U se ke ua Nea Diabolose Sebaka!
“Letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lōna; ’me le se ke la nea Diabolose sebaka.”—BA-EFESE 4:26, 27.
1. Petrose o hlalositse Diabolose joang, empa ke tiisetso efe ea tšireletso eo moapostola a faneng ka eona?
SEBATA se bohale se hlaha se tsoile letsolo. Se na le takatso e sa kholoeng ea ho harola Bakreste. Petrose o-oa hlokomelisa: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang. Hanang ho eena ka ho tiea tumelong, . . . Empa Molimo oa mehauhelo eohle . . . ha le se le utloile bohloko ka litšiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.”—1 Petrose 5:8-10.
2. (a) Ke maemo afe a re etsang hore re be ba hlaseloang habonolo ke Satane? (b) Ke hobane’ng ha ea fetohang phofu ea bokoenehi a se na eo a ka mo beang molato haese eena ka boeena? (c) Ke bofokoli bofe bo ileng ba nea Diabolose sebaka sa ho kenya ka pelong ea Judase Iskariota hore a eke Jesu?
2 Re ka tiisa hore Diabolose le baemeli ba hae, ba bademona le ba batho, ba eme e le malala-a-laotsoe ho sebelisa hampe pelaelo leha e le efe e kokonang, sekoli leha e le sefe se tebileng sa botho, le bohlasoa leha e le bofe ba rōna ho ipoloka moeeng re le matla tumelong. Empa Lentsoe la Jehova le re tiisetsa hore Diabolose a ke ke a re harola haeba re ema re tiile khahlanong le eena. (Jakobo 4:7) Ka mohlala, ha ho ea oelang litleneng tsa bokoenehi hobane feela a ne a ke ke a ho qoba. Ha ho ea reretsoeng e sa le pele hore o tla furalla tumelo. Litšusumetso tsa pelo lia ameha. Ke ’nete, Johanne o itse ba bang “ba tsoile ho rōna, empa e ne e se ba rōna.” (1 Johanne 2:19) Empa hona ho etsahetse hobane ba ile ba ikhethela bokoenehi kapa hobane ho tloha qalehong ba ile ba kena mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova ka sepheo se fosahetseng. Judase Iskariota o ne a e-na le pelo e ntle ha a bitsoa e le e mong oa baapostola ba 12 ba Jesu, empa Diabolose a sebetsa ka bofokoli ba Judase ba meharo. Le pele ho bosiu boo Jesu a ekiloeng ka bona “Diabolose [o ne] a se a kentse pelong ea Judase Iskariota, mor’a Simone, takatso ea ho mo eka.”—Johanne 13:2.
3. Ke lintlha life tse ka susumetsang motho hore e be phofu ea bokoenehi?
3 Motho o senyeha hobane a lumella hore maikutlo a hae a boithati, meharo ea hae le litakatso tsa hae, metsoalle eo a ikhethetseng eona le tikoloho, li bope monahano oa hae ’me li rere hore na thato ea hae e tla lebisa hokae. Pauluse o buile ka ba bang ba neng ba ‘kile ba bonesetsoa, ba filoe kabelo Moeeng o Halalelang, empa ba koenehile.’ (Ba-Heberu 6:4-6) Haeba re sa ikalose ka linako tsohle, Diabolose, ka mashano a hae a bolotsana a ka etsa hore lipelo tsa rōna li amohele monahano oa bokoenehi. Empa ha e le hantle, Diabolose, o bona joang haeba motho e ka ’na ea e-ba mohlaseluoa, phofu ea bokoenehi?
4. Ho ka etsahala joang haeba re ineela ho hlonameng, ho khopeheng le ho tšoaeeng liphoso?
4 Litšobotsi tse tloaelehileng tseo Diabolose a li shebang ke ho hlonama, ho khopeha, le ho tšoaea liphoso. Boikutlo bo joalo bo ka ’na ba hōla hore bo be matla hoo ho seng sebaka se lekaneng se sallang lerato le kananelo. Mohlomong bothata bo bong bo sa rarolloang bo ntse bo kekela, bo etsa hore motho a ikutloe a halefile ’me a e-na le tokelo ea ho lulella thōko le liboka tsa bohlokoa tsa Bokreste. Ka ho lula a khopehile ka nako e telele, o “nea Diabolose sebaka.” (Ba-Efese 4:27) Motho ea tšoenyehileng o bona feela mefokolo ea botho ea moena oa hae, ho e-na le ho mo tšoarela “hamashome a supileng a baloang hasupa,” ’me o hlōleha ho sebelisa maemo a lekang e le menyetla ea hore a phethahatse litšoaneleho tsa Bokreste. (Mattheu 18:22) Ka kelello e tjena, haeba motho e mong a ka tla ’me a etsa litlhahiso tsa hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o-oa hatella o bile o na le lithibelo tse ngata, kapa mohlomong o bile o fositse linthong tse ling tsa bohlokoa, pelo e hlonameng ea Mokreste e ka ’na ea amohela lipolelo tse joalo tse se nang motheo. Joale, ke hoa bohlokoa hakaakang ho qoba ho lumella ho hlonama le ho khopeha hore li khoakhoathele! U se ke ua lumella hore letsatsi le likelle bohale ba hao. Ho e-na le hoo, lumella hore lerato le iponahatse ka ho feletseng bophelong ba hao.
5. (a) Boikhohomoso kapa ho khopehela khalemelo li ka ipaka e le leraba joang? (b) Boikokobetso bo nka karolo efe ho luleng re tiile tumelong?
5 Diabolose o sheba maemo afe hape kelellong le pelong? Ha e le hantle, ho na le boikhohomoso, boikutlo ba hore motho ke oa bohlokoa, ho khopeha ka ho se fumane botumo boo motho a ikutloang hore o lokela ho ba le bona. Lintho tsena tsohle ke maraba a sebelisoang ke Diabolose. (Ba-Roma 12:3) Haeba u eletsoa kapa u bile u khalemeloa ka lebaka la mokhoa o mong o fosahetseng kapa boikutlo bo fosahetseng, hona le hona ho ka ’na hoa ipaka e le nako ea bohlokoa ea hore Diabolose a u susumelletse hore u ipotse hore na u mokhatlong o nepahetseng. Ka hona ikokobetse. Khotsofalla ho itšoara joaloka “e monyenyane.” U se ke ua lumella boikhohomoso ba boikutlo ba hore u ua bohlokoa bo u sisinye ho emeng u tiile tumelong.—Luka 9:48; 1 Petrose 5:9.
6, 7. (a) Lipontšo tse ling tsa ho hloka mamello tseo Diabolose a ka potlakelang ho li sebelisa ke life? (b) Haeba motho a haelloa ke bohlale, o lokela ho etsa joang?
6 Ho hloka mamello ke ntho e ‘ngoe eo Diabolose a e shebang. Mohlomong ka linako tse ling re ikutloa hore ho hlokahala hore ho etsoe liphetoho; re batla bohato bo potlakileng, likarabelo tsa kapele. ‘Bothata bona bo tlameha ho hlakisoa hona joale, ho seng joalo kea tsamaea. Potso ena ke tlameha ho e arabeloa hona joale, ho seng joalo ha ho pele ke eang. Joale ho lilemo Harmagedone le tsamaiso e ncha li le “haufi.” Ke khathetse ke ho ema.’ Kholiseha hore Diabolose o lutse a itokiselitse ho jala lipeō tsa pelaelo le bofetoheli mabaleng a joalo a ho hloka mamello. Mamello le tumelo lia hlokahala.—BaHeberu 10:36, 39.
7 Jakobo o itse: “Mamello e ka khona e phethehe tšebetsong ea eona, le tle le be ba phethehileng, ba holileng ruri, bao ho sa hlokoeng letho ho bona. Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa. Feela, a kōpe ka tumelo, a se ke a lika-lika; hobane motho ea lika-likang o joale ka leqhubu la leoatle le tsukutloang, le akheloang hohle ke moea. Ea joalo a se ke a tšepa hobane a ka neoa letho ke Morena. Ke motho ea pelo tse peli, ea lika-likang metsamaong ea hae eohle.” (Jakobo 1:4-8) U se ke ua lumella Diabolose a u etsa phofu ea bokoenehi hobane u fetohile ea hlokang mamello haholo, ea belaelang litšepiso tsa Molimo! Mamella, u be ea lebohang. Letela Jehova.—Pesaleme ea 42:5.
8. Tšekamelo ea ho fetohela ba boholong e ka bulela Diabolose tsela ea ho eka motho hore a lahle boitšoaro ba Mangolo joang?
8 Ke eng hape eo Diabolose a e sebelisang ha a leka ho re khelosa? Na hase kamehla a lekang ho fehla bofetoheli, a etsa hore bahlanka ba Jehova ba nyatse ba etellang pele? Mohlomong ba bang ba ka ’na ba re, ‘Baholo ho hang ha ba utloisise. Ba nyatsa-nyatsa ho tlōla tekanyo, ba laela ho tlōla tekanyo.’ Motho a ka ’na a bua ho fetang hoo ’me a bolela hore Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova kapa baena ba bang ba ikarabellang ba kena-kenana le bolokolohi ba letsoalo le “tokelo” ea motho ka mong ea ho hlalosa Mangolo. Empa hopola mantsoe a boikokobetso a Josefa: “Liphuthullo na ha li tsoe ho Molimo?” (Genese 40:8) Hona na Jesu ha a ka a profeta hore mehleng ena ea qetello mokhatlo o hlophisitsoeng oa batlotsuoa, “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” o ne a tla tšepeloa ho fana ka lijo tsa moea ka nako ea teng? (Mattheu 24:45-47) Hlokomela ba lekang ho etelletsa pele maikutlo a bona a hanyetsang. Hape hlokomela ba batlang ho lahla boitšoaro bohle kapa ba tšepisang bolokolohi, ba bolela hore Lipaki tsa Jehova ke makhoba! Petrose o itse ka baruti ba bohata: “Ba ba tšepisa tokoloho, athe bona ke bahlanka ba ho bola: hobane seo motho a hlōloang ke sona, o fetoha mofo oa sona le hona.”—2 Petrose 2:1, 19.
9. Hangata boikutlo ba ba nyatsang ba etellang pele ke bofe?
9 Hangata sepheo sa ba nyatsang Mokhatlo kapa ba etellang pele ke sefe? Na hangata hase hore tšebeliso e itseng ea Mangolo e-ea ba ama? Ho e-na le ho lumellana le thuto e utloahalang le tsamaiso e utloahalang, ba batla hore mokhatlo o hlophisitsoeng o fetohe. A re bapise sena ka mehlala e seng mekae:
10. Ho tsitlella mekhoeng e feteletseng ea moaparo le boitlhopho ho ka fella ka hore motho a ‘nee Diabolose sebaka’ joang?
10 Moena o tsitlella mokhoeng o feteletseng oa moaparo kapa oa boitlhopho. Baholo ba ikutloa hore hase mohlala o motle ‘me ha ba mo nee litokelo tse itseng tse kang ho hlaha sethaleng ho fana ka taeo. O-oa khopeha, o bolela hore ba bang ba leka ho mo amoha bolokolohi ba hae ba Bokreste. Empa ke eng e susumetsang maikutlo a joalo? Na hangata hase boikhohomoso, boikutlo ba boitaolo, kapa takatso ea bongoana ea hore motho a ikele ka tsela ea hae? Leha hona mohlomong ho bonahala e le ntho e nyenyane, motho ea nahanang ka tsela eo a ka ‘na a “nea Diabolose sebaka.” Empa lerato le boikokobetso li tla re etsa hore re apare le ho itlhopha ka tsela e itekanetseng, e amohelehang. Re lokela ho rata ho etsa lintho tsohle bakeng sa ho ntšetsa pele litaba tse molemo, e seng ho ikhahlisa.—Ba-Roma 15:1, 2; 1 Ba-Korinthe 10:23, 24.
11. Ke eng e ka ’nang ea susumetsa pelaelo leha e le efe ka taelo ea Jehova ea ho tela mali?
11 E re re etse mohlala o mong. Ka linako tse ling u ka ‘na ua utloa e mong a botsa hore na thibelo ea Mangolo ea ho ja mali e hlile e sebetsa kamanong le litšelo. Empa maikutlo a joalo a susumetsoa ke eng? Na ke tšabo—tšabo ea ho lahleheloa ke bophelo ba hae ba hona joale kapa bophelo ba moratuoa? Na tšepo ea tsoho e-ea nyamela? Bakreste ba tšepahalang ha ba sekisetse molao oa Molimo kapa ho batla litsela tsa ho o nyenyefatsa. Ho tela mali ho matlafatsa ’mele ho hlokahala feela joaloka ho tela bohlola le borapeli ba litšoantšo, lintho tse nyatsuoang kaofela taelong e le ’ngoe e susumelitsoeng ke moea ea baapostola le baholo Jerusalema.—Liketso 15:19, 20, 28, 29.
12. Ke hobane’ng ha botšepehi bo fosahetseng e se lebaka la ho tlōla se hlokoang ke Mangolo hore re qobe botsoalle ba ba khaotsoeng?
12 Ba bang ba nang le boikutlo bo nyatsang ba bolela hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o thata haholo tabeng ea ho khaola likamano le ba khaotsoeng. (2 Johanne 10, 11) Empa ke hobane’ng ha banyatsi ba joalo ba ikutloa ka tsela eo? Na ba na le tlamo e haufi haholo ea lelapa kapa botšepehi bo fosahetseng ho motsoalle boo ba bo etelletsang pele ho botšepehi ho Jehova le litekanyetso le litlhoko tsa hae? Hape, nahana hore ha motho a ntse a tsoela pele ka botsoalle le motho ea lelekiloeng, le haeba e le mong ka eena ea haufi, a ka ’na a etsa hore mofosi a fihlele qeto ea hore tsela ea hae ha e mpe hakaalo, ’me hona e le hore a be kotsing ka ho tsoetseng pele. Leha ho le joalo, ha a tingoa botsoalle bo joalo ho ka ’na hoa hlahisa ka ho eena takatso e khōlō ea se mo lahlehetseng le takatso ea hore a se fumane hape. Tsela ea Jehova e molemo kamehla, ’me e molemong oa ho re sireletsa.—Liproverbia 3:5.
13. Ke boikutlo bofe boo re lokelang ho ba le bona ka mosebetsi oa ho bolela ka ntlo le ntlo?
13 Motho e mong hape a ka ’na a bolela ka phoso hore Mangolo ha a tšehetse boboleli ba pontšeng ba ntlo le ntlo. Empa na hoo ho etsahala hobane a se a ntse a sa rate mosebetsi oo oa bohlokoa ’me a batla lebaka la hore a se ke a o etsa? Ho rata Molimo le moahelani ho lokela ho re susumelletsa hore re bone hore mosebetsi ona o tlisang bophelo o potlakile. Hape, ho hlokahala mamello. Moapostola Pauluse o buile ka mamello ea hae ha a ‘pakela ka botlalo ba-Jode le ba-Gerike’ ha a ruta pontšeng le ka ntlo le ntlo. (Liketso 20:18-21) Ho e-na le ho belaela, na ha rea lokela hore ka botšepehi re latele mohlala oa hae o molemo? Bona likete-kete tsa ba bokelletsoeng ‘mohlapeng o le mong’ ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing oa ntlo le ntlo! (Johanne 10:16) ’Me u se ke ua lebala melemo e metle eo re e amohelang koetlisong le khalemelong, ho matlafatseng tumelo ea rōna, ka ho ea ka ntlo le ntlo e le hore re ka fihla ho batho ka litaba tse molemo.—Bapisa Liketso 5:42; 1 Timothea 4:16.
14. U nahana hore re lokela ho itšoara joang ha banyatsi ba tsekisa Lipaki tsa Jehova hore ke baprofeta ba bohata?
14 Qetellong, re ka ’na ra nahana ka seo Mokhatlo o se phatlalalitseng nakong e fetileng ka kemiso ea nako. Bahanyetsi ba bang ba bolela hore Lipaki tsa Jehova ke baprofeta ba bohata. Bahanyetsi bana ba bolela hore ho ‘nile hoa beoa linako, empa ha ho letho le etsahetseng. ’Me re sa botsa, Sepheo sa basomi baa ke sefe? Na ba khothalletsa hore batho ba Molimo ba falimehe, kapa, ho e-na le hoo, ba leka ho itokafatsa bakeng sa ho oela borokong ba ho se etse letho? (1 Ba-Thessalonika 5:4-9) Hoa bohlokoa haholoanyane, u tla etsa joang haeba u utloa ho nyatsa ho joalo? Haeba motho a botsa hore na re phela “mehleng ea qetello” ea tsamaiso ena, kapa mohlomong a e-na le khopolo ea hore Molimo o mohau hoo o ke keng oa bolaea batho ba limillione tse ngata hakana ‘mahlomoleng a maholo,’ joale motho enoa o se a lokisitse pelo ea hae hore a mamele ho nyatsa ho joalo.—2 Timothea 3:1; Mattheu 24:21.
15. Ho e-na le ho ba baprofeta ba bohata, ke eng e pakang hore Lipaki tsa Jehova li lumela Lentsoe la Molimo le litšepiso tse tiileng tsa lona?
15 E, nako le nako batho ba Jehova ba ’nile ba lokela ho hlahloba seo ba se lebelletseng. Ka lebaka la cheseho ea rōna, re ’nile ra ba le tšepo ea tsamaiso e ncha pejana ho feta se hlokoang ke kemiso ea nako ea Jehova. Empa re bontša tumelo ea rōna Lentsoeng la Molimo le litšepiso tse tiileng tsa lona ka hore re bolele molaetsa oa lona ho ba bang. Ho feta moo, bohlokoa ba ho hlahloba kutloisiso ea rōna ho batla ho sa re etse baprofeta ba bohata kapa ho fetola ’nete ea hore re phela “mehleng ea qetello,” eo haufinyane re tlang ho bona ‘mahlomola a maholo’ a tla hlekela Paradeise ea lefatše tsela. Ke bothoto bo bokaakang ho ba le maikutlo a hore litebello tseo ho hlokahalang hore li lokisoe ka ho itseng li lokela ho etsa hore sehlopha sohle sa ’nete se belaetse! Bopaki bo hlakile hore Jehova o sebelisitse ’me o ntse a sebelisa mokhatlo o le mong o hlophisitsoeng oa hae, ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a etella pele. Ka hona, re ikutloa joaloka Petrose, ea ileng a re: “Morena, re ka ea ho mang? ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng.”—Johanne 6:68.
16, 17. (a) Tšebeliso ea mantsoe a Jesu ho Mattheu 7:15-20 e re thusa ho khetholla mokhatlo o hlophisitsoeng o nang le tlhohonolofatso ea Jehova joang? (b) Tse ling tsa litholoana tse monate tse beoang bophelong ba bahlanka ba ’nete ba Jehova ke life?
16 Ke paradeiseng ea moea feela, har’a Lipaki tsa Jehova, moo re ka fumanang lerato le itetseng leo Jesu a itseng le ne le tla khetholla barutuoa ba hae ba ’nete. (Johanne 13:34, 35) Ka litholoana tsa bona tse mpe, baprofeta ba bohata ba pepesoa ka seo ba hlileng ba leng sona. Empa Jesu o bontšitse hore lifate tse monate li tla khetholloa ka litholoana tsa tsona tse monate. (Mattheu 7:15-20) ’Me ke tholoana e ntle hakaakang eo re nang le eona paradeiseng ea moea! Keketseho e tsotehang e etsahala hoo e ka bang naheng e ’ngoe le e ’ngoe. Bafo ba thabileng ba fetang 3 000 000 ba ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle ke bopaki bo phelang ba hore Jehova o na le batho lefatšeng.
17 Kaha li rutoa ke Molimo, Lipaki tsa Jehova li hlile li bea litholoana tsa Bokreste bophelong ba tsona. (Esaia 54:13) Ke batho ba Jehova feela ba itokolotseng ka ho feletseng tumela-khoeleng ea Babylona. Ke bona feela ba nang le mokhatlo o hlophisitsoeng o eang ka ho feletseng ka seo Lentsoe la Molimo le se bolelang ka boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali, ho ntšoa hoa limpa, botahoa, bosholu, borapeli ba litšoantšo, khethollo ea merabe, le lintho tse ling tse phehelloang ke lefatše le mekhoa ea lona. ’Me ke tsona feela tse utloang taelo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova. (Mattheu 24:14) Lentsoe la Molimo ntle ho pelaelo le supa Lipaki tsa Jehova e le bona feela batho ba hlophisitsoeng ba hlohonolofatsoang ke eena!
18. Boemo ba bahlanka ba Jehova e lokela ho ba bofe ha ba talimane le lithuto tsa bokoenehi?
18 E, ho bohle ba mamellang ka botšepehi le ka bokhabane tseleng ea Bokreste, rea tiisa hore ’nete ea Jehova e ntse e le ntle, e khotsofatsa—haholo ho feta ha re qala ho e utloa. Ka baka leo, etsa qeto pelong ea hao hore le kamohla u ke ke ua ama chefu eo bakoenehi ba batlang ha u e phoka. Ela hloko litaelo tse bohlale empa e le tse tiileng tsa Jehova hore u qobe ka ho feletseng ba tlang ho u thetsa, ba u khelose ’me ba u furallisetse litseleng tsa lefu. Haeba re rata Jehova ka pelo eohle, moea le kelello, ha re ntse re rata moahelani oa rōna joalokaha re ithata, re ke ke ra lumella sebaka sa hore ho kene monahano oa bokoenehi. (Mattheu 22:37-39) Re ke ke ra “nea Diabolose sebaka” ‘me re ke ke ra ba le takatso ea ho sheba sebakeng se seng. Re ke ke ‘ra phaka ho sisinngoa maikutong a rōna’ ke thuto e ‘ngoe ea bohata.—2 Ba-Thessalonika 2:1, 2, NW.
19. Ke tsela efe e tla tiisa hore ‘ha ho motho ea tla re amoha moputso’ oa bophelo bo sa feleng?
19 Kamehla re ananele tokelo ea rōna ea ho ba paradeiseng ea moea ea Jehova, moo re thabelang mahlohonolo a mangata hakana a enneng. Re tseba ba tšoarelletseng ka botšepehi lipolelong tsa bophelo bo sa feleng. Ka hona boloka setsoalle se haufi-ufi le bona re tseba hore ke baena le bo-khaitseli ba rōna ba ’nete ba tšepahalang tumelong. E se eka re ka tsoela pele ho ba le thabo le khotsofalo tse tšoanang tseo re bileng le tsona ha re qala ho ithuta ’nete, ka kholiseho ea moputso o moholo oa bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea lintho ea Jehova. Joalokaha ka nepo Pauluse a itse: “Motho a se ke a le hlokisa moputso ka ho rata ha hae.”—Ba-Kolosse 2:18.
Na U Ka Arabela?
◻ Ke hobane’ng ha e le ‘nete hore ha ho ea reretsoeng pele hore o tla furalla tumelo?
◻ Ho khopeha, boikhohomoso le ho hloka mamello li ka bulela Diabolose sebaka pelong joang?
◻ Hangata ke eng e susumetsang ho nyatsa keletso e fanoang ke ba etellang pele?
◻ Ke tholoana efe e beoang ke Lipaki tsa Jehova e pakang hore ke tsona mokhatlo feela o hlophisitsoeng o sebelisoang ke Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ka ho hana keletso, re ka “nea Diabolose sebaka”
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Boikhohomoso bo ka isa ho oeng hoo motho a ka ’nang a se hlaphoheloe ho hona
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Bahlanka ba Jehova ba tšoarehileng le ba thabileng ha ba ‘nee Diabolose’ kapa maikutlo a bakoenehi sebaka