Ho Hahela Bokamoso bo sa Feleng
“Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e ee e hahuoe ke motho; empa ea hahileng ntho tsohle ke Molimo.”—BA-HEBERU 3:4.
1, 2. (a) Polane ea areka e entsoe ke mang, hona litaelo tse neng li fanoe li ne li qaqile hakae? (b) Ke hobane’ng ha e le hoa hohlokoa ho utloa joaloka Noe?
EKABA lilemo tse 4 400 esale Jehova a ne a laele Noe hore a hahe areka bakeng sa ho boloka bophelo. Empa Molimo ha o-oa ka oa tlohela tsohle ho Noe hore a hahe mohaho oa mofuta ofe kapa ofe o neng o ka phaphamala. Ho e-na le hoo, o ile oa fana ka litaelo tse qaqileng ka thepa e tla sebelisoa, polane, bolelele, bophara, bophahamo, masoba le hore na e phethoe joang ka ntle le ka hare. “Eaba Noe o etsa kahohle kamoo Molimo o mo laetseng kateng, a fela a etsa joalo.”—Genese 6:13-16, 22.
2 Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa Lipaki tsa Jehova tsa kajeno! Joaloka Noe, re tšepetsoe mosebetsi o pholosang bophelo empa ka lekhetlo lena ho lebelletsoe poloko ea ‘ba limillione ba phelang hona joale ba ke keng ba e-shoa le ka mohla.’ Ke hoa bohlokoa hakaakang hore re be ba utloang, joaloka Noe! Ke ho potlakileng hakaakang hore re latele mohlala oa Ea moholo ho Noe, Jesu Kreste, ha re sebeletsa re le ‘baboleli ba ho loka’!—2 Petrose 2:5.
Mosebetsi oa Moea oa ho Haha
3. (a) Ho haha lipolelong tsa Jesu ho tla fella ka eng? (b) Ke hobane’ng ha ho bolela hoa Jesu ho ne ho haha tumelo?
3 Joale e se e le lilemo tse 1 956 esale Jesu a ne a makatse naha ea Galilea ka polelo ea hae e reng: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” O ile a tšoantša e mong le e mong ea utloang lipolelo tsa hae ’me a haha holim’a tsona le “monna ea bohlale, ea hahileng ntlo ea hae letlapeng.” Tumelo ea motho eo e tiile, ha e sisinyehe, ha e thekesele. E ke ke ea inehela tlas’a khatello. Ho bolela hoa Jesu ho ne ho haha tumelo. Ho ne ho fihla lipelong tsa batho, ho fapane ho hang le lipolelo tsa boikaketsi tsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajode. Batho feela ba ne ba tsota tsela eo Jesu a rutang ka eona. Le oona masole a ileng a romeloa ho ea mo tšoara a ile a khutla a le feela, abolela hore: “Ha ho e-so ho be motho ea buang joale ka motho eo, le ka mohla o le mong.”—Mattheu 4:17; 7:24, 25, 28; Johanne 7:46.
4. (a) Jesu o ile a hahela kamoso joang? (b) Ke mosebetsi ofe o moholo oa ho haha o etsahetseng ka Pentekonta ea 33 C.E.?
4 Jesu o ne a hahela kamoso. O ile a bokella bao a sebetsang le bona, ba kang Petrose, eo hape a neng a bitsoa Kefase, e bolelang “lejoe.” Jesu a re ho morutuoa enoa: “U Petrose, ’me ka holim’a lejoe leo, ke tla haha kereke ea ka.” Kamorao ho nako Petrose ea e-ba e mong oa “majoe a phelang” a mangata a hahiloeng holim’a Jesu, ‘lejoe la ntlha la motheo’ la phutheho. Phutheho eo e ile ea theoa ka Pentekonta ea 33 C.E. ha Jesu ea tsositsoeng a le ka letsohong le letona la Molimo leholimong, a tšollela moea o halalelang holim’a barutuoa ba letileng.—Mattheu 16:18; 1 Petrose 2:4-6; Liketso 2:2-4, 32, 33.
