Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 2/15 maq. 15-19
  • “Bohobe ba Bophelo” Boa Fumaneha Bakeng sa Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Bohobe ba Bophelo” Boa Fumaneha Bakeng sa Bohle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tokisetso e Lerato ea Jehova
  • “Bohobe ba ’Nete bo Tsoang Leholimong”
  • “Bophelo ka ho Lōna”
  • ‘Bonngoeng le Kreste’
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Jesu ke “Bohobe ba Bophelo”
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Bohobe ba ’Nete bo Tsoang Leholimong”
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Jesu—“Bohobe ba ’Nete bo Tsoang Leholimong”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 2/15 maq. 15-19

“Bohobe ba Bophelo” Boa Fumaneha Bakeng sa Bohle

“Ke’na bohobe bo phelang, bo theohileng leholimong; ekare ha motho a e-ja bohobe bona, o tla phela kamehla; ’me bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ea ka, ee ke tla e nea lefatše, le tle le phele.”—JOHANNE 6:51.

1. Batho ba tobane le boemo bofe bo tšabehang kajeno?

KE NAKO e telele lefatše la batho le tšehelitsoe ke bohobe, sejo se jeoang ka ho fetisisa lefatšeng. Ka nepo, bo ’nile ba bitsoa motšehetsi oa bophelo. Empa ho lapela bohobe kajeno ho fetohile tseko e tšabehang. Ho lapa le tlala hona joale li amme kotara ea baahi ba lefatše. Haufinyane, The Globe and Mail ea Toronto, Canada, e itse, “Tlala, joaloka ntoa, ha e tsebe meeli.” Pampiri ena e ile ea qotsa motsamaisi oa litšebeletso tsa phallelo tsa Machaba a Kopaneng Afrika a lemosa hore Afrika e lintšing tsa “koluoa e khōlōhali ea batho, e ’ngoe ea liphephetso tse khōlōhali tsa batho, eo ho seng mohla re kileng ra talimana le eona.”

2, 3. (a) Likhaello tsa lijo ke karolo ea pontšo ea eng? (b) Mathata a lijo a tla rarolloa joang? (c) Ke eng ho hlokahalang hape, ’me ke tiiso efe e thabisang eo Esaia 25:8 e fanang ka eona?

2 Jesu o profetile hore likhaello tsa lijo e ne e tla ba karolo ea pontšo ea ho ba teng ha hae matleng a ’Muso. (Mattheu 24:3, 7, 32, 33; 25:31, 32; Luka 21:11) Re ka thaba hakaakang hore ebe ’Muso oa hae o haufi! Haufinyane, Morena enoa ea khanyang o tla hlōla lira tsohle tsa batho, a felise leeme la lipolotiki le la moruo le tlisitseng mahlomola a sehlōhō hakana. Joale batho bohle ba tla thabela ho amohela bohobe ba bona ba letsatsi ka leng.—Mattheu 6:10, 11; 24:21, 22; Daniele 2:44; Liproverbia 29:2.

3 Tlas’a puso e lokileng, lefatše la rōna le letle le tla khona ho hlahisa “chai” ea lijo, tse lekaneng ho khotsofatsa ba bangata ba fetang baahi ba lefatše ba teng hona joale. (Pesaleme ea 72:12-14, 16, 18, TLP) Jehova o tla etsetsa batho ba hae “mokete” oa lintho tse monate. (Esaia 25:6) Empa ho hlokahala ho hong ho eketsehileng. Ha lilemo li ntse li feta, na batho ba tla ’ne ba kule ’me ba shoe? Ka thabo, Esaia 25:8 e tsoela pele ho bolela tjena ka Jehova: “O tla felisa lefu ka ho sa eeng kae; Morena Jehova o tla felisa meokho lifahlehong tsohle.” Hoo ho etsahala joang?

Tokisetso e Lerato ea Jehova

4. Jehova o ile a lokisetsa tokisetso efe e lerato Egepeta?

4 Ha Josefa e ne e le moabi oa lijo Egepeta, koro e ne e le ngata haholo. Hona e ne e le hobane Josefa, hoba a khethoe ke Faro, o ile a lokisetsa ka bohlale bakeng sa lilemo tse supileng tse profetiloeng tsa tlala, ’me Jehova ka lerato a mo ekelletsa lehlohonolo. (Genese 41:49) Chai e ne e le teng bakeng sa bohle, ’me ho ne ho na le eo ba neng ba ka e selisa. Ha ntat’a Josefa Jakobo, bana babo Josefa le malapa a bona ba theoha ho ea kopana le Josefa Egepeta, ba ile ba rua molemo o moholo ka tokisetso eo ea bomolimo. Ha ho pelaelo hore mona Baiseraele bao ba ile ba tloaelana hape le bohobe ba hlama ea koro e belisitsoeng, kaha hona ho bonahala ho qalile Egepeta.

5. (a) Jehova o ile a fana ka lijo le liaparo joang lehoatateng? (b) Ke bo-mang ba ileng ba kopanela tlhohonolofatsong ee le Baiseraele, hona hobane’ng?

5 Hamorao, Jehova a boetse a etsetsa batho ba hae tokisetso e ’ngoe e lerato. Hona e bile ha limillione tsa Baiseraele li tloha Egepeta ho haola le lehoatata la Sinai. Letšoele lee le leholo le ne le ka fumana lijo le liaparo hokae lehoatateng lee le nyopileng le le se nang setsoalle? Le hoja Jehova a ne a halefisitsoe ke ho haelloa hoa bona ke tumelo, a “bula menyako ea maholimo; a ba nesetsa manna le hore e be lijo tsa bona a ba nea koro ea leholimo.” “A ba khorisa ka bohobe ba leholimo” ka lilemo tse telele tse 40. (Pesaleme ea 78:22-24, TLP; 105:40; Exoda 16:4, 5, 31, 35) ’Me, u se ke ua lebala hore Baiseraele ba ne ba se bang ha ba e-ja manna. “Letšoele le kopakaneng” la bao e seng Baiseraele le ile la lumela ho Jehova ’me la kopanela le bona ha ba e-tsoa Egepeta. Le bona Molimo o ile oa ba fepa manna.—Exoda 12:38.

6. (a) Ke eng seo motho a se hlokang haholoanyane, hona hobane’ng? (b) Mahlabelo a Iseraele a ne a totobatsa eng, ’me a ne a tšoantšetsa eng?

6 Leha ho le joalo, ha esale batho ba hloka ho hoholoanyane ho feta “bohobe ba leholimo” ba sebele. Esita le bao ba jeleng manna a lokiselitsoeng ka mohlolo ba ile ba tsofala ’me ba e-shoa, hobane boemo ba motho bo futsitsoeng ba sebe bo etsa hore lefu le se ke la qojoa, ho sa tsotellehe hore na o jang. (Ba-Roma 5:12) Mahlabelo a Iseraele a ile a fana ka mokhoa oa ho boloka kamano e mofuthu le Molimo, empa mahlabelo ao a boetse a totobatsa sebe sa sechaba. A ne a “sitoa ruri ho tlosa libe.” Ho feta moo, mahlabelo ao a ne a tšoantšetsa “sehlabelo se le seng” sa Jesu, se lokisetsang ho tlosa sebe “ka ho sa feleng.” Ho tloha boemong ba hae bo phahamisitsoeng leholimong, Jesu hona joale o khona ho sebelisa molemo oa sehlabelo seo.—Ba-Heberu 10:1-4, 11-13.

“Bohobe ba ’Nete bo Tsoang Leholimong”

7. (a) Mantsoe a Jesu ho Johanne khaolo ea 6 a tlameha ho talingoa ka moelelo ofe o mocha? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khalemela letšoele?

7 Joale a re phetleng ho Johanne khaolo ea 6. Litlhaloso tsa Jesu mona hase ntšetsopele ea se tlalehiloeng khaolong ea 5. Moelelo o fapane, hobane ho se ho fetile selemo se seng. Hona joale ke 32 C.E. Taba ha esale holim’a Bajode ba baithati Jerusalema empa har’a batho feela ba Galilea. Jesu o sa tsoa etsa mohlolo oa ho fepa batho ba 5 000 ka mahobe a harese a mahlano le lihlapi tse nyenyane tse peli. Letsatsing le hlahlamang, letšoele le latela Jesu, le lebelletse lijo tse ling tsa mahala. Kahoo Jesu o-oa ba bolella: “Lea mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la khora. Sebetsa, e seng bakeng sa lijo tse felang, empa le sebeletse lijo tse tla ba teng le bophelong bo sa feleng.” Jesu o ne a rometsoe ke Ntate oa hae ho tla fana ka lijo tse joalo bakeng sa bohle ba neng ba tla lumela ho eena. Bona e ne e tla ba “bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong,” bo nang le liphello tsa nako e telele ho feta manna a sebele ao Baiseraele ba boholo-holo ba a jeleng.—Johanne 6:26-32.

8. Motho a ka fumana bophelo bo sa feleng joang?

8 Jesu o tsoela pele ho hlalosa melemo e tla fumanoa ‘lijong’ tseo, ka ho ba bolella: “Ke ’na bohobe ba bophelo; ea tlang ho ’na a ke ke a lapa, ’me ea lumelang ho ’na a ke ke a nyoroa le ka mohla o le mong. . . . Ho ratoang ke ea nthomileng ke hore, e mong le e mong ea talimang Mora, ’me a lumela ho eena, a be le bophelo bo sa feleng; ’me ’na, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.”—Johanne 6:35-40.

9, 10. (a) “Bohobe ba bophelo” bo fapana joang le manna? (b) Ho latela Johanne 6:42-51, Jesu o file bo-mang nama ea hae? (c) Baa ‘ba ja nama ea hae’ joang?

9 Bajode bao ba ratang lintho tse bonahalang ba phea khang ka mantsoe ana. Ha ba bone letho ho Jesu haese feela hore ke mora oa Josefa le Maria. Jesu o-oa ba lemosa: “Le se ke la seba hammoho. Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng; ’me ’na, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.” ’me o-oa pheta: “Ke ’na bohobe ba bophelo. Bo-ntat’a lōna ba jele manna felleng, ’me ba shoele. Ke bona bohebe bo theohang leholimong, hore motho a bo je, ’me a se ke a shoa. Ke ’na bohobe bo phelang, bo theohileng leholimong; ekare ha motho a e-ja bohobe bona, o tla phela ka mehla; ’me bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ea ka, ee ke tla e nea lefatše, le tle le phele.”—Johanne 6:42-51.

10 Ka baka leo, e ne e le bakeng sa ‘bophelo ba lefatše’—lefatše lohle la batho ba ka lopolloang—leo Jesu a faneng ka nama ea hae bakeng sa lona. ’Me “motho” oa lefatše la batho ea ka jang ka tšoantšetso “bohobe” bono, ka ho bontša tumelo matleng a lopollang a sehlabelo sa Jesu, a ka ’na a kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng. Mona, “letšoele le kopakaneng” le ileng la kopanela le Baiseraele ho jeng manna lehoatateng le tšoantšetsa bongata bo boholo ba “linku tse ling” tsa Jesu boo hona joale, hammoho le masala a tlotsitsoeng a “Iseraele oa Molimo,” bo jang nama ea Jesu ka kutloisiso ea tšoantšetso. Hona ba ho etsa ka ho lumela sehlabelong sa hae.—Ba-Galata 6:16; Ba-Roma 10:9, 10.

11. Ke mantsoe afe a tsoelang pele a Jesu a ileng a tšosa Bajode, hona hobane’ng?

11 Koana Galilea, ba bangata ba bamameli ba Jesu ba tšosoa ke puo ea hae. Ka hona ha a ntse a bua ka nama ea hae, o bile a hatela pele, a ba bolella hore: “Ka ’nete-nete ke re ho lona: Ekare ha le sa je nama ea Mor’a motho, le sa noe mali a hae, le ke ke la ba le bophelo ka ho lōna. Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo. Hobane nama ea ka ke sejo ka ’nete, ’me mali a ka ke seno ka ’nete.” (Johanne 6:53-55) Ho tšosang ruri! Ha se feela hore Bajode bao ba ne ba hana khopolo ea bolimo empa hape Molao o ho Levitike 17:14 ka ho tiileng o ne o thibela ho “ja mali a nama efe le efe.”

12. (a) Moo Jesu o hatisa eng? (b) Ke mangolo afe a bontšang hore see ha sea lekanyetsoa ho majalefa hammoho le Jesu?

12 Koana, mona Jesu o hatisa hore mang kapa mang ea tlang ho fumana bophelo bo sa feleng o tlameha ho etsa joalo motheong oa ho lumela sehlabelong seo Jesu a ileng a se etsa hamorao ka ho fana ka ’mele oa hae o phethahetseng oa botho le ho tšolla mali a hae a bophelo. (Ba-Heberu 10:5, 10; 1 Petrose 1:18, 19; 2:24) Tokisetso ena ha e felle feela ho majalefa hammoho le Jesu. Hape e tlameha ho akarelletsa “bongata bo boholo,” bo tla pholoha ’mahlomola a maholo,’ hobane bana “ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” Ho ba le tumelo ha bona sehlabelong sa Jesu, joalokaha ho boetse ho bontšoa ke ho “sebeletsa” hoa bona Molimo, ho fella ka ho bolokoa ha bona nakong ea tlhokofatso e kholohali ea lefatše. Ka ho tšoanang, Rahaba o ile a boleloa a lokile ’me a pholosoa ha Joshua a timetsa Jeriko.—Tšenolo 7:9, 10, 14, 15; Joshua 6:16, 17; Jakobo 2:25.

“Bophelo ka ho Lōna”

13. (a) Ha ho bapisoa Johanne 5:26 le Johanne 6:53, ho lokeloa ho hlokomeloa eng? (b) Ke kaheho efe e tloaelehileng ea ho ngoloa ha puo ea Segerike e re thusang ho utloisisa Johanne 6:53? (c) Ka hona, ho bolela eng ho ba le “bophelo ka ho lōna,” hona mantsoe aa a sebetsa ho bo-mang?

13 Ho Johanne 6:53, 54, Jesu o lekanya “bophelo bo sa feleng” le ho ba le “bophelo ka ho lōna.” Ka hona moelelong oa taba ena, polelo “bophelo ka ho lōna” ho bonahala e e-na le bohlokoa bo fapaneng le e sebelisitsoeng ke Jesu ho Johanne 5:26. Lipolelo tse tšoanang tse hahiloeng tsa ho ngoloa ha puo tse kang ho “ba le bophelo ka ho lōna” li hlaha kae-kae Mangolong a Segerike. Ka mohlala: “Le be le letsoai ka ho lōna,” (Mareka 9:50) le ho “amohela ka ho bona moputso o loketseng” (Ba-Roma 1:27).a Mehlaleng ena, poleloana ha e bontše matla a ho fana ka letsoai kapa ho lefa ba bang. Ho e-na le hoo, ho bontšitse ho fella kapa botlalo bo kahare. Kahoo, ho latela moelelo oa Johanne 5:53, ho ba le “bophelo ka ho lōna” mona bonyane ho ne ho tla bolela ho kena ka botlalong ba bophelo. “Mohlatsoana” oa majalefa a ’Muso o latsoa hona tsohong ea bona ea ho ea maholimong. ’me “linku tse ling” li latsoa hona kamor’a hore lilemo tse sekete li fele, ha ba tla be ba lekoa ’me ba boleloa ba lokile bakeng sa bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise.—1 Johanne 3:2; Tšenolo 20:4, 5.

14. Ke bo-mang hape ba tla rua molemo ‘bohobeng bo tsoang leholimong,’ hona joang?

14 Ba bang le bona ba ka rua molemo ‘bohobeng bo tsoang leholimong.’ Jesu o buile tjena ka ea ‘jang nama ea hae le ho noa mali a hae’ empa a tla shoa: “Ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo.” Hoa utloisisoa hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba robetseng lefung ba tsosoa ka ho luma ha “terompeta ea morao,” e llang ’mohla Jesu Kreste a hlahang’ khanyeng ea ’Muso. (1 Ba-Korinthe 15:52; 2 Timothea 4:1, 8) Empa ho thoe’ng ka ba lebelletsoeng ho ba “linku tse ling” ba robalang lefung? Mantsoe a Maretha nakong ea lefu la Lazaro ke a thahasellisang mona, hobane ka nako eo Bajode ba tšabang Molimo ba ne ba se na tšepo e ’ngoe ntle ho ea tsoho ea lefatšeng. Tumelo ea Maretha e ile ea hlalosoa ka mantsoe ana: “Kea tseba hobane o [Lazaro] tla tsoha mohla tsoho, letsatsing la bofelo.” (Johanne 11:24) Kahoo rōna ba phelang hona joale botenng ba Kreste, re ka tšepa hore ba tšepahalang ba “bongata bo boholo” ba robalang lefung ba tla ba le tsoho ea pele mona lefatšeng, e le hore ba ka boetse ba ja “bohobe bo tsoang leholimong,” ka tebello ea bophelo bo sa feleng. Eo ke tšepo e kaakang, tšepo e tiisoang ke hore Jesu ka boeena o ile a tsosoa bafung!—1 Ba-Korinthe 15:3-8.

‘Bonngoeng le Kreste’

15. Mantsoe a Jesu ‘bonngoeng le Kreste’ a sebetsa ho bo-mang, ’me ke hobane’ng ha u arabela joalo?

15 Jesu o tsoela pele: “Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o lula [“bonngoeng,” NW] ho ’na, le ’na ho eena.” (Johanne 6:56) Joale, hona ke ’nete ka “mang le mang” ea lumelang sehlabelong sa Jesu, ka tebello ea ‘ho ba le bophelo ka ho eena.’ Bohle ba bontšang tumelo e joalo ba ka ba “bonngoeng” le Jesu. Ha e le hantle, “bongata bo boholo,” bo nang le tšepo ea lefatšeng ha bo ‘bonngoeng le Kreste’ ka kutloisiso ea ho ba majalefa hammoho le eena, litho tsa monyaluoa oa hae tse amohelang tsoho ea leholimo joaloka eena. (Ba-Roma 8:1, 10; 1 Ba-Korinthe 1:2; 2 Ba-Korinthe 5:17; 11:2; Ba-Galata 3:28, 29; Ba-Efese 1:1, 4, 11; Ba-Filippi 3:8-11) Empa bohle ba nang le tšepo ea lefatšeng, ba ka ba, ’me ha e le hantle ba tlameha ho ba tumellanong e feletseng le Ntate le Mora ka ho tseba le ho etsa ‘thato ea Molimo e phethehileng,’ joalokaha e le ’nete le ka mohlatsoana.—Ba-Roma 12:2; bapisa Johanne 17:21.

16. (a) Ke ka litsela life tsa bohlokoa bohle ba lumelang sehlabelong sa Kreste ba leng ‘bonngoeng le’ Jesu (b) Bonngoe ba bona morerong le boitekong li bontšoa ho eng?

16 Ka lebaka leo, molemo oa sehlabelo sa nama ea Kreste le mali a hae o-oa fumaneha bakeng sa bohle kajeno ba lumelang, ’me bohle ba iketsang ba fumanehang ho oona, ba ka ba ‘bonngoeng le’ Jesu ka litsela tsa bohlokoa. Bohle ba lokela ho ba karolo ea lelapa la bokahohleng la Jehova Molimo. ’mehleng ena ea qetello’ e thata, ba thabela bonngoe ba tumelo, ba morero, le ba tšebeletso lefatšeng ka bophara. Ka ho lumela ho Jesu, ba khona ho ‘etsa mesebetsi e fetisang’ ka tekanyo ho feta eo Jesu a e entseng ha a le mona lefatšeng. Hape ho ke ho hlokomeloe hore ba limillione ba “bongata bo boholo” hona joale ba etsa karolo ea 99,7 lekholong ea bao ba etsang mosebetsi oa Jehova nakong ena. (Johanne 14:12; Ba-Roma 10:18) Bonngoe bona ba morero le boiteko bo bontšoa bopaking bo boholo lefatšeng lohle le tšehetsong ea boithaopo lenaneong la khaho la Mokhatlo oa Watch Tower. (Pesaleme ea 110:3) Hore na ke ba bangata hakae ba lefatše la batho ba sa ntsaneng ba tla lumela ’me ba tle bonngoeng bona ba bohlokoa ho sa ntsane ho tla bonoa. Tlaleho ea haufinyane e bontša Lipaki tse mafolo-folo tse 3 024 131.

17. Ke lintlha life tse lokelang ho ananeloa ke bohle ba bang teng Sehopotsong?

17 Ho tšeptjoa hore batho ba bangata ba thahasellang ba tla eketsa lenane la ba tla ba teng Moketeng oa Sehopotso sa 1986. Ba limillione ba “linku tse ling” ba tla ba teng, hammoho le ba likete tse ntseng li qepha tsa “mohlatsoana”—kaofela ba tletse kananelo ho tloha botebong ba pelo ka tokisetso e lerato ea Jehova ka Kreste, ba hlokomela kamoo ’mele oa Kreste le mali a hae e leng tsa bohlokoa kateng. Leha ho le joalo, bohle ba lokela ho lemoha ka ho hlakileng hore na ba eme hokae. Ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso ha ho fane ka bophelo bo sa feleng. Tsena ke litšoantšetso tsa sehlabelo sa Jesu, seo pele se sebelisoang kamanong le “selekane se secha.” Batlotsuoa bao ba nkeloang selekaneng seno, ’me e le bona feela, ba ja le ho noa litšoantšetso ka nepo. Motho o selekaneng seo se secha kapa ha a ho sona. (1 Ba-Korinthe 11:20, 23-26) Ba seng selekaneng sena se secha ’me Jesu a sa ba nkela selekaneng bakeng sa ’muso ha ba na tokelo ea ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso, empa ba ntse ba lokela ho hlokomela kamoo nama ea Jesu le mali a hae e leng tsa bohlokoa kateng ho bona. (Luka 22:14-20, 28-30) Sehlabelo sena ke mokhoa oo ka oona ba ka fumanang bophelo bo sa feleng lefatšeng.

18. Ke thabo efe e bang teng ka ho lemoha ka ho hlakileng sohle seo sehlabelo sa Jesu se se bolelang?

18 Ka hona e se eka re ka atamela ketsahalo ena ea Sehopotso ka masene ka sohle se boleloang ke sehlabelo sa Jesu bakeng sa batho. E se eka bao ba “mohlatsoana” ba ka ipolokela pitso ea bona, ’me e se eka bongata bo hōlang ba “linku tse ling” bo ka thabela tebello ea ho ba le ‘bophelo ka ho bona’ bo phethahetseng ba lefatšeng, ha hona joale ba nka ka ho phahameng kopano ea bona le Ntate, le Mora, le palo e ntseng e qepha ea masala a tlotsitsoeng a sa ntsaneng a le lefatšeng. Re thabile hakaakang hore e be “bohobe ba bophelo” boa fumaneha hona joale bakeng sa bohle!

[Mongolo o botlaaseng ba leqhepe]

a Bona le Mattheu 3:9; 9:3; 13:21; Mareka 5:30; 6:51; Luka 7:39, 49; 12:17; 18:4; Johanne 5:42, NW; 11:38; Liketso 10:27, NW; 2 Ba-Korinthe 1:9.

[Lipotso tsa Tlhahlobo]

◻ Ka 32 C.E., Jesu o buile ka mefuta efe e ’meli ea manna, joalokaha e lokiselitsoe bo-mang?

◻ Ke bo-mang bao Jesu a ba memelang ‘ho ja nama ea hae le ho noa mali a hae,’ hona ba etsa see joang?

◻ Hobolela eng ho ba le “bophelo ka ho lōna,” ’me hoo ho fumanoa joang hona neng?

◻ Ke thabo efe eo bohle ba ka e arolelanang hona joale mabapi le “bohobe ba bophelo”?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela