Tšenolo Neng?
HO BATLA ho tšoana le ho bala pampiri ea litaba ea morao-rao—lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, maloetse, tlala, bonokoane, le tšabo! Liphetoho tsena tsohle le tse ling li profetiloe ka Bibeleng. Li supa ka ho toba linako tseo kaofela ha rōna re phelang ho tsona e le “mehleng ea qetello.” Hona ho bolela mehla e isang phethahatsong ea tšenolo e haufi le e tšepisitsoeng. U ka kholiseha joang ka see?
U bona ho phethahala hoa boprofeta ba Bibele kajeno. Bibele e re: “U tlameha ho tobana le ’nete, mehla ea qetello ea lefatše lena e tla ba nako ea likhathatso. Ha ho letho leo batho ba tla le rata ha e se chelete le ho ithata; e tla ba baikakasi, baikhohomosi, le banyefoli; ba sa hlompheng batsoali, ba hlokang teboho, ba se nang mohau, ba se nang lerato la tlhaho; e tla ba . . . ba hloileng hohle ho molemo, . . . ba koentsoe ke ho inka e le ba bohlokoa. E tla ba batho ba beang boithabiso sebakeng sa Molimo, batho ba bolokang ponahalo ea ka ntle ea bolumeli, empa e le ba latolang bonnete ba bona ka ho tiea.” (2 Timothea 3:1-5, The New English Bible) Na ha u bone maemo aa ka hohle?
Ba bangata ba phelang kajeno, mohlomong le uena, ba hopola mehleng ea ha maemo a ne a se mabe joaloka hona joale. Batho ba ne ba nahanelana haholoanyane. Bana ba ne ba hlompha batsoali ba bona haholoanyane le ba holileng. Banna, basali, le bana ba ne ba sa tšabe ho tsamaea seterateng le bosiu. Empa mehla e fetoha ka potlako. Esita le haeba a mang a maemo ana a sa bonahale a atile sebakeng sa heno, ka sebele ntoa e ka ’nang ea etsahala ea nuclear—ka lebaka la ho batla matla hoa motho ka mafibi—e-ea re ama bohle.
E, feela joalokaha Molimo ka Lentsoe la oona, Bibele, o profetile ka ho hlakileng hakana ka “mehla ea qetello ea lefatše lena,” ka hona, le rōna o re file boitsebiso mabapi le nako ea tšenolo, ha Jesu a e-tla ho tla liha kahlolo.
E Haufi ho Feta Kamoo Ba Bangata ba Nahanang
Molimo o re: “Joale ke le bolella tse ncha, ke le tsebisa tsona, li e-so ho hlahe.” (Esaia 42:9) E, o re thathamiselitse liketsahalo tsa sehlooho ka Bibeleng tse tlang ho etsahala pele feela ho phethahatso ea tšenolo.
Ka mohlala, Jesu o buile ka molaetsa o lokelang ho tsebahatsoa lefatšeng ka bophara ’me a o amahanya le phethahatso ea tšenolo. O itse: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) “Bofelo” boo bo akarelletsa phethahatso ea tšenolo. Kajeno, Lipaki tsa Jehova li senya lihora tse makholo a limillione ka selemo ka matla li bolela molaetsa oo oa ’Muso ka ntlo le ntlo le ka mekhoa e meng e ka khonehang, linaheng tse fetang 200 lefatšeng lohle!
Ha a etsa mohlala o tsotehang molemong oa balateli ba hae, Jesu o bapisitse nako e isang phethahatsong ea tšenolo le nako ea pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe. Mehleng ea Noe batho ba ne ba amehile haholo ka ho ja le ho noa ’me ba ithabisa hoo ‘ba sa kang ba lemoha’ molaetsa oa Noe mabapi le timetso e haufi. Ba ne ba hlokomolohile litemoso tsa hae.—Mattheu 24:37-39.
Mehla ea rōna e tšoana hakaakang le maemo a pele ho Moroallo! Batho ba phathahane haholo ke mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi hoo ba sa mameleng litemoso le bopaki ba phethahatso ea tšenolo e atamelang.
Ho ntse ho le joalo, phethahatso ea tšenolo e haufi ho feta kamoo ba bangata ba nahanang. Mabapi le pontšo ea mehla ea qetello, Jesu o boletse hore “moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.” (Mattheu 24:34) Jesu o ne a bua ka moloko ofe?
Moloko oa 1914
Ha a bua ka “mehla ea Victoria e batlang e e-na le khotso le katleho Great Britain,” eo e kileng ea e-ba Tona-khōlō Harold Macmillan o boletse hore o ne a nahana hore ‘lefatše leo a tsoaletsoeng ho lona’ ke le neng le tla ’ne le “ntlafale hanyane ka hanyane.” Empa “hang, ka tšohanyetso, hoseng ho hong ka 1914 hoa fela ntho eohle.” A ho bitsa bofelo ba “lilemo tse 100 tsa khotso le tsoelopele,” Macmillan o ile a hopola kamoo Ntoa ea I ea Lefatše e ileng ea tšoaea “bofelo ba mehla” le “ho qaleha hoa pherekano e ntseng e tsoela pele ho fihlela joale.” Ba bang ba bangata, haholo-holo ba phetseng pele ho 1914 ’me ba ntse ba phela, baa tseba hore hona ke ’nete.
E, joalokaha ka lilemo makasine ona o ’nile oa hlokomelisa babali ba oona, bopaki bo supa moloko oa 1914 e le moloko oo Jesu a buileng ka oona.a Kahoo, “moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle [ho akarelletsa phethahatso ea tšenolo] li e-so ho etsahale.”
Le hoja ho se ho fetile lilemo tse fetang 70 ho tloha ka 1914, ho sa ntse ho e-na le batho ba phetseng mehleng eo. Ho latela The American Legion Magazine oa December 1984, United States masole a Ntoa ea I ea Lefatše a ka bang 272 000 a ntse a phela, ’me hoa tšoana le linaheng tse ling. Leha ho le joalo, palo ena e ntse e fokotseha ka potlako. Kahoo ho setse nako e kae pele lesole la ho qetela la Ntoa ea I ea Lefatše le e-shoa?
Le hoja lipalo-palo tsena li ka re hlokomelisa ka lihora tsa ho qetela tsa moloko oa 1914, re ka ba ba tobang hakae mabapi le nako e nepahetseng ea phethahatso ea tšenolo?
“Lesholu la Bosiu”
Bibele e hlile ea lemosa: “Ha e le tsa mehla le tsa linako, . . . Le tsoe le tseba hantle-ntle le lōna hoba letsatsi la Morena [Jehova] le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu.” (1 Ba-Thessalonika 5:1, 2) Na ka ho utloahalang u ne u tla lebella hore lesholu le o romelle mohala o u tsebisang hore na le rera ho tla neng ho tla thuba lelapeng la hao?
Ka lebaka leo, Jesu ka ho loketseng o re eletsa tjena mabapi le hora e nepahetseng: ‘Iponeleng, le falimehe, ’me le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.” (Mareka 13:32-37) Leha ho le joalo, re hlokometse hore Jesu o hlalositse liketsahalo tse sa tšoaneng tse supang ka ho toba moloko oa 1914. ’Me Bibele e hlalosa liketsahalo tsa kamoso tse tla tšoaea phethahatso ea tšenolo e haufi. Re ka lebella eng?
Phetoho ea Liketsahalo
Moapostola Pauluse o itse: “Neng le neng ha ba re: ‘Khotšo le tšireletseho!’ ke moo hang timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo joalokaha bohloko ba tsieleho bo oela mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba pholoha.” (1 Ba-Thessalonika 5:3) Ka hona ha re tsoela pele ho ea bofelong ba ‘mehla ena ea qetello,’ re ka lebella hore tlhokomelo e ’ngoe e khethehileng e lebisoe ho “Khotso le tšireletseho!” phethahatsong ea mantsoe a Pauluse. E be joale?
Boprofeta ba Bibele bo bontša hore bolumeli ba lefatše, bo hlalosoang e le “Babylona e Moholo,” ka tšohanyetso bo tla hlaseloa ke mebuso ea lefatše ea bopolotiki ’me bo tla felisoa hang! (Tšenolo 17:5, 16; 18:10, 17) Hona ho tla tšoaea qaleho ea ‘mahlomola a maholo ao ha esale le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale a e-song ho ka a e-ba teng.’ (Mattheu 24:21) Empa hoo ho tla ama ba ‘falimehileng’ le ba lebelletseng phethahatso ea tšenolo joang?
Bakreste ba ’nete ba ka tšepa hore Jehova o tla ba lopolla. (2 Petrose 2:9) E, ha feela ba tseba Jehova Molimo ’me ba sa mo sebeletse ka boithati, ha ba na lebaka la ho tšoha ha Molimo le Kreste ba e-tla ho tla loana ntoa ea Harmagedone.—Tšenolo 11:17, 18; 16:14, 16.
Ho latelang, tšenolo e tla lebisa ho tlosoeng ha Satane Diabolose le makhotla a hae a sa bonahaleng ho batho. (Tšenolo 20:2, 3) E, khalefo e tlang e tla fetela ka ng’ane ho ho tlosa batho ba sa rateng ho sebeletsa Molimo. Esita le meea e khopo eo kajeno e susumetsang lefatše le re potolohileng e tla tlosoa. (2 Ba-Thessanolika 1:6-8) Hona ho tla bolela tlhohonolofatso e sa feleng ho baphonyohi ba phethahatso ea tšenolo.
Phethahatso ea Tšenolo—Selelekela sa Paradeise
Mabapi le baahi ba lefatše, buka ea tšenolo (Phuthullo, Douay) e re bolella hore Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona. Ha ho sa tla ba le lefu kapa masoabi kapa ho bokolla kapa bohloko, hobane tsamaiso ea lintho ea khale [e tla be] e fetile.” (Tšenolo 21:4, New International Version) Ho e-na le phello e lerootho ea phethahatso ea tšenolo, Bibele e senola hore motho o tla khona ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng.—Pesaleme ea 37:9-11, 29.
Paradeise? Bophelo bo sa feleng lefatšeng? U ka inahanela, batho ba phetseng hantle, ba thabileng ba tsoang merabeng eohle ba thabela bophelo ka botlalo! U ka ’na oa botsa, ‘Ke joang see e neng e ka ba phello ea phethahatso ea tšenolo?’ Molimo o fane ka lentsoe la oona. Ho tla tšoana le tabeng litšebelisano tsa Molimo le Iseraele, hore “ha hoa ka hoa hlokeha taba leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova a neng a li [boletse] . . . tsohle tsa etsahala.”—Joshua 21:45.
Ka hona, mabapi le letsatsi le hora tsa phethahatso ea tšenolo ha ho ea tsebang, empa bopaki bo bontša hore re phela mehleng ea ho phethahala hoa tšenolo. Ha e otla, e se eka re ka fumanoa re falimehile ’me ‘re lebetse.’ Hobane “lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—Mareka 13:33, 37; 1 Johanne 2:17; Mattheu 24:36.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lintlha tse eketsehileng hoo e ka bang ka 1914, buka ya “Let Your Kingdom Come,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., khaolo ea 14.