Lefika le Ikhethang la Athene
KA BOPHIRIMA ho Qhobosheane e tummeng ea Athene ho na le lefika la lejoe la kalaka le arohantsoeng le Qhobosheane ke phulana leo Bagerike ba le bitsang Areopago. Boholo ba Iona hase bo tšosang hakaalo, bolelele ba Iona e ka ’na ea e-ba limithara tse 300 ’me bophara ba Iona bo ka ba ka holimonyana ho limithara tse 120 ’me bophahamo ba Iona e ka ’na ea e-ba limithara tse 115. Ho ikhethang ka lefika lena ke histori e sa tloaelehang e amanang le Iona ea lefatše le ea Bibele.
Lebitso Areopago le bolela “Leralla la Ares,” kapa “Leralla la Mars,” Mars e leng molimo oa ntoa oa Moroma o lekanang le Ares molimo oa ntoa oa Bagerike. Ho ea ka pale, nyeoe ea lekhotla ea pele, tabeng ea polao ea mohlolo har’a melimo, e ile ea tšoareloa mona. Ares o ne a qosoa ka ho bolaea mora oa molimo oa leoatle Poseidon. Ka hona lefika ea e-ba la bohlokoa litabeng tsa kahlolo le lipolotiking tsa Athene ea boholo-holo. Qetellong le ile la fetoha setsi sa lekhotla la pele la motse, le ileng la reoa lebitso la Lekhotla la Areopago, kapa feela Areopago.
E hlile ha ho tsebisisoe hantle hore na Lekhotla leo le qalile neng. Empa ho e ka bang lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., le ne le sebelisa matla a maholo holim’a litaba tsohle tsa motse, litho tsa Iona e le tse khethoang har’a baahi ba motse ba hlomphehang le barui, batho ba boemo. Leha ho le joalo, kamorao ho nako e itseng, boholo ba matla a Iona ba fetisetsoa ho baahloli ba motse le lekhotleng la sechaba. Matla a Iona a ne a fella linyeoeng tsa lipolao feela le litabeng tsa bolumeli le tsa thuto.
Ka mohlala, nakong ea Pericles (ho e ka bang ka 495-429 B.C.E.), ho ile hoa tlalehoa hore Baareopago ba ne ba qosa ba ileng ba silafatsa “lifate tse halalelang tsa mohloaare” tseo ho tsona ho neng ho ntšoa oli ea mohloaare bakeng sa tšebeletso e halalelang. Baareopago ba ne ba nkoa e le basireletsi le batšepuoa ba boitšoaro le bolumeli, ho sireletsa motse ‘melimong esele’ e sa batloeng. Ho thahasellisang, liithuti tsa histori li tla hopola hore mofilosofi ea tummeng Socrates (470-399 B.C.E.) o ile a nyatsuoa ke lekhotla la Athene ka mabaka a joalo feela: “Tšilafatso ea bacha” le “ho hlokomoloha melimo eo motse o e rapelang le mekhoa ea litaba tsa bolumeli.”
Ha Areopago e le nyeoeng tsa lipolao, ka kakaretso li ne li tšoareloa kantle e le hore “baahloli le moqosi ba se ke ba silafatsoa ke ho kena ka tlung e le ’ngoe le motloli oa molao.” Litsamaiso li ne li hloka hore moqosi a lule holim’a lejoe le bitsoang Tlhokamohau ’me moqosuoa a lula ho le bitsoang Thohako. Kajeno, holim’a leralla leo, motho a ka bona majoe a mabeli a masoeu ao ho thoeng ke a pono ea kamoo lekhotla le neng le le kateng. Linyeoe litabeng tse ling mohlomong li ne li tšoareloa ho ho neng ho bitsoa Sethalla sa Borena lebaleng la motse le neng le lutse phuleng e tlas’a Areopago.
Leha ho le joalo, ketsahalo e tsebahalang haholo ea histori e etsahetseng Areopago, ke e tlalehiloeng ka Bibeleng ho Liketso khaolo ea 17—ketelo ea moapostola Pauluse Athene, moo a ileng a fana ka puo ea hae e hopolehang “har’a Areopago.”—Liketso 17:22.
Ha Pauluse a ne a etetse Athene, o ile a “hlabeha, ka hare ho eena, ha a bona motse o ineetse tšebeletso ea melimo ea litšoantšo.” Hona hoa mo susumelletsa hore a tšoarehe Iipuisanong tse ngata le batho ba lebaleng la motse ka “Jesu le tsoho ea bafu.” Ho bonahala molaetsa ona o ile oa tsosa tabatabelo ea batho, haholo-holo bafilosofi ba Baepikure le ba Bastoike, ’me ba re Pauluse a fane ka tlaleho e feletseng ka “melimo esele” le ka “thuto eo e ncha” Areopago.—Liketso 17:16-34.
Ha a arabela taba eo, Pauluse ka sebete le ka matla a sireletsa litaba tse molemo tsa Jesu. Puo ea hae ke ea sebui se hloahloa se utloahalang le se nang le bopaki; kajeno tšusumetso ea eona e ntse e le matla joalokaha Baathene ba ne ba qala ho e utloa. Kajeno, ho na le letlapa la koporo maotong a lefika leo, ka lehlakoreng le ka bophirima, ho hopotsa ketsahalo eo. Puo ea Pauluse e ngotsoe ka mongolo oa Segerike, kapa litlhaku tse khōlō, hore bohle ba bone. Hase bopaki bo thotseng feela historing ea khale le e ikhethang ea lefika leo empa hape le ba bonnete ba histori ea Bibele.