“Manyala” A Hlōleha ho Tlisa Khotso
“Etlare ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira . . . ba leng Judea ba balehele lithabeng.”—LUKA 21:20, 21.
1, 2. (a) Ke ka baka la’ng ha batho ba ke ke ba tlisa khotso ka mekhatlo e kang Machaba a Kopaneng? (b) Molimo o tla tlisa khotso lefatšeng joang?
HO SA TSOTELLEHE hore na batho ba leka ka matla hakae ho tlisa khotso le tšireletseho ka mekhatlo ea bona e kang Machaba a Kopaneng, ba ke ke ba atleha. Lebaka? Kahobane batho ha ba lula ka khotso le Molimo, ’me tšireletseho e sa feleng e ka ba teng ka hore batho ba phele ka khotso le ’Mōpi oa bona. (Pesaleme ea 46:1-9; 127:1; Esaia 11:9; 57:21) Bothata bona bo ka lokisoa joang? Hoa thabisa ho bolela hore litaba li se li le matsohong a Jehova. Khotso le tšireletseho li tla qetella li tlisitsoe lefatšeng lena ke ’Muso oa Molimo ka Mora oa oona, Jesu, eo tsoalong ea hae mangeloi a ileng a bina, a re: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.”—Luka 2:14; Pesaleme ea 72:7.
2 Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a tsebahatsa ’Muso oa Molimo ’me a neha batho ba ratang khotso monyetla oa hore e be bara ba Molimo le babusi hammoho le eena ’Musong oo. (Mattheu 4:23; 5:9; Luka 12:32) Liketsahalo tse ileng tsa latela li tšoana hantle le tsa lekholong lena la rōna la lilemo. Ho hlahloba liketsahalo tseo ho tla re ruta haholo ka tsela e tla nkuoa ke mokhatlo oa batho oa “khotso le tšireletseho,” Machaba a Kopaneng.
Bajode ba Etsa Khetho
3. Ke mang ea neng a leka ho boloka khotso ea machaba le tšireletseho mehleng ea Jesu, ’me ke hobane’ng ha boiteko boo bo sa ka ba atleha?
3 Mehleng ea Jesu, ’Muso oa Roma o ne o busa karolo e khōlō ea lefatše ’me o e-na le mehopolo ea oona ea khotso le tšireletseho. O ne o sebelisa masole a ’ona ho hōlisa Pax Romana (Khotso ea Roma) lefatšeng le neng le tsejoa. Empa Pax Romana e ne e ke ke ea ba khotso kamehla le mehla, kahobane Roma ea bohetene le masole a eona a ne a ke ke a tlisa poelano pakeng tsa motho le Molimo. Empa, ’Muso o tsebahalitsoeng ke Jesu o ne o phahametse oo hōle.
4. Bajode ba bangata ba ile ba itšoara joang boboleling ba Jesu? Leha ho le joalo, ke boemo bofe bo ileng ba hōla lekholong la pele la lilemo?
4 Leha ho le joalo, batho ba bangata ba naha ea habo Jesu ba hana ’Muso oa Molimo. (Johanne 1:11; 7:47, 48; 9:22) Babusi ba bona, ba neng ba talima Jesu e le tšoso tšireletsong ea sechaba, ba mo nehela hore a bolaoe, ka matla ba re: “Ha re na morena, ha e se Cesare.” (Johanne 11:48; 19:14, 15) Leha ho le joalo, Bajode ba bang, le Balichaba ba bangata hamorao, ba thabela ho amohela Jesu e le Morena ea khethiloeng oa Molimo. (Ba-Kolosse 1:13-20) Ba bolela ka eena linaheng tse ngata, ’me Jerusalema ea fetoha setsi sa mokhatlo oa machaba oa Bakreste.—Liketso 15:2; 1 Petrose 5:9.
5, 6. (a) Ho etsahetse joang ka kamano pakeng tsa Bajode le Baroma? (b) Jesu o fane ka temoso efe, ’me e ile ea boloka bophelo ba Bakreste ka 70 C.E. joang?
