bona. Litokelo tse ling li ka neoa bahlanka ba bang ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo e khethehileng ’me hape ba tšoaneleha bakeng sa kabelo eo.—Bapisa 1 Petrose 4:10.”

17. Setefane e ne e le monna oa mofuta ofe, hona hoo ho hlahisa lipotso life mabapi le bahlanka ba sebeletsang?

17 E mong oa ‘banna ba supileng ba tšepjoang’ ba mehleng ea Bibele e ne e le “Setefane, monna ea tletseng tumelo le Moea o Halalelang.” (Liketso 6:5) Pele a e-shoa e le moshoela-tumelo ea tšepahalang, Setefane o ile a fana ka bopaki bo susumetsang ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajode. Bala tlaleho ena ’me u tla kholiseha hore o ne a sekametse moeeng, e le paki e totobetseng e amohelang tataiso ea moea o halalelang oa Molimo ’me a ithaopela ho tela bophelo ba hae tšebeletsong ea Jehova. (Liketso 6:8–7:60) Haeba u mohlanka ea sebeletsang, na u nka litšoanelo tsa hao tsa phutheho le tšebeletso ea tšimo ka ho teba joalokaha ka ho totobetseng Setefane a ile a nka boikarabelo ba hae le tokelo ea hae ea ho bua ’nete?

Ba Tšoaneleha Joang?

18. Ho ka thoe’ng ka mesebetsi ea bahlanka ba bangata ba sebeletsang, hona ba ka tiisetsoa eng?

18 Bahlanka ba bangata ba sebeletsang ba bea mohlala o motle bophelong ba Bokreste, ba hlokomela boikarabelo ba bona ba phutheho hantle haholo, ’me ba etella pele hantle tšebeletsong ea tšimo. Mosebetsi oa bona o ananeloa haholo ke barapeli hammoho le bona ’me o ke ke oa siuoa o sa putsoa ke Jehova, hobane Bakreste ba Baheberu ba ile ba tiisetsoa: “Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea lōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona, ha le babaletse bahalaleli, le joale le sa ba baballa.”—Ba-Heberu 6:10.

19. (a) Mohlanka e mong le e mong ea sebeletsang a ka ipotsa lipotso life? (b) Ke hobane’ng ha ho tla ba molemo ho buisana ka mathata a fihleloang ke bahlanka ba bang ba sebeletsang?

19 Leha ho le joalo, ke hantle ha mohlanka e mong le e mong ea sebeletsang a ipotsa: Ke tšoaneleha hakae litlhokahalong tsa Mangolo? Na ke hlile ke tlatsetsa bonngoeng ba phutheho? Na ke hlokomela litšoanelo tseo ke li abetsoeng hantle le ka mahlaha-hlaha? Na ke bea mohlala o motle tšebeletsong ea tšimo? Bahlanka ba bang ba sebeletsang ba tobane le mathata mabapi le ho tšoaneleha ka se hlokoang ho bona. Kahoo a re keng re buisaneng ka a mang a mathata ana. Ho etsa joalo ho ka thusa mohlanka e mong le e mong ea sebeletsang hore a “leke mesebetsi eo e leng ea hae.” (Ba-Galata 6:4) Hape ho lokela ho eketsa kananelo eo ba bang ba nang le eona bakeng sa mesebetsi e etsoang ke banna bana ba sebeletsang merero e molemo har’a Lipaki tsa Jehova ’me e le lehlohonolo la sebele ho batho ba Molimo.

Na U Ka Hlalosa?

◻ Bahlanka ba sebeletsang ke lehlohonolo joang ho batho ba Jehova?

◻ Tšebeletso ea nako e tletseng e ka thusa baena ba batlang ho ba bahlanka ba sebeletsang joang?

◻ Ke hobane’ng ha bahlanka ba sebeletsang ba tlameha ho ba ‘ba molemo le ba sekametseng moeeng’?

◻ Setefane ea tšepahalang e ne e le mohlala o motle joang bakeng sa bahlanka ba sebeletsang kajeno?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Baholo le bahlanka ba sebeletsang ke lehlohonolo phuthehong

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Tšebeletso ea bopula-maliboho ke koetliso e babatsehang bakeng sa ba lakatsang ho ba bahlanka ba sebeletsang kapa baholo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela