Ho Rarolla Mohlolo oa Banna ba Lipere
KE MANG ea ka rarollang mohlolo oa banna ba lipere ba Tšenolo? Ka Bibeleng, ho Daniele 2:47, Jehova Molimo o bitsoa “ea senolang liphiri.” Kaha ke eena ea bululetseng Bibele, ho akarelletsa pono e buang ka banna ba lipere, a ka fana ka likarabelo tseo re li hlokang. Ka hona, ka ho batla boitsebiso Lentsoeng la hae le senotsoeng, re khona ho upolla se boleloang ke lipere tse mebala-bala le bapalami ba tsona.—Amose 3:7; 2 Timothea 3:16; 2 Petrose 1:21.
Litemana tse tharo tse qalang tsa Tšenolo, li fana ka senotlolo ho re thusa ho notlolla mohlolo ona. Li bontša hore letoto lena la lipono le ne le amana le liketsahalo tsa kamoso, ke hore, tsa kamoso ho selemo sa 96 C.E. ha moapostola Johanne a ne a bona lintho tsena tsohle ‘me a li ngola fatše. Hona ho lumellana le polelo ea hae ho Tšenolo 1:10 hore lintho tse bonoeng liponong tsena li ne li tla etsahala feela kamor’a hore “letsatsi la Morena” le qale.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 1:8; 5:5.
Re hopotse sena, re tla hlahloba lipere le bapalami ba tsona. Qalong feela, ke hoa bohlokoa ho ba le kutloisiso e nepahetseng ka pere e tšoeu le mopalami oa eona. Joale se boleloang ke banna ba bang ba lipere se tla be se se se utloahala.
Ho Hlahlojoa Litlhaloso
Sehloohong se fetileng, ho ile hoa bontšoa hore tlhaloso e ’ngoe ea pere e tšoeu le mopalami oa eona ke hore e ne e emela tlholo ea molaetsa kapa bompoli. Empa lefatše ha le e-so ho sokolleloe molaetseng (litabeng tse molemo) tse buang ka Kreste le merero ea Molimo e mo potolohileng. ‘Me ka sebele, bompoli ha bo e-so hlahelle bo hlōtse. Ho e-na le hoo, lekholong lena la lilemo bo ‘nile ba senyeha le ho arohana likoto.
Ho thoe’ng ka tlhaloso ea hore pere e tšoeu e emela tlhōlo ea molaetsa le bohloeki ba tumelo lekholong la pele la lilemo? Hona ho hlokomoloha ’nete ea hore pono e ne e le ea lintho tse tlang ho tla kamoso. ’Me kaha Johanne o ngotse pono ena e le motšoaruoa kholehong sehleke-hlekeng sa Patmose ka selemo sa 96 sa Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ho ne ho ke ke hoa etsahala hore e emele ntho leha e le efe e amanang le lekholo la pele la lilemo.
Tlhaloso e ’ngoe e bile hore pere e tšoeu e hlahisa tsela ho e-na le botho ba Kreste le hore ’Muso oa hae ‘o ka hare’ ho rōna, ke hore, ka lipelong tsa rōna. Empa tsela ea Jesu Kreste le ea Bokreste ha ea ka ea qala ka nako e ’ngoe ea kamor’a ho ngoloa hoa Tšenolo. Ho e-na le hoo, tsela ena e ne e se e ntse e bonahala haholo har’a Bakreste ba lekholo la pele la lilemo pele Johanne a ngola.
Hape, ha Jesu a ne a re “’muso oa Molimo o se o le ka hare ho lōna,” o ne a bua le Bafarisi ba baikaketsi ba bolumeli ha a arabela potso eo ba neng ba e botsitse. Jesu o ne a sa bue le balateli ba hae ba tšepahalang le ho ba bolella hore ’Muso e ne e le ntho e ’ngoe e ‘ka hare ho bona’ ka kutloisiso ea hore o ka lipelong tsa bona. Ho e-na le hoo, o ne a bolella Bafarisi ba sa lumeleng hore eena, Jesu, joaloka moemeli oa ’Muso oa Molimo o tlang, o ne a le teng har’a bona motsotsong oo.—Luka 17:21; bona le The Jerusalem Bible le The New English Bible.
Ho thoe’ng ka monahano oa hore mopalami oa pere e tšoeu ke Antikreste? Ha ho kae kapa kae moo Bibele e reng Antikreste o ne a tla futuha hoo ho neng ho ka thoe ka ena “a tloha e le ea hlōlang le ea tla hlōla,” joalokaha ho builoe ka mopalami oa pere e tšoeu. (Tšenolo 6:2) Ho hlakile hore ho sa tsotellehe hore na ke mang ea palameng pere e tšoeu, o tla palama e le ea hlōlang ka ho feletseng. Khapo ea hae e ke ke ea hlōleha. Lira tsohle tsa hae li tla timetsoa.
Litataiso tsa Bibele li Thusa ho Tsebahatsa
Letotong lona leo la lipono, “ea senolang liphiri” o fane ka tlhaloso e nepahetseng ea mopalami oa pere e tšoeu. Ho Tšenolo 19:11-16, pere e tšoeu e bonoa hape, lekhetlong lena ho hlakile hore na mopalami oa eona ke mang.
’Nete ea hore ho bonoa pere e tšoeu habeli liponong tsena tsa boprofeta e bontša hore ke pere e le ’ngoe le hore ho totobatsoa mesebetsi e sa tšoaneng ea mopalami. Ponong ea bobeli, mopalami o boleloa ka lebitso. O bitsoa “Motšepehi le Oa ’nete,” “Lentsoe la Molimo,” le “Morena oa marena, le ‘Musi oa babusi.”
Mabitso ao ha a siee khoao ea hore na mopalami oa pere e tšoeu ke mang. Hase mang kapa mang ha e se Morena Jesu Kreste ka seqo! (Bapisa Tšenolo 17:14.) Empa ke nakong efe ea bophelo ba hae? E lokela ho ba neng-neng kamorao ho lekholo la pele la lilemo, ha ho ne ho fanoa ka pono ea Tšenolo. Hlokomela hape hore joale o fuoa moqhaka oa borena. Ka hona ka nako e ’ngoe e tlang Jesu Kreste o ne a tla tlameha ho qala mosebetsi o ikhethang e le Morena, kapa ’Musi. ’Me boemong boo, o boetse o hlalosoa e le mohlabani ea hlometseng ka seqha, a palame e le “ea hlōlang le ea tla hlōla.”
Ho boetseng ho bontša hore hona ho ne ho tla ba kamoso ke ’nete ena: Nakong ea pono ea Tšenolo ho ne ho se ho fetile lilemo tse fetang 60 Jesu a phethile bophelo ba hae ba lefatšeng, a tsositsoe bafung, ’me a nyolohetse leholimong. Ha a khutlela leholimong, Jesu o ile a bolelloa hore a lete ka letsohong le letona la Molimo ho fihlela nakong eo e tlang ea ha lira tsa hae li ne li tla beoa “bonamelo ba maoto a hae.”—Ba-Heberu 10:12, 13.
Ho Palama Hoa Qala
Ka hona ho palangoa hoa pere e tšoeu ho ne ho tla qala ka nako e ’ngoe e tlang ha Jesu Kreste a ne a tla be a beiloe teroneng e le Morena oa leholimo oa ’Muso oa Molimo. Ka nako eo Molimo o ne o tla mo romela ka taelo ena: “Hloma ’muso oa hao har’a lira tsa hao.” (Pesaleme ea 110:2) Empa hoo ho etsahala neng?
Ho roesoa moqhaka hoa Jesu Kreste e le Morena oa leholimo ho hlalosoa ho Pesaleme ea 45:3-7. Joale ho Ba-Heberu 1:8, 9 moapostola Pauluse o qotsa pesalemeng ena ’me o sebelisa litemana 6 le 7 ho Mora oa Molimo, Jesu Kreste. Boitsebiso bo qaqileng le bopaki ba Mangolo tse phatlalalitsoeng ke Lipaki tsa Jehova li bontša hore ho roesoa hoa Jesu Kreste moqhaka leholimong ho etsahetse qetellong ea Mehla ea Balichaba, ‘Mehla e khethiloeng ea lichaba,’ ka selemo sa 1914.—Luka 21:24.a
Ka hona, tlhaloso leha e le efe e beang ho palama hoa banna ba lipere pejana ho selemo sa 1914 e ne e ke ke eaba e nepahetse. Hape, kaha mopalami oa pere e tšoeu o ne a etelletse pele, lipere tse ling tse latelang le bapalami ba tsona li ne li tla emela liketsahalo tse neng li tla etsahala le ho palama hoa hae, kapa ka nako e ’ngoe hoba a qale ho palama. Ka hona, ho palama hoa banna bana ba bane ba lipere, ho tlameha ho etsahala qalong ea ‘nako ea bofelo’ ka 1914 kapa kamorao ho moo. ‘Mehla ea qetello’ e ’nile ea bonahala ho tloha ka nako eo.—Daniele 12:4; 2 Timothea 3:1-5, 13.
Lipere tse Ling le Bapalami ba Bang
Pere ea bobeli e “khunong.” (Tšenolo 6:3, 4) Mopalami oa eona o laetsoe “ho felisa khotso lefatšeng, hore batho ba bolaeane.” O filoe “lerumo le leholo.” Sena se ipakile e le ’nete ha 1914 e bona ho qaleha ha ntoa e tšabehang paleng eohle ea motho, ntoa ea pele ea lefatše. Ka nako eo e ne e bitsoa Ntoa e Khōlō. Lilemo tse 21 feela hamorao Ntoa ea II ea Lefatše ea qhoma, ’me ea e-ba e senyang ho feta Ntoa ea I ea Lefatše. Ha esale ho tloha ka nako eo ho ’nile hoa e-ba le lintoa tse sa khaotseng. Ka kakaretso, ho tloha ka 1914, lintoa li bolaile ba ka bang limillione tse lekholo.
Pere ea boraro ke e ntšo, ’me mopalami oa eona o na le sekala letsohong la hae. (Tšenolo 6:5, 6) Lentsoe le hoelehetsa hore ho ne ho tla hlokahala moputso oa letsatsi lohle ho reka feela kotara e le ’ngoe ea koro kapa likotara tse tharo tsa harese e lithollo e theko e tlaase. Ka ho loketseng hona ho hlalosa khaello ea lijo ka tekanyo e khōlō ho feta leha e le neng pele. Hoo ho ipakile e le ’nete ho tloha ka 1914. Hantle feela ho tloha ha ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše, litheko tsa lijo tsa phahama. Ba limillione ba e-shoa ke tlala. Ha esale ho tloha ka nako eo, likhaello tsa lijo li ile tsa tsoela pele li sa khaotse. Hona joale ho hakanngoa hore batho ba limillione tse ka bang 450 ba lapile ho ea ho ea sekoboto, ’me ba ka bang billione ha ba na se lekaneng seo ba se jang. Nako le nako setšoantšo se lerootho se hatisoa ke litlala tse joalo le ke tahlehelo e khōlō ea bophelo joalokaha litlaleho li hlaha Ethiopia lilemong tsa morao tjena.
Ha e le ka pere ea bone, re hlokomela hore e “tšehla,” e bonahala e kula. Lebitso la mopalami oa eona ke “Lefu.” (Tšenolo 6:7, 8) E tšoantšetsa hantle palo e khōlō ea mafu ho tloha ka 1914 ka lisosa tseo e seng tsa tlhaho, tse kang likhaello tsa lijo le litlala, lintoa le pefo, mafu a seoa le maloetse. Mokakallane oa Spania o ileng oa qhoma lefatšeng ka bophara qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše o bakile mafu a fetang limillione tse 20. Hona joale lefu la pelo, kankere, le mafu a mang a mangata a qetella a bolaile ba limillione pele ho nako.
Liketsahalo tse tšoantšetsoang ke lipere tsena le bapalami bana li boetse li bontšitsoe boprofeteng bo tšoanang boo Jesu a faneng ka bona ka mehla ea rōna. O boletse hore ‘bofelong ba lefatše,’ boo re phelang ho bona hona joale, ho ne ho tla ba le ntoa ea lefatše ha ‘sechaba se seng se tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantša ‘muso o mong.’ O profetile “ngatafalo ea bokhopo” le “litlala ka nģa tse ngata, le mafu a akaretsang.”—Mattheu 24:3-12; Luka 21:10, 11.
Na ho ne Ho E-na le Pere ea Bohlano?
Tšenolo 6:8 e re: “Eaba kea talima, ka bona pere e tšehla, ‘me ea e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, a lateletsoe ke ngalo ea bafu [“Hades,” NW].” Motheong oa sena, ba bang ba hlahisitse hore kaha bapalami ba bane ba pele ba boletsoeng ba palame lipere, na oa bohlano eena e ne e ke ke eaba o palame pere?
Bibele ha e bolele joalo. Temaneng ea Segerike lentsoe bakeng sa “pere” ha le hlahe ho Tšenolo 6:8 kamanong le “ngalo ea bafu.” Ka baka leo, liphetolelo tse ngata tsa Bibele ha li akarelletse lentsoe “pere” mabapi le motho enoa oa bohlano. Kahoo ho lekane ho hlokomela hore lebitla le tloaelehileng la batho, Hades, le ne le latela lipere tse tharo tsa pele le bapalami ba tsona, le bokella mahlatsipa oohle a tsona.
Pono ee e U Ama Joang?
Ho phela nakong ea ha pono ena ea ho palama hoa banna ba bane ba lipere ba Tšenolo e phethahala ka mokhoa o matla, ka sebele ke phihlelo e hlollang. Empa e boetse ke nako ea ho nahana ka ho teba, e hlokang ho itlhahloba. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Hobane motho e mong le e mong lefatšeng o angoa ke ho palama hona hoa tšoantšetso. E, uena le baratuoa bohle ba hao lea ameha. Joang?
Potso ena e phahamisa ntlha e tebileng ea taba e tlang ho arabeloa tokollong e tlang ea Molula-Qhooa: “Kamoo Ho Palama Hoa Bona ho U Amang.” U se ke ua fetoa ke karabelo e khahlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona U ka Phela ka o sa Feleng Paradeising Lefatšeng, maqephe 134-41, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
1914—“Morena oa marena” o palama pere ea hae e tšoeu
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho tloha ka 1914, Hades e ’nile ea kotula haholo mohlaleng oa banna ba lipere ba Ntoa, Tlala, le Mafu a Akaretsang