Libata Tsa Tšenolo—Li Bolela Eng?
KA MOQEBELO oa la 15 Phupjane, 1985, letsatsi la thapama le ne le phatšima ka khanya e khōlō mohahong oa Machaha a Kopaneng o New York. Joaloka mehleng, baeti ba ne ba tlile ka bongata ho tla bona mehaho ena e khahlehang, ’me ba bangata ba ne ba sitoa ho pata ho hlolloa hoa bona ka lintho tsohle tseo ba li bonang.
Leha ho le joalo, ho tla fihlela mona, ho bonahala Machaba a Kopaneng a le hole haholo le ho kopanya lichaba. Joalokaha ea neng a re tsamaisa motšehareng oo oa mantsiboea a itse: “Haesale hoba Ntoa ea II ea Lefatše e loane, ho bile le lintoa tse 150, ’me ho bolailoe batho ba fetang limillione tse 20. Ha ho e-so ho be le ’muso oa lefatše. Mohlomong hona ke ntho e atametsang haufi haholo le oona.” Na e be joale ’muso oa lefatše ke toro feela e phonyohang batho? E-bang u-ua ho lumela kapa che, karabelo e ka fumanoa ka ho hlahloba libata tsa Tšenolo.
Bahlalosi ba bang ba Bibele ha ba bone tlhaloso ea letho ea boprofeta libateng tsa buka ea Tšenolo. Ho e-na le hoo, ba li sebelisetsa liketsahalo tsa mehleng ea ha moapostola Johanne a sa phela. Ka mohlala, The Catholic Encyclopedia, ha e bua ka libata tsa Tšenolo, e re: “E ne e le tloaelo ea bangoli ba tšenolo . . . ho kenya lipono tsa bona boprofeteng le ho bo nea pono ea hore eke ke ntho e ngotsoeng pejana.”
Empa moapostola Johanne o itse: “Ka pululelo, ka ba letsatsing la Morena.” (Tšenolo 1:10, NW) E, buka ea Tšenolo, ha e lebise tlhokomelo historing ea nako e fetileng, empa ‘letsatsing’ la kamoso ha Morena Jesu Kreste a ne a tla qala ho busa a le leholimong. Ho latela Tšenolo khaolo ea 6, “letsatsi la Morena” le tšoauoa ka ntoa ea lefatše, litlala tse sabaletseng, le mafu a bolaeang. Liketsahalo tse bonoeng lefatšeng lekholong lena la bo20 la lilemo ke bopaki bo kholisang ba hore re phetse ‘letsatsing la Morena’ ho tloha ka 1914.—Tšenolo 6:1-8.a
Selemong seo se tsebisahalang, Jesu Kreste o ile a qala ho busa ’Musong oa hae. (Tšenolo 11:15, 18) E tlameha e be ka lebaka leo, libata tsa Tšenolo lia tsebisahala kamorao ho nako eo. Ka sebele, libata tsena li tšoantšetsa lira tsa Molimo tse sitisang batho hore ba ka sheba ’Musong oa Molimo e le oona tokisetso feela e tla khotsofatsa takatso ea batho bakeng sa khotso. Lira tsena li akarelletsa drakone le libata tse tharo. A re li hlahlobeng ka hore na li hlaha li latellana joang.
Drakone e Khōlō
Johanne a makala: “Bona! drakone e khōlō, e khubelu, e nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome.” Drakone ee e khōlō e tšoantšetsa eng? Johanne ka boeena o hlalosa hore ha e tšoantšetse mang kapa mang ha e se Satane Diabolose. Ho latela pono ea Johanne, drakone ena e ile ea hanyetsa ka bohale ho tsoaloa hoa ’Muso oa Molimo ka 1914. Phello? “Drakone e khōlō ea liheloa, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela le ahiloeng; ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona a liheloa fatše le eona.”—Tšenolo 12:3, 7-9, NW.
Johanne o bontša hore hona ho ne ho tla ba le liphello tse tšabehang holim’a batho. “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:12) Le hoja a seetsoe moeli sebakeng sa lefatše, Satane o sa ntsane a sekametse ho kena-kenaneng le ’Muso o hlomiloeng oa Molimo. Hona o ho etsa ka ho thetsa batho, a sebelisa libata tse tharo. Nahana ka tlhaloso ea Johanne ea sebata sa pele.
Sebata sa Leoatle
“Eaba ke bona sebata se nyolohang leoatleng, se nang le lihloho tse supileng le linaka tse leshome . . . Sebata seo ke se boneng se ne se tšoana le lengau; maoto a sona a na a le joale ka maoto a bere, ’me molomo oa sona o no o le joale ka molomo oa tau; ’me drakone ea se fa matla a eona, le terone ea eona, le borena bo boholo.”—Tšenolo 13:1, 2.
Phoofolo ee e sisimosang e tšoantšetsa eng? Johanne, tlas’a pululelo, o fana ka leseli la bohlokoa: “Sa neoa matla holim’a mefuta eohle, le holim’a merabe eohle, le holim’a lipuo tsohle, le holim’a lichaba tsohle.” (Tšenolo 13:7) Ke eng e renang holim’a motho e mong le e mong ea phelang lefatšeng? Ke ntho e le ’ngoe feela: tsamaiso ea lefatše lohle ea puso ea lipolotiki. Na tsamaiso ee e hlile e fumana matla ho “drakone,” Satane? Bibele e arabela ka hore e. Ka mohlala, moapostola Johanne o itse: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Hase feela eitseng ha Satane a leka Jesu lefeelleng a ileng a re a ka mo nea borena holim’a “mebuso eohle ea lefatše” ’me a re: ‘Borena boo bohle ke bo neiloe.’—1 Johanne 5:19; Luka 4:5, 6.
Leha ho le joalo, ho tšoantšetsoa eng ka lihlooho tseo tse supileng? Ho Tšenolo khaolo ea 17, Johanne o ile a bontšoa sebata se seng se sisimosang seo ha e le hantle e neng e le setšoantšo sa sena. Le sona se ne se e-na le lihlooho tse supileng. Lihlooho tsa setšoantšo li ile tsa hlalosoa e le tse emelang “marena a supileng,” kapa mebuso ea lefatše, ao ‘a mahlano a neng a se a bile teng, ’me e mong e le hona a tla tla.’ (Tšenolo 17:9, 10) Ho bile le mebuso e mehlano ea lefatše historing ea Bibele pele ho mehla ea Johanne: Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, le Greece. Oa botšelela, oa Roma, o ne o ntse o busa bophelong ba Johanne.
Hlooho ea bosupa e ne e le eng? Kaha pono e ne e amana le “letsatsi la Morena,” e tlameha ho supa ’muso oa lefatše o emeng sebakeng sa Roma sa puso ho tloha mehleng ena ea qetello ka 1914. Histori e senola hore ona ke ’muso oa lefatše o entsoeng ka mebuso e ’meli oa Brithani le Linaha tse Kopaneng tsa Amerika. Pele ho 1914, Brithani e ne e hahile ’muso o moholo ka ho fetisisa ho eo lefatše le neng le kile la e bona. Lekholong la bo19 la lilemo o ne o boetse o theile likamano tse matla ka ho fetisisa tsa bonģosa le tsa khoebo le United States. Linaha tsena tse peli li ile tsa loana li matahane Lintoeng tsa Lefatše ea I le ea II, ’me kamano ea tsona e khethehileng e tsoetse pele ho tla fihlela kajeno. Ka 1982, Mopresidente Reagan oa United States o ile a bua lekhotleng la sechaba la Manyesemane ka “setsoalle se tsotehang sa linaha tsa rōna tse peli.” Haufi haholo, ka Tlhakola 1985, tona-khōlō ea Manyesemane e ile ea bua matlong a mabeli a lekhotla la puso a United States ’me a re: “E se eka linaha tse peli tsa rōna tse amanang li ka tsoela pele hammoho . . . li tiile morerong, li kopanela tumelo, . . . ha re atamela sekete sa boraro sa mehla ea Bokreste.”
Ka lebaka la tšusumetso ea oona e matla litabeng tsa lefatše, ’muso o kopaneng oa Manyesemane le Maamerika o tšoantšetsoa kahosele bukeng ea Tšenolo. Joang? Ka sebata sa bobeli sa Tšenolo.
Sebata sa Lefatše
Johanne o-oa ngola: “Ka ba ka bona sebata se seng se nyolohang lefatšeng, se nang le linaka tse peli tse joale ka tsa konyana, se mpa se bua joale ka drakone.” Ka hore ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ipolele hore ke oa Bokreste ebile ha o leqhoko, o itlhahisa eka ke konyana. Empa ha e le hantle o itšoere joaloka drakone. Joang? Ka ho fetola lichaba tse ngata likoloni le ka ho tlatlapa mehloli ea lefatše ka meharo. Hape, “’me sa etsa hore lefatše, le ba ahileng ho lona, ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le neng le folile. Hape, . . . sa bolella ba ahileng lefatšeng hore ba etsetse sebata, . . . setšoantšo.” (Tšenolo 13:3, 11-15) Hona ho ile hoa phethahatsoa joang?
Tsamaiso ea lefatše lohle ea Satane ea lipolotiki e ile ea e-ba le ‘leqeba le e bolaeang’ nakong ea ntoa ea pele ea lefatše. Ho thibela ntho e joalo hore e se etsahale hape, Brithani le Amerika tsa ntšetsa pele ‘borapeli’ ba tsamaiso ea lipolotiki. Hona li ho entse ka hore li re lichaba li ‘etse setšoantšo sa sebata.’ Hona ho etsahetse joang?
Ho ea qetellong ea ntoa ea pele ea lefatše, Mopresidente Wilson oa United States o ile a qala phutuho e matla e thooletsang tšisinyo e ncha e neng e entsoe bakeng sa Selekane sa Lichaba. Ho phetha sena, a bolella baromuoa ba Seboka sa Khotso sa Paris ka 1919 hore: “Baemeli ba United States ba tšehetsa morero ona o moholo bakeng sa Selekane sa Lichaba. Re se nka e le tšiea ea lenaneo lohle le hlalosang morero oa rōna . . . ntoeng ena. . . . Ka bokhutšoaane, re tla mona ho bona hore metheo ea ntoa eona ena e motsuloa ka metso.”
Hoba Mopresidente Wilson a qete puo ea hae, ha hoa ka hoa bua mang kapa mang ha e se tona-khōlō ea Manyesemane, Lloyd George: “Ke ema ho tlatsa qeto ena. Kamorao ho puo e khabane ea Mopresidente oa United States, ke ikutloa hore ha ho maikutlo a sa ntsaneng a hlokahala e le hore ho ka khothalletsoa qeto ena ho Seboka sena, ’me ’na, . . . ke bolela ka matla kamoo batho ba ’muso oa Brithani ba tšehetsang tšisinyo ena.”
Hamorao hona selemong seo, sebokeng se neng se le London ho tšehetsa kananelo ea Selekane sa Lichaba, ho ile hoa baloa lengolo le tsoang ho Morena oa Brithani: “Re hlōtse ntoa. Re finyelletse ntho e khōlō. Empa ha hoa lekana. Re loanne hore re fumane khotso ea nako e telele, ’me ke tšoanelo ea rōna ea sehlooho ho nka bohato bo bong le bo bong ho e sireletsa. Kahoo, ha ho letho la bohlokoa ho feta Selekane sa Lichaba se matla le se tšoarellang. . . . Ke khothalletsa tsela ena ho baahi bohle ba ’Muso, e le hore, ka thuso ea batho bohle ba bang ba boithatelo bo botle, ho ka theoa tšiea le tšireletso e tiileng ea khotso, tlotlisong ea Molimo.”
Ka la 16 Pherekhong, 1920, Selekane sa Lichaba sa theoa ka litho tsa linaha tse 42. Ka 1934 se ne se akarelletsa linaha tse 58. Sebata sa lefatše se linaka li peli se ne se atlehile ho fumana lefatše hore le ‘etse setšoantšo sa sebata.’ Setšoantšo sena, kapa boemeli ba tsamaiso ea Satane ea lefatše lohle ea lipolotiki, se tšoantšetsoa ke sebata sa ho qetela sa Tšenolo.
Sebata se ’Mala oa Sekarelata
Mona ke tlhaloso ea Johanne ea sebata sena sa ho qetela: “Sebata se ’mala oa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefoli, se nang le lihloho tse supileng, le linaka tse leshome.” Johanne o ile a bolelloa mabapi le sebata sena: “Sebata seo u se boneng se ne se le teng, ’me ha se eo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ea tahlehong. . . . Sona ke morena oa boroba meno e le ’meli.” (Tšenolo 17:3, 8, 11) Bonneteng ba tlhaloso ena, Selekane sa Lichaba se ile sa leka ho itšoara joaloka ’muso oa lefatše mahlong a lefatše. Leha ho le joalo, se hlōlehile ho thibela Ntoa ea II ea Lefatše, e qalileng ka 1939. Kamoo ho bileng kateng, sebata sa nyamella ka sekoting.
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ile oa sebetsa ka thata ho tsosa mokhatlo oo oa machaba. Ka 1941 tona-khōlō ea Brithani, Winston Churchill, a buisana ka lenyele le Mopresidente Franklin Roosevelt oa United States sekepeng leoatleng la Atlantic. Ba etsa phatlalatso eo ba e kopanetseng ka “tšepo ea bona ea bokamoso bo molemo bakeng sa lefatše” le “ho theoa hoa tsamaiso e batsinyana le e tiileng haholoanyane ea tšireletseho e akaretsang.” Ka selemo se latelang Washington, D.C., lichaba tse 26 tsa tekenela tšisinyo ena ea Manyesemane le Maamerika ho se ileng sa bitsoa “Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng.” Hona hoa isa ho theoeng hoa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ka la 24 Mphalane, 1945. Sebata se ’mala oa sekarelata se ne se nyolohile sekoting ka lebitso le lecha. Hona joale, lichaba tse 159 li ikopantse le mokhatlo ona, oo, tšepo ea tsona e leng hore o tla ntšetsa pele tsamaiso ea hona joale ea bobusi ba motho ba lipolotiki.
Leha ho le joalo, hona hohle ha ho re letho ka ’Muso oa Molimo oa Messia, o hlomiloeng leholimong ka 1914. Motho e mong le e mong ea lefatšeng o tlameha ho khetha pakeng tsa puso ea Molimo le puso ea motho. Haufi, sebata se ’mala oa sekarelata, le mebuso eohle ea batho, li tla ameha ntoeng le Morena ea beiloeng teroneng oa Molimo, Jesu Kreste. Phello? “Konyana [Jesu Kreste] e tla ba hlōla, kahobane ke Morena oa marena, le ’Musi oa babusi.” E, sebata se ’mala oa sekarelata le tsamaiso eohle ea puso ea batho se “tla ea tahlehong.”—Tšenolo 17:11, 14; bona le Daniele 2:44.
E tla ba tlhohonolofatso e kaakang ka nako eo hore e be ha u-ua ka ua khelosoa ke drakone le libata tsa eona tse tharo! Ba ipakileng hore ke bafo ba tšepahalang ba ’Muso oa Molimo, ba tla phonyoha ho ba karolo ea “lefatše le lecha.” “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Kahoo, ikokobeletse ’Muso oa Molimo, oona ’muso feela o molemo oa lefatše. Joale le uena, u tla ba mocheng oa ho thabela mahlohonolo ana a ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ile hoa buuoa haholo ka ntlha ena litokollong tsa Molula-Qhooa tsa January 1 le January 15.