Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 3/1 maq. 4-6
  • U se ke ua Tlohela ’Nete e U Phonyohe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke ua Tlohela ’Nete e U Phonyohe
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Rua Tsebo’
  • Ho Thakhisa Boikhohomoso
  • Ho Sebelisa Tsebo
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Batla ’Nete?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • “Reka ’Nete ’Me U se ke oa e Rekisa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • “Ke Tla Tsamaea ’Neteng ea Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 3/1 maq. 4-6

U se ke ua Tlohela ’Nete e U Phonyohe

MOHLOMONG Ponse Pilato o ile a hlokomela hore ho amohela ’nete ho ne ho tla mo nģosa ho hong. Ho ba molateli oa Kreste ho ne ho tla bolela ho amohela borena ba Kreste ’me ntle ho pelaelo ho fetoha ka ho feletseng ka potlako boitšoarong. Leha ho le joalo, Salomone mongoli oa Liproverbia 23:23 (NW) o itse: “Reka ’nete, ’me u se ke ua e rekisa—bohlale, le taeo, le kutloisiso.”

“Ke reke ’nete?” u botsa u maketse. E, hobane Bibele mona e re thusa ho ananela hore motho o fumana ’nete, bohlale le kutloisiso feela ka theko. Leha ho le joalo, ’nete ke thepa ea bohlokoahali e ka nahanoang. Ke ka lebaka lena Salomone a elelitseng, “U se ke ua e rekisa”! Ho ne ho tšoana le ho bolela hore ho ne ho se ntho e ’ngoe e ka lekanang le eona ka bohlokoa.

Ba bangata baa botsa, ba pheta potso ea Pilato, ‘empa ha e le hantle ’nete ke’ng?’ Ho ba bangata kajeno, “’nete” e batla e le thata ho utloisiseha. Ka mohlala, nahana ka seo Albert Einstein a kileng a se bua: “Ho thata ho fana ka tlhaloso e tobileng ea lentsoe ‘’nete ea tsa mahlale.’ Ka hona, tlhaloso ea lentsoe ‘’nete’ e fetoha ho ea ka hore na re bua ka ’nete ea phihlelo, tlhahiso lipalong, kapa khopolo ea tsa mahlale. ‘’Nete ea bolumeli’ ho hang ha e bolele letho le utloahalang ho ’na. (Ideas and Opinions, ea Albert Einstein) Empa na taba ea hore ’nete e ile ea thatafalla Einstein e bolela hore le uena e tšoanela ho u feta? Le hanyenyane.

Jesu ka ho hlaka o itse: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo.” (Johanne 14:6) E, “’nete” e likoloha ho Kreste Jesu le sebaka sa hae mererong ea Jehova Molimo joaloka Mophethahatsi oa boprofeta, Molopolli oa batho ba baetsalibe, Morena oa ’Muso oa Molimo ea khethuoeng, Moprista e Moholo le ’Molai oa ba khopo. (Ba-Roma 15:8; 1 Timothea 2:5, 6; Johanne 3:16; Ba-Efese 1:20-22; Daniele 7:13, 14; Mattheu 6:9, 10; Ba-Heberu 4:14; Tšenolo 19:11-21; 2 Ba-Thessalonika 1:7-9) Empa ke joang motho a ka ‘rekang’ ’nete ena?

‘Ho Rua Tsebo’

Motho o qala ho reka ’nete ka ho latela mantsoe a Jesu a ho Johanne 17:3, (NW): “Bophelo bo sa feleng ke hore ba rue tsebo ka uena Molimo o ’notsi oa ’nete, le ka Jesu Kreste eo u mo romileng.” Ruri ona e ne e tla ba mosebetsi o thata haeba motho a ne a tšoanela ho o etsa a le mong. Morao koana lekholong la pele la lilemo, ho ne ho le teng leqhalaha kapa letona la Ethiopia le ileng la leka ho etsa joalo. Empa ’moleli oa evangeli Filippi, ha a bona letona le ntse le leka ho ithuta boprofeta bo thata ba Bibele, o ile a botsa, “Na u utloisisa seo u se balang na?” Potsong ena monna eo a araba, “Nka utloisisa joang ha e mong a sa nkenye tseleng?” (Liketso 8:28-31) Mohlomong u ikutloa ka mokhoa o tšoanang?

Ka hona Lipaki tsa Jehova li ithaopela ho ithuta Bibele le uena lapeng ha hao.a Lithuto tse joalo ha li lefelloe. Jesu o itse, “Le neiloe feela, neang feela.” (Mattheu 10:8) Empa ho reka ’nete ho tla u nģosa ho hong hape—ho tla u batla nako ea hao le boiteko ba hao. Leha ho le joalo, hopola hore Jesu Kreste—ea phelang le ea sehlahlo maholimong—o batla ho u thusa hore u ithute ’nete. (Bapisa Luka 5:13.) O ile a tšepisa barutuoa ba hae ba pele hore moea oa Molimo o ne o tla ba tataisetsa “’neteng eohle.” (Johanne 16:13) Ho feta moo, hona ho ka sebetsa le ho uena. Ka hona u se ke ua nahana hore ho ithuta ’nete ho tla u thatafalla haholo.

Boithuto bo tebileng ba Bibele bo boetse bo nolofalitsoe haholo ka lithuso tsa ho ithuta Bibele tse hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Mehlala feela ea lihlooho tsa tse ling tsa libuka tsena e hōlisa takatso ea babatli ba khabane ba ’nete: ’Nete E Isang Bophelong bo sa Feleng, U Ka Phela Ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, Ho Pholohela Lefatšeng Le Lecha, Ho Kopana Borapeling ba Molimo o Le Mong Oa ’Nete le Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? ha re bolela tse seng kae feela.b

Libuka tsena li hlalosa Mangolo ka ho toba ka puo e utloisisoang habonolo, e sa ipiletseng feela kutloisisong ea hao empa hape le pelong ea hao. Ka likeletso tse sebetsang, botšepehi le bofuputsi, molumo oa ’nete o utloahala ka ho hlaka ho tsona. Ha u tsoela pele u ithuta linnete tsa Bibele ka thuso ea libuka tsena u tla ananela seo Jesu a neng a se bolela ha a ne a re: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Mona lentsoe “’nete” le akarelletsa sehlopha sohle sa lithuto tsa Bokreste joalokaha li fumanoa hona joale Lentsoeng la Molimo le ngotsoeng la ’nete—Bibele. (2 Timothea 2:15; Ba-Efese 1:13) Empa ke hobane’ng ha ho ithuta ’nete e le ho lokollang hakaale?

Ka mohlala, nahana hore “ho tšaba lefu” ho kentse batho “bohlankeng ka matsatsi ’ohle a ho phela ha bona.” (Ba-Heberu 2:15) Ho tjena ho sa tsotellehe ’nete ea hore batho ba bangata ba re ba na le tšepo e lerootho ea bophelo ba thabo leholimong kamor’a lefu. Leha ho le joalo, linnete tsa Bibele li lokolla motho tšabong e fosahetseng joalo. Motho o ithuta hore bafu ba ntse ba sa hlokofatsoe nģalong e ’ngoe e chesang ea tlhokofatso, hobane “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5, 10; bona le Pesaleme ea 146:4 le Moeklesia 3:19, 20.) Bibele e boetse e bontša hore motho ha a na tšusumetso ea tlhaho ea ho shoa e be o ea leholimong. Ho fapana le hoo, Molimo ‘o beile nako e sa feleng lipelong tsa batho’; motho ea phelang hantle kelellong o lakatsa ho phela ka ho sa feleng!—Moeklesia 3:11, (NW); bona le Ba-Roma 5:12; 6:23.

Takatso ena e tla phethahatsoa ho seo Bibele e se bitsang “lefatše le lecha.” (2 Petrose 3:13; bapisa le Mattheu 6:9, 10.) Jesu o ile a bontša hore ba tla finyella ho phela ‘lefatšeng le lecha’ ba ne ba tla thabela “Paradeise.” (Luka 23:43) Mangolo a mang a re thusa ho utloisisa hore lena e tla ba lefatše le se nang bohloko leha e le meokho! (Tšenolo 21:4; Esaia 11:6-9) Ak’u nahane feela kamoo tšepo ena e neng e ka fetola bophelo ba hao! Empa pele u tšoanetse ho rua tsebo.

Ho Thakhisa Boikhohomoso

Ho Pesaleme ea 25:9 Bibele e re: ‘Ke ea tsamaisang ho lokeng ba bonolo pelong, ea ba rutang tsela ea hae.’ Che, Molimo ho hang o ke ke oa fa batho ba ikhohomosang le ba ikakasang ’nete. “Molimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.” (1 Petrose 5:5) Bonyane Ponse Pilato o ne a bonahala a ne a batla ho tseba ’nete. Empa bangoli ba khale ba hlalosa Pilato e ne e le motho ea ikhohomosang. Ho Baroma, Bajode e ne e le batho ba nyatsehang, ba nang le bolumeli bo makatsang, le bao ba neng ba thabela ho ba hatella! Boikhohomoso le takatso ea boholo ea bopolotiki li bonahala e bile litšitiso tsa Pilato.—Liproverbia 16:18.

Ba bangata kajeno le bona ba batla ho tseba ka molaetsa oo Lipaki tsa Jehova li o bolelang. Leha ho le joalo, ba ka ’na ba hlokomela hore Lipaki tsa Jehova hase barui, le hore libaka tsa tsona tsa pokano (Liholo tsa ’Muso) tse itekanetseng ha li lekane ho hang le mehaho e majabajaba ea likereke tsa Bokreste-’mōtoana, le hore ha se Lipaki tse kae tse ka ithorisang ka thuto e phahameng. Empa hlokomela seo Bibele e se buang ho 1 Ba-Korinthe 1:26-29: “Banab’eso, le lemoheng hle ho bitsoa ha lōna, hobane ba bohlale ka mokhoa oa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae. Empa Molimo o ikhethetse tse hlanyang tsa lefatše, o tle o soabise tse bohlale; ’me tse fokolang tsa lefatše, Molimo o ikhethetse tsona, o tle o soabise tse matla. Hape, Molimo o ikhethetse mafeela a lefatše, le tse songoang, le tse leng sieo, o tle o tsietse tse leng teng, hore ho tle ho se ke ha e-ba nama, leha e le ’ngoe, e ithorisang pel’a oona.”

Ka lebaka leo, ho ithuta ho ‘ba tlaase’ joalo mohlomong ho tla u nģosa boikhohomoso ba hau. Empa na hoo ke tefo e phahameng haholo e ka lefshoang bakeng sa ’nete?

Ho Sebelisa Tsebo

Ho ithuta feela—ekasitana le eona ’nete—ha hoa lekana. Ke ka lebaka leo re eletsoang hore re ‘reke bohlale.’ (Liproverbia 23:23, NW) Bohlale ke tšebeliso ea tsebo! Ha e le hantle Salomone o itse: “Sehloho sa ntho tsohle ke bohlale.” (Liproverbia 4:5-7) E, tsebo e na le molemo ofe ha e sa sebelisoe? Ka hona, kamor’a ho ithuta litsela, litaelo, melao, likhopotso le likeletso tsa Molimo, ithute ho li sebelisa bophelong ba hao. Jesu o itse, “Bohlale bo netefatsoa ke mesebetsi ea bona.”—Mattheu 11:19, TLP.

Ponse Pilato o ile a hana ’nete. Leha ho le joalo ha u ua lokela ho etsa phoso eo. Ho tlohela ’nete e u phonyohe ka lebaka la boikhohomoso, takatso ea boholo kapa lerato la boitšoaro bo bong bo nyatsoang ke mangolo ruri e ne etlaba bothoto. Etsisa mopesaleme ea ileng a rapela, “U mphe kutloisiso, ke tle ke phele!” (Pesaleme ea 119:144) E, motho ea labalabelang ho lefa theko ea ho fumana ’nete le bohlale a ka “phela,” hobane ea li rekang “o fumane bophelo, ’me o tla bona mohau ho Jehova.”—Liproverbia 8:35.

Motho e mong ea ileng a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova o ile a re: “Ke tlhohonolofatso hore ke re ’nete e fetotse bophelo ba rōna.” Le uena e ka fetola ba hao. Ka hona, u se ke ua tlohela ’nete hore e u phonyohe! Nka monyetla ona o ikhethang ho reka ’nete, bohlale le kutloisiso. Le ka mohla u ke ke ua ikoahlaela hore e be u entse joalo.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lokoloha ho ngolla bahatisi ba makasine ona haeba u lakatsa ho ba le thuto e joalo ea Bibele. Re tla thabela ho u hlophisetsa hore mosebeletsi ea tšoanelehang a chakele lapeng ha hao.

b Li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Boikhohomoso e ka ’na eaba bo ile ba khannela Ponse Pilato ho tlohela ’nete hore e mo phonyohe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela