Ho Fumana Thabo Mphong ea Lenyalo
“Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.”—MATTHEU 19:6.
1. Mantsoe a tloaelehileng a Jesu a tsejoang linaheng tsa Bokreste-’motoana ke afe, empa ho hlaha lipotso life ka oona?
NA U tloaetse mantsoe ana? A tloaelehile ho batho ba limillione ba Bokreste-’motoana, ba etsang karolo e khōlō ea baahi ba lefatše, ’me mantsoe ao a boletsoe ke Morena Jesu ho Bafarisi ba bolumeli ba mehleng ea hae. Le hoja mantsoe a tloaelehile, ho thoe’ng ka se boleloang ke polelo ea Jesu? Na taba ea sehlooho ea keletso eo e sebelisoa ke batho ka kakaretso? A ke re bone.
2-4. (a) Ho ea ka mantsoe a Jesu ho Mattheu 19:6, boemo ke bofe linaheng tse ngata kajeno? (b) Batho ba qhelelang keletso ea Bibele thoko mabapi le ho se fele ha lenyalo ba senola botho bofe?
2 Linaheng tse ngata kajeno, batho ha ba hlomphe tokisetso ea lenyalo le ho tsoela pele ha seo Molimo o se kopantseng hammoho. Hlalo e se e hlalosoa e le seoa linaheng tse ngata. Esita le linaheng tseo hlalo e hanoang ke molao boemo ha bo botle haholo, kahobane linaheng tseo batho ba tlohela balekane ba bona ba lenyalo le ho phela le motho e mong. Ka hona keletso e ntle ea Jesu ho Mattheu 19:6 ha ea eloa hloko ke batho ba limillione ba lulang linaheng tsa Bokreste-’motoana le libakeng tse ling. Na e be ke hobane keletso ea Jesu Kreste e mpe, kapa ke kahobane batho ba sa mamele ha Jesu a bua, ’me ba sa tsotelle ho hang keletso ea Jesu tabeng ena?
3 Bopaki bo bontša hore batho ba bangata ha ba talime lenyalo e le selekane sa bophelo bohle haeba le khathatsana le mokhoa oa bona oa bophelo le litakatso tsa bona. Ho batho ba joalo lenyalo e lokela ho ba tokisetso ea nakoana haeba le khathatsana le lithahasello tsa motho, lintho tseo a li ratang kapa tseo a sa li rateng. Ba bang ba lahla balekane ba bona ba lenyalo habonolo feela joaloka motho a lahla kobo kapa katiba, ho se mohla ba nahanang le ka motsotsoana feela ka keletso ea Jesu ho ba kenang kamanong ea lenyalo.
4 Ka baka la boikutlo bo atileng ba hore e mong le e mong o etsa sena, ba ratang ho latela keletso e sireletsehileng ea Bibele ba ka tšoaetsoa ke tsela e joalo e ba faposang thuto e molemo ea Lentsoe la Molimo. Keletso e molemo e fanoa ka lingoliloeng le ka molomo, empa ho hlōleha ho ela keletso ea Bibele hloko ho ka isa mathateng a lenyalo. (Bapisa Pesaleme ea 19:7-11.) Haeba re amohela maikutlo a hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe lenyalong e khathatsang mokhoa oa rōna oa bophelo, menyaka ea rōna, le litakatso tsa rōna, e ka fetoloa ka hore re se mamele litaelo tsa Molimo ka lenyalo, ka hona re kotsing. Boikutlo bo joalo bo re etsa hore re tobane le bothata bo boholo haholo ba motho, boithati. Kahobane ke boithati bo leng motsong oa mathata a lenyalo. Re bolela joalo hobane’ng?
Karolo ea Sebe
5. Ho Ba-Roma 7:15-20 moapostola Pauluse o hlalosa bothata ba ho tsoalloa sebeng joang?
5 Banna le basali, bana ba Adama le Eva, ba tsoetsoe sebeng ’me ha ba phethahala. Sena se bolela hore ka baka la sebe se futsitsoeng, motho ha a phethahala ’me ka hona o tlōla molao ka tekanyo e itseng. (1 Johanne 3:4) Moapostola Pauluse o boletse ka mojaro o boima oo sebe se o behileng mahetleng a batho, hobane o iphumane a etsa seo a sa rateng ho se etsa ’me a sa etse seo a tlamehileng ho se etsa. (Ba-Roma 7:15-20) Motho leha e le ofe eo ka boomo a nyelisang molao oa Molimo ke moithati. Ho batho ba bang boithati bo bontšoa ka tekanyo e nyenyane, empa mabakeng a mang bo ka fetoha tsela ea bophelo, ’me boithati ba bona bo fetoha bo tebileng.
6, 7. Boithati bo hlahisa mathata afe a mabeli lenyalong, ’me ho re lebisa potsong efe?
6 Tokisetsong ea lenyalo e entsoeng ke Molimo, hangata ke boithati bo leng motsong oa bothata pakeng tsa balekane ba lenyalo. Mosali ea batlang ho etsetsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, mohlomong kahobane a tefisitsoe ke ’m’ae kapa ntat’ae, o bontša boithati. Monna ea batlang ho tsoela pele a phela e ka ke lesoha, ’me kamehla a ipatla le “bashemane” ha a se a nyetse, ke moithati. Nahana ka liphapang tsohle tsa monna le mosali, ’me u tla fumana hore boithati ke sesosa sa mathata a mangata.
7 Ha motho a leka ho lokisa mathata lenyalong, a ka hlōla tšekamelo ena e futsitsoeng ea boithati joang? Ho na le lintho tse ngata tse ka etsuoang ’me haeba li sebelisoa li ka thusa lenyalo le lintšing tsa ho senyeha. Empa molekane ka mong tokisetsong ea lenyalo o lokela ho ithaopela ho etsa karolo ea hae. Lintho ha li sekamele lehlakoreng le le leng feela. A ke re hlahlobeng mabaka a mang a amehang.
Ho Hlokeha ha Boithati Lenyalong
8. Lenyalo le arolelana joang?
8 Lenyalo ke tokisetso ea ho arolelana, ha ho molekane oa lenyalo ea nkang e mong habobebe kapa ea lokelang ho ikutloa hore ha feela molekane e mong a fana ’me e mong a amohela ho lekane. Ho etsa joalo ho ke ke ha hlahisetsa leha e le ofe molemo. Ka mohlala, beng ka monna le beng ka mosali ba lokela ho nahaneloa. Taba ena ha ea lokela ho fetoha bothata tokisetsong ea lenyalo, hoo batsoali kapa beng ka motho ba molekane e mong ba hlokomeloang ’me ba e mong ba hlokomolohuoang. Sebaka seo lelapa le tla qeta matsatsi a phomolo kapa nako ea boikhathollo ho sona e se be qeto ea motho a le mong kamehla. Ho nahanela litaba tse joalo ho tla sebeletsa katlehong ea lenyalo. Le se ke la nkana habobebe empa le bontše moea o se nang boithati.—Ba-Filippi 2:4.
Taba ea Lilemo
9. Ho ba le pono e chatsi ka lenyalo ho tlisitse liphello life tse bohloko?
9 Kahobane batho ba bangata kajeno ba nahana hore haeba lenyalo le le bosula le ka felisoa ka hlalo, bacha ba bangata ba qalisa tokisetso ea lenyalo ka monahano o chatsi haholo. Sena se senya manyalo a mangata a bacha. ’Me hape se eketsa bana ba sa ratoeng lefatšeng. Bana ba joalo ba hōla ho se mohla ba tsebang hore na ho bolela eng ho ba le ’mè le ntate ba ba ratang ka botebo le ba ba tsotellang.
10. Ke ka litsela life Ba-Galata 5:22, 23 e ka thusang batho ba nahanang ka lenyalo?
10 Motho o lokela ho ba lemo li kae pele a nahanela lenyalo? E ka ba bothoto ho bea melao tabeng ena. Empa leha ho le joalo Mangolo a fana ka keletso e molemo tabeng ea se boleloang ke ho hōla kelellong le moeeng—mofuta oa khōlo e hlokahalang ho ba kenang bophelong ba lenyalo. Ka kōpo, a ke u phetle ho Ba-Galata 5:22, 23, ’me mono u tla fumana ho thathamisitsoe litholoana tsa moea. Hlahlobisisa tholoana ka ’ngoe e boleloang moo. Tsena ke litšoaneleho tseo motho a lokelang ho li hlaolela bophelong. Ha a lokela ho qala ho bonahatsa litšoaneleho tseo kamor’a hore a kene lenyalong empa nako e telele pele ho lenyalo e tlameha e be o se a li bonahatsa bophelong ba hae ba Bokreste.
11. Batho ba nahanang ka lenyalo ba ka etsa boitlhahlobo bofe?
11 Ka mohlala, na u motho ea lulang a hlasimolohile bophelong, ea thabelang bophelo, ea sebeletsang lithahasello tsa ’Muso oa Kreste? Na u phela ka khotso le ba bang, u hōlisa likamano tsa khotso le bona? Kapa na u motho ea liqabang, le ea lipolelo li nyefolang? Na u motho ea mamellang, ea tsebang ho mamella mefokolo ea baena ba hao le likhaitseli, ’mè kapa ntate? Kapa u peloana haeba ba bang ba sa lumellane le seo u se batlang? Na u motho ea mosa ha u sebelisana le ba bang, ea bonolo le ea etsetsang ba bang molemo? Kapa u moithati, moikhohomosi, u haelloa ke boitšoaro, ’me u batla ho loantša ba bang ka baka la phephetso e sa reng letho? Na u na le lerato la ’nete ho ba bang, na u batla ho ba thusa, u itella bona le ho tela phahlo ea hao ho ba tlisetsa thabo? Kapa na u batla ha ba bang kamehla ba u bontša lerato, ba u nea seo ba nang le sona?
12. Monna kapa mosali ea bōpileng bophelo ba hae pele a kena lenyalong o boemong bofe bo molemo?
12 Ke ’nete hore ha ho lea mong ho rōna ea nang le litšoaneleho tsena ka tsela e phethahetseng. Leha ho le joalo, monna kapa mosali ea bopiloeng ke lilemo tsa bophelo, le ea bileng le monyetla oa ho hlaolela litšoaneleho tse kang tseo tsa moea, o boemong bo botle ba ho etsa lenyalo le atlehileng—boemo bo molemo ho feta ba motho ea qalang ho bokella litholoana tsena tsa moea kamor’a hore a etse likano tsa lenyalo.—Bapisa 2 Petrose 1:5-8.
13, 14. (a) Nako e fana ka monyetla ofe tabeng ea ho hlaolela melemo ea moea? (b) Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang?
13 Ke ka baka la’ng ha ka botšepehi u sa itlhahlobe, u hlahlobe lintho tseo u li ratang le tseo u sa li rateng? Na u bona kamoo kananelo ea hao ea bophelo e hōlisitsoeng kateng ha lilemo li ntse li feta? Na lintho tse neng li le bohlokoa ho uena ha u le lemo li 13 li ne li le bohlokoa joang ha u ne u le lemo li 5, kapa lintho tse neng li le bohlokoa ha u le lemo li 20 li bohlokoa joalokaha u ne u le lemo li 13? Na kutloisiso ea hao le kananelo ea bophelo li eketsehile kapa li fokotsehile ka lilemo ha e le mona u bokeletse phihlelo lilemong tse fetileng? Na u batla hore batho ba be le litšoaneleho tseo u neng u li lebeletse ha u sa le ngoana? Na hase ’nete hore boikutlo ba ngoanana ea lemo li 16 kapa 17 ba hore ’nyeo ke eena moshemane “feela” boa lebaloa ha ngoanana a ntse a hōlela bosaling ’me a amanya taba ea bohlokoa le litšoaneleho tse molemo tsa monna le botho ba hae? Pono ea hae ha a le lemo li 22 kapa li 23 e tla tšepamisoa haholo litšoanelehong tsa moea, tsa kelello, le tsa boikutlo tsa monna ho feta sebopeho sa hae sa ’mele. Taba e tšoanang e ka sebelisoa le ho mohlankana ea hōlelang bonneng. Litebello tsa hae ka mosali li ea li butsoa ha a hōla. Lilemo hamorao, ha lintho tsa bohlokoa li fetoha, seo a tla se talima ho molekane oa lenyalo e tla ba motho ea utloisisang le ea mosa, ea nang le tsebo ea ho etsa lelapa le ho ba ’mè, ea nang le takatso e tebileng ea ho thabisa ’Mopi oa hae, Jehova, le ho etsa thato ea hae.—Liproverbia 31:10, 26, 27.
14 Ntlha ea bohlokoa mona ke hore nako e fetola pono ea motho ka lintho tseo a li talimang li le bohlokoa. Ka baka leo, ho mathela lenyalong lilemong tsa bocha ho tletse ka mathata. Ho ka ’na ha se be bonolo ho thibela batho ba babeli ba bacha haholo hore ba eme hanyenyane pele ba kenela lenyalo. Empa batsoali, haholo-holo ha bana ba bona ba sa ntse ba hōla, ba ka ba khothalletsa ho nahana ka botebo ka bophelo, hore pono ea bona ea moea, le ea boikutlo, le ea kelello e be e loketseng lenyalo pele ba kena selekaneng sa bophelo le motho eo ba tla thabela bophelo le eena kapa bo be bosula.
15. Kaha ho nyala motho a se a hōlile ha se kamehla ho rarollang mathata ’ohle, ho fanoa ka keletso efe tabeng ea ho boloka pono e loketseng?
15 Sena ha se bolele hore haeba motho a kena lenyalong a se a holile ke tharollo ka bohona. Ho na le bothata le moo, haholo haeba boikutlo ba boithati bo lumelloa ho kena le ho arohanya batho ba babeli. Litlhoko tsa kelello, maikutlo, le tsa moea tsa balekane ba lenyalo li tlameha ho nahaneloa. Bakreste ba bang ba tšoarehile haholo mosebetsing oa boipheliso, ’me ba qheletse mosebetsi oa phutheho thoko, ho akarelletsa le ho ba teng libokeng le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa. Ba leka ho koala khaello ea bona ka ho ba le boikhathollo bo bongata. Ba nahana hore ha feela ba tšoarehile ka ho itseng, mathata a bona a tla fela hona joale, ’me hamorao Taolong e Ncha ea lintho ba tla ba le sebaka sa ho tlatsa litlhoko tsa molekane tsa boikutlo, tsa kelello, le tsa moea. Empa bophelo ha bo joalo. Pauluse o eletsa hore monna o lokela ho hlokomela mosali oa hae joaloka ’mele oa hae. (Ba-Efese 5:28) Hoo ho bolela ho hlokomela litlhoko tsa molekane oa hae hona joale, joalokaha a hlokomela litlhoko tsa hae tsa letsatsi le letsatsi. Mantsoe a tšoanang a sebetsa le ho mosali.
Ho Atamela Bophelo ba Lenyalo ka Pono e Leka-lekaneng
16-18. (a) Ke ka baka la’ng ha ho hlokahala katamelo e leka-lekaneng ea lenyalo, ’me ho fanoa ka temoso efe mabapi le lintho tseo re li batlang le litlhoko tsa ba bang? (b) Ke hobane’ng ha ho le molemo ho nahanisisa ka litaba tse joalo pele ho lenyalo?
16 Pono e leka-lekaneng ka bophelo e tla thusa ho atamela lenyalo ka tsela e leka-lekaneng. Motho ea nang le pono e leka-lekaneng o hlokomela hore ka baka la litšekamelo tse futsitsoeng tsa boithati o lokela ho sebeletsa ho hlōla mathata ao ka linako tsohle. Ho bonolo ho nahana hore lithahasello tsa rōna li tla pele ho litlhoko tsa ba bang. Kamehla ngoana e monyenyane o batla libapalisoa tsohle tsa hae ’me haeba batsoali ba sa mo rute ho lahla mokhoa oo, ha ho mohla a tla abelana le ba bang. Hamorao, boithati ba hae bo ka tšoaetsa le likarolo tse ling. Hangata re bona bacha le batho ba baholo ba bacha ba batla hore lintho li etsoe ka tsela ea bona, ’me nakong eo ba khotsofatsang lithahasello tsa bona ha ba tsotelle ka kotsi kapa bohloko bo hlahelang ba bang. Ha ba se ba hōlile, kamehla ba lakatsa ho etsa seo ba se ratang, ha ba tsotelle le hanyenyane ka litlhoko tsa ba bang.
17 Motho ea nang le pono e leka-lekaneng a ke ke a itima lintho ho hang, empa o tla tataisa bophelo ba hae ka tsela eo a tla nahanela le ba bang. O tla ipotsa hore na a ka etsa eng ho thusa ba bang, ho itela lebitsong la bona kapa ho tela seo a nang le sona molemong oa bona. A ke ke a tsitlella boikutlong ba hore seo a se buang ke sona sa bohlokoa. Maele a re: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.”—Liproverbia 11:25.
18 Ho latela tsela eo u le lesoha ho tla ba molemo haholo ha u kene lenyalong hamorao. Kamehla u tla nahanela molekane oa hao ha u etsa qeto leha e le efe. Ho e-na le ho nahana ka lenyalo e le teko kapa e le tokisetso ea nakoana, u tla talima lenyalo e le tokisetso e sa feleng eo Jehova Molimo a neng a e hopotse ha a kopanya batho ba pele ba babeli Edeneng. (Genese 2:22-24) Kamehla u tla leka ho boloka lenyalo le kopane, ho thusa molekane, hore bobeli ba lōna le hōlise kananelo ho Molimo le ho lōna ka bolōna.
Ho Akarelletsa Taba
19-21. (a) Re ka tiisa joang hore re ke ke ra nka lenyalo e le teko? (b) Batho bohle, ba banyenyane le ba baholo, ba lokela ho nahana ka eng ha ba batla thabo ea ’nete lenyalong?
19 “Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho.” E, mantsoe ao a Jesu a keletso a bolela ho hoholo ho Mokreste oa ’nete. Lenyalo ha se teko e ka lahleloang koana haeba mathata a hlaha. Re lokela ho loana kamehla le nama ea rōna e sa phethahalang le ho laola tšekamelo ea botho ea boithati, le ho rua kamohelo ea Molimo. (Bapisa Ba-Roma 7:21-25.) Hore tumellano ea lenyalo e atlehe, balekane ka bobeli ba lokela ho ithuta ho fana le ho amohela, ho fana ka thuso e hlokahalang le ho amohela thuso, ’me ho se be mohla molekane e mong a nkoang habobebe.—Ba-Efese 5:21-23, 28, 33.
20 ’Me le hoja batho ba lakatsang lenyalo ba sa beheloa lilemo, ha e se tse beiloeng ke ’muso, motho e mong le e mong o lokela ho hopola hore o tlameha ho hōla moeeng ho lumellana le keletso e ho Ba-Galata 5:22, 23, e le hore e be molekane oa lenyalo ea tšoanelehang hantle. Nako e fetola pono ea motho. Ka baka leo, ho se be motho ea mathelang lenyalo. Pele, motho ka mong a hlaolele botho ba Bokreste hore a lokele hantle joko ea lenyalo. Hape taba e sa lokelang ho lebaloa ke ena, ho se be le motho ea arolang seo Molimo o se kopantseng hammoho.—Mattheu 19:4-6.
21 Haeba motho a nka bophelo ka tsela e leka-lekaneng ’me a kenela lenyalo, a ka fumana nyakallo ea ’nete le thabo tokisetsong e entsoeng ke Jehova Molimo bakeng sa monna le mosali, kamoo ho bontšitseng kateng lenyalong la pele Edeneng. (Liproverbia 5:18) Empa motho a ka etsa eng bophelong hore a ipake a loketse ho jara karolo ea monna kapa mosali? Re kōpa hore u bale taba e latelang mabapi le botho ba monna oa Mokreste le mosali.
HIahlobo, u tla arabela lipotso tse latelang joang?
◻ Ke lipono life ka lenyalo tse lokelang ho qojoa?
◻ Balekane ba ka hlōla litšekamelo tse futsitsoeng tsa sebe joang?
◻ Ke ka baka la’ng ha Bakreste ba bacha ba sa lokela ho mathela lenyalo?
◻ Ho buelloa katamelo efe e leka-lekaneng bophelong ba lenyalo?
[Setšoantso se leqepheng la 19]
Boitlhahlobo bo tšepahalang bo ka senola mefokolo eo re lokelang ho e lokisa