Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 12/1 maq. 24-25
  • O Ruta Nikodema

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ruta Nikodema
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Ruta Nikodema
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu o Ruta Nikodemase Bosiu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ithute ka Nikodemase
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Bo-mang ba ‘Tsoetsoeng Hape’?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 12/1 maq. 24-25

Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae

O Ruta Nikodema

HA JESU a sa le Pasekeng ea 30 C.E., a etsa lipontšo tse makatsang, kapa mehlolo. Ka baka la sena, batho ba bangata ba mo lumela. Nikodema, setho sa Sanhedrin, lekhotla le phahameng la Bajode, a thaba haholo ’me o ne a batla ho ithuta ho eketsehileng. Ka hona a etela Jesu ka lenyele bosiu, mohlomong kahobane a tšaba hore botumo ba hae bo tla senyeha haeba baetapele ba bang ba Bajode ba ka ’mona.

A re: “Rabbi, rea tseba hobane u moruti ea tsoang ho Molimo; hobane ha ho motho ea ka etsang mehlolo eo u e etsang, ha Molimo o se ho eena.” Ha Jesu a araba Nikodema a ’molella hore motho o tlameha “ho tsoaloa hape” hore a kene ’Musong oa Molimo.

Empa motho a ka tsoaloa hape joang? “Na a ka boela a khutlela popelong ea ’m’ae, a boela a tsoaloa?” Nikodema a botsa.

Che, ho tsoaloa hape ha ho bolele hoo. Jesu a re: “Motho ha a sa tsoaloe ka metsi le ka Moea, o sitoa ho kena ’musong oa Molimo.” Ha Jesu a kolobetsoa ’me moea o halalelang o theohela holim’a hae, o ne a tsoaloa ka “metsi le ka Moea.” Ka lentsoe le hlahang leholimong le reng, ‘Enoa ke Mora oa ka eo ke khahlisoang ke eena,’ Molimo o ne o tsebahatsa hore o tsoetse mora oa moea ea nang le tebello ea ho kena ’Musong oa leholimo. Hamorao, ka Pentakonta ea 33 C.E., ba bang ba kolobelitsoeng ba amohela moea o halalelang ’me ba tsoaloa hape e le bara ba moea ba Molimo.

Empa karolo ea Mora ea khethehileng oa Molimo e bohlokoa. Jesu a bolella Nikodema, “Joale ka ha Moshe a na a fanyehe noha feelleng, Mor’a motho e ka khona a fanyehoe joalo; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” E, joalokaha Baiseraele bao ba lonngoeng ke linoha tse mahloko ba ne ba lokela ho sheba noha ea koporo hore ba phele, ka hona batho bohle ba hloka ho lumela ho Mora oa Molimo hore ba bolokehe boemong ba bona ba ho shoa.

Ha Jesu a hatella karolo ea lerato la Jehova, a re ho Nikodema: “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Jerusalema kamor’a likhoeli tse tšeletseng Jesu a qalile tšebeletso ea hae, a totobatsa hore ke eena eo Jehova Molimo a tla mo sebelisa ho boloka batho. Johanne 2:23–3:21; Mattheu 3:6, 17; Liketso 2:1-4; Numere 21:9.

♦ Ke eng se susumelitseng ketelo ea Nikodema, hona ke hobane’ng ha a etile bosiu?

♦ “Ho tsoaloa hape” ho bolela eng?

♦ Jesu o bapisitse karolo ea hae ea poloko ea rōna joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela