Megiddo—Lebala la Ntoa la Boholo-holo le Nang le Tlhaloso ea Boprofeta
“OHO Jehova! lira tsohle tsa hao ha like li timele joalo!” Ho rialo mantsoe a pina ea tlhōlo e qapiloeng lilemong tse fetileng tse fetang makholo a 32. E ile ea tšoaea tlhōlo ea sesole haufi le motse oa boholo-holo oa Megiddo.
Ho latela tlaleho ea Bibele, Moahloli Barake oa Iseraele o ile a laeloa ke Molimo ho emisa banna ba hlometseng ba 10 000 holim’a Thaba ea Tabore. Na ke palo e khōlō? Mohlomong. Empa baithaopi ba 10 000 ka bomalimabe ba ne ba sa hlomela. ‘Thebe, kapa lerumo, li ne li ke ke tsa fumanoa.’ (Baahloli 5:8) Leha ho le joalo, ho ne ho se joalo ka sera. Ba etelletsoe pele ke Molaoli Sisera, lekhotla la Bakanana le ne le hlometse ka libetsa tsa morao-rao tsa boqapi ba sesole ba tsa mahlale: “O na a na le makoloi a tšepe a makholo a robileng mono o le mong.” (Baahloli 4:3) Tsena tsa nea Bakanana ho potlaka le maqiti hape le mokhoa o matla oa ho nahana.
Leha ho le joalo, tlhōlo, e ne e sa lokela ho ba tholoana ea bonatla le ho hlomela hoa sesole. Mabotho a Sisera a maholohali a ile a huleloa phuleng ea Kishone eo ka nako eo e neng e omile. Jehova a fa Barake pontšo ea ho theoha. A k’o nahane feela banna ba 10 000 ba theoha thabeng ba theohela phuleng! Empa joale, ka tšohanyetso, Jehova o tsosa lifefo. Joale sera se otloa ke moea le pula sefahlehong. Nōka ea phula ea Kishone ea phalla ka sekhahla, ea qaea makoloi a ntoa a Sisera leoatleng la seretse. A ferekantsoe, mabotho a Sisera a baleha a tšohile, a mpa a phalleloa ’m e a bolaoa. “Ho se ke ha phonyoha motho le a mong.”—Baahloli, likhaolo 4 le 5.
Hase feela tlhōlo ena e khahlang e bululetseng mantsoe ana: “Oho Jehova! lira tsohle tsa hao ha li ke li timele joalo! Ha e le ba o ratang, ba tla tšoana le letsatsi ha le chaba matleng a lona!” (Baahloli 5:31) Leha ho le joalo, hlokomela lentsoe leo “li ke li.” Le hlahisa hore ntoa e ne e le ea boprofeta, le supa ntoa e kholoanyane e tlang eo ho eona lira tsohle tsa Molimo li neng li tla timela.
Leha ho le joalo, batho ba hlaha ba potolohileng Iseraele ka potlako ba lebala ka koluoa ena. Lilemo tse 47 feela hamorao, lichaba tse kopaneng tlas’a boetapele ba Bamidiane tsa “phutheha, . . . [tsa] emisa lehoatateng la Jizreele,” phula e atolohang ho tloha lehoatateng la Megiddo. (Baahloli 6:33) Lira tsena tse likalikelitsoeng li ne li “le ka ka litsie, [li] se na ho baloa.” Leha ho le joalo, nakong ena, lebotho la Iseraele e ne e le le le nyenyane empa e le le sebete la banna ba 300, ba eme ho ‘potoloha liahelo’ tlas’a boetapele ba Gideone. Ha ba fuoa pontšo, ba 300 ba letsa manaka, ba hoelelitse ba pshatla linkho tsa metsi, ba tsokotsa lirumula, le ho hooa ka mohoo oa ntoa o tšosang: “Sabole ea Jehova le ea Gideone!” Bamidiane ba tlakasela! “Jehova a etsa hore e mong le e mong oa ba-Mideane a hlabe e mong ka sabole ea hae,” ’me lebotho le lenyenyane la Gideone la hlōla ka mokhoa o tšabehang!—Baahloli, Khaolo ea 7.
Le rōna kajeno ha rea lokela ho etsa phoso e kang ea Bamidiane leha e le ho hlokomoloha bohlokoa ba Megiddo. Ka makhetlo a ka bang 12 Bibele e bua ka lebala lena la ntoa ea boholo-holo. Ho feta moo, boprofeta ba Bibele bo bontša hore se etsahetseng Megiddo se na le tšebetso e tebileng bakeng sa rōna kajeno. Kahoo a re keng re talimisiseng se boleloang ke Bibele le thuto ea liepolloa tsa lintho tsa khale ka sebaka sena se tsebisahalang.
Mateanong a Litsela tsa lefatše la Boholo-holo
Megiddo, hammoho le metse ea Hatsore le Gezere, e kile ea laola tsela ea sesole se seholo le khoebo e kopanyang Asia le Afrika. Megiddo e pakeng tsa metse eo e meng e ’meli ’me kahoo e ne e le eona e neng e le sebakeng sa bohlokohali. Ho hlaha ka likhoro tsohle, makhalo a lithaba, le litsela li ne li kena phuleng ea eona. The Geography of the Bible, e hlalosa “Megiddo” e le “e emeng mateanong a litsela, ha e le hantle ho e ‘ngoe ea mateano a litsela a maholo a lefatše la boholo-holo.”
Megiddo e ne e busa phula e khōlō e bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 32 (limaele tse 20) ho ea ka lehlakoreng le ka leboeabochabela ho mekoloko ea lithaba tsa Karmele. Nakong ea lipula tsa mariha, metsi a theohang lithabeng tse potolohileng a ne a etsa hore Nōka ea Kishone e haufi e je litlhokoa. Ke kahoo sebaka sena se boetseng se bitsoang ’molapo oa Kishone.’ (Baahloli 4:13) Buka Geography of lsrael e re: “Ka lipula tsa mariha” mobu oa phula ena “ntle ho tikatiko o ne o fetoha tebetebe. . . . letsoapo la [K]ishone le le nyenyane haholo, ’me moo metsi a tsoang le teng . . . a ne a thibeha habonolo; kahoo mokhoabo o ne o pharalla.” Sisera le makhotla a hae ba ile ba fumana kamoo sebaka sena se ka bang seretse ka teng. Leha ho le joalo, lehlabuleng le omileng, lehoatata lena le bulehileng e ne e le sebaka se setle bakeng sa makoloi a ikoetlisetsang ntoa. (Bapisa Sefela sa Lifela 6:11, 12.) Mabotho a sesole le oona a ne a ka bokana moo ntle ho khathatso.
Ha se feela Morena Salomone a ileng a nka mehato ea ho sireletsa Megiddo: “Ke tsena taba tsa ba hloailoeng, ba kileng ba memuoa ke Morena Salomone ho haha . . . lerako la Jerusalema, le Hatsore, le Megiddo, le Gezere.” (1 Marena 9:15) tututsoana e bolelele ba limithara tse 21 (maoto a 70), e okametseng phula e bulehileng, hona joale e tšoaea sebaka seo Megiddo e kileng ea e-ba ho sona. Mehleng ea boholo-holo, mehaho e mecha hangata e ne e hahelloa holim’a lithako. Kahoo bophahamo bo bong le bo bong ba moaho bo ka tšoaea nako e khethehileng historing. Moepolli oa lintho tsa khale, a qala ka holimo, a cheka a leba tlase, o feta mokato ka mokato oa histori. Bonyane ho se ho sibolotsoe mekato e joalo e ka bang 20 Megiddo, ho bontša hore motse o ile oa hahuoa ka makhetlo a mangata. Ebe Bibele e thusitse baepolli baa ba nang le mamello joang?
Ha ho pelaelo hore ho haha likhoro tsa motse e ne e le karolo ea bohlokoa ea morero oa Salomone oa ho sireletsa Megiddo, Hatsore, le Gezere. Khale likhoro tse joalo li sibollotsoe Megiddo. Hang kamorao ho moo, likhoro tse joalo tse entsoeng ka ho tšoana li ile tsa fumanoa Hatsore. Kahoo, ba sebelisa bopaki bo tsoang Bibeleng, baepolli le bona ba qala ho batla Gezere. Ka ho sa makatseng, likhoro tse entsoeng ka ho tšoanang li ile tsa fumanoa le mono. Bohlokoa ke bofe ho liithuti tsa Bibele? Moepolli e mong ea tsebahalang haholo oa lintho tsa khale, Moprofesa Yohanan Aharoni, o re:
“Ho epolloa ho entsoeng libakeng tse tharo, ho ile hoa sibolloa likhoro tse tšoanang ka moetso ho tloha lekholong la leshome la lilemo B.C.E. . . . Likhoro tse kang tsena, tse nang le matlo a mararo a balebeli le lipilara tse ’nè ka lehlakoreng le leng le le leng la khoro, li sibollotsoe feela libakeng tse ling tse peli ho tla fihlela joale. . . . Ka hona, ho na le tumellano e feletseng e matla har’a liithuti hore likhoro tsa Hatsore, Megiddo, le Gezere ka likarolo tsa tsona tse tharo li ikarabella pusong ea Salomone.”
Ka ho tsoanang Dr. Yigael Yadin o qetella ka ho re: “Ho sibolloa hoa liqhobosheane tsa Salomone Hatsore, Megiddo, le Gezere ke mohlala o rutang oa kamoo tataiso ea Bibele e leng ea bohlokoa le e sebetsang kateng ho baepolli.”
Lebala la Ntoa ea Makhaola-khang
Ha ho talingoa sebaka sa Megiddo se botleng, ka ho utloahalang se ile sa amahanngoa le khopolo ea lebala la ntoa pejana historing. Ha e le hantle, lentsoe la boholoholo la Seheberu bakeng sa “Megiddo” ho boleloa hore le bolela “tšubuhlellano ea mabotho.” Moprofesa Aharoni o ngotse:
“Megiddo e ne e le motse o sirelelitsoeng oa bohlokoa bo boholo ho sa tsotellehe ’nete ea hore ha o boleloe mehloling ea histori ho fihlela lekholong la leshome le metso e mehlano la lilemo B.C. Mehleng eo e hlaha mengolong ea Thutmose III. Histori ea faro enoa e tlaleha hore Megiddo e ne e tsamaisa mokhatlo oa metse ea Bakanana ea marabele. . . . Lekhotla la Egepeta le makoloi a Bakanana li ile tsa loana ntoa ea makhaolakhang ea borabele bona . . . haufi le Megiddo. Ena ke ntoa ea pele ea sesole eo boitsebiso ba eona bo bolokiloeng. Hoba a putule makhotla a Bakanana ka ho feletseng lebaleng lena, Faro a ba le khapo e khōlō, ho akarelletsa le makoloi a 924!
Dr. Zev Vilnay, mongoli oa The New Israel Atlas, o tsoela pele ho hlalosa phula ena e le “sebaka sa lintoa tse tummeng ho tloha tšimolohong ea histori ho fihlela Ntoeng ea I ea Lefatše.”
Megiddo—Na ke Lebala la Ntoa ea ho Qetela?
Buka ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo, e tlaleha pono ea “marena a lefatše le a linaha tsohle tseo ho hahiloeng ho tsona” a bokelleloa “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” “Harmagedone” [“Thaba ea Megiddo”], kapa Armageddone. (Tšenolo 16:14, 16) Ka lebaka la ho tšoana hoa mabitso, ba bang ba fihletse qeto ea hore ntoa ena e tla loaneloa sebakeng sa sebele sa Megiddo. Leha ho le joalo, tututsoana ea Megiddo ho thata hore e ka tšoaneleha e le “thaba.” Hape nahana: Na phula ea Megiddo e khōlō ka ho lekaneng ho ka bokella babusi bohle ba lefatše hammoho le mabotho a bona a maholo le qubuhali ea bona ea lihlomo? International Standard Bible Encyclopedia e re, “Ena ke puo ea tšoantšetso, ’me ho bonolo hore Armageddone e sebelisoa e se lebitso la sebaka se ikhethang empa e le lentsoe la tšoantšetso bakeng sa ntoa ea makhaola-khang.”
Joale, Harmagedone ke eng? Ka ho totobetseng ke ea tšoantšetso. E nka historing ea Megiddo joaloka lebala la lintoa tsa makhaola-khang, Tšenolo e le sebelisa ho tšoantšetsa boemo bo atamelang ha ho hlouoa hoa batho ba Molimo ke ‘lichaba tsohle” ho tla fihla tlhorong. (Mattheu 24:9, 14) Kaha Bakreste ba ’nete ba tsoela pele ka botšepehi ho tšehetsa ’muso oa Molimo, babusi ba lefatše ba tla ikopanya ’me ba qetelle “ba bokane” ho ba timetsa. Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa iphetetsa. (Esaia 2:1-4) Molimo o ba khethetse Morena, Morena Jesu Kreste, ho ba loanela. Nakong e mahlonoko morena enoa oa Leholimo hammoho le “makhotla a leholimo” o “tla kenella ’me a hlasele marena a lefatše, le makhotla a oona.” Ntoa ena ea lefatše e tla ba ea makhaola-khang, feela joaloka tse neng li loaneloa Megiddo. Lira tsohle tsa lefatše li tla ‘timela,’ feela joalokaha pina ea tlhōlo ea Debora le Barake e ile ea profeta!—Tšenolo 19:11-21; Baahloli 5:31.
Na u tla fumanoa har’a barati ba Jehova—kapa har’a lira tsa hae? Bibele e hlakisa hore ba sa emeng ka lehlakoreng la Jehova Molimo le batho ba hae ba kotsing e khōlō ea ho lahleheloa ke bophelo. (Sofonia 2:3; 2 Ba-Thessalonika 1:7-9) Ka lebaka leo, ha ho nako ea ho lieha! “Bonang, ke tla joale ka lesholu,” ho lemosa Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a bua ka ho toba ka tlhoro ea ‘mahlomola a maholo’ ka Harmagedone.—Tšenolo 16:15; Mattheu 24:21.
“Ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” e tla ba le phello e khanyang. E tla bulela ’Muso oa Molimo tsela ea ho fetolela lefatše lena paradeiseng. (Mattheu 6:9, 10; Tšenolo 21:3-5) Empa ho molemohali ho tsohle, e tla tlotlisa lebitso le leholohali bokahohleng ka phethahatso e babatsehang ea thapelo ea boholo-holo ea boprofeta:
“U ba etse joale ka ha u entse Mideane, le Sisera, le Jabine, nōkaneng ea Kishone, . . . U ba lelekise joalo ka sefefo sa hao, u ba tšose ka moea oa hao oa letsuku-tsuku! Apesa lifahleho tsa bona ka lihlong, ba tle ba batle lebitso la hao, Jehova. A ba ke ba tsielehe, ba shoe motlopo ka mehla, ba fele ba hlabiloe ke lihlong! ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena o ’notsi lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 83:9, 15-18.
[’Mapa o leqepheng la 22]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Megiddo e ne e laola tsela e khōlō ea sesole le khoebo e kopanyang Asia le Afrika
Tsela e Khōlō ea Khoebo-------
Hatsore
Megiddo
Gezere
Jerusalema
[’Mapa]
ASIA
AFRIKA
[Setšoantso se leqepheng la 23]
Ntoa ea lefatše ea Harmagedone e tla ba ea makhaola-khang, feela joaloka lintoa tse ileng tsa loaneloa Megiddo. Lira tsohle tsa Molimo tsa lefatšeng li tla timela