Ho Ikemisetsa ho Phela ka Melao ea Jehova ea Boitšoaro
BIBELE e hlakisa hore haeba monna le mosali ba phela hammoho ntle ho molemo oa lenyalo la molao, ba etsa bohlola ’me ba ke ke ba rua ’Muso oa Molimo ba le boemong bo joalo. (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Phihlelo e tsoang British West Indies e bolela ka mosali e mong e mocha ea ileng a ithuta ’nete ena.
St. Lucia, basebeletsi ba babeli ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba teana le mosali enoa e mocha, ’me o ile a bontša thahasello Bibeleng. Ka baka leo, hoa qalisoa thuto ea Bibele le eena. Ha a ntse a tsoela pele kutloisisong ea hae, a bona hore hoa hlokahala hore a etse liphetoho tse itseng boitšoarong ba hae. Le hoja e ne e le ’me oa bana ba bane, o ne a sa nyaloa empa o ne a lutse ka bonyatsi le monna. Eena le monna eo ba ne ba ile ba sebetsa ka thata ho haha ntlo e nyenyane eo ba neng ba phela ho eona ka botšelela ba bona.
Ha a hlokomela hore bophelo ba hae bo ne bo hanana le melao e lokileng ea Molimo, mosali enoa e mocha o ne a ikemiselitse ho etsa liphetoho. O ne a lokela ho nyalana le monna eo a phelang le eena kapa o tlameha a arohane le eena. O ile a tšohla taba ena le eena empa monna o ne a sa lakatse hore ba nyalane. O ne a hlile a khotsofaletse kamano ea ho lula bonyatsi. Tumelo ea hae e ne e tla mo susumelletsa ho etsa joang? O ne a tlameha ho etsa qeto haeba a ne a batla ho khahlisa Jehova, ’me kamor’a hore a nahane ka thapelo, a etsa qeto ea ho arohana le monna eo. Empa o ne a tla phela kae le bana ba hae ba bane?
Hoba a buisane le monna eo ka taba ena, ho ile hoa fihleloa tokisetso e khotsofatsang—ba arolelana ntlo ka lehare! Ka thuso e lerato ea baena, hammoho le ea monna eo a neng a phela le eena, ntlo e ile ea aroloa, halofo e ’ngoe ea ea ho eena e ’ngoe ea ea ho monna eo. Halofo ea hae ea ntlo e ile ea isoa sebakeng se seng hona letsatsing leo bohole ba likilomethara tse robeli. Ka beke feela, e ile ea boela ea hahuoa ’me ea etsoa lehae la likamore tse nyenyane tse peli.
Kahoo kaha o se a nkile mehato e hlokahalang ea ho etsa hore bophelo ba hae bo lumellane le melao ea Jehova, kapele-pele a qala ho tšoareha tšebeletsong ea tšimo, a tsamaea le bana ba hae ba bane. A nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me o ile a kolobetsoa kapele kamorao ho moo. Ho tlotlisa ketsahalo eo, o ile a ngolisa e le pula-ma liboho ea thusang. Hona joale o boetse o hlohonolofalitsoe ka hore ntlo ea hae e ncha e sebelisoa e le setsi sa moo sa Thuto ea Buka ea Phutheho, ka karolelano ea ba 17 ba bang teng. Ka sebele, Jehova o ile a hlohonolofatsa boikemisetso ba hae ba ho ba morapeli ea hloekileng oa hae.