Na U Lumella ’Nete e U Phonyohe?
KAMOR’A ho pholoha ho lula ho qobelletsoeng hoa seroalankhoana moferong oa Amazon, baeti ba bangata ba ne ba tla lebisa tlhokomelo e nyenyane ho sebaka se likolohileng moo. Empa e seng monna ea khutsitseng le ea seli ka linako tsohle! E ne e le setsebi sa majoe, ’me o ile a hlokomela kamoo setsiketsi seo seroalankhoana se neng se lutse ho sona e neng e le sebataolo se se nang sebopeho kateng. Ho e-na le ho tlohela monyetla oo hore o fete, o ile a hlahlobisisa letsoatlare lena. Ka pele o ile a lemoha hore hoo ho batho ba bang ho neng ho tla bonahala e le setsiketsi feela se kang tse ling, e ne e hlile e le o mong oa merafo e tšepisang ka ho fetisisa ea matlotlo a lirafshoa lefatšeng—ntlo e khōlō ea polokelo ea tšepe, bauxite, manganese, koporo le khauta eo ka letsatsi le leng e neng e tla tsejoa ka hore ke “El Dorado e ncha.”
Ke motho ea fumanoang seoelo ea sebelisang menyetla ho e-na le ho e tlohela hore e mo phonyohe. Ka mohlala, nahana ka ’musisi oa Roma Ponse Pilato morao koana lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Monyetla o ikhethileng o ile oa behoa ka pel’a hae. Baeta-pele ba Bajode ba ile ba mo tlisetsa moruti e moholohali oa ’nete ea neng a kile a phela lefatšeng, Jesu Kreste. Nahana ka lipotso tseo Pilato a ka beng a ile a li botsa! Ak’u nahane ka linnete tse enneng tseo a ka beng a ile a ithuta tsona! ’Me ka ho thahasellisang, bonyane Pilato o ile a bonahala a e-na le thahasello ea ho tseba ha ba ne ba tlisitse Jesu ho eena ka lekhetlo la pele a nģosoa ka hore o ipitsa “morena oa ba-Jode”:
Pilato o ile a botsa, “A u morena oa ba-Jode na?”
Ha a araba, Jesu o itse: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena . . . ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete. E mong le e mong eo e leng oa ’nete, o utloa lentsoe la ka.” Monyetla oa bohlokoahali oa Pilato e ne e le ona. Ka pele ho eena ho ne ho eme monna eo bophelo ba hae e neng e le bopaki bo phelang ba ’nete ea litšepiso tsa Molimo, monna ea neng a labalabela ’me a khona ho ’mea leseling ka tsela eo ho neng ho se motho ea neng a ka etsa. Leha ho le joalo karabo ea Pilato e bile efe? “’Nete ke’ng?” ’Me hang “a boela a tsoela ho ba-Jode.”—Johanne 18:33-38.
E, Pilato o ile a tlohela ’nete hore e mo phonyohe. ’Me ba bangata kajeno ba etsa phoso e tšoanang. Makasine oona ona oo u ntseng u o bala, Molula-Qhooa, o hatiselitsoe ho bea batho leseling le buang ka ’nete. Ba bangata, leha ho le joalo, ha ba batle le ho o bala feela. Ba bang ba bala le ho thabela lihlooho tsa oona feela ebe ha ba nke bohato bofe kapa bofe ho feta moo. Na ebe ba joalo le bona, joaloka Pilato, ba tlohela ’nete hore e ba phonyohe?