Botšepehi ho Sebeletseng Molimo oa ’Nete
“Jehova, mpontše tsela ea hao, ke tle ke tsamaee ’neteng ea hao!”—PESALEME EA 86:11.
1, 2. (a) Mpho ea Molimo ho batho e ka tšoantšetsoa joang? (b) Mangolo a hlalosa joang mosebetsi o tsoileng matsoho oa Molimo le boithati ba batho?
AK’U nke u tsamaea lehoatateng la letsoatlare, le se nang bophelo ho hang. Kapele u re ptjang-ptjang le ntlo e ntle. E na le moea o pholileng ’me e na le lifuthumatsi, lipompo tsa metsi le motlakase. Sehatsetsi sa eona le liraka tsa eona li tletse lijo. Phaposi ea eona e ka tlaase e na le libeso le thepa e ’ngoe e ngata. Na u ne u tla re e fihlile moo feela ka tšohanyetso? Na u ne u tla leboha ha mong’a ntlo eo a ne a ka u kōpa ho lula ho eona le ho e thabela?
2 Ha e le hantle, lefatše lena le khotsofatsang haholo leo re phelang ho lona le tšoana hantle le ntlo eo. Khale pele batho ba bōptjoa, Molimo oa rōna o lerato o lokiselitse lefatše lena ho ba lehae la rōna ’me o fane ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re tla e hloka ho re thabisa. (Esaia 45:12, 18) Na ha rea tšoanela ho tlala teboho ho Mofani eo ea seatla se bulehileng? Ke Eena ea susumelitseng ho ngoloa hoa mantsoe a Bibele a ho Ba-Heberu 3:4: “Hobane ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e ee e hahuoe ke motho; empa ea hahileng ntho tsohle ke Molimo.” Masoabi ke hore batho ba baithati ba sentse ka boomo ’me ba sohlokanya mosebetsi o tsoileng matsoho oa Molimo lefatšeng.—Deuteronoma 32:3-5.
3. Bibele e re’ng ka ho buleha seatla hoa Jehova, hona joale le bakeng sa nako e tlang?
3 Le ho bahanyetsi ba ’nete, moapostola Paulose o ne a ka re ka Molimo: “Leha ho le joalo, ha aa ka a lesa ho ipaka ka ho etsa tse molemo, ka ho le fa pula e tsoang leholimong le kotulo ka nako ea eona, ho le khorisa, le ho nyakalatsa lipelo tsa lōna.” (Liketso 14:17, TLP.) Jehova a ka hlohonolofatsa haholo hakaakang ba mo sebeletsang ka botšepehi! Le hoja mathata le maima a ‘mehleng ena ea qetello’ a ka ’na a re hatella, ho na le tšepo e khanyang ea hore bokamosong bo seng hōle hakaalo Morena ’Musi Jehova ntle le pelaelo o tla etsetsa ba mo ratang mokete oa sebele oa lintho tse molemo, a hlakola meokho lifahlehong tsohle.—2 Timothea 3:1; Esaia 25:6-8.
Mohlolo oa Bohlale ba Motho
4. (a) Ke pharela efe e tobaneng le bo-ramahlale ba bang ba li-computer? (b) Jeremia 33:2, 3 e re’ng ka Moetsi oa boko ba motho?
4 Ka lilemo tse ’maloa, bo-ramahlale ba ’nile ba leka ho etsa li-computer tse hlileng li nahanang. Empa joale ba lumela hore ba emisitsoe lihlooho ke bohato ba pele feela. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ha e le hantle ba bolela hore kaheho ea leihlo la motho e-ea ba tsietsa. Haeba ba sitoa ho etsa ntho e sebetsang joaloka leihlo, ke joang ba ka qalang ka boko, ’me ke joang ba tla ke ba etse matla a ho nahana? Boko ba motho bo hlolla hakaakang! Motsotsoana o mong le o mong, makumane a boitsebiso a limillione li lekholo a tšolohela ka sethong sena ho hlahlobisisoa, ho aroloa ka lihlopha le ho sebelisoa bophelong bo hlalefileng. Computer e rarahaneng ka ho fetisisa ha e tšoanele le hanyenyane ho bapisoa le hoo. A bopaki bo botle ba bohlale bo fetisang ba Molimo o lerato o re entseng! Re ka thaba hore Moetsi oa rōna le ’Mōpi, Jehova Molimo, o re file bohlale le hore re ka sebelisa mahlale a rōna ho ithuta “tse kholo le tse patiloeng” tseo a re senolelang tsona nakong ea hae e tšoanelang le ka tsela ea hae.—Jeremia 33:2, 3.
5. (a) Ke mohlolo ofe oa khōlo o etsahalang ho batho feela? (b Mantsoe a Elihu a nepahetse joang?
5 Mohlolo oa boko ba motho o qala ka popelong, moo lisele tsa boko li qalang ho thomeha kamor’a libeke tse tharo feela tsa kemolo. Tsena li ikatisa ka bongata bo boholo, ka linako tse ling ho fihlela liseleng tse kotara ea millione ka motsotso. Kamor’a tsoalo, boko ba lesea bo imena hararo ka boholo selemong sa pele, bo bontša hore bo fapane hole-hole le boko ba phoofolo efe kapa efe ho akarelletsa le tšoene. Kapele ngoana a ka khona ho bua ka maleme a fapaneng, a tšehetsa litaba ka mabaka, a ananela liqeto tsa boitšoaro le melemo ea moea. Mafapha ana a litsebo a ne a ka simolla liphoofolong tse se nang kelello joang le ka mohla? Ka nepo, Elihu o ne a ka re ka Molimo oa rōna le ‘Mōpi ea Phahameng: ‘O re file bohlale bo fetang ba liphoofolo, le hlalefo e fetang ea linonyana tsa leholimo.’—Jobo 35:10, 11.
6. (a) Mangolo a hlalosa joang kaheho e mohlolo ea motho? (b) Re ka sebelisa joang ka lerato matla a rōna ao re a filoeng ke Molimo?
6 Mohlolo ona, bohlale ba motho, o lumellana le Genese 1:27, e reng: “Eaba Molimo o etsa motho ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo. Oa ba etsa e le e motona le e motšehali.” Na ha rea tšoanela ho ikutloa re tletse teboho ka tsela eo Molimo o re entseng ka eona? Davida o ne a le joalo. O rorisitse Jehova, a re: “Ke u boka ka baka la mohlolo oa popeho ea ka. Mesebetsi ea hao ea makatsa.” (Pesaleme ea 139:13, 14) Na ha re boke Molimo oa rōna ka lebaka le tšoanang? Ho feta moo, re ka sebelisa boko ba rōna le ’mele ea rōna tseo re li fuoeng ke Molimo ho khahlana le phephetso eo Satane a qositseng Molimo oa rōna ka eona. Re ka sebeletsa Jehova re le baboloki ba botšepehi.—Liproverbia 27:11.
Tiea ’Neteng
7, 8. (a) Ke likhohlano life tse ka hlokomeloang pakeng tsa ’nete le khopolo? (b) Hona joale batho ba bohlale ba re’ng ka ho iphetola hoa lintho? (c) Ke hobane’ng ha ho iphetola hoa lintho ho ka amahanngoa le ho lumela ho se nang motheo ho e-na le tumelo?
7 ’Nete e tlameha ho hlōla! Rōna barati ba Jehova re tlameha ho tšoarella ’neteng ha re sebelisa matla a rōna a likelello ho khetha tsela ea botšepehi. ’Nete ea pōpo e pakiloe. E tiile. E mamelletse teko ea likete tsa lilemo. Ka nakoana e fetang lekholo la lilemo, leshano lane le leholo, khopolo ea ho iphetola hoa lintho, le emetse ho lahloa. Ona ha se mohopolo oa rōna feela. Ke qeto e kopanetsoeng ke bongata ba bo-ramahlale, babuelli ba molao, babatlisisi le batho ba bang ba bohlale ba likelello li bulehileng. Ha e bua ka phephetso “melao-metheong ea ho iphetola hoa lintho, joalokaha e theuoe ke Darwin le ba bang,” The New York Times e akarelitse boemo boo ka hore: “Lekala lena le ferekane.” Setsebi sa thuto ea mahlale sea ngola: “Rea amohela hore ho teng likheea bopaking ba ho iphetola hoa lintho . . . E, ho iphetola hoa lintho ke khopolo feela. Ka hona, ho lumela hore lintho li iphetotse ke ketso ea tumelo.”
8 Empa na ho lumela hore lintho li iphetotse e hlile ke ketso ea tumelo? Re ne re tla mpe re re, ke ketso ea ho lumela ho se nang motheo. Tumelo e na le motheo o tiileng. Ba-Heberu 11:1 e re bolella hore ke “pontšo e kholisang ea [“lintho tsa sebele,” NW].” Bopaki ba hore tlaleho ea Bibele e thehiloe linthong tsa sebele le hore ke ’nete, bo bongata haholo hore bo ka hanyetsoa. (2 Timothea 3:16, 17; Ba-Roma 15:4) Ka lehlakoreng le leng, ha ba lumelang ho iphetoleng hoa lintho ba batlisisa litaba haholo, ba sibolla likhohlano tse ngata tseo ba lekang ho li lokafatsa ho ba lumelang mafeela-feela.
Na Bo-tšoene-motho Ba Kile ba ba Teng?
9. Mesalla ea lintho tsa khale ea tšoene-motho e mengata hakae, ’me e tšoanela ho ea hokae?
9 Ka lilemo tse 130 tsa ho batlana le mesaletsa ea lintho tsa khale ea sekhoqetsi se sieo pakeng tsa tšoene le motho, balumeli ba ho iphetola hoa lintho ba fumane sehlotšoana se utloisang bohloko sa masapo. Ho ea ka makasine Science Digest, “bopaki bohle bo bonahalang boo re nang le bona ba ho iphetola litho hoa batho bo ka ’na ba beoa bohle ka lekeseng le le leng la bafu, ’me hoa ’na hoa sala sebaka!” Ntle ho pelaelo ke moo bopaki’mōtoana bo joalo bo tšoanelang ho kenngoa—lekeseng la bafu leo sekoahelo sa lona se khokhotheletsoeng ka thata hore le ka mohla bo se be teng!
10. Litšoantšo tse iqapetsoeng ke baetsi ba litšoantšo tsa bo-tšoene-motho li tšepahala hakae?
10 Litšoantšo tseno tsa makasine tsa botšoene-motho tse sebelisoang ho tšehetsa khopolo ea ho iphetola hoa lintho hase letho ha e se mehopolo feela, e tšoantšelitsoeng motheong oa liphatsanyana tse seng kae tsa lehata kapa tlhaha. Ka mohlala, leqepheng la 1 la The New York Times ea la 16 Phato 1985, ho ile hoa hlaha teng “setšoantšo se iqapetsoeng ke moetsi oa litšoantšo sa Amphipithecus, tšoene e phahametseng tse ling eo ho nkoang e le ea pele-pele . . . eo batho ba tsoileng ho eona,” se bontša hlooho ea eona e boea le matsoho. Setšoantšo see se ne se qapiloe se tsoa mohloling ofe? Sehlooho se amang taba eo se re: “Karolo e kamorao ea litlhaha tse ka tlaase . . . hammoho le sekoto sa tlhaha e ka pele tse fumanoeng lilemo tse mashome a mahlano pele.” Empa na hlooho e feletseng, moriri le tsohle, li ka hla tsa qapuoa le ho tšoantšetsoa motheong oa liphatsa tse peli joalo? Sehlooho seo se qotsitse seithuti sa qalo le tsoelopele ea batho sa univesithi ea Harvard se bitsitse mesaletsa ena ea lintho tsa khale “letamo la khanya lefifing le aparetseng.” Empa na ruri mesalla eo ea lintho tsa khale e ka bapisoa le khanya?
11. Esaia 59:15 e ka sebelisoa joang malebana le ho bitsoang bo-tšoene-motho?
11 Seo ba bang ba ka ’nang ba se bitsa “letamo la khanya” le leng le joalo e ne e le lehata la motho oa Piltdown. Le ile la hapa khubu ea tumelo ea ho iphetola hoa lintho ka nako e ka etsang lilemo tse 40 empa le pepesitsoe ka 1953 e le liphatsa tse kopantsoeng hammoho tsa masapo, a mang e le a phoofolo ’me a mang e le a motho, a kopantsoe hammoho ka bolotsana hore a nkoe e le a sebele! Ka mantsoe a moprofeta Esaia, ho ka thoe ka bo-tšoene-motho bana bao e seng ba sebele: “’Nete ea hlokahala.”—Esaia 59:15.
Ketsahalo e Tšoanang ea Boprofeta
12. Ke lintho life tse manyala tseo Ezekiele a li boneng?
12 Bokreste-’mōtoana bo khopo ba kajeno bo tšoantšelitsoe ke Jerusalema ea sa tšepahaleng ea mehleng ea khale. E ne e le ka selemo sa 612 B.C.E. ha Morena ’Musi Jehova a fa Ezekiele pono eo ho eona A isitseng moprofeta oa Hae Jerusalema ho tloha Babylona. Mono, lebaleng le kahare la tempele, Ezekiele o ile a bona letšoao le nyonyehang la borapeli ba litšoantšo. Eaba joale Jehova o re a phunye a etse lesoba le leholo lerakong. Joale a re ho Ezekiele: “Kena, u bone manyala a mabe a etsoang ke bona mona.” O bone eng? Mohlolo, ka liphaposing tsa ntlo ea Jehova ea borapeli, “ka bona litšoantšo tse ngata tsa lihahabi le tsa liphoofolo tse iloang, le litšoantšo tsohle tsa ntlo ea Iseraele li tšoantšitsoe lerakong, ho le pota ka ’nģa tsohle.”—Ezekiele 8:1, 7-10.
13. (a) Ke boemo bofe bo tšoanang bo teng Bokreste-’mōtoaneng kajeno? (b) Jesu o talimme tlaleho ea Bibele ea pōpo joang?
13 Ka mokhoa o tšoanang le pono ena, re fumana boemo bo nyarosang har’a baruti ba Bokreste-’mōtoana kajeno. Boholong ba taba, ’motho enoa oa tlolo ea molao’ o lahlile tlaleho ea Bibele ea pōpo. (2 Ba-Thessalonika 2:3) Kapa, joaloka bakoenehi bano ba mehleng ea Ezekiele, baruti ba leka ka matla ho tsoaka thuto ea ho iphetola hoa lintho le Bibele, ba bolela hore likhaolo tse qalang tsa Genese ke tšōmo. Ba lahla ’nete ea tsa mahlale ea hore tlhaloso e bonolohali hangata ke ea ’nete, ba re tlaleho ea Bibele e bonolo ho tlōla ho bona. Likelello tsa bona tse ikhohomosang li batla ntho e ’ngoe e rarahaneng le e thata. Ba iphahamisa holim’a Jesu Kreste, ea supileng tlaleho ea sebele ea Genese e le “’nete.”—Johanne 17:17; Mattheu 19:4-6.
14. Hona joale “baholo” ba hlōleha ho etella pele mehlape ea bona joang, ’me phello e tla ba efe?
14 Ponong ea hae, Ezekiele o bone “banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba ntlo ea Iseraele” ba ntse ba rapela litšoantšo tseno tsa “lihahabi le tsa liphoofolo tse iloang.” (Ezekiele 8:10, 11) Hona ho tšoana hantle le baruti bano ba kajeno ba bolelang pepenene hore batho ba simolohile liphoofolong tse joalo! “Baholo” bana ba tšoanetse ho lebisa mehlape ea bona tseleng ea ’nete. Empa na tlhaloso ea Jesu e ho Mattheu 15:14 ha e sebetse ho bona? Jesu o itse: “Ke lifofu tse tsamaisang lifofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, li tla oela sekoting tse peli.” Ba ka fumana sekoti se joalo “lefifing le aparetseng” leo balumeli ba ho iphetola hoa lintho ba ntseng ba phopholetsa ho lona.
15. Baruti ba tšehetsang thuto ea hore lintho li iphetotse ba fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore ke karolo ea “motho eo oa tlōlo ea molao” joang?
15 Jehova a boetse a botsa Ezekiele: “Mor’a motho, na u bone seo baholo ba ntlo ea Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong phaposing ea litšoantšo tsa hae? Hobane ba re: Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatše lena.” (Ezekiele 8:12) Baruti ba tšehetsang likhopolo-taba tsa batho ba fana ka bopaki bo tšoanang ba hore ke karolo ea “motho eo oa tlōlo ea molao.” Ba nyahlatsa molao oa Molimo, o akarelletsang buka ea Genese. (Liketso 7:53) Ba isa mehlape ea bona lefifing la mehopolo ea lefatše, joalokaha ho bontšoa ke khopolo e sa pakoang le e ke keng ea pakoa ea ho iphetola hoa lintho. Ba “ratile lefifi ho leseli” la ’nete.—Johanne 3:19.
16. Ke ho tšoana hofe ho ka hlokomeloang pakeng tsa “baholo” ba mehleng ea Ezekiele le baruti ba bangata kajeno?
16 Feela joalokaha baholo bano ba Bajode ba isitse borapeli ba bona ba bohata ka tempeleng ea Jerusalema, ka mokhoa o tšoanang baeta-pele ba bohata ba bolumeli kajeno ba leka ho itšoarella ka lebitso “Bokreste.” Empa tumelo thutong ea ho iphetola hoa lintho hase ea Bokreste. Ho amohela khopolo ena ho entse hore ba bangata ba furalle Molimo. E hlohlellelitse haholo boipusong, pefong le bokhukhuning ba lekholong la rōna la bo20 la lilemo, moo lichaba le batho ka bomong ba tšehetsang molao oa ho iphetola hoa lintho oa “ho pholoha hoa tse matlahali.” Thuto ea ho iphetola hoa lintho e rutile hore motho ha a ikarabelle ho ’Mōpi. (Ba-Roma 9:28) Ka lebaka leo, batho ba ikutloile ba lokolohile ‘ho etsa seo ba se ratang,’ ba sa tsotelle Molimo.
17. Ke lintlheng life baruti ba lumelang hore lintho li iphetotse ba oetseng phosong e ke keng ea tšoareloa?
17 Ha e le hantle baeta-pele ba bolumeli ba amohelang thuto ea ho iphetola hoa lintho ba ntse ba re: “Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatše lena.” Ka lebaka la ho amohela khopolo-taba ena, ba ikutloa ba sa ikarabelle ho eena. ’Neteng ea taba, khopolo ea bona ea Molimo e fifalitsoe ke tumelo ea bona ho Boraro-bo-Bong ba melimo ea sephiri le e sa hlaloseheng. Tumellanong le pono ena, ba laba-labela le ho hlakola le lona lebitso la Molimo o le mong oa ’nete, Jehova, ba sa hlahise lebitso leo ho hang ’me ka hloko ba le tlōsa liphetolelong tsa bona tsa Bibele. Ba tšaba ho hanyetsa thuto e tummeng ea lefatše ea ho iphetola hoa lintho.
18. Ke kotlo efe e emetseng khopolo ea ho iphetola hoa lintho le batšehetsi ba eona?
18 Ka nepo, Jehova o re ka moprofeta e mong: “Ereka ha sechaba sena se ikatametsa ho ’na ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ea sona e hole le ’na, le tšabo ee ba ntšabang ka eona e le molao feela oa batho, oo ba o rutiloeng, bonang, ka baka leo, ke tla eketsa ho etsa liketso tse makatsang, tse mehlolo holim’a sechaba sena, ho tle ho fele bohlale ba ba bohlale ba sona, ho timele kelello ea banna ba sona ba hlalefileng.” (Esaia 29:13, 14) Qetellong, khopolo ena e hlomphollang Molimo ea ho iphetola hoa lintho le bano ba ipolelang e le Bakreste ba e amohelang ba tla khahlana le kotlo eno ka letsatsi la bohale bo tukang ba Jehova.—Sofonia 3:8.
Ho Sebeletsa ’Nete
19. (a) Ke ka lebaka lefe ba bangata ba amohetseng thuto ea ho iphetola hoa lintho? (b) Ba bonolo ba ka kopanela nyakallong efe?
19 Ruri lena ke lefatše le khopo! Bolumeli ba bohata le boikhohomoso ba tsa mahlale bo tobisitsoeng hosele li koleketse hore le be joalo. Mashano a lithutong tsa “motho eo oa tlōlo ea molao,” baruti ba Bokreste-’mōtoana, a furallisitse ba bangata bolumeli. Ba bang ba bana ba itšoarelletse thutong ea ho iphetola hoa lintho, feela joalokaha motho ea khangoang ke metsi a ka itšoarella ka lehlaka. Ba bang ba amohetse tumelo ea ho iphetola hoa lintho hobane ho hloka Molimo hoa eona ho bonahala ho ba lopolla ho ikarabella ho ’Mōpi—Molimo. (Bapisa Ba-Roma 1:21-23.) Empa ba bang ba batho ba baikokobetsi, ba bonolo hona joale ba nyakallela ho ithuta ka Morena ’Musi Jehova, ka morena Jesu Kreste ea busang le ka merero ea ’Muso oa Molimo eo haufinyane e tla fetoha ea sebele e khanyang.—Ba-Roma 16:20; 1 Ba-Korinthe 15:25, 26.
20. (a) Ke tšepiso efe e babatsehang e seng e ntse e phethahatsoa hona joale? (b) Hoo ho ile hoa pakoa joang ka 1985? (c) U ka bontša botšepehi joang ho sebeletseng Molimo oa ’nete?
20 Joaloka Lipaki tsa Jehova, re thabile hakaakang ho ba ba kopaneng hohle lefatšeng ho boleleng ’nete ka mafolo-folo! Moea oa Molimo o sebetsa ka matla le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, hoo re seng re ntse re bona phethahatso ea tšepiso: “Hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.” (Esaia 11:9) Bopaki ba lefatše lohle bo fanoeng ke batho ba Jehova ka 1985 bo ile ba fella ka ho tsamaisa tšimong Libibele le libuka tse e hlalosang tse 339 351 170, ka lipuo tse fetang 200. Ebile tokelo ea ba fetang limillione tse tharo ba rōna ho kenya letsoho mosebetsing ona o moholo oa lefatše lohle oa boboleli, “pontšeng le ka matlung.” (Liketso 20:20) E se eka re ka tsoela pele ho hlohonolofatsoa ka ho enneng ke Jehova ha re ikitlaetsa ho boloka botšepehi ho sebeletseng Molimo oa ’nete.
Karabo ea Hao ke Efe?
◻ Ke limakatso life tsa boko ba motho tse supang Moetsi ea bohlale bohle?
◻ Ke hobane’ng ha ho fosahetse ho re ho lumela hore lintho li iphetotse ke ketso ea tumelo?
◻ Ke bopaki bo bokae bo teng ba hore bo-tšoene-motho ba hlile ba ba teng?
◻ Ezekiele 8:7-12 e ka sebelisoa joang ho baeta-pele ba bang ba bolumeli kajeno?
◻ Botšepehi ho sebeletseng Molimo oa ’nete bo tlisa liphello life?
[Lebokose le leqepheng la 21]
Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?
Buka ea lebitso le kaholimo e ile ea lokolloa ka 1985 le 1986 Likopanong tsa Lipaki tsa Jehova tse ngata tsa “Baboloki ba Botšepehi” ho pota lefatše. Hona joale e se e hatisitsoe ka lipuo tse latelang: Sechaena, Sedenishe, Sedutche, Sefinne, Sefora, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi le Sepanishe, Setaliana.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Na ke ketso ea botšepehi hore litsebi li bōpe hape motho-tšoene ka likotoana tsa masapo a se makae?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Lipaki tsa Jehova li ‘tlatsitse lefatše’ ka tsebo ea Jehova