Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 4/1 maq. 23-26
  • Hlokomela Liphello Tse Thatafatsang Tsa Sebe!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomela Liphello Tse Thatafatsang Tsa Sebe!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Sebe se Thatafatsang
  • Ha Sebe se Thatafatsa Motho
  • Ho Qoba Leraba la Sebe
  • Sebe
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ha Sebe se se se le Sieo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Hlokomelang ho Hloka Tumelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lefatše le se Nang Sebe—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 4/1 maq. 23-26

Hlokomela Liphello Tse Thatafatsang Tsa Sebe!

O NE a ratoa haholo ke baena le bokhaitseli ba hae ba Bakreste. A le botsoalle a tenyetseha habonolo ’me eena le morali oa hae e monyenyane ea masene e ne e le metsoalle e sa khaohaneng tšebeletsong ea tšimo le libokeng. Empa joale baholo ba phutheho ba amohela litlaleho tsa hore moo a sebetsang o tsuba pepenene—ka pel’a Lipaki tse ling! A tobane le qoso ena, a lumela taba ea ho tsuba le bohlola ’me ka bonolo a re: “Ha ke kholoe hore hona joale ke rata ho ba ’neteng.” Sebe se ne se mo thatafalitse.

Ho Ba-Heberu 3:13 moapostola Pauluse o ile a lemosa hore motho a ka “ithatafatsa ka thetso ea sebe.” Hona ho ipakile e le ’nete ka batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. Ha ho thoe a ikarabelle ka ho se utloe hoa hae, Adama o ile a fana ka phephi ena e se nang maikutlo: “Mosali eo u ’neileng eena hore a lule le ’na, ke eena ea mphileng tsa sefate, ka li ja.” Adama o ne a fetohile hakaakang ho seo letsatsing lela la ha a qala ho bona monyaluoa oa hae ea ratehang se ileng sa mo susumelletsa hore a re: “Joale enoa ke lesapo la masapo a ka, ke nama ea nama ea ka.” Joale Eva e ne e se e le “mosali eo u ’neileng eena hore a lule le ’na.” Ka bofokoli Eva a bea molato ho noha.—Genese 2:23; 3:1-13.

Motho e mong ea ileng a thatafatsoa ke sebe ka ho se nang bokhutlo ke Judase Iskariota. Qalong e tlameha e be o ne a e-na le pelo e ntle, kaha Jesu a ka be a sa mo khetha e le moapostola. Empa kamor’a hore Jesu a mo nyatse ketsahalong e ’ngoe, ka boiphetetso Judase a rera ho eka Morena oa hae. (Mattheu 26:6-16) Ha Jesu a senola hore e mong oa ba 12 o ne a tla mo eka, Judase, a etsa e ka ha a na molato, a botsa: “Na ke ’na?” (Mattheu 26:25) Ke moetsalibe oa ka boomo feela ea neng a ka ba sebete hakaalo ho ikaketsa. ’Me ha masole a tlile ho tla tšoara Jesu, har’a lintho tsohle, Judase a khetha pontšo eane ea boholo-holo ea mofuthu le botsoalle—kako—e le pontšo ea ho mo khetholla. Jesu a botsa: “Judase, hleka u eka Mor’a motho ka kako na?”—Luka 22:48.

Kamoo Sebe se Thatafatsang

Sebe se khona ho laola motho joalo joang? Ho Ba-Heberu 3:7-11 Pauluse o bontša kamoo sebe sa ho haelloa ke tumelo se ileng sa silafatsa sechaba sa Iseraele. Ha a qotsa ho Pesaleme ea 95:7-11, mono Pauluse o re: “Ka baka leo, joale ka ha Moea o Halalelang o bolela, o re: Kajeno, ha le utloa lentsoe la oona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lōna, joale ka mohl’a phephetso, mohl’a moleko feelleng; moo bo-ntat’a lōna ba ntekileng, ba nkhathalitseng, ’me ba bone mesebetsi ea ka ka lilemo tse mashome a mane. Ka baka leo, ka na ka halefisoa ke moloko oo, ka re: Pelo tsa bona li kheloha ka mehla; ha ba ka ba tseba litsela tsa ka. Ke moo ke hlapantseng khalefong ea ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ea ka!”

“Phephetso” e hlahile sebakeng se bitsoang Meriba kapa Massa. (Pesaleme ea 95:8) Mono, nakoana kamor’a hore ba lokolloe ka mohlolo Egepeta, “eaba sechaba se tsekisa Moshe, sa re: Re feng metsi, re noe!” (Exoda 17:2) Hopola, ba ne ba se ba ile ba bona likotlo tse leshome tse bolaeang Egepeta, metsi a bilohang a Leoatle le Lefubelu a aroha ka lehare, le manna a theohang leholimong. Empa leha ho le joalo ‘lipelo tsa bona tsa lahleha.’ Ba ne ba nkehile haholo ka litakatso tsa bona tsa boithati ho feta ho nahana ka mesebetsi ea Jehova. Kahoo ha ba ka ba ‘tseba litsela tsa Molimo’ le ho haha tšepo ea hore Jehova o ne a ka ba hlokomela tlas’a maemo leha e le afe. Ba batla, “re feng metsi,” joalokaha eka Molimo o ileng oa arola leoatle o ne o se na matla. Ke kahoo ho sa makatseng hore hamorao ba ile ba khetha ho lumela tlaleho e mpe ea lihloela tse leshome tse boi ho tse ileng tsa ea hloela Lefatše la Pallo. (Numere 13:32-14:4) Ka lebaka la ho hloka tumelo ho joalo, Jehova o ile a re: “Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ea ka!”—Pesaleme ea 95:11.

A ithuta ho sena, Pauluse a lemosa: “Banab’eso, iponeleng, e se be e mong ho lōna a ka ba le pelo e mpe ea ho se lumele, e mo lahlisang Molimo o phelang; le mpe le khothatsane ka matsatsi ’ohle, ha ho sa ntsane ho thoe: Kajeno! e se be e mong ho lōna a ithatafatsa ka thetso ea sebe.” (Ba-Heberu 3:12, 13) “Sebe” sa Baiseraele e ne e le ho haelloa ke tumelo. (Bona Ba-Heberu 3:19; bapisa 12:1.) Se ile sa ba etsa hore ba ‘lahle Molimo o phelang,’ ho lahleheloa ke tšepo eohle ho Jehova, ho sa tsotellehe mehlolo eohle eo a e entseng. Ho oela boitšoarong ba botlokotsebe ho ne ho ke ke hoa qojoa.

Ka ho tšoanang ho haelloa ke tumelo ho ka etsa hore Mokreste kajeno ‘a lahlehe pelong ea hae,’ a inehele tšekamelong ea tlhaho ea pelo. “Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bolile hampe; e ka tsejoa ke mang?” (Jeremia 17:9, 10) Menahano e mebe le litakatso tse mpe li qala ho tlala pelo, li susumetsa letoto la lintho tse bolaeang. “Empa motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe; ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.”—Jakobo 1:14, 15.

Ha Sebe se Thatafatsa Motho

Monna e mong o ile a thabela litokelo tse atolohileng e le moholo, le hoja ka bohlale a ne a pata molato oa hae e le sehlola. Le kamor’a hore a nyale, a ’na a tsoela pele ka boitšoaro bo bobe. Empa, ha a ka a thatafalloa ke ho ikhakanya e le ea hlokang molato, o bile a sebeletsa likomiting tsa boahloli ho ahlola ba bang. Sebe se ne se qalile ho mo thatafatsa. Kapele a qala ho belaella le lithuto tsa motheo tsa Bibele. Qetellong ha a qobelleha ho bolela phoso ea hae, o ile a mpa a sisinya mahetla feela ’me a re, “Hona joale ho etsa phapang ea eng?”

Tsela ea boikaketsi e ka bolaea letsoalo la motho joalokaha eka le ‘chesitsoe ka tšepe.’ (1 Timothea 4:2) Liproverbia e bontša sena ha e re: “Mokhoa oa mosali oa sehlola o joalo le oona; oa ja, o itlhakola molomo, ’me o re: Ha kea ka ka etsa bokhopo.” (Liproverbia 30:20) Moetsalibe ea thatafetseng o be a nahane hore: “Molimo oa lebala, o patile sefahleho sa oona.” (Pesaleme ea 10:11) ’Me ha motho a phehella sebeng nako e telele, pelo ea hae e kotsing e kholoanyane ea ho ‘tšerehana.’ (Pesaleme ea 119:70, TLP) Mocha e mong o ile a lumela: “Ha ke qala ho etsa bohlola, ho ile hoa ntja haholo. Empa nako e ’ngoe le e ’ngoe kamorao ho moo ho ile hoa nolofala ho fihlela ke fihla ntlheng eo ho neng ho se ho sa ntšoenye hakaalo-kaalo.”

E, ka sebele pelo e batla litsela tsa ho bebofatsa phoso. Mohlankana e mong, hoba a etse bohlola le kharebe ea hae, ea mo thibela hore a se ke a ea ho baholo bakeng sa thuso ka ho re: “Re tla nyalana! ’Me ua tseba hore Bibele e re ha batho ba babeli ba entse qeto pakeng tsa bona ea hore e mong ke oa e mong, joale mahlong a Jehova ba se ba nyalane.” Ke ho bea mabaka hoa boithati le ho thetsang hakaakang! Ka bomalimabe, ho etsa sebe ho ile hoa tsoela pele, ’me kamor’a nako, hoa isa polaong—ho ntšoa hoa mpa! Hamorao ngoanana eo e monyenyane o ile a lumela: “U qala ho khopama haholo, ’me u qala ho ikutloa hore u ka ikhalemela.” Mohlankana e mong eo ka ho tšoanang a ileng a oela tloaelong ea ho etsa bohlola O ile a lumela: “Ho tšoana le ho ba lekhoba la tahi le reng, ‘Nka khaotsa neng le neng ha ke batla. Ha nke ke re katja feela.’ Kahoo u ntse u fetisa nako ea ho ea ho baholo.” Moetsalibe o fetoha ea bohlale ho thetseng ba bang hoo a qalang ho ithetsa. “Hobane ka mokhoa oa ho bona ha hae, o iqeka e le eena hore ho ke ke ha fihleloa bokhopo ba hae e leng ho hloea.”—Pesaleme ea 36:2.

Ho Qoba Leraba la Sebe

Kaha “motho o lumela ka pelo,” Mokreste o tlameha ho etsa sohle se matleng a hae ho sireletsa tumelo. (Ba-Roma 10:10; Liproverbia 4:23) Thapelo, liboka le boithuto ba botho li re thusa ho tlatsa lipelo tsa rōna ka menahano e hahang. Ke ’nete hore menahano e mebe e tla kena likelellong tsa rōna nako le nako. Empa ha e e-ba teng, re ka e hanela feela ka ho se lule ho eona. Re lokela ho ea ho Jehova ka thapelo kapele-pele haeba re iphumana re le molekong oa ho etsa se fosahetseng. (Pesaleme ea 55:22) ’Me ‘ha e le bofebe, le litsila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a rōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli.’ (Ba-Efese 5:3) Ka tsela ena letoto la liketso tse ‘tsoalang sebe’ le lefu li emisoa pele li qala.

Hape, hopola hore ho thabela sebe hoo ke ho “felang kapele” feela. (Ba-Heberu 11:25) Neng neng ‘sebe sa hao se tla u tšoara,’ ’me ho tla ba le liphello tse bohloko. (Numere 32:23) Ipotse: ‘Na ke hlile ke batla ho thatafatsoa ke sebe? Le hoja hona ho ka ’na hoa e-ba monate hona joale, ho tla nkama joang ha nako e ntse e e-ja setsi?’

Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba hona joale motho a iphumana a tšoasitsoe tseleng e fosahetseng? U se ke ua etsa qeto ea hore motho a ka etsa “tefelo ea sebe” ka tšebeletso ea Bokreste ea hang. Morena Davida ea bakileng o itse, “Sehlabelo se ratoang ke Molimo, ke moea o robehileng.” (Pesaleme ea 51:17) Keletso ea Bibele ho ba kulang moeeng ke ena: E-eang ho baholo! (Jakobo 5:14, 15) Banna bana ba hōlileng ba tla etsa sohle seo ba ka se khonang ho thusa ea kulang hore a khutlele bophelong bo botle ba moea. Bibele e boletse: “Ea patang melato ea hae a ke ke a hlohonolofala; empa ea e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.” (Liproverbia 28:13) Monna e mong o ile a bua tjena kamor’a hore a bolele sebe sa hae ho baholo: “Ho bile joaloka hoja ho tlositsoe moroalo o boima mahetleng a ka.”—Bapisa Pesaleme ea 32:1-5.

Ha lefatše lena le ntse le e-ba khopo ho feta, e tla ba phephetso e khōloanyane le ho feta ho Mokreste ho boloka botšepehi ba hae. Leha ho le joalo, hopola: “Leha moetsalibe a etsa hampe halekholo, ’me a ateloa ke matsatsi, . . . ba tšabang Molimo ho tla lula hantle le bona.” (Moeklesia 8:12) Kahoo tšaba Jehova Molimo! O tla u pholosa liphellong tse thatafatsang tsa sebe.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Baiseraele ba ile ba bontša boikutlo bo thatafetseng ha ba batla metsi ho Moshe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela