Bolelang ’Muso oa Molimo Libakeng Tsohle
“Lesa bafu ba pate bafu ba bona, empa uena e-ea ʼme u bolele ka ʼmuso oa Molimo libakeng tsohle.”—LUKA 9:60, NW.
1. Ke lipotso life tsa bohlokoa tse hlahisoang ke polelo ea Jesu ho Luka 9:60?
ʼMUSO oa Molimo—e ne e le thahasello ea bohlokoa bo boholo bophelong ba Jesu! E sa le thahasello e khōlō kajeno ho rōna bohle ba latelang ka ʼnete mehlala ea hae. Joale ka Bakreste, re hahamalla ho hata haufi-ufi le mehlala ea Jesu ka ho phela tumellanong le Bibele. (1 Petrose 2:21) Empa, ha e le mona re kena selemong sa 1986, na ho hlokahala hore re hlahlobisise lintho tsa rōna tsa bohlokoa bophelong? Ka mohlala, u ka hlalosa joang mantsoe a Jesu ha a ne a re ho motho e mong “lesa bafu ba pate bafu ba bona”? Ke hobane’ng ha u nahana hore Jesu o ne a hatella bohlokoa ba ho bolela molaetsa oa ʼMuso, ho feta ntho e neng e bonahala e le kameho e nepahetseng ea lelapa? U re’ng?
2. Borena ba Jehova bo qalile neng, ʼme bo tla ba teng ka nako e kae?
2 Lilemo tse telele pele Jesu a sebelisa polelo “ʼmuso oa Molimo,” mopesaleme Davida o ne a ngotse tlas’a pululelo ea Molimo: “Jehova o beile terone ea hae maholimong, ʼme borena ba hae bo busa lintho tsohle.” (Pesaleme ea 103:19) Borena ba Jehova bo qalile tšimolohong ea pōpo. Motheo oa terone ea hae o ke ke oa sisinngoa. A ke ke a amohuoa tokelo ea hae ea bobusi ba bokahohleng. Ke ka baka leo mopesaleme a khothalitseng: “Le bolele khanya ea hae har’a lichaba, . . . hobane Jehova o moholo, o Iokeloa ke ho rorisoa ka ho fetisisa!”—Pesaleme ea 96:3, 4; 109:21; Daniele 4:34, 35.
3. (a) Ke liketsahalo life tse hlahisitseng phephetso ea borena ba Jehova? (b) Molimo o rerile ho lokisa tseko ea borena ba bokahohleng joang?
3 Leha ho le joalo, hase bohle ba tsoetseng pele ba rorisa Jehova. Satane, mokoenehi oa pele, a phephetsa borena ba Jehova holim’a libopuoa tsa Hae tse lefatšeng. (Genese 3:1-5; Jobo 1:6-12; 2:1-5) Ka baka la sena, mona lefatšeng ʼme hamorao leholimong, libopuoa tse ling tsa tšoaetsoa ke boikutlo ba borabele ba Satane. Hape Satane a susumeletsa batho ho iketsetsa mebuso ea bona. O sebelisitse mebuso ena ho phephetsa tokelo ea Molimo ea ho busa. (Tšenolo 13:1-6) Jehova o rerile ntho e ʼngoe e sa tloaelehang, e profetiloeng ho Daniele 2:44 bakeng sa ho lokisa tseko ena ea borena ba bokahohleng: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ʼmuso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”
Jehova e ba Morena Holim’a Iseraele
4. Ke ka kelello efe Davida a boletseng hore “Jehova oa busa,” ʼme ketso eo e ile ea hloka hore ho etsoe eng?
4 Le hoja borena ba Jehova bo bile teng ho tloha tšimolohong ea pōpo, ho hlakile hore o ne a rerile ho bontša ka ho hlakileng borena ba hae hore a lokise ka ho feletseng tseko ea hore na e be o na le tokelo ea ho busa. Sena o ne a tla se bontša ka ʼMuso oa leholimo oa Messia. ʼMuso oa lefatšeng oo Jehova a ileng a o hloma sechabeng sa Iseraele o sebelelitse e le pontšo e nyenyane ea ʼMuso ona “o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae.” Ka baka leo, ha Morena Davida a tlisa areka ea selekane motseng oa Jerusalema, a bina ka thabo, a re: “Maholimo a ke a thabe, ʼme lefatše le hlasimolohe; a ho ke ho boleloe har’a lichaba ho thoe: Jehova oa busa.” (1 Likronike 16:31) E, Jehova o ile a “busa” ka kelello e khethehileng holim’a Iseraele eohle. E ne e le nako ea ho thaba ka sebele, ’me Davida o ne a lakatsa ho bolela ketsahalo eo e hlasimollang libakeng tsohle!
5, 6. (a) Ke ka tsela efe Davida e bileng morena ea ikhethileng har’a marena? (b) Davida o ne a emela mang, hona ka tšobotsi efe?
5 Phihlelo ea Morena Davida e le molisa ea e-ba setšehetso se mo entseng morena ea khethehileng har’a marena. E ne e le molisa le morena. Ha mopesaleme a hlalosa Davida e le mokhethoa oa Molimo setulong sa borena o re: “[Jehova] a khetha Davida, mohlanka oa hae, a mo nka merakeng ea linku . . . e tle e be molisa oa Jakobo, sechaba sa hae, le oa Iseraele, lefa la hae. ʼMe Davida a ba moalosi oa bona ka pelo e hloekileng, a ba tsamaisa ka letsoho le hlalefileng.”—Pesaleme ea 78:70-72.
6 Kaloso e hlokolosi ea Davida holim’a batho ba hae, pelo ea hae e hloekileng pel’a Molimo oa hae, le bohlale ba hae e le moetapele tsa mo tšoanelehisa ho emela Messia ea tlang, ea neng a tla sebelisoa ka tsela e khethehileng ho bontšahatsa borena ba bokahohleng ba Jehova le ho sebeletsa e le Molisa le Morena ea lerato. Mohato ona o thabisang mererong ea Jehova o ile oa boleloa hamorao ke moprofeta Ezekiele: “Ke tla li [Iseraele] hlahisetsa molisa a le mong, ʼme o tla li lisa; e tla ba mohlanka oa ka Davida. . . . ʼNa, ke le Jehova, ke tla ba Molimo oa tsona, ʼme mohlanka oa ka Davida e tla ba morena har’a tsona. Ke ʼna Jehova ke boletseng seo.”—Ezekiele 34:22-24.
Ho Hlaha ha Molisa le Morena ea Profetiloeng
7, 8. (a) Molisa le Morena ea profetiloeng o ile a tsejoa joang, ʼme ho bonahala ha hae ho ile ha tšoaneloa ke eng? (b) Ke ka morero ofe Jesu a ileng a ‘khahlisa’ Jehova?
7 Ea neng a profetiloe ke Jehova e ne e le Mora oa hae ka sebele, Jesu Kreste. Lengeloi Gabariele le tsebisitse moroetsana Maria sena: “Bona, u tla emola, ʼme u tla tsoala mora, ʼme o tla mo rea lebitso la Jesu. O tla ba moholo, ʼme u tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae. O tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ʼme borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.” (Luka 1:31-33) Ketsahalo eo e ne e tla ba pontšo e hlasimollang hakaakang ea borena ba Jehova! Ka sebele, e ne e tla tšoanela ho phatlalatsoa haholo lefatšeng lohle: “Jehova oa busa”!
8 Hoba Jesu a tsoaloe ka mohlolo le ho hōlela bonneng, a itlhahisa ho tla kolobetsoa metsing nokeng ea Jordane. Nakong eo Molimo oa amohela Jesu e le Mora oa oona ka hore o tšollele moea oa oona holim’a hae le ka ho bolela mantsoe ana: “U Mor’a ka ea ratoang; ke khahlisoa ke uena.” (Luka 3:22) Jesu o ne a ‘khahlisa’ ka eng? Tlaleho ea Luka ea hlalosa: “Jesu o na a batla a le lilemo tse mashome a mararo, ha a qala ho ruta.” (Luka 3:23) Revised Standard Version le New International Version li re, “ha a qala tšebeletso ea hae.” “Tšebeletso” ea Jesu e ne e le eng? O ne a “ruta” eng? Mongoli Mattheu oa re arabela: “Jesu a ea le Galilea eohle, a ntse a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ʼmuso, a folisa maloetse ʼohle le mefokolo eohle e ho batho.”—Mattheu 4:23.
9. Ke ka litšobotsi life Jesu a neng a tšoana le Davida ntat’ae-moholo?
9 Jesu a nehela bophelo ba hae ‘ho bolela ʼmuso oa Molimo hohle.’ Joale ka Davida ntate-moholo oa hae, a bontša pelo e hloekileng, ha a ka a koenehela ʼMuso oa Jehova. (Luka 9:60; 4:3-13; Johanne 16:33) Jesu a ipaka e le “molisa a le mong” eo Jehova a tšepisitseng ho mo tsosa. Jesu a thabela ho fana ka phepo ea moea ho ba neng “ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa” ka baka la baetapele ba bolumeli. (Mattheu 9:36) Mabapi le mosebetsi oa hae o bohlale oa ho alosa batho le kamoo o neng o tla atoloha kateng lilemong tse tlang, Jesu a re: “Ke ʼna molisa ea molemo, ke tseba linku tsa ka, le linku tsa ka lia ntseba . . . ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ʼme li tla utloa lentsoe la ka, ʼme mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.”—Johanne 10:14, 16.
10. Re ka ithuta joang likarabelong tse sa tšoaneng tsa Bajode memong ea Jesu ea ho mo latela?
10 Bajode ba ile ba arabela joang memong ea Jesu hore e be balateli ba hae ba kang linku? Ba arabela ka litsela tse sa tšoaneng. Ha re hlahloba karabelo ea bona memong eo, uena hlahloba kamoo karabelo ea hao e bileng kateng ho tloha nakong eo u amohetseng molaetsa oa ʼMuso oa Molimo.
“Ntatele”—U Arabela Joang?
11. Ak’u hlalose kamoo Simone, Andrease, Jakobo, Johanne, le Mattheu ba arabetseng kateng memong ea Jesu, “Ntatele.”
11 Ha Jesu a tsamaea haufi le Leoatle la Galilea, a bona Simone le ngoan’abo Andrease ba tšoasa lihlapi. “Jesu a re ho bona: Ntateleng, ke tla le etsa ba tšoasang batho. Eaba ba phakisa ba tlohela matlooa a bona, ba mo latela. A tsoela pejana, a fihlela Jakobo, mor’a Zebedea, le Johanne, ngoan’abo . . . a ba bitsa; ba tlohela ntat’a bona Zebedea sekepaneng le ba mo sebeletsang.” (Mareka 1:16-20) Molekhetho Mattheu a arabela ka tieo. “[Jesu] a re ho eena: Ntatele! Eena a tlohela tsohle, a ema, a mo latela.”—Luka 5:27, 28.
12. Bothata ba monna ea itseng ho Jesu: “Ke tla u latela hohle moo u eang teng” e ne e le bofe?
12 Leha ho le joalo, hase bohle ba arabetseng ka tieo memong ea Jesu, “Ntatele.” Ak’u nahane ka monna ea hlalosoang ho Luka khaolo ea 9, eo Jesu a teaneng le eena ha a etela motsana o mong. A re ho Jesu: “Morena, ke tla u latela hohle moo u ka eang teng.” Tlaleho ea Mattheu e re bolella hore monna eo e ne e le mongoli. Bangoli e ne e le batho ba neng ba hlomphuoa ke sechaba ʼme ba ne ba bitsoa “Rabbi.” Hlokomela karabo ea Jesu: “Liphokojoe li na le mesima, le linonyana tsa leholimo li na le matlo; empa mor’a motho ha a na moo a ka samelang hlooho ea hae teng.” (Luka 9:57, 58) Jesu o ne a bolella monna eo hore o ne a tlameha ho tela bophelo bo mabotho-botho haeba a rata ho Mo latela. Ho bonahala monna eo a ne a ikhopola haholo ho ka amohela bophelo bo joalo bo bonolo. O ne a qea-qea ho amohela bophelo boo a sa tsebeng hore na bosiung bo hlahlamang o tla robala hokae.
13. Ke ka baka la’ng ha Jesu a buile mantsoe ao ha a arabela monna e mong ea neng a ka fetoha molateli oa hae?
13 Jesu a re ho e mong ea emeng thōko ho tsela: “Ntatele.” Empa monna eo a araba Jesu: “Ak’u ntumelle, ke ee ho epela ntate pele.” Hlokomela karabelo ea Jesu: “Lesa bafu ba pate bafu ba bona, empa uena e-ea ʼme u bolele ʼmuso oa Molimo libakeng tsohle.” (Luka 9:59, 60, NW) Lebaka la monna eo le ne le sa bontše hore ntat’ae o ne a se a shoele. Hobane haeba o ne a se a shoele, ho ne ho ke ke ha etsahala hore mora a eme thōko ho tsela, a lulele ho mamela Jesu. Che, empa ho bonahala hore monna eo o ne a kōpa hore a neoe nako ea ho letela lefu la ntat’ae. O ne a sa itokisetsa hore hang-hang a etelletse ʼMuso oa Molimo pele bophelong ba hae.—Mattheu 6:33.
14, 15. (a) Ke eng se bontšoang ke kōpo ea monna oa boraro ho Jesu? (b) Karabelo ea Jesu ho monna eo e ka re ruta eng kajeno?
14 Bibele e re bolella ka monna oa boraro, ea ileng a ithaopa: “Ke tla u latela, Morena; u mpe u ntumelle, ke ee ho lumelisa ba ntlo ea ka pele.” Ho bonahala monna eo a ne a kōpa hore o tla latela Jesu haeba a lumelloa ho etsa ka hore le ka hore pele. Ha e le hantle, o ne a re ho Jesu: ‘Bona! Ke tla ba e mong oa balateli ba hae, haeba . . . ’ Jesu a mo arabela joang? “Ea beang letsoho la hae mohomeng, ʼme a boela a hetla, ha a tšoanele ʼmuso oa Molimo.” (Luka 9:61, 62) Ha monna ea tšoereng mohoma a batla ho bula tselana ea mohoma e otlolohileng tšimong ea hae, o tlameha ho tsepamisa mahlo a hae ka pele ka linako tsohle. Haeba a hetla, o tla khopamisa tselana ea mohoma. A ka ʼna a khopeha, a oa! Ho joalo feela le ka balateli ba mehato ea Jesu; haeba ba hetla tsamaisong ena ea khale ea lintho, esita le ka motsotsoana feela, ba bitsa mathata a feta ka tsela, ba tla khopjoa le ho kheloha ‘tseleng e tšesane le e isang bophelong.’—Mattheu 7:14; bona Luka 17:31-35.
15 Na u se u utloile memo ea Jesu: “Ntatele”? U arabetse joang? Na u bonahalitse karabelo e tiileng joaloka barutuoa Simone, Andrease, Jakobo, Johanne, le Mattheu? Joaloka banna bao, na u itokiselitse ho etsa sehlabelo leha e le sefe se hlokahalang e le hore u latele mehlala ea Monghali oa hao? Haeba u arabela ka e, u tla thabela tokelo e ke keng ea lekanngoa ea ho kopanela ho bolela litaba tse molemo tsa ʼMuso oa Molimo libakeng tsohle.
16. Ke joang Jesu a lokiselitseng barutuoa ba hae ho kopanela le eena boboleling ba litaba tse molemo?
16 Pele ho hore Jesu a rome barutuoa ba hae ho ea bolela ka ʼMuso, ka bohlale a ba ruta kamoo ba ka phethahatsang seo ba etsisa mohlala oa hae. Kamor’a moo, a ba laela ka ho qaqileng kamoo ba ka batlang batho ba kang linku libakeng leha e le life tseo ba sebetsang ho tsona. Litaelo tsa Jesu li ntse li sebetsa le lekholong lena la bo20 la lilemo. A ke re hlahlobe tse ling tse tlalehiloeng khaolong ea 10 ea Mattheu.
Litaelo tsa ho Bolela ka ʼMuso
17. Ak’u bapise moko oa molaetsa oa ʼMuso lekholong la pele la lilemo le oa molaetsa kajeno.
17 Sehlooho sa molaetsa oa barutuoa se ne se tla tšoana le seo Jesu a neng a se bolela: “Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ʼMuso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 10:7) Empa leha ho le joalo, ʼMuso oo o se o hlonngoe maholimong. Hona joale Jesu Kreste, Molisa le Morena, o-oa busa! Ka hona, mantsoe a Davida a utloahala haholo: “Maholimo a ke a thabe, ’me lefatše le hlasimolohe; a ho ke ho boleloe har’a lichaba, ho thoe: Jehova oa busa”! (1 Likronike 16:31) Kajeno lena, ha re thabele feela tokelo ea ho tšehetsa borena bo khethehileng ba bokahohleng ba Jehova empa hape re thabela ho phela nakong eo tseko ea borena ba Jehova e tlang ho lokisoa ka ho feletseng.
18. Ho Mattheu 10:8-10 Jesu o ile a hatella taba efe ho balateli ba hae, ʼme ke bo-mang kajeno ba ananelang sena haholo?
18 Mattheu 10:8-10 e hlalosa boikutlo ba ba kopanelang mosebetsing oa boboleli. ʼMuso oa Molimo o tlameha ho nka sebaka sa pele bophelong ba bona, ʼme litlhoko tsa nama li nke sebaka sa bobeli. Lebaka e le lefe? Jesu o itse: “Hobane ea sebetsang o lokeloa ke lijo tsa hae.” Kamehla Ntate oa rōna oa leholimo o tla hlokomela ba mo tšepang. ʼMe basebeletsi ba makholo a likete ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova kajeno ba ka netefatsa taba ena.—Numere 18:30, 31; Deuteronoma 25:4.
19. Ho batla batho ba nang le tšoanelo ho etsoa joang kajeno, ʼme ho etsoa ka tataiso ea mang?
19 Jesu a tsoela pele: “Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo; le Iule ha hae le be le tlohe.” (Mattheu 10:11) Tšoanelo ea eng? Tšoanelo ea tokelo ea ho amohela mohlanka enoa oa Jehova le ho mamela molaetsa oa ʼMuso oa Molimo. Koana, ho ka etsahala hore morao koo barutuoa ba ne ba lula tlung eo ba fumaneng ea nang le tšoanelo le ho sebelisa ntlo eo e le setsi seo ba tlohang ho sona ha ba ntse ba etela motse oo ho fumana ba bang ba nang le tšoanelo. Kajeno, Lipaki tsa Jehova li latela mohlala o tšoanang. Li sebelisa lihora tse limillione le ho sebetsa ka khothalo ba batla batho ba nang le tšoanelo libakeng tse ngata. ʼMe ha ba joalo ba fumanoa, Lipaki li thabela ho khutlela ho beng ba matlo ho ba hlalosetsa Lentsoe la Molimo. Kajeno, ka bohlale Jesu o alosetsa batho ba kang linku ka letsohong la hae le letona la mohau.—Mattheu 25:31-33.
20. Ntlo e nang le tšoanelo e latsoa khotso eo e e lakaletsoang ke ʼmoleli oa ʼMuso joang?
20 “Enore ha le kena tlung, le e lumelise. Ekare ha ntlo eo e e-na le tšoanelo, khotso ea lōna a e tle ho eona.” (Mattheu 10:12, 13) Tumeliso e neng e tloaelehile mehleng ea Jesu e ne e le ena, “Khotso e be tlung ena.” (Luka 10:5) Tsoalong ea Jesu mangeloi a bina: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.” (Luka 2:14) Ntlo e nang le tšoanelo e latsoa khotso ena e profetiloeng ka hore e amohele molaetsa oa ʼmuso oa barutuoa. Kajeno, litaba tse molemo tsa ʼMuso li na le liphello tse tšoanang. Li tlisa batho likamanong tsa khotso le Molimo ka Jesu Kreste, ʼme hape li tlisa khotso har’a balumeli hammoho.—2 Ba-Korinthe 5:20, 21; Ba-Filippi 4:7; Ba-Efese 4:3.
21. Ke ka baka la’ng ha temana ea selemo sa 1986 e tšoanela hakana?
21 Selemong sa almanaka sa 1986, Liholo tsa ʼMuso tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tla ba le sehlooho sena sa selemo se nkuoeng ho Luka 9:60: “E-ea . . . u bolele ʼMuso oa Molimo libakeng tsohle.” Khopotso eo le khothatso e tla ba tse ntle hakaakang ho basebeletsi bohle ba ʼnete ba Molimo hore ba kopanele kamehla boboleling ba ʼMuso oa Molimo! E, ’Muso oo o ʼnileng oa ba teng ho tloha ka 1914! Ke kofuto ea Molimo matsohong a Morena oa hae oa Messia bakeng sa ho felisa mebuso eohle ea lefatše ea Satane. Ha ho potso hore ʼMuso oa Molimo e tlameha ho ba taba ea bohlokoa bo boholo bophelong ba paki e ʼngoe le e ʼngoe ea Jehova. Rea tseba hore sena se bolela ho pholohela ha rōna bophelong!—1 Timothea 4:16.
U Ka Arabela Joang?
◻ Borena ba Jehova bo eme ka nako e telele le ka tšireletseho hakae?
◻ Ke tseko efe ea bokahohleng e hlokang ho lokisoa hona joale?
◻ Balateli bohle ba Jesu ba tlameha ho itokisetsa ho etsa eng?
◻ Ke hobane’ng ha polelo “Jehova oa busa” e utloahala haholo kajeno?
◻ Temana ea selemo sa 1986 e tla sebeletsa morero ofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Mattheu a tlohela tsohle ʼme a latela Jesu