Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 10/15 maq. 22-25
  • Kamoo Tumelo ea ’Nete e ka U Thusang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Tumelo ea ’Nete e ka U Thusang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motheo oa Tumelo
  • Ho Hōla Tumelong
  • Melemo ea Tumelo
  • Sireletsa Tumelo ea Hao
  • E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Na ka Sebele U na le Tumelo Litabeng Tse Molemo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bontša Tumelo e Thehiloeng ’Neteng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 10/15 maq. 22-25

Kamoo Tumelo ea ’Nete e ka U Thusang

“NA LIKEREKE li felloa ke mosebetsi oa tsona?” Ho bile ha botsa mongoli Paul Fromm kamor’a hore a be sebokeng sa Botšelela sa Lekhotla la Likereke tsa Lefatše se neng se tšoaretsoe Vancouver, Canada, ka 1983. Ke hobane’ng ha a ne a botsa? Lebaka ke hore Lekhotla leo le ne le bua haholo ka lipolotiki. Fromm o itse: “Likereke tse khōlō tsa Protestanta . . . li tlositse Evangeli ea Jesu Kreste ’me sebakeng sa eona li beile lipolotiki.”

Ho bonahala bolumeli bo tena bo ikenya lipolotiking tjena kahobane bo leka ho tsosa khahleho e felang bolumeling boo e leng khale bo le teng. Lipeho lefatšeng lohle li bontša hore tumelo ea batho bolumeling bo hlophisitsoeng e fokotsehile haholo lilemong tsa morao.

Leha ho le joalo, sena ha se makatse liithuti tsa Bibele. Jesu o profetile hore “lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:12) Ka baka la ho “tapa” hona batho ba bangata ha ba batle hore bolumeli bo fetole bophelo ba bona, le hoja ba e-ea kerekeng ka seoelo bakeng sa mokete oa lenyalo kapa lepato.—Bapisa Luka 18:8.

Empa le hoja tumelo malumeling a mangata a hlophisitsoeng e soabisa, Jesu o hlokometse sena: “Efela sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se bea litholoana tse mpe. Sefate se monate se ka sitoa ho bea litholoana tse mpe, ’me sefate se sebe se ka sitoa ho bea litholoana tse monate. Sefate se seng le se seng se sa beang litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong. Ke moo ke reng: Le tla ba tseba ka ho bea ha bona.” (Mattheu 7:17-20) Hlokomela hore joalokaha ho e-na le borapeli bo beang “litholoana tse mpe,” ho na le tsela ea bophelo ea bolumeli bo beang “litholoana tse monate.” Tsela e joalo e hlahisa melemo ea sebele ho motho oa tumelo. Tumelo e joalo ke eng, ’me melemo e meng ea eona ke efe?

Motheo oa Tumelo

Ho batho ba limillione, tumelo ea motho ke ntho eo a tsoalloang ho eona. Empa ho Bakreste ba ’nete, tumelo ke ntho e fumanoang le e hlaoleloang. Ho bona, tumelo ha se “ho lumela ka matla nthong e itseng eo ho se nang bopaki ba eona,” kamoo buka e ’ngoe e hlalosang tumelo kateng. Empa ho fapana le seo, Mokreste oa pele oa moevangeli Pauluse o ngotse: “Tumelo ke tebello e tiileng ea lintho tse tšepiloeng, ke pontšo e totobetseng ea lintho tsa sebele le hoja li e-so ho bonoe.” (Ba-Heberu 11:1, NW) Sena se bolela hore tumelo ea rōna e theiloe linthong tsa sebele.

Ka mohlala, motho ea atamelang Molimo “e ka khona a lumele hobane o teng.” (Ba-Heberu 11:6) Ba bangata ba soma taba ea hore ho na le Molimo. Ba re, ‘Ke ka baka la’ng ha u lumela ho Molimo oo u sa o boneng?’ Empa leha ho le joalo batho bao ha ba na bothata ba ho lumela hore ho teng maqhubu a thelevishene le hoja ba sa a bone. Ba ka bulela thelevishene ea bona ’me ba bone se hlahisoang ke maqhubu ao a sa bonahaleng! Ho joalo le ka Bakreste ba ’nete, tumelo ea bona ho Molimo ha se tumelo feela e se nang bopaki kapa tumelo e sefofu. Pauluse o ngotse sena ka Molimo: “Hobane tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a kamehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona, e le hore ba tle ba hloke meitatolo.” (Ba-Roma 1:20) Le hoja Molimo o sa bonahale, ha re sheba hohle ho na le bopaki bo bongata bo bonahalang ba Moqapi e Moholo, motho ea bohlale ho feta motho, ’Mopi ea nang le matla a ke keng a lekanngoa.

Leha ho le joalo, tumelo ea rōna ha e-ea lokela ho fella tabeng ea ho lumela feela ho Molimo haeba re hlile re batla ho rua molemo. (Jakobo 2:19) Re lokela ho ba le tumelo Bibeleng e Halalelang e le Lentsoe la Molimo. (Johanne 17:17) Tumelo ena e lokela ho theoa likarolong tse ngata tsa Mangolo tse bontšang hore a ngoliloe ke Molimo, e seng feela boikutlong kapa hlakisong ea pele ea bolumeli. Bibele ka boeona e re khothalletsa ‘ho hlahloba tsohle.’—1 Ba-Thessalonika 5:21, TLP.

U ka etsa sena joang ka Mangolo a Halalelang? Pele u ka hlokomela hore Bibele ke libuka tse latellanang tse ngotsoeng ke bahlanka ba ka bang 40 ba fapaneng ba Molimo. Le hoja e ngotsoe ka nako ea lilemo tse 1 600, bangoli ba ne ba latela sehlooho se tšoanang—’Muso oa Molimo. Lipolelo tsa bona ha li e-s’o ka li itoantša. Na sena ha se bontše bongoli ba bomolimo? Hape, Bibele e bontša ho nepahala ho tsotehang ha e hlalosa lintho tse kang lenaneo la ho hlaha ha lintho tse phelang lefatšeng, ’nete e tiisoang ke mahlale a mehleng ena. (Genese, khaolo ea 1) Taba e makatsang ka ho fetisisa ke hore Bibele e tlalehile liketsahalo tsa nako e tlang! Bangoli ba bang ba boletse hore ba ne ba sa utloisise seo ba neng ba ngola ka sona; empa seo ba se ngotseng e ne e le ’nete, kahobane ba ne ba ngola ka pululelo ea Molimo!—Daniele 12:8; 2 Petrose 1:20, 21.

Leha ho le joalo, ba bangata ba lumela Bibele kahobane keletso ea eona e-ea sebetsa! Ha u ithuta Bibele le ho e sebelisa, e tla fetoha matla a u susumelletsang ho etsa molemo bophelong ba hao. E ka u thusa ho etsa liphetoho tseo metsoalle ea hao e tla li tsota. Ha ho makatse ha Pauluse a boletse hore “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla”! (Ba-Heberu 4:12) Ka baka leo, tumelo ea ’nete e na le motheo o kang oa lefika. U ka hlaolela tumelo eo joang?

Ho Hōla Tumelong

Molemi o jala peō ea hae ka nako e loketseng ea selemo le tlas’a boemo bo botle ba leholimo. Kapele limela li qala ho hlahisa lehlomela. Haeba li hlokomeloa hantle li tla hōla li tiile, li hlahise lipalesa le ho bea litholoana. Ho joalo le ka tumelo. Haeba pelo ea motho e lokile ’me peō ea tumelo e jaloa ho eona, e lokela ho hlokomeloa e le hore e hōle. Sena se ka etsoa ka litsela life?

Bibele e hlalosa hore tumelo ke e ’ngoe ea litholoana tse robong tsa moea o halalelang. (Ba-Galata 5:22, 23) Motho o amohela moea oa Molimo joang? Jesu o boleletse bamameli ba hae sena: “’Me ha esita Iōna ba lonya, le tseba ho nea bana ba Iōna lintho tse molemo, Ntat’a lōna ea leholimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!” (Luka 11:13) Ka hona kōpa Molimo hore o u nehe moea oa oona ka thapelo! Tumelo e tla hōlisoa ke moea oa Molimo.

Hape ho bohlokoa ho hōlisa kamano e haufi-ufi le Jehova Molimo. Hona ho bolela ho khothalla ho ithuta Lentsoe la hae le ho leka ho le sebelisa. Mopesaleme o ile a hōlisa takatso e joalo lentsoeng la Molimo ’me a re: “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Haeba ka ’nete u nahana ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo, u qala ho ba le litšoaneleho tsa ’Mopi. Moea oa Molimo o qala ho bea litholoana bophelong ba hao. U ke ke ua rata bobe, empa moea oa Molimo le takatso ea ho boloka kamano e thabileng le Molimo li tla u faposa ‘mesebetsing e mebe ea nama.’—Ba-Galata 5:16, 19-21; Pesaleme ea 15:1, 2.

Ha u ntse u hōlisa kananelo ea hao ho Molimo le bakeng sa ’nete, u susumeletsoa ho abelana tumelo ea hao le ba bang. Erekaha ‘tumelo e se ea bohle,’ ho abelana ha hao ’nete ea Molimo le ba bang ho ka u phetlela tlhaselo kapa ho songoa. (2 Ba-Thessalonika 3:2; 2 Petrose 3:3, 4) Empa leha ho le joalo u ka lula u kholisehile ka motheo oa tumelo ea hao ’me u tla ikutloa joaloka Pauluse: “Hobane ha ke na lihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Molimo a ho pholosa mang le mang ea lumelang, mo-Jode pele, le eena mo-Gerike.” (Ba-Roma 1:16) Ke thabo e khōlō hakaakang ha e mong a arabela hantle molaetseng ona ’me le eena a qalisa ho hōla! Molimo ke oona o etsang hore khōlo e joalo e be teng.—1 Ba-Korinthe 3:5-9.

Melemo ea Tumelo

Tumelo e thusa motho joang? Jesu Kreste o bontšitse molemo o mong oa nako e telele oa tumelo ho Johanne 3:16: “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Ona ke moputso o hlollang oa tumelo. Tumelo tšepisong ea Molimo ea ho nea bahlanka ba hae bophelo bo sa feleng e u nea pono e nchafalitsoeng ea bophelo. Liteko le mathata a bophelo ha e sa le tse khōlō le tse u imelang bophelong. U lokolohile bohlaleng ba batho ba reng, “A re jeng, a re noeng, hobane hosasane re se re ea shoa” bo busang lefatše la kajeno le phelelang menyaka. (1 Ba-Korinthe 15:32) Esita le lona lefu ha le sa bonahala e le ntho e tšosang haholo ha u e-na le tšepo e tiileng tsohong.—Ba-Heberu 2:15; Luka 12:4, 5.

Tumelo e thusa motho ho jara ka katleho bothata ba moruo. Batho ba bangata kajeno ba amehile ka hore, ‘Re tla ja’ng?’ le hore ‘Re tla noa’ng?’ Leha ho le joalo, Jesu o khothalitse balateli ba hae hore ba be le tumelo matleng a Molimo a ho tlatsa patlahalo tseo. Haeba u e-na le tumelo, ‘u ke ke ua belaela’ ka lintho tse joalo. (Mattheu 6:25-34) Tumelo e u sireletsa bohlokong bo hlahisoang ke ho hahamalla maruo.—1 Timothea 6:10.

Empa ho thoe’ng haeba motho a e-na le bothata bo tebileng ’me a hloka thuso? Batho ba sebelisa liranta tse ngata haholo ba reka libuka tse fanang ka keletso le ho lefella baeletsi. Le hoja ka linako tse ling keletso e fumanoang mehloling eo e thusa, tumelo ea Mokreste e tla mo tataisa hore a fumane thuso mohloling o molemo haholo. Jakobo o boletse: “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa. Feela, a kōpe ka tumelo, a se ke a lika-lika; hobane motho ea lika-likang o joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, le akheloang hohle ke moea.” (Jakobo 1:5, 6) Tumelo ea Mokreste ke tiiso ea hore thuso e joalo ea Molimo e tla fanoa. Ha a tsila-tsile ho atamela Molimo, kahobane ‘o na le tokoloho ea ho bua le ea ho o atamela ka kholiseho le ka tumelo [ho Kreste].’—Ba-Efese 3:12, NW.

Ke ’nete hore ka linako tse ling tataiso e fanoang ke Molimo e ka bonahala e le thata. Ka mohlala, Abrahama o ile a amohela tšepiso ea Molimo ea hore eena le mofumahali oa hae ba tla fumana mora. Ha re nahana hore matla a bona a ho hlahisa bana a ne a se a ‘shoele,’ ’me ho leka ho ba le ngoana e ne e bonahala e le boiteko ba lefeela. Leha ho le joalo, Pauluse o re: “’Me kahobane [Abrahama] a na a sa fokole tumelong, ha a ka a bala ’mele oa hae o seng o shoele (athe lilemo tsa hae li ne li batla ho ba lekholo), leha e le ho shoa ha popelo ea Sara. Ha a ka a belaela ka pallo ea Molimo ka ho se lumele, a mpa a ipha matla tumelong, a ntse a rorisa Molimo; a kholoa ruri hoba seo o se baletseng, o na le matla a ho se etsahatsa.” (Ba-Roma 4:19-21) Moputso oa tumelo e joalo e bile ofe? Ho hlohonolofatsoa ka mora ea ileng a ntšetsa leloko la ho tsoaloa ha Messia pele!

Le hoja nakong ena Molimo o sa etse mehlolo e joalo e tobileng, Bakreste ba hlokomela hore haeba le bona kajeno ba sa ‘belaele ka ho se lumele,’ ba ka atleha ha ba sebelisa tataiso ea Molimo. Jesu o itse: “Tsohle li ka etsetsoa ea lumelang.”—Mareka 9:23.

Sireletsa Tumelo ea Hao

Ka baka leo tumelo ke senotlolo sa ho mamella linako tsena tse bohloko. Empa re lokela ho boulela tumelo le ho e sireletsa. Haeba re tlohela tumelo ea rōna e fokole, bophelo ba rōna bo ka hloka sepheo. Re ka hlaseloa ke lipelaelo le ke mathata a amang batho ka kakaretso. Ka hona a re tsoeleng pele re kōpa tumelo e eketsehileng joaloka barutuoa ba Jesu. (Luka 17:5) Re ithute Lentsoe la Molimo kamehla le ho kopana hammoho le batho ba nang le tumelo e tšoanang le ea rōna. (Ba-Roma 10:17) ’Me re kopanele ka mafolo-folo mosebetsing oo Jesu a o abetseng balateli ba hae, ho bolela “litaba tse molemo tsa ’muso.”—Mattheu 24:14, NW.

’Nete ea hore mosebetsi ona o ntšetsoa pele linaheng tse 203 e lokela ho haha tumelo ea rōna, hobane ’nete ena e bontša hore “bofelo” bo profetiloeng bo atametse! Har’a baboleli bana ba mafolo-folo ba Lipaki tsa Jehova, re fumana batho ba bonahatsang litholoana tsa moea oa Molimo. Ba bonahatsa tumelo e matla, hammoho le lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, bonolo, le boitšoaro. (Ba-Galata 5:22, 23) Batho bana ke bopaki bo phelang ba molemo o hlahisoang ke tumelo, hobane e entšitse bophelo ba bona, likamano tsa bona le lelapa, ’me ho feta tsohle, kamano ea bona le Jehova Molimo.

Ka hona ho arabela potso ea Jesu, “Etlare ha Mor’a motho a e-tla, na o tla fumana tumelo e le teng lefatšeng na?” re ka araba ka kholiseho, Ka sebele o tla e fumana! (Luka 18:8) E se e ka re ka ipaka re le har’a batho ba bontšang kamehla molemo o hlahisoang ke ho phela ka tumelo!

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Maqhubu a thelevishene la a sea-le-moea ha a bonahale. Empa leha ho le joalo, se hlahisoang ke oona ke bopaki ba hore a teng

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Thapelo ke thuso e ’ngoe e matla ea ho haha tumelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela