Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Ho Ruta Mosali oa Mosamaria
HA BA le tseleng e tlohang Judea ho ea Galilea, Jesu le barutuoa ba hae ba haola setereke sa Samaria. Ba khathetse ke leeto, hoo e ka bang motšehare o moholo baa emisa ’me ba phomola selibeng haufi le motse oa Sikare. Seliba sena se ne se fatoe ke Jakobo makholo-kholo a lilemo a fetileng, ’me se ntse se le teng ho tla fihlela kajeno, haufi le motse oa kajeno oa Nablus.
Ha Jesu a phomola mona, barutuoa ba hae ba ea motseng ho ea reka lijo. Ha mosali oa Mosamaria a tlilo kha metsi, o-oa kōpa: “Mphe, ke noe.”
Ka kakaretso Bajode le Basamaria ha ba sebelisane ka lebaka la ho nkana hampe ho tebileng. Ka hona, ka ho makala, mosali o-oa botsa: “Ere u le mo-Jode, u qela joang metsi ho ’na, ke le mosali oa Samaria?”
Jesu o arabela ka hore hoja mosali eo o-oa tseba hore na ke mang, o ne a tla mo kōpa “metsi a kollang.” Jesu o re metsi ana, e tla ba “seliba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.”
Mosali o-oa arabela, “Morena, mphe metsi ao.”
Joale Jesu o re: “Ea bitsa monna oa hao.”
O-oa arabela: “Ha ke na monna.”
Jesu o hlakisa polelo ea hae. “U boletse hantle, ha u itse: Ha ke na monna. Hobane u kile ua ba le banna ba bahlano, ’me eo u nang le eena joale ha se monna oa hao.”
Mosali ka ho makala o re: “Morena, kea bona hobane u moprofeta.” A senola thahasello ea hae ea moea, o bontša hore Basamaria ba ne ba rapela Thabeng ea Gerizim, empa Bajode Jerusalema.
Jesu o supa hore sebaka sa borapeli hase eona ntho ea bohlokoa. A hlalosa, “Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”
Mosali o khahliloe haholo. O re: “Kea tseba hobane Messia, ea bitsoang Kreste, o tla tla; mohla eo a tlileng, o tla re tsebisa tsohle.”
Jesu o re: “Ke ’na, ea buang le uena.” Nahana! Mosali enoa ea tlang ho tla kha metsi har’a mp’a motšehare, mohlomong e le hore a ka qoba ho kopana le basali ba motse ba neng ba khesa tsela eo a phelang ka eona, o amoheloa ka tsela e babatsehang ke Jesu. Ka ho toba o bolella mosali seo ho seng mohla a kileng a se bua ho mang kapa mang. Ka liphello life? Sehlooho sa khatiso ea rōna e latelang se tla hlalosa. Johanne 4:3-26.
◆ Ke hobane’ng ha mosali oa Mosamaria a ne a maketse ha Jesu a bua le eena?
◆ Jesu o mo ruta eng ka metsi a kollang le sebaka sa borapeli?
◆ Jesu o itšenola ho eena hore na ke mang joang, hona ke hobane’ng ha ho itšenola hoo ho makatsa hakaale?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 9]