5. Ke liphetoho life tsa kajeno tse amang phutheho ea Bokreste ka boteho?
5 Kajeno, phutheho ea Bokreste e amehile ka botebo ka ho phethahala hoa merero ea Jehova. Ke nako ea “tšenolo,” kapa “phuthullo,” ha “litaba tse tšoanetseng ho hlaha kapele” li senoleloa “bahlanka” ba Molimo ba lefatšeng. (Tšenolo 1:1-3, Ref. Bi., botlaseng ba leqephe) Ke nako ea ha bahlanka bana ba tlameha ho ‘bolela litaba tse molemo tsa ‘muso oa Molimo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki,’ pele Molimo o liha kahlolo ea oona tsamaisong e khopo ea Satane. Ke nako ea ha Morena, Jesu Kreste, eo hona joale a leng teroneng maholimong, a arola batho ba bonolo, ba kang linku ho batho ba manganga ba kang lipōli ba sa batleng ’Muso oo, le ho bokella “linku” tsena phuthehong ea hae ea “baena” ba moea pele ‘mahlomola a maholo’ a otla.—Mattheu 24:14, 21; 25:31-40.
6. “Areka” kajeno ke eng, ’me re ka pholoha joang?
6 Areka ea pholoho ea kajeno ke efe? Ke boemo ba moea boo Lipaki tsa Jehova li iphumanang li le ho bona ho tloha ka 1919, paradeise ea moea. Joaloka litho tsa lelapa la Noe, masala a Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea oona ba tlameha ho lula ka hare ho eona, ba sebetsa ka kutlo, ka pelo eohle, ho phetheng mosebetsi o moholo oa moea oo Jehova a o rerileng. Mosebetsi ona ke ‘ho bokellela tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong [ho tloha ka 33 C.E. ka bao phello ea bona e leng leholimo], leha e le tse lefatšeng [ka ho hlokomelehang ho tloha ka 1935 ka “bongata bo boholo” ba lichaba tsohle boo qetello ea bona e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng].’—Ba-Efese 1:10; Tšenolo 7:9, 14.
“Ho Haha le Ho Hloma”
7. Ke mosebetsi ofe o habeli o tsoelang pele hona joale, ’me re ka nka karolo ka thabo joang joalokaha ho entse Noe le Jeremia?
7 Jehova o romile masala a batlotsuoa ba Bakreste a lefatšeng, joalokaha a ile a roma moprofeta Jeremia, ho “lichaba le mebuso ho epolla le ho qhaqha, ho senya le ho ripitla, ho haha le ho hloma.” Kahoo mosebetsi o habeli o tsoela pele hona joale: (1) ho tsebahatsa kahlolo ea Jehova khahlanong le tsamaiso ea lefatše le khopo la Satane le (2) ho haha le ho thea mokhatlo oa batho bao e leng ba Molimo ba tla bolokoa. (Jeremia 1:10; 24:6, 7; Esaia 26:20, 21) Masala a tlotsitsoeng le letšoele le leholo le ntseng le eketseha la metsoalle ea oona ba thabile hakaakang ha ba nkile karolo mosebetsing ona kajeno! Ke thabo e kang eo Noe ea mahlahahlaha le lelapa la hae e tlamehang e be ba bile le eona mehleng ea bona.
8. (a) Ke keketseho efe ea bahoeletsi e lokelang ho hlokomeloa e etsahetseng ka lilemo tse fetileng tse 22? (b) Ha re sheba maqepheng a 20-3, linaha tse ling tse thabetseng keketseho e totobetseng ka 1985 ke life?
8 Na ho na le ba limillione ba tla pholoha letsatsi la bohale ba Jehova? Ho na le tebello e ntle haholo bakeng sa hoo, joalokaha ho bontša Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1985 ea Lipaki tsa Jehova. Lintlha tsa tlaleho ena li hlaha mona maqepheng a 20-3. Ke ho thabisang ka ho fetisisa ho hlokomela keketseho e babatsehang tlhorong ea palo ea ba sebetsang tšimo. Ena e phahame ho fihla palo-khōlōng ea baboleli ba ‘Muso ba 3 024 131. Letšoao la ba 1 000 000 le ile la finyelloa pele ka 1963, ba 2 000 000 ka 1974, ‘me hona joale ba fetang 3 000 000 ka 1985. Lilemong tseo tse 22, ho bile le keketseho ea karolo ea 200 lekholong. Re leboha Jehova hakaakang eo, ka moea oa hae, a etsang hore lintho li hōle!—Zakaria 4:6; 1 Ba-Korinthe 3:6.
9. (a) Ke hobane’ng ha keketseho ea bo-pulamaliboho ebile e tsotehang haholoanyane? (b) Ho khothalletsoa eng bakeng sa bohle ba ka bo etsetsang sebaka, hona hobane’ng?
9 Ho bile ho totobetseng ka ho fetisisa lilemong tseo ebile keketseho ea baboleli ba ‘Muso ba nako e tletseng. Ho sa tsotellehe maemo a ntseng a mpefala a moruo lefatšeng ka bophara, palo ea sehlopha sena se matla sa “bo-pula-maliboho” e phahametse holimo ho tloha karolelanong ea khoeli le khoeli ea ba 38 573 ka 1963 ho ea ho ba 322 821 ka 1985—keketseho ea karolo ea 737 lekholong! Hona ho bontša eng? Ho bontša hore moea o motle oa boitelo o teng har’a batho ba Molimo, tumellanong le mantsoe a Jesu ho Luka 9:23. Hangata, ho hlokahala tokisetso e ntle le boitelo ho atlehisa tšebeletso ea bopula-maliboho. Empa meputso e meholo.—Ba-Roma 12:1, 2; Malakia 3:10.
10. (a) Bahoeletsi ba phutheho ba lokeloa ho babaletsoa eng? (b) Ke litlhoro life tse tharo tse ncha tsa tšebetso tse hlokomelehang mona, ‘me li bontša eng?
10 Bahoeletsi ba liphutheho ba limillione le bona ba tlameha ho loana le likhatello tseo ba li tlisetsoang ke Satane le lefatše la hae. Empa le bona, ba nyehela ho Molimo “sehlabelo sa poko.” (Ba-Heberu 13:15; Ba-Roma 10:9, 10) Lihora tseo, e-bang li ngata kapa lia fokola, tseo lōna bahoeletsi ba tšepahalang le li tlalehileng khoeli le khoeli li fetohile karolo ea tlhoro e ncha ea lihora tse 590 540 205 tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa 1985. Hona ke keketseho ea karolo ea 16, 8 lekholong holim’a 1984! Litlhoro tse ncha tsa maeto a ho boela a 224 725 918 le lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 2 379 146 le batho ba thahasellang li bontša hore baboleli ba ‘Muso hohle ba loanela hore e be baruti ba molemo hammoho le baboleli ba chesehang.—Mattheu 28:19, 20.
Ho Hahela Khotso ea ‘Nete le Tšireletseho
11. Tšepo ea ’nete ea khotso le tšireletseho e phatlalatsoa joang, hona hakae?
11 Ho ea qetellong ea 1985 Machaba a Kopaneng a ile a bolela 1986 e le Selemo sa Machaba sa Khotso. Mehleng ea morao, Machaba a Kopaneng a ’nile a bua haholo ka khotso le tšireletseho. Empa polelo ea bohlokoa haholoanyane, ea tšepo ea Mangolo bakeng sa khotso le tšireletseho, e ile ea phahama haholo ka 1985, ha Lipaki tsa Jehova li tsamaisa tšimong ea lefatše Libibele, libuka le libukana tse 38 805 561, hammoho le limakasine tse 300 545 609, ’me li fumana lipeeletso tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Tse 1 719 930. Ka maqephe a hatisitsoeng le ka polelo ea molomo, ’Muso o hlomiloeng ka “Morena oa khotso” oa sebele o ile oa fumana bopaki bo fetisisang ho tla fihlela joale. Ka sebele, ‘’muso oa hae o tla hōla le ho ba le khotso ka ho sa feleng.’—Esaia 9:6, 7.
12. Katoloso e felletse ka tlhoko efe e khōlō, ‘me batho ba Jehova ba ikopantse joang ho leka ho khahlametsa seo se hlokahalang?
12 Khōlo e fetisisang tšimong e bilelelitse khōlo tlhophisong e e tšehetsang. Ka 1985 palo ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle e ile ea phahama ho tloha ho 47 869 ho ea ho 49 716. Hona ho bilelitse hore ho be le libaka tse ncha tse baloang ka makholo tsa liboka. Ke hantle hakaakang hore, linaheng tse ngata, Lipaki li ile tsa hlohonolofatsoa boitekong ba tsona ba ho fumana lichelete bakeng sa Liholo tsa ’Muso! Moo ho ileng hoa hlokahala, batho ka bomong le liphutheho ba ’nile ba tšehetsana ntle ho boikhabi mananeong a bona a ho haha e le hore ho ka ‘lekanngoa’ lintho boeneng ba lefatše lohle.—2 Ba-Korinthe 8:14, 15.
13. Batho ka bomong ba ka tlatsetsa mesebetsing ea kaho ea Liholo tsa ’Muso joang?
13 Linaheng tseo maemo a loketseng, liofisi tsa makala tsa Watch Tower Society li boetse li tšehetsa mananeo a Liholo tsa ’Muso. United States le Canada, batho ka bomong ba bangata ba etsa menehelo bakeng sa Letlole le khethehileng la Liholo tsa ’Muso, le nolofalitseng hore likalimo li be teng bakeng sa ho haha Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng. Ba bang ba ’nile ba nehelana ka matla le mahlale a bona, e le hore Liholo tsa ’Muso tse hahuoang ka potlako li hlongoe ka mafelo-beke a le mang feela. Ka ho sebetsa mananeong a joalo ka ‘moea ’ohle joale ka ha eka ho etsetsoa Jehova,’ Lipaki tsa hae li ka finyella seo batho ba lefatše ba nkang hore se ke ke sa etsahala.—Ba-Kolosse 3:23, NW.
14. Tlhokahalo ea Liholo tsa Kopano e khahlamelitsoe joang?
14 Linaheng tse seng kae, khaello ea lisebelisoa tse tšoanelehang bakeng sa likopano tsa potoloho tsa habeli ka selemo tsa Lipaki tsa Jehova e hlahisitse bothata bo boholo. Hape, Lipaki ka thabo li ’nile tsa thulana le phephetso ena ka mananeo a ho haha, ka moea o tšoanang le o bontšitsoeng ke bahlanka ba Molimo mehleng ea boholo-holo. Ka mohlala, eitse ha ho hlokahala hore ho fumanoe thepa bakeng sa ho haha tabernakele, phutheho ea Iseraele ka lentsoe le le leng ea ela hloko taelo ea Molimo: “Ntšang ho tsa lōna seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ea hae e ratang, a ke a tlise se abetsoeng Jehova.” Phutheho eo ea fana ka se fetang se neng se hlokahala, ‘me mosebetsi oa phethoa ka potlako.—Exoda 35:5-19; 36:7.
15. (a) Ke katoloso efe e ‘nileng ea etsahala makaleng a Watch Tower Society? (b) Mosebetsi o finyelletsoe joang?
15 Ha ho ntse ho hlokahala ka ho eketsehileng Libibele le lingoliloeng tse theiloeng Bibeleng, a mangata ho makala a 94 a Watch Tower lefatšeng lohle a ‘nile a tlameha ho atolosa lisebelisoa tsa oona. Likhatiso tsa Brooklyn le tsa Mapolasi a Watchtower e sa ntsane e le tsona tse khōlō haholo ho tla fihlela joale, empa makala a 36 a Mokhatlo hona joale a hlokomela khatiso ea limakasine tsa oona, ‘me makala a 6 oona a hlomelletsoe ho hatisa le ho tlama libuka. Ho ana, Jeremane, Italy, le Japane li hatisa Libibele. Khatiso e ncha e Selters, Jeremane, e sebeletsa mopetetsane. Ebina, Japane, ho ntse ho atolosoa mohaho oa khatiso o mekato e tšeletseng le oa Lehae la Bethele o eketsoa ka o mekato e robeli hore ho ka fumanoa bolulo bakeng sa basebetsi ba bang ba 280. Joalokaha batho ba Jehova ba ile ba tšehetsa mohaho oa tempele ea Salomone “ka pelo eohle,” le kajeno batho ba Molimo linaheng tse sa tšoaneng ba “nehela Jehova limpho tsa bona tsa ho rata,” ’me o phaella ka tlhohonolofatso ea hae e le hore mosebetsi o phethoe.—1 Likronike 22:14, 15; 29:7, 9; bona Ref. Bi., mantsoe a ngotsoeng botlaaseng ba leqephe.
16. Ke hobane’ng ha ho haha hona ho eketsehileng le ho hlophisa ho ile hoa hlokahala?
16 Na khaho ee eohle le tlhophiso ee eohle li hlile lia hlokahala? Lia hlokahala, haeba “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a tla tsoela pele ho fana ka lijo tsa moea ka ‘nako ea teng.’ Lijo tse joalo ke tsa bohlokoa haholo bakeng sa khōlo ea “ntlo ea Molimo” le bakeng sa ho bolela ho etsoang lefatšeng lohle ka lipuo tse fetang 200. (Mattheu 24:45; Ba-Efese 2:19; 4:15, 16) Batho ba Jehova ka bobona ba tlatselitse ka mahlale a bona ka ho qapa mokhoa oa ho hatisa ka lipuo tse ngata ka motlakase ka litlhaku tse fotiloeng (MEPS), oo hajoale o fepetsoeng makala a Watch Tower a 26. Hona ho nolofalitse mokhoa o kopaneng o potlakileng oa ho hatisa lefatšeng lohle, ’me o thusitse mabapi le ho phatlalatsoa ha molaetsa oa ’Muso ka nako e le ’ngoe likarolong tse ngata tsa lefatše.—Bapisa Esaia 52:7-9.
17. Ke tlhokahalo efe e teng ntlo-khōlō e Brooklyn, ‘me e sebetsoa joang?
17 Ho bonahala mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o sa khaotse ho atoloha kajeno. Le hona joale, lelapa la Bethele le Brooklyn, New York, ntlo-khōlō ea Mokhatlo le hōtse hoo le tletseng libaka tsohle tse teng tsa bolulo. Haeba e ka ba thato ea Jehova, mohaho o phahameng o ka nkang basebetsi ba bang ba Bethele ba sekete o ka ‘na oa hahuoa setšeng sa Mokhatlo se Columbia Heights. Empa haeba hona ho sa phethahale, re tla lebella tataiso e tsoelang pele ea Jehova tabeng ena. Lithapelo le tšehetso e tšepahalang ea boena bo lefatšeng ka bophara mabapi le katoloso ena eohle lia ananeloa ka sebele.—Bapisa Liketso 21:14; 2 Ba-Thessalonika 3:1.
18. Ke hobane’ng ha merero ea ho haha e le mengata hakana kajeno, ho sa tsotellehe bohaufi ba Harmagedone?
18 E mong a ka ‘na a botsa: ‘Empa ke hobane’ng ha merero ea katoloso e le mengata hakana ha re eme re talimane le Harmagedone?’ Karabelo ke hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ha o ‘emise mosebetsi,’ kahobane Harmagedone e atamela. Eo ke ‘nako ea bofelo’ bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Satane feela. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hahela bokamoso ba ka ho sa feleng. E bang mehaho e entsoeng ke batho e tla pholoha Harmagedone kapa e ke ke, rea tseba hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o tla pholoha ‘mahlomola a maholo’ e le tsamaiso e sebetsang le hore Jehova o tla o sebelisa le ba o tšehelitseng ka botšepehi, ho thea khotso ea ka ho sa feleng le tšireletseho Paradeiseng e khanyang ea lefatšeng eo Molimo o e tšepisitseng.—Tšenolo 7:9, 14-17; 21:1, 4, 5.
Ho Haha ka Morero
19. Ke phephetso efe e bonoang tlalehong ea Sehopotso ea 1985?
19 Noe o hahile a e-na le morero oo a o talimileng, ’me le rona re tlameha ho etsa joalo. Tšobotsi e ’ngoe ea Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1985 e fana ka ntho e ngata eo ho ka nahanoang ka eona. Ke palo eane e babatsehang ea ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Jesu ba 7 792 109 ka la 4 ’Mesa, 1985—keketseho ea 375 135 ho palo-khōlō ea 1984. Hoa babatseha ka sebele! Empa palo eo e na le phephetso. Ka tlhoro ea bahoeletsi ba 3 024 131 ba kopanelang tšebeletsong ea ’Muso, ho na le ba bang ba ka bang 4 000 000 ba kopanelang le rōna, bonyane ka tekanyetso eitseng, bao ho sa ntsaneng ho hlokahala hore ba hahele bokamoso ka ho kopanela tšebeletsong ea Bokreste. Re ka ba thusa joang?
20. Ke tlhokahalo efe e potlakileng ea ho khahlanyetsa phephetso, hona re ka e sebetsa ka mokhoa o molemo joang?
20 Re tseba ba bangata ho batho bana ba thahasellang. E ka ‘na ea e-ba litho tsa malapa a rōna, batho bao re khannang lithuto tsa Bibele le bona, babeeletsi ba limakasine tsa rōna, kapa ba bang. Ba bang mohlomong ha esale ba thahasella Sehopotsong se fetileng. Na joale re ka etsa boiteko bo khethehileng ho hlokomela bana, re ba haha ka thuto ea Bibele, e le hore ba ka fumana tširelo tokisetsong ea Jehova “litšenyo . . . li be li fete”? (Pesaleme ea 57:1) ‘Mahlomola a maholo’ e tla ba ketso ea Jehova ea ho tlosa qoso ho eena, e nang le seo e se bolelang le e khaolang khang haholo ho feta le Moroallo oa Noe. Re batla ho haha batho bana ba thahasellang ka linnete tse phelisang, e le hore ba ka “bitsa lebitso la Jehova” ’me ba se ke ba hoholelloa. (Mattheu 24:21, 22, 39; Sofonia 2:3; 3:8, 9) A re ithuteng Lentsoe la Molimo le bona, re sebelisa buka ea ho ithuta U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng kapa lingoliloeng tse ling tsa Bibele tse hahang tumelo.
21. Re ka haha tumelo e tšoanang le ea Noe ka ho rōna le ka ho ba bang joang?
21 Jehova Molimo ke Sehahi se Seholo le Mofani e Moholo bakeng sa batho. (Pesaleme ea 127:1; 145:16; Moeklesia 3:10-13) Ke eena ea ileng a laela Noe polane le mohaho oa areka. Ka ho sebelisana ka kutloisiso le Noe e Moholo, Jesu Kreste, o lokiselitse hore ho lopolloe batho ba utloang sebeng le lefung. Ka Mora enoa o boetse o hahile “areka” ea kajeno, paradeise e atlehang ea moea eo ho eona banna le basali ba tumelo ba ka fumanang poloko, ba lebelletse bophelo bo sa feleng. (Mattheu 20:26-28; Johanne 3:16; 17:3) E se eka re ka thusa ba bang ba bangata ho haha tumelo le ho thea kamano e haufi le Jehova le Mora oa hae. E se eka re ka ba thusa ho rata ho loka le ho hloea bobe. (Ba-Heberu 1:9) Kahoo, ka tumelo e kang ea Noe, re ka ‘na ra haha ho ea pele bakeng sa bokamoso ba ka ho sa feleng.—1 Timothea 4:15, 16.
LIPOTSO TSE SENG KAE TSA TLHAHLOBO—
◻ Jesu o ile a hahela kamoso joang?
◻ Ke eng eo u e fumaneng e totobetse tlalehong ea 1985?
◻ Ke hobane’ng ha mananeo a ho haha a puso ea Molimo a hlokahala?
◻ Bohle re ka haha ka morero joang?
[Lebokose le leqepheng la 24]
Phutheho naheng ea Afrika moo mosebetsi oa Jehova o thibetsoeng e na le bahoeletsi ba 95, bao kaofela ha bona ba kopanelang tšebeletsong khoeli le khoeli. Ka karolelano ba ba 130 libokeng tsa bona empa ba ba 160 lipuong tsa bona tsa phatlalatsa. Ba na le bo-pula-maliboho ba kamehla ba bararo ’me haufi ba tsoa ba le bo-pulamaliboho ba thusang ba robeli. Ka likhoeli tse tšeletseng feela, bahoeletsi ba bacha ba 21 ba qalisitse tšebeletso ea tšimo.
[Lebokose/Litšoantšo se leqepheng la 16, 17]
KHAHO E ETSOANG LEFATŠENG LOHLE KE LIPAKI TSA JEHOVA
Lefatšeng lohle, bo-pula-maliboho ba 322 821, ba ne ba tlaleha khoeli le khoeli (keketseho ea 24,7 lekholong)
Lefatšeng lohle bahoeletsi ba eketsehile ho ea ho 3 024 131 (keketseho ea 6,4 lekholong)
Maeto a ho boela ho ba thahasellang, 224 725 918 (keketseho ea 14,8 lekholong)
Lithuto tsa Bibele tse tsamaisitsoeng, 2 379 146 (keketseho ea 16,2 lekholong)
[Litšoantšo]
Bo-pula-maliboho ba ea tšebeletsong ea ntlo le ntlo, Brooklyn, New York
Kopano ea lipuo tse leshome le metso e mene, Montreal, Quebec, Canada
Ho paka, Castlie Combo, Witsehire, England
Sehlopha sa thuto, Yap, Micronesia
Mehaho e meng e sebelisoang ho tšehetsa tšebeletsoea ho haha moeeng lefatšeng ka bophara.
Brooklyn, thomello ea Libibele le lingoliloeng tsa Bibele e sebetsoa mohahong ona oa 1 000 000 sq.ft o leng 360 Seterateng sa Furman
Holo ena ea ’Muso (Downpatrick, Ireland) e hahiloe ka lihora tse 31
Holo ena ea Kopano e Roma ke e ’ngoe ea liholo tse sebelisoang lefatšeng ka bophara
Keketso enamohahong oa Lehae la Bethele la Japane e ntse e tsoela pele hona joale
[Chate e leqepheng la 20-23]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1985 EA LIPAKI TSA JEHOVA TSA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsibiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Chate e leqepheng la 25]
Linaha tse robeli li tlalehile tlhoro ea bahoeletsi ba fetang 100 000 ka 1985
U.S.A. 723 220
Brazil 177 904
Mexico 173 037
Italy 127 526
Nigeria 121 729
Jeremane 115 604
Brithani 103 522
Japane 103 117