Bothata ba ho Alima
“Bothata ba ho alima chelete ke hore hang ha u e fumane, motho o qala ho nahana hore ke ea hae. Motho o-oa e tloaela, o e tšoara joaloka lelapa ’me mohlomong a ka khopeha kapa a lahleheloa ke pono ea ’nete ea hore ka letsatsi le leng e tla tlameha ho tloha kaofela ho etela e mong. Ho alima ho bonolo. Ho utloisang bohloko ke ho khutlisa.” Ke kamoo ho hlokometseng Parade, makasine ea litaba ea Sontaha, mabapi le bothata ba kelello ka ho alima chelete.
Leha ho le joalo, ho na le ho fetang hoo, ho feta taba ea kelello feela. Ho teng hape taba ea boitšoaro—tlamo ea ho khutlisa se alimiloeng. Ka hona re etsa hantle ho hopola pono ea Jehova ka ea alimang a sa khutlise. Lentsoe la Molimo le re: “E mobe oa alima, ’me ha a buse.”—Pesaleme ea 37:21.