Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 9/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ketsahalo e Tšoantšetsang” ea Bohlokoa ho Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • “Ketsahalo e Tšoantšetsang” e Bolela’ng ho Rona?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Ho Sebetsa le Mohlophisi oa Bokahohleng Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na Molimo o Ile a Iphapanyetsa Khoebo ea Makhoba?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 9/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

■ Jerusalema ebile ’ea tlamiloeng le bana ba hae’ joang, joalokaha moapostola Pauluse a ngotse ho Ba-Galata 4:25?

Pele-pele, Jerusalema le batho ba eona mehleng ea Pauluse e ne e le botlamuoeng Molaong oa Moshe.

Ho Ba-Galata khaolo ea 4 moapostola o bontšitse hore Bakreste ba selekaneng se secha ba ne ba rekiloe ke Kreste ’me kahoo ba lokolohile. Hona ho fapana le boemo ba Bajode ba tlas’a Molao oa selekane. Pauluse o ile a bontša sena ka mosali oa Abrahama (Sara) le lekhabunyane la hae (Agare), a re: “Basali bao ke lilekane tse peli; se seng e le sa thaba ea Sinai, se tsoalang ba rekoang; seo ke Agare—hobane Agare ke Sinai, thaba ea Arabia [moo Jehova a faneng ka Molao ho Iseraele ka Moshe]—’me o tšoantša le Jerusalema oa joale; ’me ke ea tlamiloeng, le bana ba hae. Empa Jerusalema oa holimo ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna bohle.”—Ba-Galata 4:24-26.

Ha Pauluse a re “basali bao ke lilekane tse peli,” o ne a mpa a bua feela ka mokhoa o mokhutšoane. Ka tšoantšetso Jehova ha a nyala selekane seo e seng motho empa batho ba hlophisitsoeng ba selekaneng. Pejana o ile a nka Iseraele e tlas’a Molao oa selekane e le joaloka mosali oa hae. (Bapisa Esaia 54:1, 6.) Leha ho le joalo, mosali (Sara) ea lokolohileng o ne a emela Jerusalema oa holimo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa bokahohleng, o kang mosali ho eena.

Empa Bajode ba ne ba ka nkoa ba le botlamuoeng Molaong joang kaha o ne o phethahetse ’me o fanoe ke Molimo ka booona?

Ke ’nete hore ’Molao ka booona o ne o halalela, le taelo e ne e halalela, e lokile e le molemo.’ (Ba-Roma 7:12) Empa Baiseraele ba sa phethahalang ba tlas’a molao ba ne ba ke ke ba o boloka ka ho phetheha, kahohle kamoo ba neng ba ka leka ka teng. (Ba-Roma 7:14-16) Moapostola Petrose o ile a bua ka ntlha eo ha a botsa lipotso tse latelang ka pel’a sehlopha se busang sa Bakreste: “Le lekela’ng Molimo, ka ho bea molaleng oa barutuoa joko eo bontat’a rōna, leha e le rōna, re sitiloeng ho e jara?” (Liketso 15:10) Ka ho tšoanang, ho Ba-Galata 4:4, 5 Pauluse o boletse hore Kreste o tlile hore “a tle a lopolle ba ka tlas’a molao.” Mang le mang ea neng a tla tsitlallela hore Bakreste ba tlameha ho ‘hlokomela matsatsi, le likhoeli, linako, le lilemo,’ joalokaha ho boletsoe Molaong, o ne a tla boela a ba tlama hape.—Ba-Galata 4:9, 10.

Ha e le hantle, joalokaha ho boletsoe ka ho toba leqepheng la 11 ho Molula-Qhooa oa March 15, 1985, Bajode ba lekholong la pele la lilemo e ne e le makhoba ka tsela tse ngata. Ka lipolotiki ba ne ba le botlamuoeng ho Baroma. E ne e le makhoba sebeng.(Johanne 8:34) ’Me ho ne ho e-na le maikutlo a fosahetseng a bolumeli a neng a ba tlamile. Empa botlamuoa bo ka sehloohong boo Pauluse a buang ka bona ho Ba-Galata 4:25 e ne e le botlamuoa ba Bajode selekaneng sa Molao oa Moshe, se fanoeng Sinai se emeloang ke Agare lekhabunyane la lekhoba la Abrahama.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela