Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Na moapostola Pauluse e ne e le setho sa sehlopha se busang sa Bakreste?
E ka ba ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore Pauluse e ne e le setho sa sehlopha se busang sa Bakreste sa lekholong la pele la lilemo.
Bibele e fana ka boitsebiso bo fokolang tabeng ea litho tse neng li etsa sehlopha se busang sa pele, boholo ba taba ena bo ho Liketso khaolo ea 15. Tlaleho eo e bontša hore ka 49 C.E. banna ba sehlopha se busang e ne e le ‘baapostola le baholo Jerusalema.’ E ne e le bomang?—Liketso 15:2, 4, 6.
Jakobo, ngoan’abo Jesu, e ne e le molula-setulo sebokeng seo ho neng ho buuoa ka potso ea hore na basokolohi ba Balichaba ba Bakreste ba lokela ho boloka Molao oa Moshe, o akarelletsang lebollo kapa che. Moapostola Petrose a kopanela puisanong eo. Tlaleho e re bolella ka Juda (ea neng a bitsoa Barnabase) e ne e le ‘monna ea tšoanelehang har’a bona,’ empa ha e bue ka ho toba hore e ne e le karolo ea sehlopha se busang. (Liketso 15:7, 13, 22) Taba mona ke hore Bibele ha e fane ka lethathama le feletseng la mabitso a ba neng ba etsa sehlopha se busang. Ba bang ba nahana hore ho ka etsahala hore Pauluse o ne a se sehlopheng seo kaha e ne e le moromuoa ea etang le kahobane ke eena ea tIisitseng potso ea phutheho ea Antioke ea Syria.
Ke ’nete hore Pauluse e ne e se e mong oa “ba leshome le metso e ’meli” ba neng ba tsamaea le Jesu, kahobane Matthiase ke eena ea ileng a khetheloa sebaka sa Judase Iskariota.a Empa le morutuoa Jakobo e ne e se moapostola, le hoja ka ho hlakileng e ne e le setho sa sehlopha se busang. (Liketso 6:2; 1:15-26) Ho feta moo, Jesu o ile a iponahatsa ho Pauluse ’me a mo etsa ‘lefiso leo a le khethetseng ho isa lebitso la hae ho balichaba.’ Pauluse ea e-ba “moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Molimo.” O ile a ipitsa “moapostola oa balichaba.”—Liketso 9:3-6, 15; Ba-Galata 1:1; Ba-Roma 11:13; 1 Ba-Korinthe 9:1; 15:7, 8.
E le bopaki bo tsoelang pele bo bontšang hore Pauluse e bile setho sa sehlopha sa “baapostola le baholo” se neng se tataisa liphutheho, hlokomela seo Pauluse a se entseng ka matla a Molimo. Pauluse o ngotse libuka tse 14 tsa Mangolo a Segerike tsa Bakreste. Petrose o lekanya mangolo a “Pauluse, ngoan’abo rōna ea ratoang” le “Mangolo ’ohle.” (2 Petrose 3:15, 16) Pauluse o nkile ketellopele e khōlō ho phatlalatsoeng ha Bokreste, ’me o fane ka tataiso e ngata liphuthehong. Mangolo a Pauluse a bululetsoeng a bontša hore ka linako tse ling o ne a lokisa litseko ka boeena. Mohlomong morao koo ho ne ho lebeletsoe hore setho sa sehlopha se busang se hōle le sehlopha se setsing le se se nang mekhoa e haufi ea puisano se etse joalo. (1 Ba-Korinthe 5:11-13; 7:10, 17) Empa ka linako tse ling o ne a tIisa litaba pel’a sehlopha sohle, joaloka tlaleho e ho Liketso 15.
“Pauluse, mohlanka oa Molimo le moapostola oa Jesu Kreste” a ngolla Tite: “Taba eo ke u siileng Kreta ka baka la eona, ke hore u qetelle ho lokisa tse e-song ho lokisoe, ’me u bee baholo metseng eohle, joale ka ha nkile ka u laela.” (Tite 1:1, 5) Ka hona ha Pauluse a le maetong, ntle ho pelaelo o ne a bua lebitsong la sehlopha se busang.—Liketso 16:4, 5.
Ka hona, esita le haeba kabelo ea hae eo a e neiloeng ke Morena e ne e akarelletsa maeto a malelele le ho se be teng libokeng tse ling tsa sehlopha se busang se setsing, bopaki ba kamoo Pauluse a ileng a sebelisoa ke Molimo le Kreste kateng bo bontša hore e ne e le setho sa sehlopha.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nakong eo moapostola Jakobo o ne a bolailoe.—Liketso 12:2.