Baboloki ba Botšepehi ba Lekholo la Bo20 la Lilemo Baa Bokana!
MELA ea ntoa ke khale haholo e sehiloe historing ea motho. Bofetoheli bo ile ba qhoma sebakeng sa moea le sebakeng sa motho, ’me ho ile hoa phephetsoa tokelo ea borena ba ’Mōpi! Hona hoa hlahisa tseko ea boitšoaro e akarelletsang potso ena, Na ba sa ntsaneng ba tšepahala ho Jehova Molimo ba tla phahamisa puso ea hae ka ho boloka botšepehi ba bona ho eena?—Genese 3:1-24; Exoda 9:16; Luka 22:31.
Ka bohata Satane Diabolose o ile a bolela hore barapeli ba Jehova ba Mo sebeletsa feela ka lebaka la molemo oa boithati e seng ka lebaka la lerato. (Jobo 1:1-2:10) Empa, ba lutse ba tšepahetse ho Molimo ho sa tsotellehe boiteko ba Satane le lefatše la hae le hanyetsang ba ho roba botšepehi ba bona. (Ba-Heberu 11:4-38; Tšenolo 12:10-17) E le ho susumelletsa bahlanka ba Jehova ba lekholong la bo20 la lilemo ho tsoela pele ba tšepahala, Watch Tower Society e ile ea lokisetsa letoto la likopano tsa Lipaki tsa Jehova tsa “Baboloki ba Botšepehi” hore li tšoaroe linaheng tse ngata, ho qala ka lehlabula la 1985 [karolong e ka leboea ea lefatše]. Letsatsi le leng le le leng le ne le totobatsa sehlooho sa Bibele se tšoanelang.
“Ho Tsamaea ka Botšepehi”
Sehlooho sena sa letsatsi le qalang la kopano sa lutlisa mathe a takatso ea lijo tsa moea. Puo e reng, “Batho ba ka, Utloang Lentsoe la Jehova” ea bula khoro ka ho hopotsa bohle hore ba mamele ka hloko. Ho ileng hoa paka bohlale ba puello eo e bile puo ea molula-setulo, “Botšepehi bo tla Re Sireletsa.” Botšepehi bo ka etsa joalo joang? Botšepehi bo hloka hore re inehele ho Molimo ka ho feletseng, re boloke lipelo tsa rōna, lipheo tsa rōna, le lerato la rōna li hloekile. Molula-setulo a re, “Haeba bona ke boikemisetso ba rōna, joale botšepehi ba rōna bo tla re lebela.”—Pesaleme ea 25:5; 31:23.
Hape “Re Khothalitsoe ke Mohlala oa Baboloki ba Botšepehi ba Lekiloeng.” Hoba se bue ka mehlala e khothatsang ea nakong e fetileng, sebui sa buisana le baboloki ba botšepehi ba beang mohlala mehleng ea rōna. Ba bolokang botšepehi “Ha re Hlajoe ke Lihlong ka Litaba tse Molemo.” Puo ena, e theiloeng ho Mareka 8:38, e ile ea hlakisa hore ho itsebahatsa hoa rōna ntle ho lihlong tšebeletsong ea rōna, mesebetsing ea rōna ea boipheliso, le kae kapa kae ke tšireletso. ‘’Me e tla ba ntho e babatsehang hakaakang ha Jesu a bua ka pel’a mangeloi a leholimo le Ntate oa hae, a bolela hore re barutuoa ba hae ba tsamaileng ka botšepehi!’
“Litaba tse Senotsoeng ke tsa Rōna le Bana ba Rōna” e bile sehlooho sa lenaneo se bontšang hore, joaloka Ntate ea lerato, Jehova o thabela ho senolela batho ba hae “litaba tse patiloeng.” (Deuteronoma 29:29; Amose 3:7) Ho ithuta lintho tsena tse senotsoeng ka matla ho tla re matlafatsa e le hore re ka tiea botšepehing ba rōna. Sehlooho se hlahlamang, “Ho Fumana Thabo Lentsoeng la Jehova,” sa hatisa ntlha ea hore Lipaki tsa Jehova e tlameha ho ba liithuti tsa Bibele. (Pesaleme ea 1:1, 2) Ka sebele, “ho ithuta ke karolo ea bophelo ba Mokreste e mong le e mong ea tsamaeang ka botšepehi.”
“Ho Bea Mabaka ka Mangolo” ke mokhoa o sebelisoang ke baboloki ba botšepehi ha ba sebelisana le batho ba mefuta e sa tšoaneng bao ba ba bolellang. Ka mohlala, synagogeng ea Thessalonika, moapostola Pauluse o ile a ‘beelana mabaka ka mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko.’ Na Pauluse o ile a atleha? E, hobane ba bang ba bamameli ba hae ba ile ba fetoha balumeli. (Liketso 17:1-4, NW) Na ba teng kopanong ba ne ba tla ananela thuso ea ho arabela lipotso tseo ba kopanang le tsona tšebeletsong ea tšimo? E bile thabo e kaakang ho e amohela ha sebui se lokolla buka e ncha ea tšebeletso ea tšimo, Reasoning From the Scriptures!
“Ho Ruta Lentsoe la ’Nete Hantle”
Letsatsing la bobeli, e bile ho hlollang ho bona bo-pula-maliboho ba bangata hakaalo—ba likete likopanong tse ling—ba eme ka memo ea sebui, ba fana ka bopaki ba hore matšoele-tšoele a kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng. Karolong ena, “Itšebeliseng ka Matla Tšebeletsong ea Nako e Tletseng,” ho ile hoa hatisoa hore bopula-maliboho bo lokela boiteko, le hoja ntoa e hlokahala ho kopanela tšebeletsong ena.—Luka 13:24.
Puo ea sehlooho e reng “Thabisa Pelo ea Jehova ka ho Boloka Botšepehi,” e ne e theiloe ho Liproverbia 27:11. Puo ena e ile ea tebela polokelong ea matlotlo a Lentsoe la Molimo ’me ea tla le mahakoe ana a bohlokoa: “Botšepehi ba ’nete bo bolela boinehelo bo sa senyeheng ho motho—ho Jehova Molimo.” “Satane ke moeta pele ea ka sehloohong oa ho roba botšepehi,” le bofetoheli ba hae bo phahamisitseng “tseko ea ho lokela hoa borena ba Molimo.” “Le hoja borena ba Jehova bo sa itšetleha ka ho boloka botšepehi hoa libopuoa tsa hae, ketso ea bofetoheli ea Diabolose e entse taba ea botšepehi ba motho karolo ea bohlokoa ea tseko ea borena ba bokahohleng.” Sebui sa botsa: “Ho bonolo joang hore re hlōle joaloka baboloki ba botšepehi?” Sa arabela, “Re ka etsa joalo hobane re utloa Lentsoe la Molimo.”—Ba-Roma 14:8.
Ho bea lithahasello tsa moea pele bophelong e bile mokokotlo oa puo e hlahlamang, “Tlhohonolofatso ea Jehova—Ke Eona e Ruisang.” Re ile ra thusoa ho utloisisa ka botlalo hore le hoja chelete e le molemo, lerato la chelete e ka ba kotsi e tebileng. (Moeklesia 7:12; 1 Timothea 6:10) Ke botšepehi bo tlisang tlhohonolofatso ea Jehova, maruo a ’nete.—Liproverbia 10:22.
Tšoantšiso e reng “Bokamoso ba Hao—Ke Phephetso” ea bapisa tsela ea ho boloka botšepehi ea Banazare le phephetso eo bacha ba Lipaki ba tobanang le eona takatsong ea bona ea ho ba bo-pula-maliboho le ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng ho e-na le ho phehella lipakane tsa lintho tse bonahalang. Ea phehella bacha ho amohela phephetso le ho sebeletsa Molimo ka botlalo. Tšoantšiso ena ea boetse ea bontša kamoo batsoali le ba bang ba ka thusang kateng.
“Jala Haholo, U Kotule Haholo” e ile ea hlalosa hore motheo ona oa hore ‘re kotula seo re se jalang’ ke o bohlale, o lokile, hape o lerato. Ka ho etsisa Molimo, Kreste le “mohlanka ea khabane,” re tla jala haholo ka ho ba teng libokeng, ka thapelo, ho paka, le likamanong tsohle tsa malapa a rōna. (Mattheu 24:45-47) Ho jala ho joalo ho re tiisetsa ho kotula tlhohonolofatso ea Jehova.—BaHeberu 6:10.
Nakong ea puo e reng “Kamoo le Lokelang ho Araba e Mong le e Mong” bamabeli ba hla ba ela hloko litlhahiso le lipontšo tsa kamoo ho ka sebelisoang buka e ncha Reasoning From the Scriptures. Ho ile hoa hatisoa tlhokahalo ea ho hlōla ho hloka thahasello ka ho sebelisa likenyelletso tse loketseng, ho arabela ka mofuthu ha ho e-na le karabelo e mpe le hoja e le e tiileng, le ho bontša Bibele e le oona mohloli oa likarabelo tsa rōna.—BaKolosse 4:6.
Kamor’a puo ea ho qetela letsatsing la bobeli, “Ho Bolela ka Mesebetsi e Babatsehang ea Jehova,” re hlile ra tšoareha ho etsa joalo ka ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Hona thapameng eo Paki e neng e e-ea ka ntlo le ntlo Vancouver, Canada, ea kopana le khanyetso ena: “Haeba Molimo ke Molimo o lerato, ke hobane’ng ha o lumelletse bokhopo?” Karabelo e fanoeng bukeng e ncha Reasoning hoa khotsofatsa ea botsang, ’me thuto ea Bibele ea qalisoa hang-hang.
“Ho Hloka Sekoli Molokong o Khopo”
Sena e bile sehlooho se susumetsang monahano sa letsatsi la boraro. Hoseng hoo, puo e reng “Ho Hlonepha Jehova ka Matlotlo a Rōna” ea hatisa hore bophelo ba rōna bo inehetseng, kamano ea rōna e haufi-ufi le Jehova, le lintho tseo re nang le tsona tsa nama, tsa kelello, tsa moea, le tse bonahalang kaofela ke lintho tsa bohlokoa tseo ka tsona re lokelang ho hlompha Ntate oa rōna oa Leholimo.—Liproverbia 3:9, 10.
Puo e reng “Ho Fumana Matla a Macha” e ile ea fana ka taeo e nakong ho re thusa ho hanela liteko tsa Diabolose tsa ho roba botšepehi ba rōna ka lipelaelo, ho felloa ke tumelo, lintho tse bonahalang, liteko, le mekhoa e meng e fapaneng ea ho re nyahamisa. Ho ithuta, ho thuisa, thapelo, ho ba teng libokeng le ho nka karolo kamehla ho boleleng ka ’Muso ke litsela tse tiileng tsa ho kha Mohloling o sa khathaleng oa matla, Jehova.—Esaia 40:28-31.
Ntlha ea sehlooho puong e reng “Ho Phelela ho Etsa Thato ea Molimo Kajeno le ka ho sa Feleng” e bile hore haeba re e-na le boikutlo ba kelello ea Kreste, re ke ke ra hlola re ‘phelela litakatso tsa batho, empa thato ea Molimo.’ (1 Petrose 4:1, 2) Ha ho mohla Jesu a kileng a lumella takatso leha e le efe ea botho ho mo khelosa tseleng eo. Ba eang kolobetsong haholo ba ne ba mametse ka tsebe tse lethoethoe puo e reng, “Ho Ema ka Lehlakoreng la Baboloki ba Botšepehi ba Jehova.” Ba ile ba bolelloa hore bohato ba kolobetso ke qalo feela peisong ea bona ea ho boloka botšepehi. E le hore ba ka matha hantle, ba hloka ho nka monyetla oa litokisetso tse kang thapelo, Lentsoe la Molimo, lingoliloeng tsa Bokreste, le ho kopanela ka mafolofolo le phutheho. Ba eang kolobetsong ba ema ho arabela lipotso tse peli ho bontša hore na ba utloisisa bohlokoa ba bohato boo ba bo nkang kapa che. Hoa latela kolobetso ea bona ea metsing, ka linako tse ling ba shebelletsoe ka botlalo ke ba tlileng kopanong.
Thapameng eo, puo e reng “Na Re Tsaba Jehova?” ea hatisa tlhompho bakeng sa Morena oa Bokahohleng. (Liproverbia 8:13) Pakeng tsa Morena Josafate oa Juda ea tšabang Molimo le Josafate e Moholoanyane ea beiloeng teroneng hona joale, Jesu Kreste, ho na le ho tšoana ho kang hona: Ho boloka borapeli bo hloekile (1 Marena 22:16; Malakia 3:1-18); ho sireletsa bolokolohi ba borapeli (2 Likronike 17:1, 2, 12-19; Ba-Filippi 1:6, 7); ho hlophisetsa ho ruta barapeli ba ’nete (2 Likronike 17:7-9; Mattheu 28:19, 20); le ho bea makhotla a molao a puso ea Molimo bakeng sa ho sebelisa toka.—2 Likronike 19:6, 7; 1 Ba-Korinthe 6:5, 6.
Karolo e reng “Mangolo a Thusa ho Busetsa Motho Tseleng” ea totobatsa kamoo Bibele e re thusang ho phela bophelo bo laolehileng kateng le ho bontša tlhompho bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng, balebeli ba khethiloeng, le ba baholo. Karolong e latelang, “Re Ikemiselitse ho Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng,” re ile ra khahloa haholo ke bohlokoa ba ho ba le pelo e phelang hantle ea tšoantšetso, e bolokoang e kopane—e feletse—bakeng sa tšebeletso ea Jehova.—1 Likronike 28:9.
Empa ho thoe’ng ka leihlo? Sebui se latelang se ile sa arabela potso ena, “Joaloka Setho sa Lelapa, Na Leihlo la Hao le ‘Bona Hantle’?” Kaha Satane o sebelisa lintho tse ngata ho khelosa leihlo la rōna la moea, ke hoa bohlokoa hore bo-ntate, bo-’mè, le bana ba Bakreste ba boloke pono e leka-lekaneng le ho boloka lithahasello tsa ’Muso pele. (Mattheu 6:33) Tlhokahalo ea ho hlokomela Mohlophisi e Moholo ka ho bontša tlhompho ho baholo ba khethiloeng le ho phutheho e ile ea hatisoa puong ena e latelang, “Ho Latela ka Hloko Litaelo tsa Morena.”—Liproverbia 8:32-36.
Tlhoro ea letsatsi leo e bile puo e reng “Ho Tšepahala Bakeng sa ’Nete Lefatšeng le sa Lumeleng Molimo.” Har’a lintho tse ling, Bakreste ba tlameha ho boloka botšepehi ’neteng ka ho sireletsa thuto ea Bibele ea pōpo le ka ho hana likhopolo tse se nang Molimo. Bamameli ba ile ba hlolloa ke ha ho lokolloa buka e maqephe a 256 e arabelang hantle potso e phahamisoang ke sehlooho sa eona, Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? Buka ee e molemo hakae? Eo e kileng ea e-ba setsebi sa ho iphetola hoa lintho, eo hona joale e leng Paki Sweden, o ile a bala buka eohle ka bosiu bona boo ’me a hlalosa: “Haeba ke ne ke le setsebi sa ho iphetola hoa lintho maobane, ka sebele nka be ke fetotse maikutlo a ka bosiung bona bona.”
“Ho ba le Boitšoaro bo Botle Har’a Lichaba”
Sena e ne e le sehlooho sa letsatsi la ho qetela la kopano. E ’ngoe ea lipuo tse fanoeng hoseng hoo e ile ea arabela potso e reng “Na ho na le Ntho e ka u Arohanyang le Lerato la Molimo?” Ke rōna feela ba ka ikarolang leratong la Molimo le la Kreste. Empa ha feela re ntse re boloka tumelo ea rōna, ha ho khatello, ha ho boemo, ha ho mohanyetsi ea ka etsang hore Molimo o lahleheloe ke lerato la oona ho rōna.—Ba-Roma 8:35-39.
Puo e reng “U se ke ua Phakisa ua Sisinngoa Monahanong oa Hao” e ile ea hatisa tlhokahalo ea ho lebela sebaka sa rōna paradeiseng ea moea. Joang? Ka karolo, ka ho qoba moea oa ho belaela le ho hanela bokoenehi, kahoo re khomarela keletsong ea Pauluse e reng “le se ke la phaka la sisinyeha lipelong tsa lōna” ke molaetsa leha e le ofe o boleloang ka molomo kapa o ngotsoeng o reretsoeng ho baka lipelaelo le ho senya tumelo ea rōna.—2 Ba-Thessalonika 2:1, 2.
“Tšaba Molimo, U Sesefe Bobe” e bile tšoantšiso ea bobeli e hohelang. E ne e sebetsana le ’moloki oa botšepehi Jobo ’me ea bontša hore mahloriso le mahlomola bakeng sa ho sebeletsa Molimo ha li ncha. Ho sa tsotellehe boiteko bo entsoeng ba ho re khelosa, joaloka Jobo re lokela ho ikemisetsa ho tiisetsa botšepehing ba rōna, re tšaba Jehova le ho furalla bobe.
Puo ea phatlalatsa, e reng “Linako tsa Molimo le Linako tsa Selemo—Li Supa Eng?” e ile ea re hopotsa hore Jehova o ’nile a “tlosa marena ’me a hloma marena” tumellanong le morero oa hae o sa fetoloeng. Ka hona, ha nako ea hae e fihla, ntle ho ho hlōleha o tla felisa bokhopo ’me a tsosolose ho loka.—Daniele 2:21, 44.
Lipuo tse peli tsa ho qetela ka sebele li ne li loketse. “Matšeliso ho Batho ba Tšepahalang” ea re thoba lipelo ka tiiso ea hore ka Lentsoe la hae, ka moea oa hae, le ka ho arabela lithapelo tsa rōna, Jehova a ke ke a hlōleha ho re tšehetsa ho feta liteko. ’Me joalokaha puo ea ho qetela e bontšitse, Lipaki tsa Jehova ha li cheche hobane li phela lefatšeng lena le hanyetsang. Ho e-na le hoo, ke “Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Bolokang Botšepehi o Hatela Pele!” Mokhatlo ona o hlophisitsoeng ke o khethehileng ho tšehetseng hoa oona borena ba Jehova le bonneteng ba hore o tla hlōla ’me o pholohe.
Tsoelang Pele Joaloka Baboloki ba Botšepehi!
Ho phaella thabong ea bona ea ho amohela lijo tse ling tse enneng tsa moea, ho akarelletsa libuka tse peli tse ntle tse ncha, ba bileng teng kopanong ba ile ba hlolloa ke ha ho lokolloa bukana e nang le litšoantšo tse mebala-bala e maqephe a 32 The Government That Will Bring Paradise. ’Me e bile thabo e kaakang ho amohela Kingdom Melodies No. 6, kasete e ’mino o monate bakeng sa ho ithabisa hoa rōna!
Ba khatholotsoe haholo le ho hlohonolofatsoa, ba neng ba tsamaea ho tloha kopanong ka sebele ba ile ba leboha linonneng tsena tsa moea tse putsang haholo. Ho nchafalitsoeng ke tšepo ea rōna ea hore Ea ’nileng a tšehetsa baphahamisi ba borena ba hae ka lilemo tse 6 000 ka tlhōlo, o tla hlokomela hore lipaki tsa hae li feta tlhoro ena ea ‘mehla ea qetello’ ‘me li sireletsehile ho kena Tsamaisong e Ncha, tsohle thorisong ea hae e sa feleng.—2 Timothea 3:1; Tšenolo 7:9-12; 21:1-5.
Ka tšepo le tumelo ena ho Molimo oa rōna, Jehova, boikemisetso ba rōna ke bofe? Re ikemiselitse ho tsoela pele ka sebete re le mokhatlo o hlophisitsoeng oa baboloki ba botšepehi ba Jehova ba lekholo la bo20 la lilemo!
[Lebokose le leqepheng la 29]
Seo ba Bang ba se Buileng
Mookameli oa sepolesa, Leeds, England: “Ke rata ho le rolela tlhompho, basebetsi ba lōna, le batho bohle ba lōna ba bileng teng . . . bakeng sa tsela e phahameng e ntle eo le e lokiselitseng le ho e tsamaisa ka eona. Ke tlotla ho lōna bohle. Ke ile ka etela Lebala la Lipapali ka Moqebelo thapama le Sontaha hoseng ’me ka fumana moea le litšebeletso e le phihlelo e khathollang. Ba ’maloa bao ke sebetsang le bona ba hlalositse ka ho tšoanang.”
Mohlophisi ea ka sehloohong oa pampiri ea litaba Montreal, Canada, tlas’a sehlooho se reng “A re bososelleng batho ba Jehova”: “Maoba, ka lihora tse ka tlaase ho tse pell, ba ile ba kokota menyakong e 800 000 sebakeng sena. Mokhoa oa tšokollo ea moea o akaretsang, o batlang o khopisa hanyenyane empa ho hang hase ntho e mpe. . . . Ha u amohela baeti ha hao, ha u tšoenyehe le hanyenyane ka ho ba lokisetsa sebaka. . . . Ka hona, ho thoe’ng haeba re sa kopanele tumelong ea Lipaki tsa Jehova; ka matsatsi a fokolang, re ne re tla kopanela hanyenyane ho khutsa hoa tsona, ’me re ne re tla ikutloa hamolemo ka hona. Batho bana ba khotso ba ikhethetse ho tla kopana Montreal; lumellang hore ho tle ba eketsehileng, mashome a likete a bona.”
Ofisiri ea sepolesa Dortmund, Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane: ‘Linakong tsa lipapali bonyane re ba le mapolesa a 200 mona mosebetsing; libokeng tsa lōna re hloka a mabeli feela, le a mang a mabeli a laolang sephethe-phethe.’
Mookameli oa lebala la papali ea bolo ea maoto Norwich, England: “Moea oa khotso ka matsatsi a mane a fetileng . . . ke o hapang. U utloa ho khutsa hoa botho ho fapaneng ka ho feletseng le hoo u ho utloang ka matsatsi leha e le afe a mang a mane lefatšeng la khoebo le ferekaneng le bophelong ba letsatsi ka leng bo re potolohileng. Ka sebele Lipaki li na le ho hong ho fapaneng ’me ho thata ho ho hlalosa.”
[Lebokose le leqepheng la 30]
Kopano ea Montreal—Ntho e ’Ngoe e khethehileng!
Lenaneong la Kopano ea Setereke ea “Baboloki ba Botšepehi” e neng e tšoaretsoe Lebaleng la Lipapali la Machaba le tummeng Montreal, Quebec, Canada, le ne le tšoana le a mang oohle letotong lena. Empa ka litsela tse ling le ne le khethehile. Har’a tse ling, e ne e le la pele sehlopheng sa likopano tsena le neng le tla khetheha ka boholo kapa ka litsela tse ling.
Boholo: Palo-khōlō ea ba 78 804 e ile ea bokana e e-tsoa Canada e ka bochabela le leboea le ka bochabela ho United States. E bile ho matlafatsang tumelo ho ba karolo ea letšoele le leholo joalo la baboloki ba botšepehi ba mametseng, ba binang, le ba rapelang hammoho. Hoo ho ne ho khethehile!
Kolobetso: E bile thabo e khethehileng ho bona ba 1 004 ba inehetseng bocha ba emetse kolobetso. Bona e ne e le bopaki bo bonahalang ba khōlo e etsahalang hona joale har’a rōna.
Lipuo: Ho ne ho e-na le mananeo ka lipuo tse 11—Searabia, Sechaena, Senyesemane, Sefora, Segerike, Sehangaria, Setaliana, Sekorea, Sepotoketsi, Sepanish, le Seukrania. Ka hare ho lebala la lipapali, tsamaiso e khethehileng ea molumo e ne e lokiselitsoe hantle hoo ba karolong ea Sefora ba neng ba mametse puo ea bona feela ha ba buang Senyesemane le bona ba utloa ea bona feela.
Motse oa Matlo-makoloi: Ena e bile ntho e ’ngoe e khethehileng. Bakeng sa ho amohela ba neng ba hloka sebaka bakeng sa matlo-makoloi, makoloi a boikhathollo, le litente, boiteko bo ile ba qala ka Tšitoe 1984 hore ho fumanoe tumello ea ho sebelisa Serapa sa lifate se haufi sa Maisonneuve, ha u tlola seterata feela ho tloha lebaleng la lipapali. Ha ba boholong ba ne ba atameloa ka lekhetlo la pele ka ho hiroa hoa serapa sena, ba ile ba tšeha. Ho fapana le moo, ha ho mohla ho neng ho kile hoa hiroa serapa sa motse ’ohle mono. Leha ho le joalo, qetellong, tumello ea fanoa. Botumo bo botle ba Lipaki tsa Jehova bo ne bo thusitse.
Qetellong, ho ile hoa hlongoa lisebelisoa tse 4 300, ’me ba tlileng kopanong ba ka bang 20 000 ba ile ba amohelloa holim’a joang bo tlokomang har’a moriti o mongata oa lifate. Ebe boemo ba serapa see e bile bofe kamor’a hore se sebelisoe ke batho ba bangata hakaale ka nako e ka etsang beke? Ba boholong ba hloletsoeng ha ba ka ba fumana tšenyo e khōlō kae kapa kae. Ka lebaka leo, chelete eohle ea tebeletso ea tsenyo e lipalo li hlano ea khutlisoa!
Litho tsa Sehlopha se Busang li Bile Teng: Ntlha ena le eona ea boela ea etsa hore kopano ea Montreal e be e khethehileng. Leha batho ba Jehova ba qoba borapeli bohle ba libopuoa, ha ho pelaelo hore ba bangata ba ile ba arolelana maikutlo le moena e mong eo ka kananelo a itseng; “Boteng ba litho tse supileng tsa Sehlopha se Busang se ratoang, ba bang bao ho bona ho seng mohla nkileng ka ba bona kapa ka ba utloa ba fana ka puo, e bile ho khothatsang haholo.” Kopano e joalo e fella ka ‘ho tšelisana’ hoa moea.—Ba-Roma 1:11, 12.
Kamohelo e Mofuthu: Ba boholong le sechaba ka kakaretso ba sebelisane le Lipaki tsa Jehova ka tsela e babatsehang le e molemo. Hona ho ne ho khethehile ha ho hopoloa hore lilemong tse seng kae tse fetileng eo e kileng ea e-ba Moeta pele oa Quebec Maurice Duplessis o ile a phatlalatsa “ntoa ntle ho mohau holim’a Lipaki tsa Jehova” ho fihlela li fela ho hang. Joale, ka lebaka le letle motlalehi e mong oa pampirl ea litaba o ile a hlokomela; “Nahana feela, maobane [Labohlano] ho ne ho e-na le Lipaki tse 74 846 hantle ka hare ho lebala la lipapali! Maurice Duplessis, ea neng a thibetse mokhatlo ona, e tlameha ebe o ’nile a fetoha ka lebitleng la hae.”
Lena hase lekhetlo la pele leo ka lona Jehova a hlohonolofalitseng baboloki ba botšepehi haholo hakana. Leha ho le joalo, ka litsela tse ngata, kopano ea Montreal e ne e le ntho e ’ngoe e khethehileng.
[Chate e leqepheng la 28]
Likopano tse Ling tsa “Baboloki ba Botšepehi”
Naha Likopano Ba Bileng Teng Ba Kolobelitsoeng
Australia 3 23 123 237
Brazil 25 389 387 4 825
British Isles 10 142 859 925
Canada 14 146 897 1 585
Ecuador 4 22 918 394
France 11 119 940 2 002
Rephabliki e Kopaneng ea Jeremane 17 148 853 904
Greece 3 37 367 368
Italy 25 184 07 4 153
Japane 25 202 221 3 512
Netherlands 1 40 694 151
Portugal 10 52 581 990
Spain 13 90 808 1 628
Sweden 8 27 194 315
Switzerland 3 20 601 213
United States of America 112 1 189 173 9,851
Venezuela 4 69 843 1,063
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Montreal, W. L. Barry oa Sehlopha se Busang a lokolla buka e ncha e hohelang “Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?”
Tsela ea Jobo ea ho boloka botšepehi e ile ea totobatsoa tšoantšisong ena ea Bibele, e entsoeng kopanong ea Athene, Greece