Re ka ba ba ‘Khahlisang Kahohle’ ho Jehova Joang?
KAJENO, ke ba ’maloana hakaakang ba amehileng ka hore na mehopolo ea bona, lipolelo, le liketso ke tse khahlisang Jehova kapa che! Le bona ba ipolelang hore ba amehile joalo, ho bonahala haholo-holo ba etsetsa Molimo tšebeletso ea molomo feela. Ha e le hantle, ka ba bangata haholo ho ka thoe: “Ha ba khahlise Molimo.”—1 Ba-Thessalonika 2:15.
Ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste ba ikutloa hore hafeela ba sa tlōle Melao e Leshome, ba khahlisa Molimo. Empa ha ho joalo! Mohlala oa rōna Jesu Kreste o itse ka Molimo: “Ke etsa kamehla se mo khahlisang.” (Johanne 8:29) E, o khahlisitse Ntate oa hae ka ho etsa lintho tse itseng. Ho hlokahala khato e tiileng, joalokaha ho ka bonoa thapelong ea moapostola Pauluse lebitsong la balumeli bahabo ba Kolosse. O ile a rapela hore ba ka ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Morena [Jehova], ba mo khahlise kahohle ba bee litholoana mesebetsing e metle eohle.’—Ba-Kolosse 1:9, 10.
Leha ho le joalo, na ho hlile ho ka etsahala ho ba ea ‘khahlisang kahohle’ ho Jehova? Ha e le hantle, kaha Bakreste ha baa phethahala hona joale, ba ke ke ba khahlisa Molimo ka ho phethahetseng. Leha ho le joalo, ba ka iteka ka matla ho sebeletsa ntlheng eo, ka sepheo sa ho mo ‘khahlisa kahohle.’ Kaha Pauluse o buile ka ‘ho bea litholoana mesebetsing e metle eohle’ ho ameha mesebetsi e tiileng. Ha e le hantle, mona re ke ke ra thathamisa mesebetsi eohle e joalo. Empa re ka fana ka ho hong ho utloahalang hoo ho ka nahanoang ka hona. Haeba lintlha tsena li bontša hore ho na le libaka tse itseng bophelong tseo ho hlokahalang hore u etse litokiso tse itseng ho tsona, kholiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba hao ba ho mo khahlisa. ‘Nete ke hore ‘ho khahlisa kahohle’ ho Jehova ho hloka hore re alose menahano, lipolelo le liketso tsa rōna.
Ho Thoe’ng Ka Menahano Ea Rōna?
Lentsoe la Molimo le re bolella hore “ha ho sebopuoa se seng pepeneneng ho oona; empa tsohle li hlobotse, li senohile mahlong a eo re nang le litaba le eena.” (Ba-Heberu 4:13) Leha e le batho kapa bademona ba ke ke ba bala mehopolo ea rōna, empa Molimo o ka ho etsa. Ha ho le joalo, re batla hore mehopolo ea rōna e o khahlise. Ka hona ke hantle haeba re ipotsa: Ke rata ho nahana ka eng ha ho sa hlokahale hore ke sebelise mohopolo oa ka mosebetsing oo ke ntseng ke o etsa? Hantlentle monahano oa ka o likoloha ho eng?
Hape re ka ’na ra botsa: Na ke rata ho nahana ka lintho tse mphetang ’me ke nahane ka letlotlo, botumo, kapa thoriso ka lebaka la lintho tseo ke li etsang? Na ke na le menahano e mebe, e kang ho nahana ka likhopiso, ke touta ka tsona nako le nako? Kapa ke tlohella ho lumella mehopolo ea ka hore ka linako tsohle e lule menyakeng ea likamano tsa botona kapa botsehali? Kapa na ka linako tsohle ke tlatsitse kelello ea ka ka merero le ka mano ho etsa chelete?
Joale nahana: Na re ka ba ba ‘khahlisang kahohle’ ho Jehova ka ho tlatsa mehopolo ea rōna ka menahano e joalo? Che ha ho joalo! Ka hona, ka thapelo e tiileng le ka thuso ea Molimo, e leleke ka ho tlatsa kelello ka mehopolo e metle, e molemo, e hahang, e hloekileng le e ratehang. (Ba-Filippi 4:8) Ke ho molemo haholo hakaakang bakeng sa rōna ho khalemela likelello tsa rōna e le hore re ka nahana ka lintho tse amanang le borapeli ba rōna ho Jehova! Nahana ka ’Muso oa Molimo, o haufi hakana. Ikhopotse lintlha tseo u sa tsoa ithuta tsona Lentsoeng la Molimo. Sheba taba eo ho tlang ho buisanoa ka eona libokeng tsa phutheho, haholo likarolo leha e le life tseo e ka ’nang eaba u na le tsona lenaneong. Nahana ka hore na u ka ntlafatsa tšebeletso ea hao ea tšimo joang. Hopola hore taba ea pele, u mosebeletsi oa Mokreste.
Ba bang ba ile ba thusoa ke ho hlahloba mangolo ao ba a hopolang ka hlooho, hammoho le ho bina lipina tsa ’Muso ka molumo feela. Ho ikhopotsa, mosebeletsi e mong oa Mokreste o ile a fumana e le thuso hore a iketsetse le ho nahana ka pina ena:
“Oho Molimo, nthuse hore ke ikokobetse,
Ho seo thato ea hao le lerato li se lumellang.
Oho e se eka nke ke ka ba mofetoheli leha e le hanngoe feela,
Kaha lintho tsohle u li etsa hamolemo.”
E, tsoela pele ho rapela joaloka Morena Davida oa boholo-holo: “U khahlisoe ke ho nahana ha pelo ea ka uena, Jehova.”—Pesaleme ea 19:14.
Ho Thoe’ng ka Lipolelo tsa Rōna?
Davida o ile a boela a rapela: ‘U amohele mantsoe a molomo oa ka a u khahlise, uena Jehova.’ (Pesaleme ea 19:14) Joalokaha re ithuta ho Jakobo 3:2-12, ke feela motho ea phethahetseng ea ka laolang leleme la hae ka mokhoa o feletseng. Empa re tlameha ho loanela ho le laola haeba re tla ba ba ‘khahlisang kahohle’ ho Jehova.
Re bua mantsoe a mangata tsatsi le leng le le leng, ’me, ha e le hantle, re ke ke ra lebella hore re lekanyetse lipolelo tsa rōna litabeng tsa Mangolo feela. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na e ka ’na eaba re bua ka eng, re ka ba seli hore re khahlise Jehova. Ka mohlala, rea tseba hore litšila, lihlong kapa puo e hlabang le e tala, li ke ke tsa khahlisa Ntate oa rōna oa leholimo. Ka hona re lokela ho qoba puo e joalo.—Ba-Efese 5:3, 4.
Hape, haeba re tla ba ba khahlisang ka botlalo ho Moetsi oa rōna mabapi le puo ea rōna, re tlameha ho ba hlokolosi hore ha re bue lintho tse etselletsang ba bang le tse ba nyelisang. Tabeng ea rōna ho lokela hore ho be bonolo ho re: “Leleme la hae ha le jale ketselletso, ha a etse oa habo hampe, ha a nyefole ngoan’abo.” Le haeba mohlomong re tlatlapuoa, re lokela ho ba seli hore ‘ha re nyefole motho.’—Pesaleme ea 15:3; Tite 3:2.
Re na le menyetla e mekaakang ea ho ‘khahlisa Jehova kahohle’ ka puo ea rōna nakong ea lijo! Ka tlhaho, ena hase nako ea mantsoe a bohale kapa puo e ferekanyang. Ho na le lintho tse ngata haholo tseo ho ka qoqoang ka tsona! Re lokela ho ba seli haholo ka menyetla e joalo haeba re le baeti kapa re e-na le baeti. Hangata ke Bakreste ba beberang ho e-na le ba hōlileng tsebong ba laolang moqoqo. Na u tla be u memme Mokreste ea hōlileng ea nang le phihlelo ea lilemo tse ngata tšebeletsong ea nako e tletseng? Na o na le tsebo e ngata ka Lentsoe la Molimo? Ka hona, fumana litaba ho eena ka mokhoa o hlalefileng. “Morero pelong ea motho e ka koetsa, ea nang le kelello o ea kha teng,” molemong oa bohle ba teng.—Liproverbia 20:5.
Ho phaella moo, ho ba ba ‘khahlisang kahohle’ ho Jehova polelong ea rōna, re lokela ho ba seli bakeng sa menyetla ea bopaki bo sa rereloang ka Molimo le ‘Muso oa oona. Ha e le hantle, ka linako tse ling mosebeletsi oa Mokreste a ka finyella ho hongata ka bopaki bo joalo bo sa rereloang. Leha ho le joalo, tsela ea sehlooho ea ho khahlisa Jehova ka polelo ea rōna, ha re ntse re etsetsa ba bang molemo, ke ka ho ea ka ntlo le ntlo ka molaetsa oa ‘Muso.—Liketso 20:20.
Hore lipolelo tsa rōna e be tse ‘khahlisang kahohle’ ho Jehova, ha re nkile karolo tšebeletsong ea Bokreste ea tšimo, re tlameha ho ’na re loanela ho ntlafatsa mokhoa oo re nehelanang ka molaetsa oa ’Muso ka oona. Re tšepetsoe ‘litaba tse molemo,’ rōna, joaloka moapostola Pauluse, re batla ho “bua joalo, e seng hore re khahlise batho, e le hore re mpe re khahlise Molimo o lekolang lipelo tsa rōna.” ’Me ho ke keng hoa hlokomolohuoa ke tlameho ea ho sebelisa melomo ea rōna ho bolela tumelo ea rōna pontšeng libokeng tsa Bokreste, moo re ka susumelletsang ba bang leratong le mesebetsing e metle.—1 Ba-Thessalonika 2:4; Ba-Heberu 10:23-25.
‘Ho Khahlisa Jehova Kahohle’ ka Boitšoaro le ka Liketso tsa Rōna
Hore re be ba ‘khahlisang kahohle’ ho Jehova, re tlameha hore hape re be seli ka boitšoaro ba rōna ba letsatsi le letsatsi ho akarelletsa boikhathollo ba rōna. E, leha re batla ho ikhatholla, re ke ke ra behella Molimo thōko tabeng ena. Na hoo ho bonahala ho fetelletse? Le hanyenyane, hobane Pauluse o itse: “Leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.” Re tlameha ho hopola temoso ea hore “ba nameng ba sitoa ho khahlisa Molimo.” Ka hoo, kaholimo ho tsohle, boikhathollo ba rōna e lokela hore e be bo hahang.—1 Ba-Korinthe 10:31; Ba-Roma 8:8.
Leha e le hore re ka hlokomoloha hore re etse lintho ka boitekanelo le ho li beela nako. Ho ba ba ‘khahlisang kahohle’ ho Jehova, re tlameha ho boloka boikhathollo sebakeng sa bona, e le ntho e ka etsoang ha nako e le teng e se bona ba bohlokoa ka ho fetisisa. Le kamohla re se lelekisane le boikhathollo ebang ke ho shebella lenaneo le khethehileng la TV kapa ho ea lipapaling, hoo re bo lumellang hore ho kena-kenane le ho ba teng hoa rōna libokeng tsa Bokreste kapa ho kopanela kamehla tšebeletsong ea tšimo.—Mattheu 6:33.
‘Ho khahlisa Jehova kahohle’ ho boetse ho akarelletsa ho etsetsa baena ba rōna ba Bakreste molemo ha re fumana monyetla leha ho hlokahala. Ntlheng ena, rea bala: “Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.” Moapostola Pauluse o itse mosa oo Bakreste ba Filippi ba mo bontšitseng oona e ne e le “sehlabelo se amohetsoeng ke Molimo, se o khahlisang.”—Ba-Heberu 13:16; Ba-Filippi 4:18.
Bana e ka ba ba ‘khahlisang kahohle’ ho Jehova joang mabapi le boitšoaro ba bona? Pauluse o bontša hore tsela ea bohlokoa haholo ke ka ho utloa batsoali ba bona “Moreneng.” o boetse o re: “Bana, utloang batsoali ba lōna nthong tsohle; hobane ke taba e khahlisang Morena.”—Ba-Efese 6:1-3; BaKolosse 3:20.
Bahlanka bohle ba inehetseng ba Molimo ba utloile mosa o lerato ka ho fetisisa o tsoang ho Jehova le mocha oa hae o lefatšeng hoo, ka lebaka la lerato le teboho feela, re lokelang hore kamehla re amehe ka ho mo ‘khahlisa kahohle.’ Ka sebele, teboho e lerato e hloka hore re se ‘nkele mohau oa Molimo lefeela.’ (2 Ba-Korinthe 6:1) Hape ke ntho e loketseng le e nepahetseng ho ameha ka ho khahlisa Jehova ka botlalo, kaha ke Morena ’Musi oa Bokahohle. Ho feta moo, ho batla ho ba ea ‘khahlisang kahohle’ ho Jehova ke tsela e bohlale ka ho fetisisa, hobane ho etsa joalo ho molemo ho rōna hona joale ‘me ho tšoere tšepiso ea bophelo bo tlang ho tla.—1 Timothea 4:8.
E, re batla ho alosa mehopolo ea rōna, lipolelo tsa rōna le boitšoaro ba rōna le liketso tsa rōna. Ka thuso ea Jehova, hona re tla ho etsa e le hore re ka mo khahlisa kahohle haholoanyane. ’Me re se ke ra tela ho etsa joalo. Ho e-na le hoo, e se e ka kamehla re ka ela hloko keletso ea moapostola Pauluse ho Bakreste ba Thessalonika: “Ha e le ka ho hong, banab’eso, rea le rapela, hape re le khothatsa ka Morena Jesu, hore, joale ka ha le ithutile ho rōna kamoo le tšoanetseng ho tsamaea le ho khahlisa Molimo, le ’ne le hōle teng ka mehla.”—1 Ba-Thessalonika 4:1.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
U se ke ua lumella hore boikhathollo bo kena-kenane le tšebeletso ea hao ea Bokreste