5 Ho sa tsotellehe hore Bajode ba ne ba ikhethetse Cesare e seng Jesu, maqhaama a kamano pakeng tsa Jerusalema le Roma a khoehla kapele. Bajode ba ma-Zealote ba etsa liphutuho tsa botšosi khahlanong le ’muso ho fihlela ha qetellong, ka 66 C.E., ho qhoma ntoa ea sebele. Masole a Roma a leka ho khutlisetsa Pax Romana, ’me kapele Jerusalema e ne e teetsoe hare ke masole. Sena sa bolela taba e khethehileng ho Bakreste. Lilemo tse telele pele ho moo, Jesu o ne a elelitse: “Etlare ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba har’a Jerusalema ba tsoe; ba naheng ba se ke ba kena teng.” (Luka 21:20, 21) Joale Jerusalema o ne a teetsoe hare ’me Bakreste ba ne ba emetse monyetla oa hore ba balehe.
6 Sena sa etsahala kapele. Maroma a ne a qalile ho heletsa lerako, ’me Bajode ba bangata ba ne ba se ba loketse ho inehela ha moetapele oa mabotho oa Roma, Cestius Gallus, a khutlisa masole a hae ho sa lebelloa. Mazealote a sebelisa monyetla oo ho itlhophisetsa ho itšireletsa, empa Bakreste ba baleha motseng o ahloletsoeng timetso. Ka 70 C.E., masole a Roma a khutla ’me a teela marako a Jerusalema hare, nakong ena motse ’ohle oa timetsoa. Koluoa eo ea histori e re ama joang? Ka tsela ena: Keletso ea Jesu e ileng ea boloka bophelo ba balateli ba hae e na le seo e se bolelang ho rōna kajeno.
Ho na le Phethahatso e ’Ngoe
7-9. (a) Re tseba joang hore boprofeta ba Jesu mabapi le ho teeloa hare ha Jerusalema ke makhotla a ntoa bo ne bo na le phethahatso e fetang ea nako eo? (b) Ho bala buka ea Daniele ka temoho ho tšehetsa sena joang?
7 Temoso ena e ne e le karolo ea boprofeta bo boletsoeng ke Jesu lilemo tse telele ha a ne a araba potso ea bohlokoa. Balateli ba hae ba ne ba ’motsitse: ‘[Pheliso ea tempele ea Bajode] e tla etsahala neng, ’me pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?’ Ha Jesu a ba araba, a fana ka pontšo e neng e tla ba le likarolo tse ngata, ho akarelletsa ho teeloa hare ha Jerusalema ke makhotla a ntoa. (Mattheu 24; Mareka 13; Luka 21) Lilemo kamor’a lefu la Jesu, likarolo tse ngata tsa boprofeta bona tsa phethahala, tsa fihla sehlohlolong sa tsona timetsong ea Jerusalema le tsamaiso ea lintho ea Sejode ka 70 C.E.—Mattheu 24:7, 14; Liketso 11:28; Ba-Kolosse 1:23.
8 Leha ho le joalo, barutuoa ba ne ba botsitse le ka “ho ba teng” ha Jesu, hoo Bibele e ho hokahanyang le bofelo ba tsamaiso eohle ea lefatše ea lintho. (Daniele 2:44; Mattheu 24:3, 21) Kaba ho ba teng ka moea ha Jesu le ho fela ha tsamaiso eohle ea lintho ho sa ka ha etsahala lekholong la pele la lilemo, ho ne ho ka lebelloa phethahatso ea nako e tlang le e khōlō ea boprofeta ba Jesu, ’me liketsahalo tsa lekholong la pele la lilemo li ne li tla fana ka mohlala oa phethahatso e khōloanyane. Ho ne ho tla akarelletsa ho phethahala ho hoholo ha temoso ea Jesu mabapi le ho timetsoa ha Jerusalema.
9 Temoso ena e hlaka haholo ha re e hlahloba libukeng tse ling tse peli tsa Bibele moo e ngoliloeng. Ho Mattheu ho teeloa hare ha motse ke mabotho a ntoa ho hlalositsoe e le “manyala a bofeliso, a boletsoeng ke moprofeta Daniele, a eme nģalong e halalelang.” (Mattheu 24:15) Tlalehong ea Mareka “manyala” a eme “moo a sa lokelang.” (Mareka 13:14) Tlaleho ea Mattheu e bolela hore “manyala” a boletsoe bukeng ea Daniele. Ha e le hantle, polelo “manyala a bofeliso” e hlaha ka makhetlo a mararo bukeng eo: ho Daniele 9:27 moo e leng karolo ea boprofeta bo phethahetseng ha Jerusalema e felisoa ka 70 C.E., le ho Daniele 11:31 le Daniele 12:11. Ho ea ka mangolo a mabeli a thathamisitsoeng hamorao, “manyala” a ne a tla bonahala “nakong e emisitsoeng,” kapa “nakong ea bofelo.” (Daniele 11:29; 12:9) Re ’nile ra phela “nakong ea bofelo” ho tloha ka 1914; ’me ka hona temoso ea Jesu e sebetsa le mehleng ea rōna.—Mattheu 24:15.
Khetho ea Bokreste-’motoana
10, 11. Liketsahalo tsa lekholong lena la lilemo li tšoana le tsa lekholong la pele la lilemo joang?
10 Lekholong la rōna la lilemo, liketsahalo li phethahala joaloka lekholong la pele la lilemo. Kajeno, joaloka mehleng eo, ho na le ’muso o busang lefatše. Mehleng ena ke matla a lefatše a Manyesemane le Maamerika, a lekang ka matla ho jala mehopolo ea oona mabapi le khotso le tšireletseho molokong oa motho. Lekholong la pele la lilemo, Iseraele oa nama o ile a hana Jesu e le Morena ea tlotsitsoeng oa Molimo. Ka 1914 Jesu a qala “ho ba teng” e le Morena ea hlonngoeng teroneng oa Jehova. (Pesaleme ea 2:6; Tšenolo 11:15-18) Empa lichaba, ho akarelletsa le tsa Bokreste-’motoana, li hanne ho mo amohela. (Pesaleme ea 2:2, 3, 10, 11) Lichaba tsa kena ntoeng e mahlomafubelu ea lefatše bakeng sa borena ba machaba. Baetapele ba bolumeli ba Bokreste-’motoana—joaloka baetapele ba Bajode—ba etella pele ketsong ea ho hana Jesu. Ho tloha ka 1914 ba ’nile ba sebeletsa lipolotiking ’me ba thibetse ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso.—Mareka 13:9.
11 Joaloka mehleng ea Jesu, batho ba bangata kajeno ba thabela ho amohela borena ba Jehova ’me ba tsebahalitse litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae lefatšeng lohle. (Mattheu 24:14) Hona joale Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse tharo li bolela botšepehi ba tsona bakeng sa ’Muso oa Molimo. (Tšenolo 7:9, 10) Ba lumela ka botlalo litokisetsong tsa Jehova tsa ho tlisa khotso le tšireletseho, ’me ha ba jele pate lipolotiking tsa lefatše lena.—Johanne 17:15, 16; Ba-Efese 1:10.
“Manyala” a Kajeno
12. “Manyala” a mehleng ena ke afe?
12 “Manyala a bofeliso” kajeno ke eng? Lekholong la pele la lilemo e ne e le makhotla a Roma a neng a rometsoe ho khutlisetsa Pax Romana (Khotso ea Roma) Jerusalema. Leha ho le joalo, mehleng ena lichaba tse neng li loana Ntoeng ea I ea Lefatše tsa felloa ke tšepo khopolong ea hore ntoa ea lefatše lohle e ka thusa ho tlisa khotso ’me tsa leka ntho e ncha: mokhatlo oa machaba bakeng sa ho sireletsa khotso ea lefatše. Mokhatlo ona oa hlonngoa ka 1919 e le Selekane sa Lichaba ’me o sa le teng e le Machaba a Kopaneng. Ke oona “manyala a bofeliso a mehleng ena.”
13, 14. (a) Bokreste-’motoana bo boletse lipolelo life tsa boikaketsi ka “manyala”? (b) Ke hobane’ng ha ketso eo e ne e le borapeli ba litšoantšo, ’me bo ile ba beha “manyala” ao boemong bofe?
13 Hoa thabisa ho tseba hore lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “manyala” ho Daniele ke shiq·qutsʹ. Ka Bibeleng, lentsoe lena le sebelisoa ka ho khethehileng litšoantšong le borapeling ba litšoantšo. (1 Marena 11:5, 7) Hopola tlhaloso ena ha u bala se boletsoeng ke baetapele ba bolumeli ka Selekane:
“Pono ena ea ho kopana ha batho ba lefatše . . . e ne e tla ba eng haeba e ne e se ‘Muso oa Molimo?” “Selekane sa Lichaba se theiloe Evangeling.” (Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika) “Sepheo se seng le se seng le mosebetsi o mong le o mong oa [Selekane sa Lichaba] o phethahatsa thato ea Molimo kamoo e rutiloeng ke Jesu Kreste.” (Babishopo ba Kereke ea Engelane) “Seboka sena se babatsa tšehetso le lithapelo tsohle tsa Bakreste bakeng sa Selekane sa Lichaba e le kofuto ea ho finyella [khotso ea lefatše].” (Lekhotla-Kakaretso la Baptist, Litho tsa Kereke ea Boprotestanta, le Presbyteria Brithani). “[Selekane sa Lichaba] ke boiteko bo hlophisitsoeng bakeng sa ho ntšetsa pele lintho tseo Lekhotla la Bopapa le ’nileng la li laba-labela.”—Cardinal Bourne, Mobishopo e Moholo oa Westminster.
14 Ha lichaba li sa hane ’Muso oa Molimo feela empa hape li hloma mokhatlo oa tsona oa khotso, ke borabele. Ha baetapele ba Bokreste-’motoana ba tšoantša mokhatlo oo le ’Muso oa Molimo le Evangeli, ba bolela hore “ke kofuto” ea khotso, ketso eo ke borapeli ba litšoantšo. Ba beha mokhatlo oo sebakeng sa ’Muso oa Molimo, “nģalong e halalelang.” Ka sebele, “a eme moo a sa lokelang.” (Mattheu 24:15; Mareka 13:14) ’Me baetapele ba bolumeli ba tsoela pele ho tšehetsa mohlahlami oa Selekane sa Lichaba, Machaba a Kopaneng, ho e-na le ho lebisa batho ’Musong o hlonngoeng oa Molimo.
Kotsi ea Bokreste-’motoana
15, 16. Kamano pakeng tsa Bokreste-’motoana le lichaba tse tšehetsang “manyala” e tsoela pele joang?
15 Le hoja malumeli a Bokreste-’motoana a khethile Selekane sa Machaba le mohlahlami oa sona ho feta ’Muso oa Molimo, kamano ea sona le lichaba tseo e leng litho tsa mekhatlo ena e senyehile. Hona ho tšoana le ho etsahetseng pakeng tsa Bajode le Baroma. Ho tloha ka 1945 Machaba a Kopaneng a na le litho tse ngata ho tsoa linaheng tseo e seng tsa Bokreste kapa tse khahlanong le Bokreste, ’me hona ho bolela kotsi ho Bokreste-’motoana.
16 Ho feta moo, mafatšeng a mangata ho na le khohlano pakeng tsa bolumeli ba Bokreste-’motoana le Naha. Poland Kereke e Katholike e talingoa e le sera sa ’muso. Ireland Leboea le Lebanone, malumeli a Bokreste-’motoana a hōlisitse mathata a khotso le tšireletseho. Ho phaella moo, malumeli a Bokreste-’motoana a hlahisitse batho ba khothalletsang pefo, joaloka Mazealote a Bajode. Lekhotla la Lefatše la Likereke tsa Protestanta le ntšitse menehelo bakeng sa mekhatlo ea botšosi, ha ka lehlakoreng le leng baprista ba Katholike ba loana merung e le bakhukhuni ’me ba sebeletsa mebuso e batlang puso ea bompoli.
17. (a) Jerusalema oa mehleng ena ke ofe? (b) Ho tla qetella ho etsahetse’ng ka oona?
17 Nako e tla senola hore na likamano tse joalo li tla senyeha ho isa bohōleng bofe pakeng tsa malumeli a Bokreste-’motoana le lichaba, empa se etsahetseng lekholong la pele la lilemo se bontša kamoo qetello e tla ba kateng. Kamoo Jesu a boneng kateng e sa le pele, masole a Baroma a ile a qetella a felisitse Jerusalema mahlomoleng lekholong la pele la lilemo. Ho phethahala ho tšoanang ha boprofeta ho bontša hore lichaba hammoho le Machaba a Kopaneng a tla hlasela le ho felisa “Jerusalema,” ke hore, bolumeli ba Bokreste-’motoana.—Luka 21:20, 23.
Balehelang Lithabeng
18. Batho ba pelo li bonolo ba lokela ho etsa eng ha ba lemoha “manyala” a eme sebakeng sa oona?
18 Lekholong la pele la lilemo, kamor’a hore “manyala” a bonahale, Bakreste ba fumana monyetla oa ho baleha. Jesu o ne a ba elelitse hore ba etse joalo kapele kahobane ba sa tsebe hore na monyetla oo o tla ba bulehela halelele hakae. (Mareka 13:15, 16) Ka mokhoa o tšoanang, ha batho ba pelo li bonolo kajeno ba hlokomela “manyala” ao, ba lokela ho baleha kapele pusong ea bolumeli ba Bokreste-’motoana. Motsotso o mong le o mong oo ba bang tlas’a ’muso oo ka oona bophelo ba bona ba moea bo kotsing, ’me ke mang ea tsebang hore na monyetla oa hore ba balehe o tla ba bulehela halelele hakae?
19, 20. (a) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsa eng ha ba bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a Baroma? (b) “Lithaba” li tšoantšetsa eng kajeno, ’me ke eng se lokelang ho susumetsa batho ba pelo li bonolo ho balehela ho tsona?
19 Molaetsa oa Luka o elelitse Bakreste ba mehleng ea hae hore hang ha ba bona “Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira” ba balehe. Joalokaha ho se ho boletsoe, makhotla ao a ile a fihla ka 66 C.E., ’Me monyetla oa hore ba balehe oa buleha hona selemong seo ha makhotla a Cestius Gallus a khutlela morao. Kamor’a hore Bakreste ba balehe, ntoa ea tsoela pele pakeng tsa Bajode le Baroma—le hoja e ne e se Jerusalema. Moemphera Nero a roma Vespasian Palestina, ’me a atleha litlhaselong tsa hae ka 67 le ka 68. Nero a shoa, ’me Vespasian a tšoareha tabeng tsa ho mo hlahlama setulong sa Borena. Kamor’a hore a etsoe moemphera ka 69 C.E., a roma mora oa hae Titus ho qetella ntoa ea Bajudea. Ka 70 C.E., Jerusalema ea timetsoa.
20 Leha ho le joalo, Bakreste ha ba ka ba lula Jerusalema hore ba bone ketsahalo eo eohle. Ha feela ba bona motse o teeloa hare ke makhotla a lira, ba tseba hore o lintšing tsa timetso. Ka ho tšoanang kajeno, kofuto e tla felisa Bokreste-’motoana e se e le teng. Hang feela ha re hlokomela kotsi eo Bokreste-’motoana bo leng ho eona, re lokela ‘ho balehela lithabeng,’ sebakeng sa Jehova sa tširelo le mokhatlong o hlophisitsoeng oa puso ea leholimo. Boprofeta bo bong ha bo fane ka tšepo ea hore na ho tla ba le nako eo lichaba li tla emisa tlhaselo ea tsona ea Bokreste-’motoana. Ho ke ke ha hlokahala hore ho be le khefu pakeng tsa tlhaselo le timetso ea bona. Batho ba pelo li bonolo ba lokela ho baleha bolumeling ba Bokreste-’motoana hona joale.
Jerusalema le Bokreste-’motoana
21. Ke ka baka la’ng ha “manyala” a ile a bonahala qetellong ea mehla ea Jerusalema, athe lekholong lena la lilemo a bonahetse qalehong ea mehla ea qetello ea tsamaiso ena?
21 Na re lokela ho makala hore lekholong la pele la lilemo “manyala” a ile a bonahala pele ho timetso ea Jerusalema, athe kajeno a bonahetse qalehong ea mehla ea qetello ea lefatše lena? Che. Liketsahalong ka bobeli, “manyala” a bonahetse ka nako eo Jehova a neng a batla hore batho ba hae ba balehe. Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba ne ba lokela ho lula Jerusalema ka nako e itseng hore ba bolele teng. (Liketso 1:8) Ebile feela ka 66 C.E., ha timetso e se e atametse, “manyala” a ileng a bonahala ho ba lemosa hore ba balehe. Empa ho ba “har’a” Jerusalema ea kajeno ho bolela ho ba karolo ea bolumeli ba Bokreste-’motoana.a Ho ke ke ha etsahala hore re sebeletse Jehova ka tsela e amohelehang ha re le tulong e joalo e mpe le ea bokoenehi. Ka hona, tšimolohong ea mehla ea qetello ea lefatše lena “manyala” a ile a bonahala, a lemosa Bakreste ho baleha. Bohato ba ho baleha bolumeling ba Bokreste-’motoana bo tsoela pele, motho e mong le e mong o lemosoa ho baleha hang-hang ha a lemoha “manyala” ao.
22. Ke lipotso life tse sa ntseng li hloka likarabo?
22 Re ka botsa, ke’ng se isang ketsong e joalo e tšohanyetsang, ea ho felisoa ha Bokreste-’motoana ke lichaba tse hlometseng tsa Machaba a Kopaneng? Sena se tla etsahala neng? ’Me ketso eo e tla tlatsetsa joang khotsong le tšireletsehong ea lefatše la rōna? Re tla buisana ka lipotso tsena sehloohong sa rōna se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho na le ho tšoana ho itseng pakeng tsa motse oa Babylona, oo Bajode ba ileng ba baleha ho oona ka 537 B.C.E. le Babylona e moholo oa mehleng, oo Bakreste ba balehang ho oona kajeno.—Esaia 52:11; Jeremia 51:45; Tšenolo 18:4.
Na u sa hopola?
◻ Ke ka baka la’ng ha boprofeta ba Jesu ka “manyala” bo tlameha ho ba le phethahatso mehleng ena?
◻ “Manyala” mehleng ena ke eng, ’me a bonahetse ho tloha neng?
◻ Jerusalema oa mehleng ena oa boprofeta ba Jesu ke eng?
◻ Luka 21:20, 21 e re thusa joang ho bona bohlokoa ba ho baleha kapele?
◻ ‘Lithaba’ tseo batho ba pelo li bonolo ba balehelang ho tsona ke life?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 11]
Ha baetapele ba bolumeli ba Bokreste-’motoana ba hlalosa Machaba a Kopaneng e le ’Muso oa Molimo le Evangeli, ketso eo e ne e le tšebeletso ea litšoantšo