Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li khaotsa (tlositse setsoalleng) ba bang ba ntseng ba ipolela hore ba lumela ho Molimo, Bibele le Jesu Kreste, ka lebaka la bokoenehi?
Ba tšehetsang khanyetso e joalo ba supa hore mekhatlo e mengata e hlophisitsoeng ea bolumeli e ipolelang hore ke ea Bokreste e lumella maikutlo a hanyetsanang. Esita le baruti ba bang ba hanyetsana le lithuto tsa motheo tsa kereke ea bona, empa ba lula ba ntse ba le boemong bo botle. Ho e ka bang likerekeng tsohle tsa Bokreste-’mōtoana, ho na le ba tšehetsang maikutlo a kajeno le ba tšehetsang a khale ba hanyetsanang haholo mabapi le pululelo ea Mangolo.
Leha ho le joalo, mehlala e joalo ha e fane ka motheo oa hore re etse se tšoanang. Hobane’ng? Tse ngata tsa likereke tse joalo li lumella maikutlo a fapaneng ka bophara har’a baruti le phutheho hobane ba ikutloa hore ba ke ke ba tsebisisa hantle hore na ’nete ea Bibele ke efe. Ba tšoana le bangoli le Bafarisi ba mehleng ea Jesu ba neng ba sitoa ho bua joaloka batho ba nang le borena, e leng tsela eo Jesu a rutileng ka eona. (Mattheu 7:29) Ho feta moo, ho itšetlehile ka hore na litsebi tsa bolumeli li lumela tumelo e kopanetsoeng hakae, li tlameha hore li se ke tsa nka litumelo tse hanyetsanang ka ho teba haholo.
Empa ho nka pono e joalo ea litaba ha ho na motheo ka Mangolong. Jesu ha a ka a sebelisana le mekha leha e le efe ea bokhelohi ea Sejode. Bajode ba mekha eo ea bokhelohi ba ne ba ipolela hore ba lumela ho Molimo oa pōpo le Mangolong a Seheberu, haholo-holo Molao oa Moshe. Ho ntse ho le joalo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba “tšabe . . . thuto tsa bafarisi le ea basadduci.” (Mattheu 16:11, 12; 23:15) Hape hlokomela kamoo ka matla moapostola Pauluse a boletseng litaba: “Leha e ka ba rōna, kapa lengeloi le tsoang leholimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse eona, a neeloe anathema.” Pauluse a boela a pheta polelo eo bakeng sa khatiso.—Ba-Galata 1:8, 9.
Ho ruta maikutlo a hanyetsanang kapa a fapaneng ha ho lumellane le Bokreste ba ’nete, joalokaha Pauluse a hlakisa ho 1 Ba-korinthe 1:10: “Bana beso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste ke ipiletsa ho lōna hore bohle le be ntsoeleng, likarohano li be sieo har’a lōna, le mpe le utloane, le be le maikutlo a le mang le khopolo e le ’ngoe.” (TLP) Ho Ba-Efese 4:3-6 o ile a tsoela pele ho bolela hore Bakreste ba lokela hore ba “tiee matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso. ’Mele o mong, le Moea o mong, joale ka ha [ba] bilelitsoe tebello e le ’ngoe ka ho bitsoa ha [bona]. Morena o mong, tumelo e ’ngoe, le kolobetso e ’ngoe. Molimo o mong, e leng Ntat’a bohle.”
Na bonngoe boo bo ne bo lokela ho finyelloa kapa bo bolokoe ka hore motho ka mong a fuputse Mangolo a le mong, a iketsetse liqeto, ebe joale o-oa li ruta? Le hanyenyane! Ke ka morero ona Jehova, ka Jesu Kreste, a ileng a fana ka ‘baapostola, baprofeta, baboleli ba Evangeli, balisa le baruti re tle re be re finyelle bohle bonngoeng ba tumelo le ba tsebo ea Mora oa Molimo, re be re fihle le boholo ba monna ea phethehileng.’ E, ke ka thuso ea basebeletsi ba joalo, bonngoe ba phutheho—bonngoe ho ruteng le tšebeletsong—li neng li ka fumaneha ’me li tla fumaneha.—Ba-Efese 4:11-13.
Ka ho hlakileng, motheo bakeng sa kamohelo ea botsoalle le Lipaki tsa Jehova o ke ke oa itšetleha feela ka ho lumela ho Molimo, Bibele, Jesu Kreste, le tse ling. Mopapa oa Roma e K’hatholike, hammoho le Moarekabishopo oa Chache oa Canterbury, ba amohela litumelo tse joalo, empa leha ho le joalo litho tsona tsa kereke lia khethollana. Ka ho tšoanang, ho ipolela feela hore motho o na le tumelo e joalo ha ho mo fe matla a ho tsejoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Botsoalle bo amohelehang le Lipaki tsa Jehova bo hloka ho amohela boemo bohle ba lithuto tsa ’nete tsa Bibele, ho kopanyelletsa le litumelo tsa Mangolo tse ikhethang ho Lipaki tsa Jehova. Litumelo tse joalo li akarelletsa life?
Hore tseko e khōlō ka pel’a batho ke tokelo ea borena ba Jehova, e leng lona lebaka leo a lumelletseng bokhopo halelele hakana ka lona. (Ezekiele 25:17) Hore Jesu Kreste o bile teng pele ho batho le hore o ka tlasana ho Ntate oa hae oa leholimo. (Johanne 14:28) Hore ho na le “mohlanka ea khabane, ea bohlale” holim’a lefatše kajeno ea ‘beiloeng moalosi oa lithahasello tsohle tsa Jesu tsa lefatšeng,’ e leng mohlanka ea amanang le Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. (Mattheu 24:45-47) Hore 1914 e tšoaile ho fela hoa Mehla ea Lichaba le ho hlongoa hoa ’Muso oa Molimo maholimong, hammoho le ho ba teng hoa Jesu ho profetiloeng. (Luka 21:7-24; Tšenolo 11:15-12:10) Hore ke Bakreste ba 144 000 feela ba tlang ho fumana moputso oa leholimo. (Tšenolo 14:1, 3) Hore Harmagedone, e supang ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle, e haufi. (Tšenolo 16:14, 16; 19:11-21) Hore e tla lateloa ke Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete, e tla tsosolosa paradeise ea lefatše ka bophara. Hore ba pele ba ho e thabela e tla ba “bongata bo boholo” bo teng hona joale ba “linku tse ling” tsa Jesu.—Johanne 10:16; Tšenolo 7:9-17; 21:3, 4.
Na re na le mehlala ea Mangolo bakeng sa ho nka boemo bo thata joalo? Ka sebele re na le eona! Pauluse o ngotse ka ba bang mehleng ea hae: “’Me litaba tsa bona li tla tsoela pele joale ka seso se kekang; har’a bona ho na le Hymenea le Filete, ba khelohileng ’nete, ka ho re, tsoho ea bafu e setse e etsahetse, ’me ba liha tumelo ea ba bang.” (2 Timothea 2:17, 18; bona le Mattheu 18:6.) Ha ho letho le ka bontšang hore banna bana ba ne ba sa lumele ho Molimo, Bibeleng le sehlabelong sa Jesu. Empa, ntlheng ena e le ’ngoe ea motheo, seo ba neng ba se ruta mabapi le nako ea tsoho, Pauluse o ile a ba nyatsa ka nepo ka hore ke bakoenehi, bao Bakreste ba tšepahalang ba neng ba ke ke ba e-ba le botsoalle le bona.
Ka ho tšoanang, moapostola Johanne o bitsitse ba sa lumeleng ho Jesu ea tlileng nameng e le bo-antikreste. Le bona e ka ’na eaba ba ne ba lumela ho Molimo, Mangolong a Seheberu, ho Jesu joaloka Mora oa Molimo, le tse joalo. Empa ntlheng ena, ea hore Jesu o hlile a tla ka nama, ba ne ba e hanyetsa ’me ke kahoo ba neng ba bitsoa “antikreste.” Johanne o tsoela pele ho bua tjena ka bao ba itšoarelletseng maikutlong a joalo a sa tšoaneng: “Ekare ha e mong a e-tla ho lōna, ’me a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lōna, ’me le se ke la mo lumelisa! Hobane ea mo lumelisang o kopana le eena ketsong tsa hae tse mpe.”—2 Johanne 7, 10, 11.
Ho latela mehlala e joalo ea Mangolo, haeba Mokreste (ea ipolelang hore o lumela ho Molimo, Bibele le Jesu) a thooletsa lithuto tsa bohata a sa bake, ho ka ’na hoa hlokahala hore a lelekoe phuthehong. (Bona Tite 3:10, 11.) Koana, haeba e le hore motho o na le lipelaelo kapa ha a tsebe ntlha e itseng feela, basebeletsi ba tšoanelehang ba tla mo thusa ka lerato. Hona ho lumellana le keletso ena: “Le hauhele ba bang ba likalikang; ’me le pholose ba bang ka ho ba tšosa, le ba tlose mollong.” (Juda 22, 23) Kahoo, phutheho ea ’nete ea Bokreste ka nepo e ke ke ea qosoa ka hore e thata lithutong tsa motheo, empa e ho nka e le hoa bohlokoa ’me e sebetsa e habile bonngoe bo khothaletsoang Lentsoeng la Molimo.