Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Kaha Pesalema ea 37:29 e fetoletsoe ele “ba lokileng tla ja lefa la naha, ’me ba tla lula ho lona ka ho sa feleng,” na e bolela feela ka ho lula ha Baiseraele ka ho sa feleng Naheng ea Pallo?
Che, hlaloso eo e ka ba ho lekanyetsa haholo tšepiso ena e bululetsoeng ntle ho mabaka. Pesaleme ea 37 e fupere tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la rōna bakeng sa ba lokileng.
Phetolelo e ka holimo ea Pesaleme ea 37:29 e nkuoe Bibeleng ea King James Version. Le liphetolelo tse ling tse ngata li hlalosa lentsoe la Seheberu ‘eʹrets e le “naha.” ‘Eʹrets e ka hlalosa lebatooa le khethehileng kapa sebaka sa sechaba, joaloka “naha ea Shineare” kapa “naha ea Egepeta.”—Genese 10:10, 11; 21:21; Pesaleme ea 78:12; Jeremia 25:20.
Kahoo Pesaleme ea 37:11, 29 e ka ’na ea hlalosa hore Baiseraele ba ka be ba fetohile baahi ka ho sa feleng Naheng ea Pallo. Ho ea ka selekane sa Molimo le Abrahama, ba ne ba ka lula sebakeng seo Molimo o ba fileng sona, ka meloko le meloko ba thabela hlohonolofatso ea oona moo. Leha ho joalo, lintho ha lia ba ka tsela eo, kahobane Baiseraele ha ba ka ba tšepahala ho Molimo.—Genese 15:18-21; 17:8; Deuteronoma 7:12-16, 22; 28:7-14; 31:7; Joshua 21:43-45.
Leha ho le joalo, ha ho na lebaka la Mangolo le lekanyetsang lentsoe ‘eʹrets le Pesalemeng ea 37:11, 29 ho hlalosa feela naha e neng e neuoe Baiseraele.
A Hebrew and English Lexicon of the Old Testament (Gesenius, Brown, Driver, le Briggs; 1951) ‘eʹrets e hlalosoa e le: “1. a. lefatše, lefatše lohle ([e seng] karolo ea lona) . . . b. lefatše, [e seng] leholimo, sepaka-paka . . . c. lefatše=baahi ba lefatše . . . 2. naha=a. naha, sebaka . . . b. setereke, lebatooa . . . 3. a. lebala, boholimo ba lebala . . . b. mobu, o beang.” Old Testament Word Studies ka William Wilson e fana ka tlhaloso ena ka ‘eʹrets: “Lefatše ka kelello e atolohileng, libaka tse nang le baahi le tse se nang baahi; hammoho le tšebeliso e lekanyelltsoeng ea lona, likarolo tsa boholimo ba lefatše, naha.” Ka hona hlaloso ea pele le e tobileng ea lentsoe la Seheberu ke planete ea rōna, kapa qitikoe, lefatše.
Ka ho hlakileng, ha Pesaleme ea 37:11, 29 e ne e fetoleloa Segerikeng ho Septuagint, lentsoe la Seheberu ‘eʹrets le fetoletsoe Segerikeng e le ge, “le bolelang lefatše le lengoang kapa mobu.” Ge ke lentsoe le sebelisitsoeng boprofeteng bo totobetseng ba Jesu ho Mattheu 5:5: “Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.”
Ho hlakile hore ha Jesu a ne a qotsa tšepiso ee ea Pesaleme ea 37:11, o ne a sa bue ka Naha ea Pallo feela. Balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba tla fetoha marena le baprista ba leholimo le eena ho kopanela pusong e tla aparela qitikoe eohle ea lefatše. (Tšenolo 5:10) Ka ho tšoanang, ba bonolo ba tla rua bophelo bo sa feleng e le batho ba tla thusa ho tsosolosa maemo a Paradeise lefatšeng lohle. (Tšenolo 21:4; Genese 1:28) Ka baka leo, kaofela ha rōna re ka talima phethahatsong ea nako e tlang e hlollang ea pallo ena: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.