Lintlha tsa Bibele tsa Sehlooho Esthere 1:1-10:3
Topollo ea Bomolimo Polaong ea Sechaba
Polao e sehlōhō e tla atleha ka ho sisimosang: ba banyenyane le ba baholo, bana le basali, ba bolaoa ho sa khethoe. Ha ho ea tla leka ho hanyetsa morero ona, hobane taelo ea polao e jere tiiso ea morena. E, Bajode ba tla shoa joaloka likhomo tse busoang lekaba!
Bonyane ke ka tsela eo lintho li bonahalang ka eona ho Hamane, tona-khōlō ea Persia ea boholoholo. O rerile polao ena ea sechaba ka lehloeo le sefofu bakeng sa Mojode Mordekai. Empa ha Hamane a letetse tlhōlo ea hae ka bokakalope, sechaba sa Bajode se rapella topollo. Phello? E senotsoe bukeng e hapang maikutlo ea Bibele ea Esthere. E ngotsoe ke Mordekai ka boeena, ke tlaleho e matlafatsang tumelo ea kamoo thuso ea bomolimo—le tumelo ea mosali e monyenyane—li ileng tsa pholosa sechaba.
Esthere o Fetoha Mofumahali
Ka kōpo bala Esthere 1:1-2:23. Ho e ka bang ka 484 B.C.E., morena oa Persia Assueruse (Xerxese I) o etsa mokete o moholohali. Empa mofumahali Vashti o hana ho mamela lipitso tsa hae tsa ho ea itlhahisa moo. Morena enoa ea halefileng o mo tlosa boemong ba hae ’me o lokisetsa ho ea batla mofumahali e mocha. Hoba a hlahlobe basali ba batlehali sebakeng seo, o khetha Mojode ea itlhomphang ea bitsoang Hadassa, ea lokiselitsoeng mosebetsi ona ke motsoala oa hae Mordekai. Mosali enoa e monyenyane o pata ’nete ea hore ke Mojode ’me o sebelisa lebitso la hae la Sepersia la Esthere.
◆ 1:3-5—Ke hobane’ng ha ho ne ho tšoaroa mekete ee?
Ho latela rahistori Herodotus, Xerxese o kile a etsa seboka bakeng sa ho rera phutuho ea sesole khahlanong le Greece. Mohlomong ke sona seboka sena. E ka ’na eaba Xerxese o bontšitse khanya le maruo tsa ’muso oa hae ho kholisa ba boholong ka matla a hae a ho ntšetsa pele phutuho khahlanong le Greece.
◆ 1:8—Molao e ne e le ofe ka ho noa?
Ho bonahala Bapersia ba ne ba e-na le tloaelo ea ho phehellana ho noa ka tekanyo e lekanyelitsoeng libokeng tse joalo. Leha ho le joalo, morena enoa, a etsa ho ikhethileng ketsahalong ena. Hore na hona ho ile hoa fella ka ho noa ho itekanetseng kapa ho feteletseng, Bibele ha e bolele.
◆ 2:19, 20—Ke hobane’ng ha Mordekai a ne “a lutse pel’a monyako oa morena”?
Ho totobetse hore Mordekai e ne e le e mong oa liofisiri tsa Morena Assueruse. Banna ba joalo ba baholo, ka tloaelo ba ne ba lula menyakong, ba emetse ho arabela kōpo ea borena. E tlameha ebe boemo ba Mordekai e ne e le ba boikarabelo bo boholo. Ho seng joalo, Hamane a ka be a hlile a mo leleka ka potlako. Ke kahoo Mordekai a ileng a ba boemong ba ho tseba le ho nyopisa morero oa ho bolaea morena.
Thuto ho Rōna: Esthere o ile a bontša molemo oa boitlhompho ka ho se kōpe mabenyane kapa liphahlo tse ntle pele a ea ka pel’a morena. O ile a lumella motho ea ka sephiring oa pelo ea hae, ea nang le “moea o mosa, o bonolo,” ho hapa kamohelo ea morena. (1 Petrose 3:1-5) Ka ho tšoanang, masala a tlotsitsoeng a bokelletsoeng ho tloha ka 1919 a hapile kamohelo ea Morena Jesu Kreste.
Bohlabaphio ba Hamane
Bala 3:1-5:14. Assueruse o etsa Moamaleke ea bitsoang Hamane tona-khōlō. Empa Mordekai, a hopotse hore Jehova o rerile ho ba le “ntoa . . . e tla ‘ne e be teng ho Amaleke ka mehla le mehla,” o hana ho inama ka pel’a Hamane. (Exoda 17:8-16) E le ka boiphetetso, Hamane ea ikhohomosang o susumelletsa morena hore a felise Bajode!
Mordekai o kōpa Esthere hore a kene lipakeng, a mo hopotsa hore, haeba a thola, “thuso le ho namoleloa li tla hlahela ba-Jode, li etsoa hosele.” Kaha ho fela hoa batho ba Jehova le kahlolo ea hae khahlanong le Baamaleke Ii tsekong, Mordekai o kholisehile hore Molimo o tla fana ka pholoho. (1 Samuele 12:22) Esthere o atamela morena a sa bitsoa—e leng hoo e neng e ka ’na ea e-ba tlōlo e ahloleloang lefu! Leha ho le joalo, Assueruse o sireletsa bophelo ba hae ’me o ea moketeng oo a o entseng. Ha Hamane a khutlela hae a halefisitsoe ke ha Mordekai a hana ho mo khumamela, o rera ho ’molaea.
◆ 3:7—Ho laola ka Pure ho ne ho akarelletsa eng?
“Pure” ho bonahala e le lentsoe la Sepersia le bolelang “lotho.” Balepi ba ne ba atisa ho laola ka lotho e le mokhoa oa bonohe. Mohlomong, hona ho ne ho etsoa e le ho rera nako e loketseng haholoanyane bakeng sa hore Hamane a phethahatse morero oa hae oa ho bolaea sechaba.
◆ 4:3—Ke hobane’ng ha Mordekai le Bajode ba ile ba itima lijo?
Kaha sechaba se ne se tjametsoe ke tsietsi, e ne e le nako ea ho nahana ka matla. (Moeklesia 3:4) Ba ne ba hlile ba hloka tataiso ea bomolimo. Kahoo ho itima lijo ho ne ho tšoaea ho retelehela hoa bona ho Jehova bakeng sa matla le bohlale tseo ba li hlokang. Ha u tobane le liteko, na le uena u retelehela ho Molimo ka thapelo?—Ba-Heberu 5:7.
◆ 5:6-8—Ke hobane’ng ha Esthere a ile a lieha ho tsebisa Morena?
Ka sebele Esthere o ne a sa felloa ke sebete, kaha o ne a se a ile a batla a e-shoa. Leha ho le joalo, mohlomong pele o ne a batla ho hapa kamohelo ea morena. Ka baka leo, a mo memela moketeng oa bobeli. Ho ne ho boetse ho kenella tataiso ea bomolimo, kaha liketsahalo tse neng li tla etsahala lipakeng li ne li tla lumella liphetoho tse itseng.
Thuto ho Rōna: Esthere o ile a bontša tumelo, sebete le boithaopo ho sebelisa keletso ea Mordekai. Bao e bileng karolo ea masala a tlotsitsoeng ho tloha ka 1919 ba bontšitse tumelo, sebete le boithaopo tse tšoanang ho sebetsa le litho tse hōlileng tsa monyaluoa oa Kreste. Ka sebele ke mehlala e metle!
Morero o-oa Nyopisoa
Bala 6:1-7:10. Assueruse o-oa hlobaela, ha ho pelaelo ke ka lebaka la bomolimo. Mohlomong a ikutloa hore o hlolehile ka tsela e ’ngoe e itseng, o nka buka ea litlaleho, mohlomong buka ea litaba tsa borena, ’me o re a e balloe. Ha a fumana hore Mordekai ha a ka a putsoa bakeng sa ho utolla morero oa polao, morena o kōpa Hamane hore a etse tlhahiso ea moputso o loketseng. Hamane o inahana hore ke eena ea lokelang ho hlomphuoa ’me o khothaletsa mokete o mabenyane. Empa ho tšoheng hoa hae o laeloa ho bokella hlompho e joalo holim’a Mordekai! Baeletsi ba Hamane ba nka hona e le pontšo ea ho oa hoa hae.
Le pele a hlaphoheloa phihlelong ena e tlontlollang, Hamane o felehetsoa ho ea moketeng oa bobeli oa Esthere. Mono morena o mema Esthere hore a kōpe. Mofumahali ea sebete o-oa kōpa, “A nke ke fuoe bophelo ba ka ka kōpo ea ka le bophelo ba sechaba sa heso ka qoso ea ka.” Ha a senola hore ke Mojode, o pepesa morero oa Hamane. Hamane a tšohile o kōpela bophelo ba hae mohau empa ho e-na le hoo, o amohela polao—hona thupeng ela eo a neng a e reretse Mordekai!
◆ 7:4—Ke hobane’ng ha ho timetsoa hoa Bajode e ne e tla ba ho senyang ho morena?
Hoja Hamane o ne a rerile ho rekisa Bajode bokhobeng, hona mohlomong ho ne ho tla fella ka phaello e khōlō ho Assueruse. Empa ho timetsoa hoa batho bohle ho ne ho tla fella ka ho lahleheloa ke chelete e ngata ho feta litalenta tsa silevera tse 10 000 tseo Hamane a tšepisitseng ho li lefa. Ho atleha hoa morero ho bolaea sechaba ho ne ho tla boetse ho felle ka ho lahleheloa hoa morena ke mofumahali oa hae—tšenyehelo ea botho ruri!
◆ 7:8—Ke hobane’ng ha sefahleho sa Hamane se ile sa khurumetsoa?
Hamane ha a ka a ikhurumetsa sefahleho ka lebaka la lihlong kapa kutloelo bohloko. Ka ho totobetseng ba boholong lekhotleng ba ile ba mo khurumetsa sefahleho, mohlomong e le ho emela lihlong kapa timetso. Mohlomong hona e ne e le bohato ba pele bo nkoang ho phethahatsa kahlolo ea lefu.
Thuto ho Rōna: Ka ho bea bophelo ba hae kotsing, Esthere ka sebete a senola hore ke Mojode. Ho tloha ka 1931, batho ba Molimo ka ho tšoanang ba ile ba ipea kotsing ea ho hlorisoa ka ho ipolela hore ke Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) Na u sebete hakaalo?
Batho ba Molimo ba Lokolloa
Bala 8:1-10:3. Mordekai o fetoha tona-khōlō sebakeng sa Hamane. A boetse a bea bophelo ba hae kotsing, Esthere o atamela morena a sa mengoa ’me o kōpa hore ho nkoe mehato ea ho etsolla merero ea Hamane. Morena o-oa lumela ’me o lumella Mordekai ho bolela molao o lekanang ka lebitso la Assueruse. Le hoja ka tloaelo ea Persia ho ke ke hoa felisoa taelo ea pele ea pheliso, molao o mocha oa lumella hore Bajode ba itšireletse.
Thabo e ba teng har’a Bajode! Ha esale liphofu tse se nang boitšireletso, joale ba na le likhoeli tse ’maloa tsa ho itlhophisa bakeng sa ho itšireletsa. Qetellong, la 13 Adare (Hlakola-Hlakubele) la fihla. Ba ka bang 75 000 ba neng ba batla ho ba bolaea, ba bolaoa ke Bajode. A tšohile hore ba tla lebala hore tlhōlo ena e tsoa ho Jehova, Mordekai o laela hore ho be le mokete oa selemo oa Purime o tšoaroang ka la 14 le la 15 Adare.
◆ 8:5—Esthere o ile a bontša masene joang?
Esthere o ile a lekanyetsa mantsoe a hae ka hloko, a ipiletsa ho morena hore a etsolle lipampiri tsa molao tsa morero oa Hamane, tse “ngoliloeng ke eena.” Ka bohlale a qoba ho bolela boikarabelo bofe kapa bofe ba morena tabeng ena. Ka ho tšoanang Bakreste ba bohlale ha ba paka ka pel’a ba boholong mebusong.
◆ 8:17—Batho ba ile ba “iketsa ba-Jode” joang?
Septuagint e bolela hore Bapersia bana “ba ne ba bolotsoa le ho etsoa Bajode.” Ka ho totobetseng ho nka molao o lekanang e le pontšo ea ho tšehetsoa ke Mollmo bakeng sa Bajode, Bapersia ba bangata ba sokolohela Bajodeng. Ka ho tšoanang kajeno, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” ba eme ba tiile lehlakoreng la masala a tlotsitsoeng.—Tšenolo 7:9; Johanne 10:16; Zakaria 8:23.
◆ 9:10, 15, 16—Ke hobane’ng ha Bajode ba sa ka ba hapa?
Taelo ea morena e ile ea ba fa matla a ho hapa. Leha ho le joalo, ho hana hoa bona ho etsa joalo, ho hlakisa hore morero oa bona e ne e le ho ipoloka, e seng ho ithuisa.
Thuto ho Rōna: Joaloka Bajode ba mehleng ea Esthere, Lipaki sa Jehova ka nepo li ipiletsa mebusong le makhotleng bakeng sa tšireletso lireng. Haholo-holo nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ho ile hoa hlokahala hore ba etse sena ka lebaka la litlhaselo tse susumelitsoeng ke baruti khahlanong le batho ba Molimo. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, lintoa tse ngata tsa makhotla a maholo li ile tsa hlōloa.
Buka ea Esthere e sebeletsa e le mohloli oa tšepo le khothatso ho Lipaki tsa Jehova kajeno. Lia tseba hore lehloeo la Satane le leholo ho tsona le tla hlōleha haufinyane tekong ea hae ea ho qetela ea ho li felisa. Hore na ka nako eo Jehova o tla li sireletsa joang ho sa ntsane ho tla bonoa. (Ezeklele 38:16-23) Empa tšepo ea tsona ke hore, joaloka mehleng ea Esthere, Jehova a ke ke a lahla batho ba hae. Ka nako e nepahetseng, o tla ba lokisetsa ‘thuso le ho ba namolela.’